Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 6/15 maq. 31-32
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pako e Khutlisetsang ho Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Amohela Taeo ea Jehova Kamehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Baholo ba Lokela ho Etsa’ng ha ba Thusa Motho ea Entseng Sebe se Tebileng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Jehova o Batla Hore Batho Bohle ba Bake
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 6/15 maq. 31-32

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Haeba monna, (Kapa mosali) a baleha le molekane oa e mong, na a ka tšoareloa ’me a boela a amoheloa ka phuthehong ea Bokreste?

Ntho ena e etsahala hangata har’a ba sa lekeng ho phela ka metheo ea Bibele. Ha ho bapisoa, ha e ngata har’a ba kopanelang le batho ba Jehova, e leng ho etsang hore e be ho nyarosang haholo ha e ka etsahala. Ho le joalo, ha ho hlokahale hore taba e kang ena e ka sebetsoa ka ho ea ka molao oa motho. Joaloka libe tse ling, pele motho ea joalo a ka amoheloa ke Molimo le batho ba oona, moetsalibe o tla tlameha hore a bake ’me a bontše litholoana tsa pako ka ho hlakileng.

Litšebelisano tsa Molimo le Baiseraele ka ho hlakileng li bontša tšoarelo ea hae, ka linako tse ling, le libeng tse sisimosang le tse phehelletsoeng. (Deut. 4:30; Esa. 55:7; 57:16-18; Zak. 1:3, 4) Jesu o boletse “thabo leholimong e tlang ka ho baka ha moetsalibe a le mong.” Joale a bontša taba ka pale ea ngoana ea lehlasoa ea ileng a qhalanya chelete ea hae ka bophelo bo litšila le liotsoa. Eare ha a hlaphoheloa kelellong, a khutla ’me a batla tšoarelo ka ho siteloa leholimo le ntat’ae, ntat’ae a mo tšoarela ka mofuthu.—Luka 15:1-7, 11-24.

Leha ho le joalo, Bibele e boetse e bontša hore Mokreste ea etsang sebe ’me a sa bake o tlameha ho lelekoa phuthehong e le hore e ka bolokoa e hloekile moeeng. (1 Ba-Kor. 5:1-5, 11-13) Hoo ho ile ha etsahalla monna ea neng a phela Korinthe ea neng a phela bophelo ba boitšoaro bo bobe pepenene. Mangolo a bontša hore hore a tle a khutlele hape ka phuthehong motho ea joalo o ne a tlameha hore a bake, a lahle tsela ea hae ea boitšoaro bo bobe, a sokolohe ’me a hlahise litholoana tse tšoanelang pako. Ka ho totobetseng o ile a phakisa a etsa joalo kamor’a nakoana. Ho Ba-Korinthe ba Bobeli, eo ho nahanoang hore e ngotsoe pele selemo se fela hamoraonyana, moapostola Pauluse a khothalletsa phutheho hore e tšoarele moetsalibe ka ho bonahalang a supa monna eo ea khaotsoeng ea tlamehang hore ebe o ne a bakile.—2 Ba-Kor. 2:5-10; Matt. 3:7, 8; Lik. 26:20.

Mokhoa ona oa Mangolo oa ho khaola o boetse o sebelisoa le ke liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova. ’Me tumellanong le mohlala ona, ha ho nako e beiloeng eo pele ho eona motho a ka khutlisetsoang; e emela pako ea ’nete, e ka ’nang ea nka lilemo mohlomong.

Tabeng e sa tloaelehang e hlahisitsoeng potsong, ho rera le thetso mohlomong li ile tsa iponahatsa. Ka mohlala, monna (mohlomong a e-na le mosali ka boeena) o ikutloa a nkehile ke mosali oa motho e mong. Mohlomong ka nako eo ho ka ’na ha bososellanoa ka lekunutu, ha kopanoa ka lekunutu le ho bontšana ho chesehellana ka mokhoa o sa hlakang. Mashano le thetso li ka ’na tsa sebelisoa ho patela ba bang sena, haholo molekane kapa balekane ba sa tsebeng letho. Kamor’a nako mohlomong bao ba babeli ba “shobela,” ’me kamor’a ho hlala balekane ba pele ka mabaka ao e seng a Mangolo ba tiisa lenyalo ka molao. Ba tla be ba lekantse hantle ho tla etsahala, ba hlokomela hore ho tla latela ke ho khaoloa. Empa ba nahana hore “kamor’a selemo kapa nengneng kapele” ba ka ipolela hore ba bakile ’me ba khutlisetsoa, kahoo litaba li tsoella kamoo bona ba ratileng. Leha ho le joalo, ke phoso e tebileng haholo ho bapala ka mohau oa Molimo. Ba-Galata 6:7 e tiisa hore: “Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” Hore Jehova ha a khahloe ke bofebe ho bonoa mangolong a mangata ’me hona ho se ke ha hlokomolohuoa ke ba ntšetsang pele litakatso tse fosahetseng.—Bapisa Tšenolo 21:8; 22:15.

Haeba kamor’a nako motho ea khaotsoeng joalo a tla ho baholo ba moea ba emelang phutheho ’me a kōpa ho khutlisetsoa, se etsahetseng, hammoho le boikutlo ba mofosi, li tla tlameha ho nahaneloa. Ka kopano ea tumelo, Pauluse o buile hore re se susumetsoe ke “thetso ea batho, le ka mano a bona a ho khelosa ka bohata.” (Ba-Ef. 4:13, 14) Hoo ke ’nete ho qobeng bohata thutong ’me ke ’nete ka ho tšoanang ka ho qoba hore ka phuthehong ho be teng batho bao ka boomo ba sebelisitseng thetso le mano ho phetha bokhopo.—Bapisa 2 Ba-Korinthe 11:13; Pesaleme ea 101:7; 119:118.

Komiti ea baholo e sebetsang kōpo e joalo ea ho khutlisetsoa e tla tlameha ho nahana ka batho ba sa tšoaneng ba ineelang sebeng motsotsong oa bofokoli le ea rerang ho etsa sebe. Re ka hopola hore Molimo o ile a bontša Petrose mohau kamor’a hore a latole Jesu ka makhetlo a mararo; empa Molimo oa ahlola Ananisiase le Safira, ba ileng ba rera lipelong tsa bona hore na ba ka thetsa joang.—Lik. 5:1-11.

Kahoo ho hlokahala hore baholo ba be seli haholo mabakeng ao ho oona boikaketsi le bolotsana li amehang. Motho a ka ’na a ipolela hore o soabile o bile e bakile, empa haeba a ne a ka khutlela moo a qalisitseng teng, na o ne a tla ‘ho etsa hape’? Na o ne a tla sia molekane oa hae a ee le e mong? Koana, joale o kene lenyalong le lecha ’me kahoo a ke ke a le felisa feela ’me a khutlela moo lintho li qalileng teng; kaha lenyalo la pele le felletse ka tlhalano, bofebe le ho nyala hape. (Matt. 19:9) Leha ho le joalo, na o bontša pako ea ’nete, a “tepeletse” le ho robeha pelong? (Esa. 57:15) Na o nyonya sebe seo a se entseng, ho e-na le masoabi feela tjee a hore o khaotsoe ’me kahoo o sitoa ho thabela botsoalle ba Bokreste? Na ka nako e telele bo lekaneng, e ke keng ea lekanyetsoa pele hore na e be telele hakae, o bontšitse litholoana tse lokelang pako? Ho tla hlokahala hore baholo ba kholisehe, ntle ho pelaelo, hore pako ea ’nete e teng. Haeba kannete ba sa utloe ba kholiseha hore e teng, ba ka ’na ba etsa qeto ea ho lebella, ’me ba kopane hape ho hlahloba taba kamor’a hore bopaki bo bokellane.

Baholo ba lokela ho utloa ka matla boikarabelo ba bona ho sireletsa phutheho, leha ho le joalo ka mehla ba falimehetse mohau oa Molimo le takatso ea hore batho ba fumane bophelo. (Ba-Roma 2:4) Ba hlokomela hore ha ba na matla a phahametseng a motho ho bona lipelo le sepheo ka ho phethahetseng joaloka Jehova, eo moetsalibe a ikarabellang ho eena. (Ba-Heb. 4:13) Kahoo ba tla loanela ho tsamaisa monahano oa bona le qeto ka Lentsoe la Molimo le seo ba ka se lekanyetsang hore ke boemo ba pelo le boitšoaro tsa motho ea khaotsoeng. Haeba kamor’a nako komiti ea baholo e ka fihlela qeto ea hore moetsalibe o bakile e le kannete le hore o sebelelitse ho hloekisa pelo ea hae, ho khutlisetsoa ho loketse, joalokaha ho ile ha etsahala ka monna oa Korinthe. (Jak. 4:8) Empa ha ho nako e beiloeng hore hoo ho ka etsahala. ’me le hoja phutheho e ka ’na ea khutlisetsa motho ea joalo oa moetsalibe, ho ke ho hopoloe hore eena o tlameha hore a tle a ‘ikarabelle ho Molimo bakeng sa tsa hae.’—Ba-Roma 14:10-12.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela