Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 8/1 maq. 5-8
  • Na Molimo o na le Lebitso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o na le Lebitso?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LEBITSO LA MOLIMO, KE LEFE, HE?
  • LEBITSO LE FUMANOA HOKAE?
  • “YAHWEH” HOBANE’NG?
  • “JEHOVA” E TSEJOA HOHLE HAHOLO
  • Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • A4 Lebitso la Molimo Mangolong a Seheberu
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Ho Sebelisoa ha Lebitso la Molimo le Seo le se Bolelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 8/1 maq. 5-8

Na Molimo o na le Lebitso?

BATHO BA bangata ba ka ʼna ba re: ‘Na lebitso la Molimo ke la bohlokoa? Ho teng Boleng bo le bong bo Phahameng.’ Ka mohlala, moruti oa Canada o kile a re: ‘Lebitso leo batho ba bitsang Molimo ka lona le lona ha se la bohlokoa.’ Moruti enoa o ne a nka hore ho ke ke ha etsa phapang ea letho haeba motho a sebelisa “Allah,” joaloka Mamosleme, kapa “Manitou,” joaloka Maindia a mang a Amerika e ka Leboea. Baruti ba bangata ba na le maikutlo a joalo.

Empa re ke re nahaneng: Re sebelisa mabitso hobane’ng? Lebitso le jere eng?

Haholo-holo, mabitso a sebelisetsoa ho khetholla. Hape hangata a amana haufi le se finyelletsoeng ke motho kapa botumo. Ho ba bangata, mabitso a kang Alexander e Moholo kapa Ghandi a phakisa a hopotsa ka se finyelletsoeng ke batho bao.

Empa lebitso la Molimo ke la bohlokoa hobane’ng? Hobane, le hoja batho ba bangata ba lumela ho Molimo o le mong feela oa ʼnete, ba bang ba se nang palo ba rapela melimo e mengata. Batho ba Mahindu ba na le melimo e limillione. Likarolong tse ling tsa Asia le Afrika, ba limillione ba rapela baholo-holo ba bona. Ba bangata ba rapela Naha, baeta-pele ba lipolotiki kapa “linaleli” tse binang kapa tse bapalang sethalleng. ʼMe ba bang ho boleloa hore “Molimo oa bona ke lijo.”—Ba-Fil. 3:19, phet. e ncha.

Ho khetholla Boleng bo Phahameng ho “leru” lena la melimo, o na le lebitso le khethehileng le la botho haholo. ʼMe lebitso lena, kamoo re tla bona, ha se la bohlokoa feela bakeng sa ho khetholla empa ka ho hlokahalang le amana le botumo ba hae. O iketselitse lebitso.

LEBITSO LA MOLIMO, KE LEFE, HE?

Na lebitso la Molimo e ka ba “Allah”? Che. Joalokaha buka e ntle e hlalosang mantsoe e tla bontša, “Allah” ke khutsufatso ea lentsoe la Searabia le bolelang “molimo.” Ka ho totobetseng ha se lebitso.

“Morena” eona? Le eona ha se lebitso. Bibele e re: ‘Melimo e mengata le marena a mangata.” (1 Ba-Kor. 8:5) Lentsoe la Spanishe bakeng sa “Morena,” le sebelisoang hangata liphetolelong tsa Bibele tsa Spanishe, ke Señor, leo hangata le bolelang “monghali” kapa “mohlomphehi.” Ho ka etsahala joang hore hoo e be lebitso la botho le le khethehileng la Boleng bo Phahameng?

Ba bang ba ka ʼna ba re: ‘Na Jesu ha se lebitso la Molimo?’ Ha Maria a ne a tsebisoa ka ho tsoaloa ha Jesu, moromuoa oa leholimo kapa lengeloi la re ho eena: “U tla mo rea lebitso la Jesu. O tla ba moholo, ʼme o tla bitsoa Mora oa Ea holimolimo.” (Luka 1:30-32) Kahoo Jesu ke lebitso la Mora oa Molimo, e seng la Boleng bo Phahameng. Jesu ka boeena o itse: “Ntate o moholo ho ʼna.”—Joh. 14:28; bapisa Liproverbia 30:4.

E le Mora oa Molimo, Jesu o thabela kamano e haufi haholo le Ntate oa hae. ʼMe Jesu o hlakisitse hore Ntat’ae o na le lebitso. Ha Kreste a ne a ruta barutuoa ba hae thapelo e tsebisahalang ea mohlala, eo ka linako tse ling e bitsoang “Thapelo ea Morena,” mantsoe a hae a pele a re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le khethehe.” (Matt. 6:9) Thapelong e neng e tobile ho Ntate oa hae, Jesu o itse: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona . . . Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ʼme ke tla ʼne ke ba tsebise lona.” (Joh. 17:6, 26) Ka ho loketseng, Jesu o ba tsebisitse bohlokoa bo feletseng ba lebitso la Ntat’ae.

Ka ho khahlisang, ka Seheberu “Jesu” e ngoloa e le “Jehoshuah,” e leng khutsufatso ea “Jehovah-yeshua,” e bolelang “Jehova ke poloko.” Ke moo he—lebitso la ntate, Boleng bo Phahameng, ke JEHOVA. ‘Me ke ho loketseng hakaakang hore Jesu, e le moemeli oa Jehova bakeng sa poloko, a ka rehelloa joalo ka Ntate oa hae!

LEBITSO LE FUMANOA HOKAE?

Lebitso “Jehova” le fumanoa libukeng tse ngata le libakeng tse ngata. Empa mohloli o moholo oa lebitso o ka mangolong a boholo-holo a Seheberu a ka Bibeleng. U ka ʼna ua re, ‘Ha ho mohla nkileng ka bona lebitso leo ka Bibeleng.’ Ke ʼnete hore Libibele tse ling ha li sebelise lebitso la Molimo. Empa hopola hore seo re nang le sona ka Libibeleng tsa rōna ke liphetolelo, ʼme bafetoleli baa fapana ho ngoleng ha bona se fetoleloang. Hoo ha ho etsahale feela ka Bibele empa hape le ka buka leha e le efe kapa sehlooho se fetoleloang ke batho ba sa tšoaneng.

Ka mohlala, New World Translation of the Holy Scriptures e sebelisoang haholo makasineng ena, e na le lebitso “Jehova” ka makhetlo a likete. Empa phetolelong e tsebisahalang ea King James le fumanoa ka makhetlo a ʼmaloa feela. Haeba u e-na le Bibele ena e boletsoeng morao, hlahloba buka ea Exoda, khaolo ea 6, temana ea 3, ʼme u tla fumana mantsoe ana: “ʼMe ke itlhahisitse ho Abrahama, ho Isaaka, le ho Jakobo, ka lebitso la Molimo o Matla ’ohle, empa ka lebitso la ka JEHOVAH ba ne ba sa ntsebe.”

Mohlomong u ikhethela phetolelo ea K’hatholike. Tse ngata ho tsona ha li na lebitso la Molimo. Empa haeba u na le The Jerusalem Bible, phetolelo ea haufi tjena ea K’hatholike, ʼme u rata ho hlahloba temana e boletsoeng ka holimo, u tla fumana e sebelisa lebitso “Yahweh” ho e-na le “Jehova.” Hobane’ng?

“YAHWEH” HOBANE’NG?

“YAHWEH” (ka linako tse ling “JAHVEH”) ke feela boiteko ba ho bolela lebitso la Molimo ka mokhoa o haufi haholoanyane le Seheberu sa pele-pele. Ha ho ne ho ngoloa Seheberu sa boholo-holo, ho ne ho sebelisoa liluma-mmoho feela ʼme ho se lilumanoosi tse sebelisoang. Lebitso la Molimo lipampiring tsa letsoho tsa boholo-holo tsa Seheberu le bontšoa e le יהוה (YHWH kapa JHVH) ʼme bahlalosi ba Bibele hangata ba bua ka tsena e le “Tetragrammaton,” e bolelang “litlhaku tse ʼnè.”

Ho theosa le makholo a lilemo, ho bitsoa ho nepahetseng ha lebitso la bomolimo ka Seheberu ho lahlehile. Kahoo, ha ho tiiso ea hore na lilumanoosi tse ka sebelisoang lebitsong ke life. Ka ho kopanya lilumanoosi tsa mantsoe a Seheberu a mabeli A·do·nayʹ (Morena) le El·o·himʹ (Molimo) le “litlhaku tse ʼnè,” ho ile ha bōptjoa Ye·ho·wahʹ. Qetellong, ka mokhoa oa Selatine, hona ha fetoha “Jehovah.” Leha ho le joalo, liithuti tse ngata tsa Seheberu li bolela hore “Yahweh” e nepahetse haholoanyane. Empa Rudolph Kittel, mohlophisi oa Biblia Hebraica, o kenya lilumanoosi ka mokhoa o latelang “Yehwah,” ka likhatisong tsohle tsa hae.

“JEHOVA” E TSEJOA HOHLE HAHOLO

Lebitso “Jehova,” leha ho le joalo, le sebelisoa haholoanyane le ho tsejoa haholoanyane. Ka makholo a lilemo, le hlahile liphetolelong tsa Bibele le libuka tsa mefuta eohle.a Hape le hlaha mengolong e ngotsoeng libakeng tse ling. Ka mohlala, mongolo oa Selatine setempeng sa ʼmasepala oa motse oa Plymouth, England, o baleha e le Turris Fortissima Est Nomen Jehova, e bolelang “Lebitso Jehova ke qhobosheane e matla ho tsohle.” (Bona Liproverbia 18:10) Kahoo, lebitso “Jehova” le hlaha le libeseng tsa libaka.

A re ke re nkeng leeto le lekhutšoanyane ho ea sehleke-hlekeng sa Minorca Leoatleng la Meteterane, ka thoko ho lebopo la Spain. Mona, motseng o moholo oa Mahón, “litlhaku tse ʼnè” li hlaha leboteng la ʼmaraka o mong o rekisang meroho, oo pele e neng e le ntlo ea boitlami ea kereke. Haufi le moo, motsaneng oa San Luis, litlhaku tsa Seheberu tsa lebitso la Jehova li ngotsoe toreng e haufi ea kereke.

Joale a re shebeng ka Sefikeng sa Toledo se tsebisahalang, motse oa boholoholo oa Spain oa baruti. Hlokomela moferefo o motle o holimo, setorong sa kereke se seholo. Ke mosebetsi oa Lucas Giordano, moferefi ea tsebisahalang oa Motaliana oa Lekholong la lilemo la bo17. Moo, sebakeng se bonahalang, ke litlhaku tse ʼnè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo.

Mohlomong e tsebisahalang haholo har’a likereke tsa Bojakane tsohle ke St. Peter’s Basillica Motseng oa Vatican. Moo, ho khabisitseng lebitla la Mopapa Pius X (1835-1914), ke setšoantšo se ferefiloeng sa moprista e moholo oa Iseraele se nang le “litlhaku tse ʼnè” katibeng ea hae. Hape le fumanoa moqhakeng o hloohong ea seemahale se khabisitseng lebitla la Mopapa Clement XIII (1693-1769).

Na u kile ua utloa ka ’metlele oa “Flavit Jehovah”? O ile oa etsoa ho hopotsa ka ho hlōla ha likepe tsa Manyesemane likepe tsa Spain ka 1588 C.E.—ha sefefo se bohale se qetela bafutuhi. Ho ngotsoeng ’metleleng ona ke mantsoe ana ka Selatine le Seheberu: “Flavit יהוה et dissipati sunt—Jehova a bulula ʼme ba qhalana.”

Barati ba ʼmino o hlokofetseng ba ne ba tloaelane haholo le “Hallelujah chorus” e monate e tsoang pineng ea bolumeli ea Handel, “The Messia.” Batho ba limillione ba utloile e binoa hoba e qapuoe pele ka 1743. Empa ke ba bangata hakae ba hlokometseng hore “Hallelujah” (kapa, “Alleluiah”) e bolela “Rorisa Jehova”?

Sebini se seng se tsebisahalang, Franz Schubert, o ile a qapa ʼmino bakeng sa pina e reng “The Almightiness” (’Matla ʼohle, ka Sesotho), sehlooho sa eona se nkoa e le: “o Moholo Jehova, Morena!” (Bona leqephe 8).

Lebitso la Molimo le tlotlisoa le ho bontšoa libakeng le maemong a se nang palo hape. Patlisiso e nyenyane le eona ha e siee khoao hore JHVH (YHWH) ke LEBITSO la Boleng bo Phahameng, joalokaha ho bontšoa ka Bibeleng ea Seheberu. Lebitso leo le Halalelang le hlaha hakae moo? KA MAKHETLO A LIKETE TSE TŠELETSENG MAKHOLO A ROBONG LE MASHOME A TŠELETENG! Na ha hoa totobala hore lebitso la bomolimo le ne le sa LOKELA HO TLOHELOA?

Empa leha ho le joalo liphetolelo tse ngata tsa Bibele li tlōtse lebitso la Molimo. Hobane’ng? Pele re arabela, a re hlahlobeng lebitso la Molimo historing.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Webster’s New International Dictionary (1955) e re ka “Jehova”: “Boleng bo Phahameng: Molimo; Ea Matla ’Ohle . . . Sebopeho sa Bokreste bakeng sa Tetragrammaton.”

[Litšoantšo se leqepheng la 7]

Tora ea kereke Menorca, Spain

Libese tsa motse Plymouth, England

Seemahale sa lebitla la Mopapa Clement XIII

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela