Na u Ntse u Batla Molekane oa Lenyalo?
Ke litšobotsi life ho molekane tse tla tlatsetsa lenyalong le thabileng haholo? Moroetsana, ea neng a ntse a ipotsa ka sena, a ngola lengolo la kananelo:
“Ruri ho ne ho se moo nka eang bakeng sa boitsebiso ka ho khetha molekane kapa hore na ke lipotso life tseo motho a ka ipotsang tsona ha a nahana ka lenyalo. Ke ’nile ka rapela ntle ho khaotso ho Jehova bakeng sa thuso ho khetha molekane oa ka . . . Ho hang ke ne ke sitoa ho lumela ha ho lokolloa buka ‘Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la hao bo Thabileng.’ Ruri e bile karabelo ea lithapelo tsa ka. ’Me kea tseba hore e tla nthusa hore ke be mosali ea molemo, eo monna oa ka a tla ba motlōtlō ka eena. Ke le leboha ka ho hatisa buka e ncha. Ke e ananela haholo.”
Haeba u lakatsa hore lenyalo la hao le thabe haholoanyane, u ka fumana molemo ka buka ena. Fumana e ’ngoe ka ho rōmela leqetšoana lena.
Ka kōpo rōmelang, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata, e maqephe a 192 Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la hao bo Thabileng. Ke kentse lisente tse 70.