Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 5/1 maq. 22-25
  • Litaba Tse Molemo li Matla Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tse Molemo li Matla Hakae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO FUMANA KAMOHELO EA MOLIMO
  • TUMELO E SUSUMELLETSANG KETSONG
  • MEHLALA E METLE EA E-BA LE PHELLO EA EONA
  • NA U AMEHILE?
  • Ho na le Litaba Tse Molemo Tseo Bohle ba li Hlokang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Bolela Litaba Tse Molemo ka Kholiseho e Matla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Topollo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na U Moetsisi oa Kreste Kapa u Mokreste-’mōtoana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 5/1 maq. 22-25

Litaba Tse Molemo li Matla Hakae?

HAR’A melaetsa eohle e hatisitsoeng ho theosa le makholo a lilemo, ‘litaba tse molemo’ tse ngoliloeng ka Mangolong a Halalelang li bile le matla a fetisisang a susumetsang ho etsa botle. Bibele e bua ka tsona e le ‘litaba tse molemo tsa ’muso,’ ‘litaba tse molemo tse buang ka Jesu Kreste,’ litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo,’ ‘litaba tse molemo tsa Molimo,’ ‘litaba tse molemo tsa khotso’ le ‘litaba tse molemo tsa ka ho sa feleng.’ (Matt. 4:23; Mar. 1:1; Lik. 20:24; Ba-Roma 15:16; Ba-Ef. 6:15; Tšen. 14:6, kaofela ka NW) “Litaba tsena tse molemo” haholo-holo ke molaetsa oa hore poloko kapa bophelo bo sa feleng motheong oa tumelo ea ’nete melemong e phekolang ea sehlabelo sa Jesu Kreste, le hore ’muso oa Molimo ka Kreste o tla kopanya lintho tsohle tse lefatšeng ka mokhoa o phethahetseng le maholimo a halalelang ke ntho e tla etsahala. (Lik. 4:12; Ba-Roma 1:16; Ba-Ef. 1:7-14) Ke hobane’ng ha molaetsa o e-na le phello e matla ho ba o amohelang?

Nahana ka boemo ba batho ba bangata ha ‘litaba tse molemo’ li ba fihlela moo ba leng bang. Pele a utloa molaetsa ona, motho a ka ’na a ikutloa a lokotseha ka mokhoa o itseng bophelong. Ka baka la mathata a botho le ka baka la ho bona khethollo le khatello a ka ’na a ikutloa a llela ka hare bakeng sa topollo. Motho a ka ’na a ikutloa a saretsoe hobane a sitoa ho ba seo a ratang ho ba sona. Joale, ha ‘litaba tse molemo’ li tlisoa ho eena, o ithuta mabaka a motheo a tsieleho ea hae, e leng hore eena hammoho le ba bang bohle bao e leng litho lelapeng la motho, ke moetsalibe. Ka baka leo, ho sa tsotellehe hore na motho o tiile hakae, a ke ke a atleha ho phela bophelo ba hae ka tsela eo a ke keng a itšoetsa eena le ba bang. Ha ho mohla a tla ipakahatsa a lokile pel’a Molimo ka ho itšoarella sehlopheng se itseng sa melao. ‘Litaba tse molemo,’ leha ho le joalo, li mo hlakisetsa kamoo a ka thabelang letsoalo le hloekileng pel’a Molimo le batho, a talimile bophelong bo sa feleng. Hape li mo thusa ho bona hore na ke joang ’muso oa Molimo o tla felisa tsieleho eohle.—Dan. 2:44.

HO FUMANA KAMOHELO EA MOLIMO

Ha ho hlokoe letho le thata ho motho hore a fumane boemo bo amohelehang ho Molimo. Ea Holimo-limo ka boeena o entse tokisetso eo ka eona libe li ka tšoareloang.

Ho ananela tokisetso ea hore libe tsa rōna li tšoareloe, ho hlokahala hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha re le baetsalibe. Bibele e senola hore moholo-holo ea mong oa rōna, motho oa pele Adama, o ile a ikhethela ka boomo ho siteloa Molimo. Hona ha mo arohanya le Ntat’ae oa leholimo ’me ha bea bohle ba tsoileng ho Adama boemong ba karohano. Adama, e le moetsalibe, o ne a ka tsoala bana ba baetsalibe feela ba tsuong ea lefu. Mangolo a re bolella hore: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) “Moputso oa sebe ke lefu.”—Ba-Roma 6:23.

Ka tsela ena, Lentsoe la Molimo le hlakisa hore lefu ke eona kotlo e hlokoang ke toka ea bomolimo ha ho entsoe sebe. Kahoo, hore motho a tle a fumane bophelo bo sa feleng, o tlameha ho lokolloa kotlong ea sebe. Kaha batho bohle ke baetsalibe, ha ho le ea mong har’a batho ea ka itjarisang kotlo e hlokoang ke toka tabeng ea moetsalibe oa habo leha a ka ba mong feela. Ho hloka thuso ho feletseng ha motho mabapi le ho pholoha kotlo ea sebe ho thathamisitsoe ka mantsoe a latelang a mopesaleme:

“Ha ho le a mong oa bona ea ka tsebang ho lopolla ngoan’abo, leha e le ho ntšetsa Molimo topollo bakeng sa hae. Topollo ea bophelo ba motho e fetisa matla a hae, e tla ’ne e mo hlole ka mehla. Ha ho kamoo motho a ka lopolloang hore a ’ne a phele ka ho sa feleng, a se ke a bona lebitla.”—Pes. 49:7-9.

Ho ne ho hlokahala thuso e tsoang ka ntle ho sebaka sa batho. ’Me, Jehova Molimo, ka mohau oa hae o moholo a lokisetsa thuso e hlokahalang. Mora oa hae ea ratoang haholo, letsibolo la hae, a sebelisana le eena Ntat’ae ka botlalo ho sena. A hlalosa se etsahetseng, moapostola oa Mokreste Pauluse o ngoletse Bafilippi hore:

“Le fele le be le pelo e bileng le ho Jesu Kreste; eo leha a na a ema ka sebopeho sa Molimo, a sa kang a lekanya hobane oa utsoa ha a iketsa ea lekanang le Molimo; athe o ifelisitse ka ho nka sebopeho sa mohlanka, ka ho iketsa ea tšoanang le batho. ’Me ha a hlahile a le joale ka motho, o ikokobelitse, a iketsa ea utloang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano.”—Ba-Fil. 2:5-8.

Kaha Mora oa Molimo, ka tšebetso ea moea o halalelang, o ile a etsoa nama ka mohlolo ka popelong ea kharebe, Maria, o tsoetsoe a se na sebe. Ke ka baka leo a neng a ka itjarisa kotlo e hlokoang ke toka bakeng sa baetsalibe. Ka lefu la hae la sehlabelo ka la 14 Nisane selemong sa 33 C.E., o phethahalitse boprofeta ba Esaia 53:5, bo balehang tjena: “Athe o hlabetsoe libe tsa rōna, a tetekoa ka baka la makhopo a rōna; kotlo e re tlisetsang khotso e mo oetse holimo, ’me re pholosoa ke maqeba a hae.”

Moetsi oa rōna o hloka hore re amohele, ka tumelo, ’nete ea hore Mora oa hae o itjarisitse kotlo e feletseng bakeng sa libe le hore Mora enoa ea tsositsoeng ke “Morena le Kreste,” e, Morena oa Messia ea tšepisitsoeng. (Lik. 2:36) Mangolo aa bolela: “Empa re bona Jesu ea neng a beiloe ka sebaka se seng sekae ka tlasana ho mangeloi, a roesitsoe moqhaka oa khanya le oa hlompho ka baka la lefu leo a le utloileng, hore, ka mohau oa Molimo, a utloe lefu ka baka la bohle.”—Ba-Heb. 2:9.

TUMELO E SUSUMELLETSANG KETSONG

Ke tumelo ea rōna melemong e phekolang ea sehlabelo sa Kreste e re beang boemong ba ho amohela neo e sa lefelloeng ea Molimo ea bophelo bo sa feleng. Ka baka la tumelo ena, motho o kena tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang. Ka ho sebetsa ha moea oo ho eena, litholoana tsa tumelo ea ’nete li tla bonahala bophelong ba hae. Lerato la hae ho Jehova Molimo, Jesu Kreste le batho ba bang le tla hōla. Motho eo o tla susumelletsoa ho nka bohato.

Hona ho bontšoa hantle ka se ileng sa etsahala lekholong la pele la lilemo C.E. ho Bathessalonika ba bang. Moapostola Pauluse o ba ngoletse ka mantsoe ana:

“Hobane Evangeli ea rōna ha ea ka ea tla ho lōna ka lipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moea o Halalelang, le ka kholiso e kholo, joale ka ha le tseba seo re bileng sona ha heno, ka baka la lōna. Le lōna le fetohile baetsisi ba rōna le ba Morena, ka ho amohela lentsoe, har’a matšoenyeho a maholo, ka thabo ea Moea o Halalelang; la ba la fetoha ba etsetsang bohle ba lumetseng Macedonia le Akaia mehlala. Hobane lentsoe la Morena ha le tloha ha heno, le lumaetse, e seng Macedonia le Akaia feela, empa tumelo ea lōna ho Molimo e hasane kahohle, ea e-ba ntho ee re sa tšoanelang ho e bolela. Hobane batho bohle ba bolela sebaka sa ho kena seo re bileng le sona har’a lōna, le kamoo !e sokolohetseng ho Molimo, la furalla litšoantšo ho sebeletsa Molimo o phelang, oa ’nete, le ho lebella Mora oa oona maholimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ea re loetseng bohaleng bo tlang.”—1 Ba-Thess. 1:5-10.

Hlokomela hore ho boleloa ha ‘litaba tse molemo’ Thessalonika ha e-ea ba feela taba ea lipolelo tsa molomo tse sa hlahiseng litholoana. Ho fapana le moo, molaetsa o bile le phello e matla ho ba li nkileng, li ba etsa hore ba furalle litšoantšo le hore e be bahlanka ba Molimo oa ’nete, Jehova. Ho sebetsa ha moea o halalelang oa Molimo ha totobala bophelong ba balumeli bana ha ba bontša thabo e hlahisoang ke moea. Kholiseho e matla ea bona ea bonoa ka ’nete ea hore mahloriso ha a ka a ba thibela ho nka bohato ka ‘litaba tse molemo’ hore ke “lentsoe la Molimo.” (1 Ba-Thess. 2:13) Ba susumetsoa ke tumelo le lerato le ho kholoa ka botlalo hore mahlohonolo a ka ho sa feleng a tla fumanoa ka nako eo ho bontšoang bohale ba Molimo ka eona ho bohle ba hanang ‘litaba tse molemo.’ Ba-Thessalonika ba susumeletseha ho bolela ’nete eo ba e nkileng. Phutheho ea Thessalonika e bile matla tšebetsong hoo litaba tsa tšokoloho ea bona le tumelo li ileng tsa tlala ho ea likarolong tse ling tsa Macedonia hape le ho kenella likarolong tsa Akaia. Kahoo, ha Pauluse le metsoalle ea hae ba isa ‘litaba tse molemo’ ho batho ba libakeng tsena, tumelo ea Bakreste ba Thessalonika e ne e se ntse e tsebahala.

MEHLALA E METLE EA E-BA LE PHELLO EA EONA

Ka lehlakoreng le leng, cheseho ea Bathessalonika e tsoetsoe ke ho bona ha bona mehlala e metle ea moapostola Pauluse le bao a neng a sebetsa le bona. Bophelo ba Pauluse le bao a nang le bona ka bobona bo ne bo paka ’nete ea hore ba na le moea oa Molimo ho bona. Pele ba e-tla Thessalonika, Pauluse le Silase ba ne ba nyelisitsoe Filippi. Litokelo tsa bona e le baahi ba Roma li ne li hataketsoe. Ntle ho nyeoe, ba shapuoa, ba kenngoa chankaneng le ho kengoa metšoasong. Ho kenella ha Molimo ha etsa hore ba lokolloe le ho etsa hore molebeli oa chankane le lelapa la hae ba sokolohe.—Lik. 16:22-33.

Phihlelo e bosula ea Pauluse le Silase Filippi ha ea ka ea kolobisa cheseho ea bona. Ka sebete se ka fanoang ke Molimo feela ka moea oa oona, ba ea Thessalonika. Boboleling ba hae, Pauluse a qoba thetso eohle le boikaketsi. A sebetsa ka matsoho a hae ho hlahisa seo a se hlokang ’me joale a etsa ka matla ho ruta ’nete ho Bathessalonika. Ho ne ho totobetse ho moshebelli ea nang le ’nete hore motho ea tšepahalang hakaalo, ea lokileng, ea sa nyatsuoeng le ea itetseng e ke ke ea e-ba mohloli oa leshano. Ka ho hlakileng o ne a le tlas’a tsamaiso ea moea o halalelang ’me e le moetsisi ea tšepahalang oa Morena Jesu Kreste.—1 Ba-Thess. 2:5-12.

Ka ho loketseng, ‘litaba tse molemo,’ hammoho le mohlala o motle oa Pauluse oo molaetsa oa Molimo o nang le oona ho batho ka bomong, tsa nolofaletsa Bathessalonika ho etsisa Jesu Kreste. Ba qala ho tsamaea ka tsela e amohelehang ho Molimo ’me ba se ke ba tlohela ho bolela ‘litaba tse molemo’ ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Joalokaha ba ne ba phela lebopong la leoatle, ba fihla ho bahoebi ba bangata le baeti ba neng ba ka bolela cheseho ea Bathessalonika ho ba bang, ba etsa joalo hole le haufi.

NA U AMEHILE?

Na uena, joaloka Bathessalonika, u lumetse melemong e phekolang ea sehlabelo sa Kreste? Haeba ho joalo, ba shebelletseng ba lokela ho bona hore u lumella moea oa Molimo e be matla a sebele bophelong ba hao. Ha ho le joalo, ha nako e ntse e feta ho tla ba le bopaki bo totobetseng ba hore u ntse u lumellana haufi haholo le mohlala le thuto ea Morena Jesu Kreste.

U ananela ka botebo lerato leo u le bontšitsoeng ka bouena, u tla etsa ka matla ho qoba sebe. Ekaba ho sa utloahaleng hakaakang hore motho a bolele hore o lumela matleng a hloekisang a mali a Kreste ’me ka boomo a latele tsela ea sebe! Ho ka tšoantšoa le motho ea lebohang motho ea hlatsoang liaparo tsa hae ’me joale, kamor’a ho apara liaparo tseo tse hloekileng, ka boomo a ipitika seretseng se haufi. (Bapisa 2 Petrose 2:22.) Ka ho hlakileng, ha ho motho ea ananelang ea ka etsang sena. Ka ho tšoanang, ha ho motho ea bolokang tumelo ea ’nete ho se entsoeng ke Molimo ka Jesu Kreste ea ka fetohang ea tloaetseng sebe.—1 Joh. 3:4-6.

Ho feta moo, tumelo tokisetsong ea Molimo bakeng sa bophelo bo sa feleng e re tlama hore re bue. Ke ka baka leo, ‘lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona’ kajeno, Lipaki tsa Jehova li etelang batho malapeng a bona ka molaetsa oa ’Muso. (Matt. 24:14) ’Me ka sebele, ka bomong re batla beng ka rōna, metsoalle ea rōna, e, mang le mang eo re fihlang ho eena, hore le bona ba utloe ’me ba nke bohato ka ‘litaba tse molemo.’ Ke feela ka hore ba amohele ‘litaba tse molemo’ ba ka pholohang bohale ba Molimo bo tlang ho bontšoa ho batho ba banyefoli, ’me ke ka tsela eo feela ba ka bonang nako ea ha ’muso oa Molimo ka Kreste oa hae o fetolela lefatše lena ho ba sebaka se se nang bohloko, ho kula le lefu.—2 Pet. 3:13, Tšen. 21:4, 5.

Ho feta ha lilemo tse fetang 1 900 ha hoa etsa matla a ‘litaba tse molemo’ a be lerootho. Li sa ntsane li etsa hore ba likete ba ineele tšusumetsong ea moea oa Molimo le hore ba hlahise litholoana tsa oona, haholoholo lerato. Ba susumetsoa ke moea oo, Bakreste ba ’nete ba ke ke ba tlohela ho bua le ba bang ka molaetsa o moholo o teng kajeno. Na ke ’nete tabeng ea hao? Ho tla ba joalo haeba u na le tumelo ea ’nete ‘litabeng tse molemo.’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela