Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 8/1 maq. 24-30
  • Sebeletsa “Morena oa Lichaba” ʼme u Pholohe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebeletsa “Morena oa Lichaba” ʼme u Pholohe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TSELA E BOHLALE E SENG EA BOKHUKHUNI
  • BA NENG BA TŠOANTŠOA KE EBEDE-MELEKE BA KAJENO
  • Ebede-meleke Monna ea Sebete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Ho Tšaba Motho ho Tšoasa Morena Tsedekia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • O Putsa Bohle ba mo Sebeletsang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • U Tla Khetha Metsoalle ea Mofuta Ofe?
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 8/1 maq. 24-30

Sebeletsa “Morena oa Lichaba” ʼme u Pholohe

1. Ka mohlala o beiloeng ke Morena Jojakime le mohlahlami oa hae, ngoan’abo Tsedekia, na babusi ba lefatše kajeno ba tla fetola tsela ea bona ka baka la se boleloang ke sehlopha sa Jeremia?

HO KA ba joang haeba babusi ba lefatše, haholo ba Bojakane, ba ka hlokomela hore ho teng sehlopha sa kajeno sa Jeremia? Ho ka ba joang haeba ba ka se laetsa ho tla fumana hore na mantsoe a Jehova a boprofeta ke afe mabapi le qetello ea bona? Na hona ho ne ho tla bolela hore ba tloha ba fetola tsela ea bona ʼme ba nke tsela e isang ho pholoheng ha bona ‘mahlomola a maholo’ a hlileng a boleloa ka lefatše lee? CHE! E seng haeba re nka morena oa ho qetela oa Mojudea e le mohlala, e leng, ngoan’abo Morena Jojakime, Tsedekia. Morena Jojakime o ne a qobelletse Jeremia le mongoli oa hae Baruke ka sekhukhung, hore na e bile halelele hakae ha hoa boleloa. Empa ngoan’abo Morena Jojakime, Tsedekia, a etsa ho hobe ho feta ka paki e tšepahalang ea Jehova, Jeremia. Ka ho joalo, hape, babusi ba kajeno ba lefatše ba ke ke ba fetola tsela ea bona ea lihlooho tse thata. Ho ameha ho hongata lithahasellong tsa bopolotiki. Hona ha ho bolele molemo oa letho bakeng sa batho bao ba ba busang.—Jer. 37:2.

2. Ke tlas’a maemo afe Tsedekia a ileng a bitsa Jeremia ho tla rapella Baiseraele, empa Jeremia a mo supisa eng?

2 Tabeng ea nako, e ne e le selemong sa borobong sa puso ea Tsedekia. Phutuhelo ea boraro le ea ho qetela ea Jerusalema ke Bababylona e ne e qalile! Mabotho a sesole a ne a nyoloha Egepeta ho tla thusetsa motse o thibelletsoeng. Hore ba thulane le tšoso ena, bafutuheli ba Bababylona ba checha. Ha bonahala e le nako ea ho rapella tlhohonolofatso ea Jehova holim’a makhotla a phallelo a Baegepeta. Kahoo Morena Tsedekia a bitsa Jeremia ho tla ba ‘rapella ho Jehova Molimo oa bona.’ Empa Jehova o ne a laetse Jeremia hore a se rapelle sena. Jehova o ne a ke ke a mamela thapelo e joalo. (Jer. 37:3; 11:14; 14:11, 12) Kahoo Jeremia a bontša ho hlōla ha Bababylona mabotho a phallelo a Baegepeta ka ho bolella Morena Tsedekia hore Bababylona ba tla khutla ʼme ba tla hle ba chese Jerusalema.—Jer. 37:4-10.

3. Ke hobane’ng ha mahosana a Jerusalema a ile a lahlela Jeremia ka ‘tlung ea teronko’?

3 Ha Bababylona ba sa chechile, Jeremia a ikutloa a lokolohile ho tloha Jerusalema ʼme a ee motseng oa boprista oa Anathothe, sebakeng sa leloko la Benjamine. Ha a tšoaroa monyakong o ka leboea oa Jerusalema, Monyako oa Benjamine, a latola hore ha a balehele ho sera sa Bababylona. A mo tšoara joaloka hola ke sekhukhuni, moeki, mahosana a motse a etsa hore a kenngoe “teronkong,” moo a ileng a bolokoa ka “litšiu tse ngata.” (Jer. 37:11-16) Ho tšoana hakaakang le tsela eo sehlopha sa Jeremia se tšoaroang ka eona kajeno.

4. Jeremia a eletsa Morena Tsedekia ho inolofaletsa litaba joang, ʼme Jeremia a isoa lebaleng la teronko hobane’ng?

4 Na Jeremia, ha a talimane lifahleho le Morena Tsedekia ka seqo, o ne a tla ba lihlong ka molaetsa oa hae o thata? Ha Morena Tsedekia a re a latoe tlung ea teronko ho ea sebakeng sa lekunutu hore a botsoe, ka sebete a bolella morena hore o tla tlangoa ke Bababylona, bao Jehova a neng a ba sebelisa e le likofuto tsa hae. Le haeba morena o ile a ineela ho bona ka boithatelo kapa a tlameha ho tšoaroa ʼme a isoe litlamong khahlanong le thato ea hae, phello e ne e tla ba e tšoanang. Jeremia o ne a rata ha morena a ka inolofaletsa litaba. Jeremia a se ke a tiisetsa morena bohata. Ka sebete, Jeremia o ne a sa fosetse batho bahabo le morena oa bona, kahoo ke hobane’ng ha a ne a ka bolokoa litlamong moo ho neng ho tla bolela ho shoa ha hae kapele? Ka kōpo ea hae, Morena Tsedekia a etsa hore a tlosoe a isoe lebaleng la teronko, ntho e kang teronko ea sesole bakeng sa Jeremia. Lijo tsa hae e le bohobe le metsi.—Jer. 37:17-21.

TSELA E BOHLALE E SENG EA BOKHUKHUNI

5. Ntho e nepahetseng le e loketseng e neng e ka etsoa ke Morena Tsedekia ka ʼMuso oa Babylona e ne e le efe, ʼme ke hobane’ng ha ho ile ha sallana le batho ka bomong ho nka bohato mabapi le Jerusalema?

5 Tsedekia o ne a entsoe morena oa Jerusalema ke ʼMusisi Nebukadnezare. Leha ho le joalo, kamor’a hore e be morena oa mohlanka ho Nebukadnezare ka lilemo tse robeli, Tsedekia a mo fetohela. Tsela e loketseng le e nepahetseng e ne e le ho tlohela bofetoheli ba hae ʼme ka khotso a ikokobeletse ʼMuso o moholo oo Jehova a neng a o lumelletse hore e be ʼMuso oa Boraro oa Lefatše oa pale ea Bibele. Haeba eena joaloka morena a ne a hana ho etsa sena, ho ne ho tla ba thahasellong ea batho hore bona ba etse joalo. E, ba etse kamoo Jeremia a boletseng ho batho Jerusalema:

“Ho itsoe ke Jehova: Ea salang motseng ona o tla shoa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu la seoa; empa ea tsoelang ho ba-Kalde o tla phela, ʼme bophelo ba hae o tla ikhapela bona, a tle a ʼne a phele. Ho itsoe ke Jehova: Motse ona o tla neeloa ruri matleng a makhotla a morena oa Babylona, ʼme o tla o kena.” (Jer. 38:2, 3)

Morena Tsedekia o ne a tlameha ho etella pele ho lateleng keletso ena e bululetsoeng. Empa kaha ha a ka a etsa joalo, ho ne ho le ho bafo ba hae ka bomong ho nka bohato ka tumelo litaelong tsa Jehova.

6. Ke hobaneng ha mahosana a ile a etsa hore Jeremia a akheloe ka sekoting ka lebaleng la mora morena?

6 Mahosana a Jerusalema a etsa mohoo oa hore Jeremia a shoe, ha ba bolela hore o fokolisa matsoho a masole a hlometseng ho sireletsa motse; a fokolisa takatso ea batho hore ba loane. Kahoo, ntle ho tumello ea morena, ba akhela Jeremia ka sekoting se ka lebaleng la teronko, sena se le ka lapeng ha Malkija “mor’a” Tsedekia. Tlase ka sekoting, Jeremia a tetebela ka seretseng. Joale a sitoa ho latela seo eena a elelitseng batho hore ba se etse.

7. Jeremia joale a phalleloa ke mang, motheong ofe?

7 Eare ha joale ho bonahala ho le hotšo bakeng sa Jeremia, marapo a theoleloa ka sekoting, ka litsiba tse tla kena ho thibeletsa mahafi, ho mo hula ka seretseng se tebileng. Leqhalaha la Moethiopia le bitsoang Ebede-Meleke, le sebeletsang morena, le ne le utloetse ka tsietsi ea moprofeta. Le tšohile hore moprofeta o tla shoela sekoting seo se seretse, a ba sebete hore a buisane le morena. A fumane taelo ea morena ea ho nka banna ba 30 ʼme ba ntše Jeremia.—Jer. 38:10-12.

8, 9. (a) Puisanong ea lekunutung, Morena Tsedekia a lokolla Jeremia khatellong leha e le efe ea ho ba moprofeta oa bohata ho eena joang? (b) Ke keletso efe e sa fetohang eo Jeremia a e fileng Tsedekia, a mo beela boikhethelo bofe?

8 Morena Tsedekia, eo Jeremia a neng a pholositsoe ka taelo ea hae, a mo bitsa ka lekunutu hape ka monyakong oa tempele ho tla buisana le eena. Tsedekia a hlapanya ka Jehova ea neang bophelo hore a ke ke a bolaea moprofeta ha a ka mo bolella ʼnete ea Molimo, empa a se ke a tšepisa hore a ka e mamela. A lopolotsoe matsoalong a lefu, ho neng ho ka ʼna ha mo etsa moprofeta oa bohata, Jeremia a tšoarella kannete molaetseng o tšoanang le o neng o mo kentse kotsing ea lefu pelenyana ho moo:

9 ‘Morena Tsedekia, ke hore uena u le morena u neele Jerusalema ho Bakalde ho seng joalo Jehova o tla e neela hore e chesoe ke Bakalde. U se ke ua tšoha hore Bajode ba tla u etsa hampe ba seng ba utloile keletso ea ka ʼme ba balehetse ho bathibeli. Ha u sa ineele, ho tla etsahala joang? Basali ba tla pholoha ba tla etsoa hore ba bine kamoo ba ileng ba ba khotsong le uena ba ileng ba u khelosa le ho u qhekella ʼme ka mano ba u siea u tetebetse ka seretseng, ha bona ka bobona ba balehile. Hape, basali ba hao le bana ba tla isoa botlamuoeng. Uena u ke ke ua pholoha letsoho la morena oa Babylona. Joh, u tla ikarabella ka ho chesoa ha motse!’—Jer. 38:17-23.

10. Jeremia a nolofaletsa Morena Tsedekia joang ka seo a se boleletseng mahosana a botsang, ʼme a lula sebakeng sa hae se secha seo a koaletsoeng ho sona ho fihlela neng?

10 Mahosana a Jerusalema ke oona a neng a ikentse ‘batho ba khotsong’ le Morena Tsedekia. A ba tšaba, a re ho Jeremia, le haeba ho ka thoe u shoe, u se ke ua ba bolella ʼnete haeba ba ka u botsa. O ne a tla tima lipotso tsa bona ka hore feela a ba bolelle hore o ne a fuoe sebaka sa ho buisana le morena, kaha o ne a sa batle ho khutlisetsoa litlamong ka tlung ea Jonathane, mongoli, ho shoela moo. Ka ho se bolelle ba botsang taba e feletseng ka puisano ea lekunutung, o ne a tla nolofaletsa morena. Tumellanong le seo Jeremia a se boleletseng mahosana a belaelang, a kenngoa litlamong sebakeng se seng, lebaleng la teronko. Moo a mamella litlamo ho fihlela ka letsatsi la borobong la khoeli ea bone (Tammuze) la 607 B.C.E., ha Bababylona ba phunya Jerusalema, ba e hapa, ba etsa hore Morena Tsedekia le makhotla a hae ba balehe.—2 Mar. 25:2-5.

11. Letsatsing leo Jerusalema e oeleng ka lona, Bajode ba koalletsoeng ba ile ba thibeloa ho tsoa ka Monyako o Hare joang?

11 Kahoo, joalokaha Jeremia a lemositse, Jehova, eo teroneng ea hae ea lefatšeng e Jerusalema Morena Tsedekia a neng a lutse ho eona, a oela tlas’a tlameho ea ho neela motse ho bafutuheli ba oona. Ka baka leo, letsatsing leo la selemo la Tammuze 9, 607 B.C.E., ho e-na le hore baahloli ba Bajode ba lule Monyakong o Hare oa Jerusalema ho ahlola linyeoe tsa molao, mahosana a mahlano a Babylona, a boletsoeng ka mabitso, a lula monyakong oo oa motse. Kahoo a thibela ho baleha ha Bajode ba koalletsoeng hore ba ka tsoa ka oona. (Jer. 39:1-3; 1 Likron. 29:23) Jo!

12. Morena Tsedekia a hlōleha ho tšoephola boprofeta ba Jeremia ka eena joang, ʼme a tlamelloa ho shebella ketsahalo efe ka pel’a Morena Nebukadnezare?

12 Ha Morena Tsedekia le makhotla a hae ba baleha motseng o futuhetsoeng ba ipatile ka lefifi la bosiu, mohlomong o ile a ithorisa ka hore o tšoephotse boprofeta ba Jeremia bo bobe ka eena. Empa a sitoa ho ea fihla ho Faro Hofra, oa Egepeta, motsoalle oa hae. (Jer. 44:30) Balelekisi ba Bababylona ba mo tšoara lehoatateng la Jeriko, Araba kapa Khohlong ea Ribla, limaelenyana ka leboea le ka bochabela ho Jerusalema. A isoa Ribla naheng ea Hamathe a tlamiloe ka mahlaahlela a koporo, ho ea shebana le Morena Nebukadnezare. Pele Tsedekia a honngoa mahlo ka taelo ea Nebukadnezare, a qobelloa ho shebella pono e sisimosang ea bara ba hae ha ba bolaoa. Ba bangata ho bahlanka ba hae ba lekhotla le ba sesole le bona ba bolaoa joalo. Moprista e Moholo Seraia le motlatsi oa hae Sofonia, ba neng ba sa ka ba tšehetsa moprista oa habo bona, Jeremia, ba bolaoa, hammoho le balebeli ba bararo ba menyako ea tempele.—2 Mar. 25:6, 7, 18-21.

13. (a) Histori eo eohle ea boholo-holo e kopana joang le 1914 C.E.? (b) Ke hobane’ng ha ho utloahala ho botsa hore na Ebede-Meleke o ne a tšoantšetsa sehlopha kajeno, hona ka karabelo efe?

13 Na histori eo eohle ea boholo-holo e na le moo e amanang le lekholo la lilemo la bo20 la rōna? E! Hoo e ka bang likhoeli tse peli kamor’a tlokotsi eo holim’a Morena Tsedekia, sebaka sa hae, naha ea Juda, ea fetoha lesupi le feletseng. Moo ‘mengoaha e baloang hasupa’ ea lichaba, “linako tsa Balichaba,” tsa qala tsela ea tsona ea lilemo tse 2 520, hore li fele ka 1914 C.E. (Dan. 4; Luka 21:24, Authorized Version) Kajeno se neng se tšoantšetsoa ke Jerusalema ea mehleng ea Morena Tsedekia se haufi le ho timetsoa, ho ea ka qeto ea boahloli ea Jehova “Morena oa lichaba.” (Jer. 10:7) Ke ho loketseng hakaakang, he, hore ebe lefatšeng kajeno mehleng ena e thata ho teng sehlopha sa barapeli ba Jehova Molimo ba ileng ba tšoantšetsoa ke moprofeta le moprista Jeremia! Leseling la sena ke ka nepo re botsang, Na ho boetse ho teng lefatšeng sehlopha se ileng sa tšoantšetsoa ke leqhalaha la Moethiopia eo e bileng motsoalle oa Jeremia, e leng, Ebede-Meleke mohlanka oa Morena Tsedekia? Linnete tsa kajeno li senola hore se teng.

14. (a) Ka lebala la letlalo, Ebede-Meleke o ne a le joang? (b) Ke hobane’ng ha a sa ka a leka ho baleha Jerusalema le morena monghali oa hae?

14 Ebede-Meleke ha a ka a leka ho baleha Jerusalema le morena oa hae, Tsedekia. E ne e le Moethiopia, monna ea mosa eo Jeremia a botsang ka eena, “Na mo-Ethiopia a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau le ka fetola matheba a lona na?” (Jer. 13:23) Ebede-Meleke o ne a le Motšo. Ho ne ho sa hlokahale hore a balehe Jerusalema ka boiteko ba ho fumana tšireletso. O ne a filoe tšepiso ka Molimo oa Jeremia mabapi le polokeho ea hae. Ke ka baka leo, kamor’a hore re bolelloe seo Nebukadnezare a ileng a se etsa ka Bajode ba ʼmaloa ba futsanehileng le ka Jeremia, tlaleho ea hae e kopanang le ea Jeremia 38:28. Ha e le hantle, A New Translation of the Bible ea Moffatt e bea Jeremia 39:15-18 hantle kamor’a Jeremia 38:28, hore e balehe e le pale e sa khaohanang.

15. (a) Lentsoe la Jehova ka Ebede-Meleke ho Jeremia le etsahetse neng? (b) Lentsoe lee la re’ng ka Moethiopia?

15 Kahoo litemana tse qotsitsoeng tlase mona li ka utloisisoa e le tse sebetsang pele Jerusalema e oela ho Bababylona ba timetsang ka la 9 Tammuze, 607 B.C.E., ka selemo sa bo11 sa puso ea Morena Tsedekia:

“Lentsoe la Jehova la tla ho Jeremia, ha a ntse a le lebaleng la ntlo ea teronko [le pele masole a Bajode a baleha moo ho oeng ha Jerusalema], la re: E-ea, u bolelle Ebede-Meleke, mo-Ethiopia, u re: Ho itsoe ke Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele: Bona, ke ea etsahatsa mantsoe a ka bakeng sa motse ona ka bobe, e seng ka molemo, a tla etsahala pontšeng ea hao, tsatsing le itseng. Empa ke tla u namolela tsatsing leo, ho bolela Jehova, u ke se ke ua neeloa matsohong a batho bao u ba tšabang. Hobane ke tla u namolela, u ke ke ua oa ke lerumo [la Babylona], ʼme bophelo ba hao e tla ba khapo ea hao, hobane u hlile u itšepetse ʼna, ho bolela Jehova.”—Jer. 39:15-18.

16. Kahoo Ebede-Meleke o ne a tla thabela eng joaloka ba thabelang khapo, ʼme ke eng e saletseng le hoja re se na histori e tsoelang pele ka eena?

16 Kahoo, ho oeng ha Jerusalema motsoalle enoa oa moprofeta oa Jehova a itlohella matsohong a Molimo oa Jeremia. Hore na ebe o ile a isoa Babylona ʼme a shoa lefu la tlhaho teng kapa o ile a sala naheng ea Juda e le e mong oa bafutsana ba naha tlas’a ʼMusisi Gedalia, Bibele ha e bolele. Leha ho le joalo, moea oa hae kapa bophelo ha boa ka ba oela masoleng a Bababylona empa a lumelloa ho fumana moea oa hae joalokaha motho a nyakallisoa ke khapo. Kahoo o ne a ka ʼna a phela ʼme a rapela Molimo oo a o tšepang, Molimo oa moprofeta eo a neng a mo pholositse lefung ka sekoting sa seretse sa Jerusalema e thibelletsoeng. Ka sena ntle ho pelaelo o ne a itlhoisitse mahosana a neng a huletse Jeremia teronkong ho ea shoela moo. Empa Ebede-Meleke o ne a ke ke a neeloa matsohong a bona hore ba iphetetse. Tlas’a tšireletso e tšepisitsoeng ke Jehova o ne a se na lebaka la ho tšaba hore na mahosana a ka rata ho etsa joang ho eena ho iphetetsa. Ntlheng ena o nyamela historing ea Bibele, empa ha ho joalo ka lebitso la hae kapa tšepiso ea Molimo ho eena.

BA NENG BA TŠOANTŠOA KE EBEDE-MELEKE BA KAJENO

17. Lebitso la Moethiopia, Ebede-Meleke, le bolela eng, ʼme lebitso le ne le nepana le eena joang?

17 Na kannete kajeno ho teng ba kang Ebede-Meleke ho sehlopha sa kajeno sa Jeremia? E! Ke bo-mang he, ba etsang ba kang Ebede-Meleke kajeno? Hore ho tlile joang hore a bitsoe ka lebitso leo, ha re tsebe. E le lebitso Ebede-Meleke e bolela “Mohlanka oa Morena.” E le leqhalaha mohlomong o ne a faotsoea ʼme a amohiloe hore a ka iketsetsa lelapa. Empa, ʼneteng ea lebitso la hae, o ne a le ka lebaleng la tšebeletso ea morena oa Juda. Ho feta moo, ka baka la ho tšepa ha hae Jehova, a ipaka a le tšebeletsong e phahametseng ea morena oa lefatšeng. Tsedekia o ne a lutse teroneng ea borena e Jerusalema e neng e bitsoa “terone ea Jehova.” (1 Likron. 29:23) Ka ho utloahalang, he, Ebede-Meleke a iponahatsa kannete e le ea tšebeletsong ea “Morena oa lichaba,” Jehova. Ka ho ba tšebeletsong ea ʼmuso oa tšoantšetso oa Jehova naheng ea Juda, a putsoa haholo ka ho bolokoa ha Jerusalema e sa tšepahaleng e timetsoa.

18. Ho ea ka tlhaloso ea Tšenolo 7:14, 15, “bongata bo boholo” bo ile ba tšoantšoa ka motho ofe mehleng ea Jeremia?

18 Ha ho fihloa ho bolokoeng ‘mahlomoleng a maholo’ a Bojakane, Tšenolo 7:14, 15 e bua tjena ka “bongata bo boholo” bo hlalosoang moo: “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo; ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana. Ke ka lebaka leo ba leng pel’a terone ea Molimo, ʼme ba o sebeletsa motšehare le bosiu tempeleng ea oona.” E le sehlopha, bao ba etsang “bongata bo boholo” boo ba baphonyohi ba mahlomola ba hlile ba tšoantšetsoa ka Ebede-Meleke, mophonyohi ea totobetseng oa timetso ea Jerusalema.

19. Takatso e khōlō ea sehlopha sa Ebede-Meleke ke ho ba tšebeletsong ea mang, ʼme ba ikemiselitse ho jara eng lebitsong la sehlopha sa Jeremia?

19 Sehlopha sena kannete se ithuta ho tšaba Jehova le ho mo tšepa. Takatso e khōlō ea sona ke ho ba tšebeletsong ea Morena oa Pōpo eohle, “Morena oa lichaba,” ho e-na le ho sebeletsa babusi le marena a mebuso ea lipolotiki e entsoeng ke batho. Ba bona kamoo babusi ba lapetseng puso ba kang Adolf Hitler ea ileng a busa Jeremane ka 1933 C.E., ba ileng ba leka ʼme ba ntseng ba leka ho qotsula masala a tlotsitsoeng a Jehova a hlileng a tšoantšetsoa ka moprofeta oa hae Jeremia. Ka hona sehlopha sa Ebede-Meleke se hlahisa boipelaetso ʼme se ipiletsa ka boiteko bo sebete ho thusa sehlopha sa Jeremia, le hoja hona ho kenyelletsa lehloeo le hloriso ea lira tsa bolumeli le bopolotiki tsa sehlopha sa Jeremia.

20, 21. (a) Sehlopha sa Ebede-Meleke se hlile sa bonahala haholo-holo ho tloha ka selemo sefe? (b) Sehlopha see se leka ho etsisa Ebede-Meleke oa mehleng ea Jeremia joang, ʼme se khothalletsa batho bohle ho nka bohato bofe mabapi le ʼmuso oa lefatše oa bolumeli ba bohata?

20 Batšehetsi bana ba masala a tlotsitsoeng a Jehova a lipaki ba bonahetse haholo-holo ho tloha ka selemo sa 1935, ha “bongata bo boholo” ba baphonyohi ba “mahlomola” bo tsebahatsoa.

21 Ho sa tsotellehe hore na sehlopha sa Ebede-Meleke se na le tšusumetso leha e le efe mebusong ea Bojakane kapa che, ha ho mohla se kileng sa emela boiteko ba bolumeli le bopolotiki ba ho bolaea sehlopha sa Jeremia kapa ho etsa hore sehlopha sa Jeremia se se ke sa sebetsa tšebeletsong ea pontšeng ea Jehova joalokaha eka ke ka ho se theolela ka sekoting sa seretse tlung ea teronko. Ho sa tsotellehe ho talimana le khanyetso e kenyeletsang tšabo ea baholo ba bopolotiki le bolumeli, ba entse sohle seo ba ka se khonang ho nyolla sehlopha sa Jeremia ka ‘sekoting’ se seretse sa ho se sebetse. Ho tla fihlela kajeno ka sebete ba ʼnile ba sebetsa lefatšeng ka bophara lehlakoreng la sehlopha sa Jeremia, ba bolela ho ahloloa ha Bojakane le ha ʼmuso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, Babylona e Moholo. Ba khothalletsa batho ba mefuta eohle ho tlohela tsamaiso ena e ahlotsoeng ea lintho ʼme ba eme ka tieo ka lehlakoreng la makhotla a ahlolang a Jehova tlas’a taolo ea molaoli ea moholo ho Nebukadnezare, e leng, Jesu Kreste. Kahoo ba paka hore ba beile tšepo ea bona e feletseng ho Jehova, “Morena oa Lichaba.”

22. Sehlopha see se ke ke sa oa ka “lerumo” lefe la tšoantšetso?

22 Ka baka la boineelo bo sa thekeseleng joalo ho eena le sehlopha sa hae sa kajeno sa Jeremia, Jehova o rata Ebede-Meleke enoa ea entsoeng ka batho ba bangata. O tšepisa hore sehlopha sena se ke ke sa oa ka “lerumo” la ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ʼohle,’ e atamelang ea Harmagedone.—Tšen. 16:13-16.

23. Khapo eo ba ka e nkang ke efe, ʼme ba entse joaloka “linku” tsa setšoantšo sa Jesu joang sa Mattheu 25:31-34?

23 E le moputso o tsoang ho Jehova, ba tla bolokeloa bophelo ba bona ba lefatšeng, meea ea bona e le khapo ntoeng, ka tokelo ba ruoa bophelo bo bolokiloeng. Joaloka ba kang linku setšoantšong sa Jesu sa “linku” le “lipōli,” ba entse masala a baena ba Kreste ba moea hantle. Ha bana ba ne ba le “teronkong,” ka ‘sekoting’ se seretse kapa tlung ea lefu, ba ba etetse ka lekunutu kapa pepenene ʼme ba sebeletsa ho ba lokolla hore ba tsoele pele ka mosebetsi tlhorong ea mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova har’a lefatše le ahlotsoeng tsamaisong e ahlotsoeng ea lefatše ea lintho.—Matt. 25:31-36, 46.

24. Sehlopha sa kajeno sa Jeremia se leboha Molimo ka litšebeletso tsa sehlopha sefe, ʼme ke mosebetsi ofe o kopaneng oo ba tla o ntšetsa pele kamor’a ho pholoha ‘mahlomola a maholo’?

24 Ho ke ho tsebahale hohle hore sehlopha ea Jeremia se leboha Jehova ka ho hlahisa “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” bo ileng ba tšoantšetsoa ke leqhalaha la Moethiopia Ebede-Meleke oa mehleng ea qetello ea Jerusalema e sa tšepahaleng, motse moholo oa ʼmuso oa Juda. Thabo ea sehlopha sa Jeremia e tla ba e hlokang tekanyo ha se pholoha ‘mahlomola a maholo’ le sehlopha sa Ebede-Meleke ka lehlakoreng la sona. Ba tla qala ho sebetsa ba tšoarane ka matsoho Taolong e Ncha eo ba tla kenngoa ho eona tlas’a ʼmuso oa Kreste oa lilemo tse sekete. Ho kenngoa joalo ka Taolong e Ncha e khanyang e tla ba moputso oa bona hore ebe hona joale ba sebelelitse Morena oa popo eohle, Jehova, “Morena oa lichaba.”

Puisano e ’ngoe ea letoto la boprofeta ba Jeremia e tla hlaha ho Molula-Qhooa oa September 1, 1980

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha ho leqhalaha la Molichaba le faotsoeng le neng le ka sokolohela Bojodeng kapa ea e-ba setho sa phutheho e bolotseng ea Iseraele.—Deut. 23:1; bapisa Esaia 56:3-5.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ebede-Meleke le banna ba 30, ba pholosa Jeremia

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela