Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 3/15 leq. 30
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kereke le Boitšoaro
  • ’Nete kapa Boinahanelo?
  • Thepa ea ho Ipolaea le Batataisi
  • Ho Ipolaea—tlokotsi ea Bacha
    Tsoha!—1998
  • Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—2001
  • Lebaka Leo ka Lona Batho ba Telang Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Ke Eng e Atisitseng ho Ipolaea?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 3/15 leq. 30

Ho Nyarela ka Litabeng

Kereke le Boitšoaro

● Ntlo-kholo ea Kereke e Kopaneng ea Canada e rōmetse tokomane ea tlhahiso e eang likerekeng tseo e leng litho tsa eona hore li buisane le ho ithuta ka litaba tse kang ho pholla litho tsa botona kapa botšehali, bofebe, tlhalo le likamano tsa botona le botšehali le hore li fane ka litlhaloso tsa tsona ka sepheo sa ho thea motheo oa Kereke ka 1985. Ho sa le joalo, seboka sa Kereke se ileng sa tšoareloa Alberta se ile sa kōpa ’muso oa sebaka ho sireletsa litokelo tsa taba e likolohang botoneng le botšehaling le ho fana ka tataiso ka ho beoa ha basodoma.

Ha a hlalosa ka boemo ba Kereke, Fred Cline, molula-setulo oa Presbitheri ea eona ea Calgary, o bolela hore nako “ha e-ea re lokela hore re qobelle likhang . . . Ho hlokahala re hate ka hloko. Mocheso o sa le mongata haholo hona joale le ho hloka kutloisiso ho sa le hongata haholo ho nahana ka ho tlisa motheo qetellong ka nako ena.” Empa tabeng ea bosodoma, monna e mong oa kereke a hlokomela hore “boeta-pele ba kereke bo bontšitse hore na bo rata ha ho nkoa tsela efe ’me boeta-pele bo latela tsela eo haholo.”

Hona ho fapane hakaakang le boemo bo tiileng bo neng bo nkiloe ke phutheho ea Bakreste ea lekholong la pele la lilemo. Ho e-na le ho batla maikutlo a batho bakeng sa tataiso, kapa ho baleha taba, moapostola Pauluse o buile ka mokhoa o hlakileng ka taba: “Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma, . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Kor. 6:9, 10.

’Nete kapa Boinahanelo?

● Libaka tse peli tsa thelevishene karolong e bohareng e ka bophirima ea United States li ile tsa hlaseloa ka batho ba buang le bona ka fono-fono ba fetang 800 ba ipelaetsang ha li khathatsana le tšoantšiso ea tsona ea motšehare oa mantsiboea ho hlahisa taba ea ho thunngoa ha Mopapa John Paul II. Ba bang ba neng ba letsitse ba tšosa hore ba tla tla ’me ba chese libaka tseo kapa ba otle batho ba moo haeba lenaneo la mehleng le sa khutlisetsoe hang feela. Ka ho tšoanang, liithuti likolong tse ’maloa hang feela tsa tlala litlatse le mahofi ha li utloa ka tlaleho ea hore Mookameli Reagan o hlasetsoe ke kulo ea ’molai. Hamorao, ha tichere e bolella sehlopha sa eona hore mookameli o boemong bo botle, Iiithuti tsa itoma menoana le ho sisinya mahetla ka ho teneha.

Ho neng ho hlile ho tšoenya ho ba bangata ke ’nete ea hore tsena e bile liketso tsa batho ba nkang hantle bao ho bonahetseng ba ne ba nka bohato ka tieo. E mong ea ratang tšoantšiso a letsetsa sebaka sa thelevishene, a re: “Ke motho oa bolumeli, empa mopapa hase Moamerika.” Ketsahalong tsa likolong, tichere ea tlaleha hore: ‘Ho bona e ne eka thelevishene. E mong o thuntse sekebekoa sa thelevishene, eaba ba etsa mahofi. E mong o thuntse Reagan, le teng ba etsa mohofi. Hoa tšosa.’

Ka ho hlakileng, ho sitoa ho khetholla pakeng tsa ntho ea sebele le ea boinahanelo, ho hloka kelello bobeng ba pefo le ho hloka hlompho ho pepenene bakeng sa bophelo le ba boholong kaofela ke karolo ea tholoana e mpe e kotuloang ‘mehleng ena ea qetello’ ke ba fetohileng “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.”—Ba-Gal. 6:7, 8; 2 Tim. 3:1, 2, 4.

Thepa ea ho Ipolaea le Batataisi

● Mekhoa ea tataiso ea hore na motho a ka ipolaea joang e ntse e hatisoa ke “Exit,” mokhatlo oa baithaopi oa Brithani oa ho bolaea ka sepheo sa ho tlosa mahlomoleng, le Hemlock, mokhatlo oa habo oona oa Amerika. Litataiso li qaqisitse liphello tsa lithethefatsi tse bolaeang le lichefu tse baloang ka mashome, hore na li nooe joang le hore na li ka fumanoa hokae. “Buka ena e batloa ka mahlo a maphatšoa,” kamoo ho bolelang Derek Humphry, mothei le motsamaisi oa Hemlock. O bolela hore har’a Maamerika a hakanyetsoang ho 60 000 a ipolaeang selemo le selemo, “bongata ke batho ba kulang ka ho tsielehileng ba ho etsang ka litsela tse tšabehang ka ho sa hlokahaleng. Ba bangata ba ikholofatsa habohloko boitekong ba bona.” Ho ea ka sepolesa, litho tse peli tsa “Exit” tse qositsoeng ka ho thusa batho ba supileng ho ipolaeeng ha bona li lumetse feela hore li ne li thusa batho “e seng ho fetola ho ipolaea seso se kekelang.”

Na ho etsa joalo ruri ke ‘ho thusa’ bana ‘ba kulang ka ho tsielehileng’? Le hanyenyane. Ho felloa ke tšepo, ba bangata ba talima bophelo e le bo se nang seo bo se bolelang, bo se nang thuso, bo ka tlosoang ntle ho qenehelo. Empa Bibele e bontša hore Molimo o nka bophelo e le ba bohlokoa. O tšoaretse batho tšepo ea pheko le ho hlaphoheloa. (Esa. 33:24) Ke ho molemo hakaakang ha batho bana ba ne ba ka thusoa ho ithuta ka nako ea ha ‘lefu le ke ke la hlola le ba teng, leha e le ho bokolla kapa bohloko.’!—Tšen. 21:4.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela