Ghana e Arabela Boboleling ba ’Muso
BOPROFETENG bo boholo ba hae bo amanang le mehla ea bofelo, Jesu o itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Matt. 24:14.
Ghana ke karolo ea “lefatše lohle” eo ho eona ‘litaba tse molemo’ li boleloang hona joale. Ka baka leo, ba bangata ba fumane molemo mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova ha li leka ho fihla ho motho e mong le e mong ka molaetsa oa Bibele. Lekholong le qetellang la lilemo, mosebetsi o atolohile hoo hona joale ho leng teng Lipaki tse ka bang 21 000 tse kopanelang ka mehla ho boleleng ‘litaba tse molemo.’
Ho tsamaisa mosebetsi ona, ofisi ea pele ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Ghana e ile ea hlongoa ka 1947. Ka potlako keketseho ea mosebetsi ea hloka mehaho e sebelisoang e meholoanyane. Ena e ne e e-so ho sebelisoe ha ho hlokahala hore ho etsoe litokisetso bakeng sa meaho e meholo ho moo, e le hore ho ka sebeletsoa liphutheho tse ntseng li hōla. Kahoo mohaho o mocha oa hahuoa, o neeloa ka 1963. Hape, le oona oa ipaka o sa lekana bakeng sa se hlokoang ke keketseho, ’me ha fumanoa setša se secha Nungua, motsana oa Accra. Hona joale litokisetso li ntse li etsoa moo bakeng sa ofisi ea lekala e ncha le khatiso tse kholoanyane.
Keketseho e potlakileng ea Lipaki tsa Jehova Ghana e bontša ho lokela ha batho ba Maghana ho mamela molaetsa oa Bibele le cheseho ea bona ho arabela linthong tse molemo tseo ba ithutang tsona. Mehlala e seng mekae e tla sebeletsa ho bontša kamoo Maghana ba lapetseng ’nete ea Bibele. Ho latelang ke tlaleho e tsoang phuthehong e Accra.
BA BANGATA BA BATLA ’NETE EA BIBELE
“Re ile ra mengoa ho ea buisana le sehlopha sa batho ba ka bang 60 ba neng ba kene ho batlisiseng ka Bibeleng hore ba fumane bolumeli ba ’nete. Kamor’a ho ithuta lekunutung Mangolo ka lithuto tse sa tšoaneng, ba qala ho mema baeta-pele ba likereke tse sa tšoaneng ho tla buisana le bona le ho bua ka litaba. Hoba ba mamele baeta-pele bana ba bolumeli le ho ba botsa ka litaba tse sa tšoaneng, ba kōpa moeta-pele oa sehlopha sa bona hore a re meme le rōna.
“Moeta-pele oa sehlopha o bolela hore lebaka le leholo la hore ba be ba re meme ke hore, kamor’a ho ithuta ka nakoana, ba fumana hore ba tlamehile ho bolela ho batho. Eaba ba qalisa ho ea ka ntlo le ntlo. A re potso eo ho neng ho tloaelehile hore batho ba ba botse wena ke hore, ‘Na le Lipaki tsa Jehova?’ eo ba neng ba e arabela ka hore, Che. Phihlelo ena ea mema sehlopha hore se re meme. Sa khetha lintlha tse hlano tseo ho tla buisanoa ka tsona. Hoba sebui se koahele ntlha e ’ngoe le e ’ngoe, sehlopha se ne se botsa lipotso tse ngata. Hoo e ka bang khoeli hamorao, ra memeloa ho tšoara thuto ea ka mehla ea Bibele le sona. Ha ho qetiloe boinahano ka lithuto tsa motheo, moetapele oa bona a bolela hore ba fumane hore re na le ’nete le hore ba rerile ho ikopanya le rōna.
“Sehlopha sena se ne se kopane le lekala la sehlopha se motseng o mong. Ho sa le joalo, ba ne ba fumane molaetsa oa hore na sehlopha sa pele se fihletse qeto efe. Ba bang ho baholo ba phutheho ea rōna ba mengoa ho ea hlalosa litaba. Qetello ea e-ba hore litho tse 18 tsa sehlopha tsa kolobetsoa.
HO EMELA ’NETE EA BIBELE KA TIEO HO THUSA BA BANG
Motse oa Amanya, sebakeng sa Volta, o ile oa eteloa ke Lipaki tse peli, tse ileng tsa buisana le baahi ba moo ka molaetsa oa ’Muso. Lipaki tsa qala ho ithuta Bibele le sehlotšoana sa batho ba thahasellang. Leha ho le joalo, ha ho ea kileng a nka boemo bo tiileng ka seo a ithutang sona. Ha etsahala hore mohlankana oa motse oo o sa tsoa qeta lithuto tsa hae tsa sekolo se phahameng ’me o khutlile ho tla ruta sekolong se bohareng sa moo. Mohlankana enoa e ne e le monna oa kereke ea chesehang oa Moprostanta ’me kahoo a abeloa ho etsa lipolelo tsa ho ruta ka kerekeng ea habo. E mong oa Lipaki, ea neng a le sehlopheng se pele ho mohlankana enoa kolecheng, a teana le eena ’me a buisana le eena. Paki ha ea ka ea hopola mohlankana ho fihlela a itsebisa eona. Qalehong molaetsa ha oa ka oa khahla mohlankana haholo, empa a amohela buka What Has Religion Done for Mankind? Hoba ba ithute likhaolo tse seng kae bukeng, hammoho le Bibele, a kholoa hore lithuto tsa kereke ea hae ha li tumellanong le Mangolo. A ikhethela ho tsoa kerekeng.
Leetong le leng la Lipaki tsena tse peli, mohlankana enoa a li bolella hore o tla etsa ho hong; empa a ke ke a ba bolella hore na ke eng ho fihlela hamorao. Ha e le hantle, a ngola lengolo la ho itokolla kerekeng. Mohlanka oa kereke ea hae a nyaroha. A mema mohlankana hore a mo etele le ho mo botsa hore na ka ’nete ke eena ea ngotseng lengolo. A lumela hore ke eena. Mohlanka, a sa kholoe, a kōpa mohlankana hore a ee ho inahana ka taba ka matsatsi a mararo, ebe joale o khutla ho tla hula lengolo. Mohlankana a bolela hore o tiile ka seo a sa boletseng, empa hore o tla inahana kaha a mo kōpile hore a etse joalo. Ho sa le joalo, taba ea tlaleheloa baholo ba kereke ea mohlankana enoa, ho akarelletsa le hloho ea lelapa labo. Litšomo le lipuo tse mpe tsa phaellana ho eena tse tsoang ho banna bana. Hloho ea lelapa labo, ea bolela hore haeba o ne a ka nka bohato bo matla hoo a ka bang a tsoa kerekeng, ba ne ba ke ke ba hanyetsa haeba a ka kena bolumeling leha e le bofe bo bong, ho akareletsa le likereke tsa tšebeletso ea meea, kapa a khutlela “kerekeng ea pele,” ea Roma K’hatholike, e seng hore e be e mong oa Lipaki tsa Jehova! Mohlankana a tlaleha sena ho Paki e inotši e lulang motseng oo. Ea mo khothalletsa hore a eme a tiile qetong ea hae ea ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova a se ke a tela. Ea mo bolella hore ka nako eo ho tla ba thata ho eena, empa hore haeba a ka lula a tiile qetellong lintho li tla sebetseha ’me mohlomong ba bang ho bahanyetsi ba hae ba ka thusoa ke hoo ho fumana tsebo e hlakileng haholo ea ’nete ea Bibele. A lumela.
Hamorao, mohlankana a memeloa ho ema ka pel’a phutheho eohle ea kereke ea hae ho ba bolella hore na o itokolla hobane’ng. A ho tlalehela Lipaki, tse ileng tsa mo thusa ho lokisetsa boitšireletso bo botle. Ka pel’a phutheho, a qala ho bua ka Thapelo ea Morena, a bontša hore thuto ea kereke ea hore bohle ba fumanang bophelo ba tla ea leholimong ha e-ea nepahala. Ka potlako, mohlanka oa kereke a tlōlela holimo ’me a ipelaetsa kahore ha a ea memeloa ho tla ba ruta empa ho bolela hore na ke hobane’ng ha a itokolla. Mohlankana a bolela hore kaha lebaka la hae la ho itokolla le theiloe Bibeleng ha ho letho leo a ka le buang a sa supe Bibeleng. Mohlanka oa kereke a se ke a mo lumella ho tsoela pele; eaba o lelekeloa ka ntle. Joale kereke ea arohana. Ba bang ba batla ho mo utloa, ha ba bang ba sa batle hore a ka hlokomelisa ka Bibele. Hona ha bula tsela ea hore ‘litaba tse molemo’ li jalehe haholo motseng oo, ka ba bangata ba etela mohlankana hore ba utloe ho hongatanyana.
Tsoelopele e latelang ea e-ba hore mohlankana a memeloe ho hlaha ka pel’a seboka sa hloho ea mofuta oa habo. Mona, baholo ba motse ba qala ho mo soma. Ntlheng ena monna ea tumileng ka botahoa a tla sebokeng. A fumana moo a lulang har’a ba teng ka hloho e kebileng ka nakoana. Ka tšohanyetso, a ema ’me a kōpa hore a mameloe. A re, ha ba bang ba mo shebile ka matla: “Ke hobane’ng ha le leka ho thibela mohlankana eo ho rapela Molimo oa hae? Na har’a lōna ho na le ea kileng a bona motho ea tahoang joale ka ’na hothoe ke e mong oa Lipaki tsa Jehova? Kapa, na le kile la bona ngoanana eo e leng moimana ka bohlola eo ho thoe’ng ke e mong oa Lipaki tsa Jehova? Le mo khathaletsa’ng? Maoatla! Mo tloheleng a rapele Molimo oa hae!” Hoba a rialo, a lula fatše ’me ha se ke ha e-ba ea bang le sebete sa ho hanyetsa mohlankana hape. Eaba seboka se fella hona moo.
LIKOPANO LI THUSA HO JALA ‘LITABA TSE MOLEMO’
Likopano tsa puso ea leholimo e bile litekanyetso tsoelo peleng ea borapeli ba ’nete naheng ena. Tsena li qhalile maikutlo a mabe likelellong tsa batho ba bileng ba beiloeng libakeng tse phahameng ba sechaba. Ka mohlala, Kopanong ea Setereke ea “Basebetsi ba Thabileng” e neng e tšoaretsoe Mampong, Ashanti, ka Tšitoe 1977, morena oa sehloho oa sebaka seo o ne a le teng ka letsatsi la ho qetela ’me a hlolloa ke litokisetso tsa kopano le boitšoaro ba baena. Ha a ka a fumana mantsoe a lekaneng hore a ka hlalosa boikutlo ba hae. Boikutlo bo joalo ba busa har’a baholo ba hae ba bangata ba neng ba tlile le eena. Sohle seo a neng a ka se bua ke hore: “Le khabane, le hloekile!”
Tlas’a paballo e lerato ea Jehova le tšireletso, ho sa tsotellehe khanyetso, ho boleloa ha ‘litaba tse molemo’ le ho etsoa ha barutuoa ho tsoela pele ka khotso e lekanyelitsoeng. Re lebelletse hore ba bang ba bangata e ba barutuoa ba Morena Jesu Kreste. Ho joalo hobane, ka la 11 ’Mesa, 1979, ha ho ne ho ketekoa Sehopotso sa lefu la Morena oa rōna, ho bile teng batho ba fetang 70 000 Ghana eohle.’
[’Mapa o leqepheng la 12]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
GHANA