Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Nakong e haufi le la 25 Tšitoe u utloa haholo ho boleloa ka ‘banna ba bararo ba bohlale’ ba ileng ba etelloa pele ke naleli ho ea ho Jesu. Empa na ba ile ba mo etela Bethlehema kapa ba ea Nazaretha hamorao?
Luka o re bolella hore Josefa le Maria ba ile ba tloha Nazaretha oa Galilea ba ea Bethlehema oa Judea, ka boroa ho Jerusalema. Moo Jesu o ile a tsoalloa setaleng ’me a beoa ka sejelong. Ka lengeloi Jehova Molimo a tsebisa balisa ka tsoalo, ’me ba ne ba tla fumana “lesea [brephos ka Segerike]” Bethlehema. Ka letsatsi la borobeli Josefa le Maria ba bolotsa Jesu. Kamorao ho nako ea ho itlhoekisa ea matsatsi a 40, ba “isa ngoana [paidion ka Segerike]” tempeleng Jerusalema. Moo Simeone le moprofeta oa mosali Anna ba bona Jesu.—Luka 2:1-38; Lev. 12:2-4.
Temana e latelang feela tlalehong ea Luka, Luka 2:39 e-ea phaella: “Eitse hobane ba phethe tsohle tse laetsoeng molaong oa Morena, ba khutlela Galilea, ba ea Nazaretha, motseng oa habo.” Joale ‘banna ba bararo ba bohlale’ bona ho thoe’ng ka bona? Ba ile ba etela Jesu neng, hona hokae?
Mattheu o bolela hore “Jesu eitse ha a tsoaletsoe Bethlehema” banna ba bang ba tla Jerusalema ba tsoa Bochabela. Neano e na le maikutlo a hore ba ne ba le bararo (mohlomong hobane ba ne ba e-na le limpho tsa mefuta e meraro—gauda, libano, myrrha). Empa Bibele ha e bue joalo. Leha e le hore e re ke “marena.” Ho e-na le hoo, e ba bitsa magoi (e leng ho ba amahanyang le batho ba malepa). (Matt. 2:1) Ho e-na le hore hona ho bolele “ba bohlale,” Setsebi A. T. Robertson sea hlalosa:
“Mona ho Mattheu ho bonahala maikutlo e le a balepi ba linaleli. Babylona e ne e le lehae la bolepi ba linaleli.”—Word Pictures in the New Testament, Moq. 1, leq. 15.
Mattheu o re bolella hore hoba ba emise Jerusalema le ho buisana le Morena Heroda, balepi bana ba linaleli ba ea “Bethlehema.” Hang ha ba fane ka limpho tsa bona, ba ne ba lokela ho khutla le ho tsebisa Heroda hore na ngoana o hokae. Empa Molimo oa kenella, o etsa hore balepi ba nke tsela e ’ngoe. Joale a bolella Josefa hore a balehele Egepeta hobane Heroda o batla ho timetsa Jesu.—Matt. 2:1-15.
Leseling la se boleloang ke Mattheu le Luka, motho a ka ’na a ipotsa hore na balepi ba ile ba etela Jesu neng. Hase ho utloahalang hore ke nakong ea matsatsi a 40 a ho itlhoekisa, hobane Luka o re tiisetsa hore lelapa le ile la ea Jerusalema qetellong ea nako eo. Empa Mattheu o bolela hore hang hoba balepi ba ete Josefa a balehela Egepeta le lelapa la hae. Kahoo, ho bonahala eka kamorao ho ho hlahisa ngoana tempeleng Jerusalema lelapa le ile la khutlela Bethlehema ka litokisetso tsa hore ba lule motseng oa Morena Davida moo Messia a neng a tla tsoa teng, ’me ha ba le moo hamorao ba eteloa ke balepi.
Mattheu 2:11 e re bolella hore ha balepi “ba kena tlung, ba fumana ngoana.” Kahoo Josefa, Maria le Jesu ka nako ena ba ne ba phela ka tlung, e seng ka setaleng joalokaha ho atisa ho bontšoa ka phoso. Hape, Mattheu o sebelisitse lentsoe la Segerike paidion, le ka sebetsang ho lesea le tsoa tsoaloa (Joh. 16:21) kapa ho ngoana ea seng a hōla-hōlile, joaloka ea ka tsebang ho bua le ho bapala kantle. (Luka 7:32) Kahoo, Jesu ka nako eo o ne a ka ba likhoeli tse itseng.
Ho bontšang hore e ne e se e se lesea le tsoetsoeng bocha, ha balepi ba sa khutle Heroda a laela hore ho bolaoe “bana bohle ba Bethlehema le ba naha eohle ea teng, ba lemo tse peli le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba-bohlale.” (Matt. 2:16) Bopaki ke hore Jesu o tsoetsoe hoo e ka bang ka la 1 Mphalane, 2 B.C.E, le hore Heroda o shoele ka 1 B.C.E. kapa mathoasong a 1 C.E.a Kahoo mohlomong Jesu o ne a le selemo kapa ho feta ha balepi ba fihla. Mohlomong ba ne ba tsoa hole bochabela hoo e ka bang sebakeng sa Babylona, leetong le neng le ka ba nka likhoeli tse itseng. Ha a bala ho tloha nakong ea ha “naleli” e itlhahisa ho bona bochabela Heroda o ne a ka ’na a kenyelletsa nako e ngata hore a nepisise hore Jesu o tla bolaoa.
Ke hobane’ng, ha Luka 2:39 e baleha joalokaha eka Josefa o tlositse lelapa Jerusalema ho ea Nazaretha ntle ho ho khutlela Bethlehema?
Ho bonahala eka Luka o mpa feela a tlōla liketsahalo tse lipakeng (ho khutla Jerusalema le ho ea Bethlehema, leeto la balepi le ho balehela Egepeta), joalokaha Mattheu a sa re letho ka balisa kapa leeto le eang Jerusalema moo Simeone le Anna ba ileng ba bona Jesu. Ka sebele balepi ha baa ka ba etela Jesu Nazaretha, hobane Mattheu o bolela ka mokhoa o mong; ’me Nazaretha Jesu o ne a ke ke a ba kotsing ea ho laeloa ha polao ea bana ‘Bethlehema le naha ea eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Aid to Bible Understanding, maq. 757, 758, 920, 921