Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 6/15 maq. 10-14
  • Ho Leka ho Finyella Finland Eohle ka ‘Litaba Tse Molemo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Leka ho Finyella Finland Eohle ka ‘Litaba Tse Molemo’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • KHŌLO E POTLAKILENG TŠIMONG E NONNENG
  • HO HLOKAHALA BOITEKO HO FIHLA HO BATHO
  • HO KOPANNGOA HA LIPHUTHEHO
  • HO TENYETSEHA LE BATHO
  • KHANYETSO E SITOA HO EMISA MOSEBETSI OA RŌNA
  • LEKHOTLA LE HLOKOMELA TOKELO EA BATHO HORE BA ETELOE
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 6/15 maq. 10-14

Ho Leka ho Finyella Finland Eohle ka ‘Litaba Tse Molemo’

HO HLOKAHALA boiteko ho finyella e mong le e mong ka ‘litaba tse molemo,’ ’me ke ’nete haholo Finland. E lutse sekhutlong se hole sa Europe pakeng tsa Sweden le Soviet Union, Finland ke e ’ngoe ea linaha tse ka leboea ka ho fetisisa tsa lefatše. ’Me e bata haholo, empa e se leqhoa le lehloa kamoo u ka nahanang, re leboha phello e futhumatsang ea Gulf Stream.

Boholo ba baahi ba 4 743 000 ba ‘naha ena ea matša a sekete’ ba bua Sefinnishe, le hoja Seswedishe e le puo ea baahi ba ka etsang karolo ea 7 lekholong. Ho lumeloa hore Mafinn a ile a fallela mona a e-tsoa kae-kae ka leboea le ka bochabela Russia. Ba amana haholo le Maestonia ’me, ho totobetseng haholoanyane, le Mahungaria.

Ka molao, karolo e fetang 92 lekholong ea batho e kena bolumeling ba molao ba naha, Kereke ea Evangeli ea Lutere ea Finland. Empa batho ba bangata ba phea khang hore Bibele e mpile e ingolloa ke batho feela ’me ba belaella ka matla seo e se bolelang. Ho sena ba thooletsa thuto ea baruti ba bang ba tsebisahalang. Kereke e kenoa ke ho ka etsang karolo ea boraro lekholong, empa banna bona ba ea feela ka mabaka a khethehileng, a kang manyalo kapa phupu. Koana, Mafinn a hloka ‘litaba tse molemo,’ ’me Lipaki tsa Jehova tse mona tse fetang 13 000 li iteka ka matla ho ba fihlela ka molaetsa ona o futhumatsang pelo. Empa ho boleloa ha ‘litaba tse molemo’ ho ile ha qalisoa joang Finland?

KHŌLO E POTLAKILENG TŠIMONG E NONNENG

Morao koana ka 1909, basebeletsi ba nako e tletseng, ba tsoang Sweden ba tla ka lekhetlo la pele Finland ’me ba tsamaisa libuka tsa Bibele. Empa hore ho hle ho qalisoe ho ile ha etsahala ho isa mafelong a selemo sona seo, ha monna oa molumeli ea tsoang Turku a qalisa leeto la bolumeli ho ea Palestina empa a tšoarelloa Sweden. Moo a amohela bopaki ’me a fumana thuso ea ho ithuta Bibele e ngotsoeng ke C. T. Russell, mookameli oa pele oa Watch Tower Society. Monna eo a phakisa a hlokomela hore e na le ’nete. A tlohela leeto la hae, a khutlela Finland, a isa buka ho motsoalle oa hae Kaarlo Harteva ea Helsinki ’me a mo kōpa hore a e fetolele Sefinnishing. Banna ba babeli bana ba phakisa ba kolobetsoa ’me ka matla ba tsoela pele ka mosebetsi o boima oa ho jala ‘litaba tse molemo’ naheng eohle, ba fetolela libuka le ho fana ka lipuo tsa Bibele tsa phatlalatsa.

Boiteko ba bona bo masene ba hlahisa litholoana tse potlakileng. Ha C. T. Russell a etela Finland ka 1912, batho ba ka bang 2 000 ba e-ba teng ho mo utloa ha a bua, ’me ba 140 ba ba teng kopanong e ileng ea tšoaroa. Litlaleho li bontša hore lipuo tsa phatlalatsa tse 477 li ile tsa neeloa ka 1912, ka batho ba 17 ba kopanela mosebetsing oa nako e tletseng. J. F. Rutherford a buisana le bamameli ba 3 000 ha a etela Finland ka 1913.

Moea o motle oa boevangeli o neng o totobetse har’a batho ba Molimo ka nako eo ea pele mona o tsoetse pele ho tla fihlela kajeno. ’Me ho tloha qalehong eo e potlakileng, mosebetsi oa Molimo o tsoetse pele butle-butle. Hona joale ho teng liphutheho tse 251 tse tletseng naheng eohle. Morao ka 1922, molao oa “Tokoloho ea Bolumeli” oa fetoha molao. Kahoo ha e-ba bonolo bakeng sa batho ka bomong ba lakatsang ho etsa joalo hore ba itokolle kerekeng ea naha. Hape, molao o mocha oa nea motho e mong le e mong tokelo ea ho sebelisa bolumeli ba hae, ha feela bo sa loantšane le boitšoaro bo botle le mekhoa. Hona ha fana ka motheo oa ho ngolisoa ka molao, ka 1945, ha mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ofisi ea lekala ea Watch Tower Society e ne e hlomiloe Helsinki ka 1911, ’me ho hatisoa ha ka mehla ha Molula-Qhooa oa Sefinnishe ho qalile ka 1912.

HO HLOKAHALA BOITEKO HO FIHLA HO BATHO

Lilemong tseo tsa pele, ho ne ho le thata ho fihla ho batho ba naha ena e khōlō e nang le batho mona le mane, bao karolo ea boraro ea bona ba leng ka leboea ho “Arctic Circle.” Meru e meholo e nka karolo ea boraro ea naha, ’me metsi le mekhoabo karolo e ’ngoe ea leshome. Ho na le matša a matle—e seng a 1 000 feela, empa a ka bang 60 000—ka lihleke-hleke tse ka batlang li e-ba kalo habeli, ho kopanyelletsa le tse ka bang 30 000 haufi le lebopo. Kahoo, ho tsamaea ho ea fihla ho batho ke mosebetsi o butle, ’me hona e bile ’nete haholo linakong tseo tsa pele. Kajeno, litsela le lintho tsa ho tsamaea li tsoetse pele haholo, ’me makoloi, literene tse ntle le libese le tsamaiso e ntle haholo ea lifofane li ngata haholo.

Ho lokoloha ha Finland pusong ea Russia ka Tšitoe 1917 ho ile ha tlisa ntoa ea ka lapeng, ka mekha e loantšanang e loanela ho busa. Ho sa tsotellehe mathata ’ohle a ileng a hlaha, leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba ’na ba bolela ‘litaba tse molemo,’ ’me ha hlongoa liphutheho tse ncha.

Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše Lipaki tsa Jehova tsa Mafinnishe tsa tlameha ho tobana le lithibelo libukeng tsa tsona hammoho le ho tšoaroa le ho kenngoa litlamong, haholo ka ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste. (Joh. 15:19) Empa boiteko ba tsona ho boleleng ‘litaba tse molemo’ ba hlohonolofatsoa haholo. Ka 1944 ho bile teng keketseho ea 62 lekholong ea baboleli ba ’Muso, ’me ka 1945 kakaretso ea bahoeletsi e ne e phahametse ho 1 632 liphuthehong tse 267. Kajeno, ho teng paki e le ’ngoe ea Jehova bakeng sa batho ba bang le ba bang ba 373 naheng ena, ruri ke bopaki ba tlhohonolofatso ea Molimo.

Koana, boemo ba naha ba Arctic ba serame boa phephetsa. Empa bajari bana ba ‘litaba tse molemo’ ba apara ka mofuthu ’me ba tsoe leha ho bata haholo ho fihla malapeng a batho. Ka linako tse ling serame e ka ba thuso. Ka mohlala: Monna e mong a bona Lipaki li atamela ntlo ea hae ka letsatsi le leng la mariha. A sa batle ho buisana le bona, a nyolohela karolong e ka holimo ea ntlo, a ikemiselitse ho lula moo ha mosali oa hae a buisana le tsona. A le mona moo a phetlehetseng serame, o ne a utloa bahoeletsi ba ’Muso ha ba buisana le mosali oa hae kamoo ho futhumetseng. Ka nako eo joale a neng a tšepile hore baeti ba tla khaotsa ho bua ’me ba tsamaee, ho makaleng ha hae a utloa mosali oa hae a ba botsa hofe na ba ka lula hore a ba etsetse kofi. Joale, kaha o ne a lutse a qhaqhasela, a utloa lipaki li bolela hore li ithaopela ho ithuta Bibele le mosali ka likhoeli tse tšeletseng. Hoo ho ne ho le holelele haholo! Ho hang o ne a ke ke a lula karolong e ka holimo ka likhoeli tse tšeletseng! Eaba joale oa theoha ho tla kenella moqoqong le ho fumana kofi e mofuthu. Thuto ea qalisoa, monna a kopanela, ’me kajeno ke e mong oa baena ba rōna ba moea.

HO KOPANNGOA HA LIPHUTHEHO

Morao koana ka 1949 ho ne ho le teng liphutheho tse 415 ka karolelano ea bahoeletsi ba robong ho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho ne ho le joalo ka baka la bosieo ba lintho tsa ho tsamaea le ho qaqolohana ha baena libakeng tse ka thōko. Empa eare ha maemo a ntlafala, liphutheho tse ngatanyana tsa kopanngoa, ’me hona ha tiisa haholo le ho khothatsa Bakreste ba Mafinn. Hona joale ho teng liphutheho tse 251 feela, empa e ’ngoe le e ’ngoe ka karolelano e na le bahoeletsi ba 52 ba ’Muso, ho etsa hore ho be bonolo haholoanyane ho ba le liboka tse laeang haholo le tse tiisang tumelo.

Ho tloha ka 1968 ho hahiloe liholo tsa ’Muso tse ncha tse ka bang 100, ’me hona joale liphutheho tse ka bang 200 li kopanela ka mehla liholong tseo e leng tsa tsona. Lehae la Bethele le lecha le hahiloeng ka 1961 le ile la ipakahatsa le le lenyenyane haholo bakeng sa katoloho, ’me la atolosoa haholo ka makhetlo a mabeli ka 1970. Joale, ka 1978, Hämeenlina, ho ile ha rekoa thepa bakeng sa holo ea kopano ea potoloho. Mohaho ona o motle le o hapang mahlo o nka batho ba 1 300 ’me o ile oa phethoa mathoasong a 1979. O sebeletsa Lipaki tse ka bang 9 000 tse Finland e ka boroa.

HO TENYETSEHA LE BATHO

Lipaki li leka ho ba le puisano ea botsoalle ha li buisana le batho ka ntlo le ntlo. Empa hona ho hloka ho tenyetseha le batho. Metseng e meholo, ho bonahala batho ba hatelletsoe haholo, ’me ho hlokahala hore motho a tobe taba kapele. Leha ho le joalo, libakeng tse ling tse ka thōko, hangata Lipaki li ka tsoela pele feela ka puo ea Mangolo kamor’a hore li arabele lipotso tse kang “Le itse le tsoa kae?” le “Na u na le mosali kapa monna?” Likarolong tse ling tsa Finland, ho batla ho le thata ho qalisa moqoqo le mong a ntlo. Empa baboleli ba ’Muso ba sebete ba moo hangata ba putsoa ka lipuisano tse ntle. Ka thabo, karolo eo ea naha e na le karolelano e khōlo ea Lipaki ho baahi.

Lilemong tse fetileng, molebeli oa potoloho o ile a bolela ka mohlankana ea bitsoang Risto. Liboka tsa phutheho li ne li tšoareloa moo a phelang. Empa Risto o ne a sa kopanele ho tsona ’me ho se mohla a keng a re letho. Ba bang ka lapeng ba ne ba bolela hore ha a thahaselle. Hoba a sebetse sebaka sohle se haufi le moo, molebeli oa potoloho a kōpa Risto hore a mo supise tsela eena le mosali oa hae ho ea sehlopheng se neng se e-s’o sebetsoe sa matlo.

Ha a bona hore ho na le matlo a fokolang sebakeng seo, molebeli oa potoloho a kōpa Risto hore na a ka rata ho ea le bona. Mohlankana a lumela, ’me beng ba matlo ba ba amohela ka botsoalle. Hoba ba kene matlong a seng makae, molebeli oa potoloho a etsa tlhahiso ea hore ho ka ba hotle ha Risto a ka memela bao a ahisaneng le bona puong ea phatlalatsa habo, ’me a ho etsa ka thabo. Hamorao, a ba a fana ka limakasine ho beng ba matlo. Eare ha lelapa le utloa hore Risto o fela a buisane le batho ka Bibele, la makala. Ba re: “Re ne re sa tsebe hore ua thabela. Ha u ka ua re bolella ke’ng?” Risto a arabela: “Ha ho mohla le kileng la botsa.” Kamorao ho moo a tsoela pele hantle ’me o entse mosebetsi o motle e le pulamaliboho ea khethehileng (’moleli oa nako e tletseng oa ’Muso) ka lilemo-lemo joale.

KHANYETSO E SITOA HO EMISA MOSEBETSI OA RŌNA

Finland e na le moetlo oa bolokolohi, ’me ba boholong ka kakaretso ba leka ho tšoara e mong le e mong hantle. Empa boiteko bo ’nile ba e-ba teng ba ho thibela mosebetsi oa bopaki.

Ka mohlala, lilemong tse seng kae tse fetileng, Mokhatlo oa Metse ea Mafinn o ile oa thathamisa litlhahiso tsa melao e ka etsoang bakeng sa metse le metsana, ’me karolo e ’ngoe “melaong ena ea sepolesa” e thibela mosebetsi oa bolumeli o akarelletsang “ho leka ho kena ka ntlo le ntlo.” Khang ea bona e ne e le hore ho letsa litšepe tse menyakong (bakeng sa ho kokota), haholo matlong a hirisitsoeng, ho khathatsana le khotso ea beng ba matlo. Metse e mengata le metsana ea nka melao ena e mecha.

Li hlokomela hore batho ba bangata ba letsa litšepe tsa menyako matlong a hirisoang, le hore lerata le ka tšoenya batho ba mehahong e kolokileng, Lipaki tsa Jehova li lekile ho tlōlisa libaka ho e-na le ho kena ntlo e ’ngoe le e ’ngoe lethathamong la matlo a hirisoang. Ntle ho moo, li tsoetse pele ho paka ka ntlo le ntlo, e leng mosebetsi o ananeloang haholo ke batho ba bangata haholo. Ka lilemo tse ngata ha ho mathata a sebele-bele ao ho ileng ha thulanoa le oona. Empa ka tsatsi le leng, bo-pula-maliboho ba babeli motsaneng o lebopong la leoatle oa Loviisa ba ne ba etela ntlo ea lepolesa le ileng la nka hore ba tlōla molao. Hamorao, ba fumana tsebiso ea hore ba itefelle molato oa bona, empa ba ikhethela hore ba ka mpa ba isa taba khotla.

LEKHOTLA LE HLOKOMELA TOKELO EA BATHO HORE BA ETELOE

Bopaking boo ba ileng ba fana ka bona ba molao, baena ba bolela hore ho letsa tšepe monyakong oa motho ke mokhoa o loketseng ’me ka lebaka la molao ho ke ke ha talingoa e le ho tšoenya khotso ea mong a ntlo, hobane o na le tšepe e joalo e le hore motho a ka e letsa ha a lakatsa ho buisana le eena. Bopaki ba bontša hore ke karolo ea bolumeli ba Lipaki tsa Jehova ho isa molaetsa oa Bibele ho batho ka ntlo le ntlo, le hore molao o ne o lumella mokhoa ona oa boevangeli ha o lumella ho ngolisa ka molao mokhatlo oa bolumeli oa Lipaki. Ba bontša hore batho ba bangata ba batla ha Lipaki tsa Jehova li ba etela le hore e ka ba ho fetola bolokolohi ho thibela maeto ’ohle a ntlo le ntlo feela hobane karolo e nyenyane e sa lakatse ho fumana maeto a joalo.

Pula-maliboho e monyenyane a bolella lekhotla hore o ne a lemalletse tšebeliso ea lithethefatsi pele a kopana le Lipaki tsa Jehova ’me ho ne ho se mohla a tla tseba hore a ka li kōpa hore li mo thuse ka bothata ba hae; kahoo o ile a thaba haholo hore ebe ba ile ba mo etela ntle ho ho mo rerisa. Li mo thusitse ho hlōla mokhoa oa lithethefatsi le hore e be moahi ea nang le thuso, a ba a bolela hore ba bangata ba rata ho fumana thuso empa ha ba tsebe hore na ba ka e fumana kae. A supa hore ke habohlokoa ho batla batho ba joalo ka ho ba etela menyakong.

Hoba a mamele khang, ’maseterata a lumela hore moena o ne a sa tlōla molao hobane ha a ka a leka ho kena ka tlung. Motheong ona qoso ea qhaloa ’me mochochisi ha a ka a nka boipiletso. Kahoo, joalokaha koranta ea moo e ile ea bolela ka letsatsi le latelang, Loviisa ke molao ho ea ka ntlo le ntlo ho bua ka bolumeli, ha feela u sa leke ho kena ka tlung. Ho tloha ka nako eo, metse e mengata le metsana e hlakotse molao, ’me ba bang ba boholong ba buile hantle ka mosebetsi o motle oa Lipaki tsa Jehova oo li o etsang ka ho ea ka ntlo le ntlo ka Bibele.

Mafinn a phetse ka khutso e kholoanyane ka lilemo tse telele joale. Empa ha theko e ntse e phahama ea lintho, khaello ea mesebetsi le bonokoane li phaella boikutlong ba ho se sireletsehe, batho ba bangatanyana ba thahasella ho tseba seo Bibele e se buang ka nako e tlang. Kannete, Finland, joaloka kae le kae Bojakaneng, ‘tlala e teng ea ho lapela ho utloa lentsoe la Jehova.’ (Amose 8:11) Empa naheng ena ea matša a mangata, meru e metala le lehloa le lesooana, masiu a khanyang a lehlabula le mariha a khanyang a ka leboea, Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho tsoela pele ka boiteko ba ho fihla ho bohle ka “litaba tse molemo” tse susumelletsang tšepo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela