Boikutlo ba Hao ke Bofe ka Lebitso la Molimo?
NTLE ho pelaelo botebong ba pelo ea hao, u se u kholisehile hore Molimo o teng le hore o fela o fane kapa o bōpile lintho tse ratehang tse se nang palo tseo re li bonang ho re potoloha. Mohlomong u hlompha Molimo kannete, empa ha u ikutloe u le haufi le oona. Ho uena, mohlomong Molimo o bonahala o le hole o bile o ke ke oa hlalohanngoa.
Leha ho le joalo, hore u hle u tsebe ʼme u fele u rate Molimo, ho mo ela hloko e le Ntate oa lelapa la pōpo eohle le hore u be karolo ea lelapa leo le leholo ke litaba tsa bohlokoa haholo le tse potlakileng ka ho fetisisa. Maikutlong a botho, ho tseba Molimo le ho o utloa le ho o hlompha e le ntate ea phelang ke taba ea lefu le bophelo. ʼMe ha ho talingoa ponong ea lefatše lohle, ho bōpeha ha lelapa lena la bokahohle ke eona pheko feela motsoebereng o tšabehang oo batho ba leng ho oona kajeno. Boprofeta ba Bibele bo hlakisa hantle hore tsamaiso ena ea khale ea lintho e lebile koluoeng ea lefatše lohle e tla pholohuoa feela ke ba hlileng ba ratang Molimo le bahabo bona. (Pes. 37:10, 11, 28, 29) Empa u ka ʼna ua botsa . . .
“NKA HLA KA TSEBA MOLIMO KANNETE JOANG?”
Ha re re mohlomong u ne u ithuta lekala le itseng la tsebo ʼme u hlompha haholo tichere eitseng e tsebisahalang lekaleng leo. Hape, ha re re mohlomong u lakatsa ho mo tseba hamolemonyana le ho ithuta haholoanyane ka eena, empa a phela naheng e hole haholo. Joale ho tla etsahala joang? Na u ke ke ua leka ho bala libuka tsohle tsa hae le eng kapa eng e hatisoang ka eena? Na u ke ke ua qoqa haholo le liithuti tse ling tse seng li tseba haholoanyane ka eena le lithuto tsa hae? Joale, ha re re u mo ngolla ka lipotso kapa mathata a boima a botho ʼme u fumana likarabo tse khotsofatsang haholo. Lerato la hao le hlompho bakeng sa tichere ena e ntle li tla eketseha haholo ka ho uena ʼme thuso ea hae e mo etse moratuoa oa hao.
Na hona ho ka etsahala ka Jehova, Moruti e Moholo? Ho joalo ka sebele. (Esa. 30:20, 21) Empa joang?
Na u kile ua bala ‘libuka tsa Hae’—Bibele? Mohlomong u kile ua leka ʼme ua fumana likarolo tse ling li le thata ho li utloisisa. Joale, ke hobane’ng ha u sa latela mohlala oa mohlanka e mong oa naha ea Afrika ea neng a bala Mangolo ʼme a e-na le lipotso? O ile a etsa joang? A botsa Filipi, paki ea Jehova, hore a mo thuse. Ke’ng ha u sa bale ka ketsahalo ee e thabisang bukeng ea Liketso, khaolo ea 8, litemana 26 ho ea ho 39?
Ka ho tšoanang, u ka etsa joalo le kajeno. Haeba u bala Bibele ʼme u na le lipotso, ke hobane’ng ha u sa bonane le Lipaki tsa Jehova? Ka mehla li ithaopela haholo ho thusa ba batlang tsebo ea Ntate oa leholimo, Jehova. ʼMe li na le libuka tse theiloeng Bibeleng (ho phaella makasineng ona) ho bea liithuti tse tiileng leseling.
Ha e le hantle, ho buisana ka Bibele le seithuti se nang le tsebo sa Mangolo ho ka atolosa tsebo ea hao ka Jehova le hlompho ea hao le lerato la hao ho eena haholo. Ka mohlala, u tla ithuta hore Jehova ke “Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ʼnete.” (Ex. 34:6) U tla hlokomela mehlala e mengata ea mohau le mamello ea Jehova, joaloka tabeng ea Davida, ea ileng a etsa sebe se feteletseng empa a baka eaba oa bolokoa.—2 Sam. 12:13, 14; Pes. 51.
Hape u tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumelletse bokhopo hore bo tsoele pele, le hore na ke hobane’ng ha a e-so hlakole bobe le tšenyeho—ntho e tla etsahala kannete joalokaha letsatsi le tla chaba hosesane hoseng. (Liprov. 2:21, 22; 2 Pet. 3:7) U tla ananela mamello e telele ea Jehova, bohlale ba hae bo ke keng ba lekanngoa le kutloisiso, le morero oa hae o hlollang oa ho hloekisa lefatše le ho khutlisa khotso le paradeise.—Bapisa Esaia 65:17, 21-25.
‘LE ʼNE LE BATLE’
Empa u ka ʼna ua kena mathateng le khanyetsong. Batho ba bang, le hona har’a malapa a habo rōna le metsoalle, ba ka ʼna ba nyenyefatsa boiteko ba hao ba ho ithuta Lentsoe la Jehova, ʼme ba ba ba leka ho etselletsa ba u thusang. Jesu o lemositse barutuoa ba hae hore ba lebelle lintho tse joalo.—Mat. 5:11.
Leha ho le joalo, haeba u lumela hore ho teng Motho ea phahameng ea tšoereng senotlolo sa nako e tlang ea batho, itšoarelle ka matla boikemisetsong ba hao ba ho mo tseba le Mora oa hae, Jesu Kreste. Ke eena Mora enoa ea ileng a re: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ʼnotši oa ʼnete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” Jesu a boela a re: “Kōpang, ʼme le tla neoa; batlang, ʼme le tla fumana; kokotang, ʼme le tla buleloa.”—Joh. 17:3; Matt. 7:7.
Ha u etsa joalo, u tla hlolloa ke ho sibolla ka mokhoa o lumelang kamoo Jehova a hlileng a leng haufi, a atamelehang kateng. Moapostola Pauluse o ile a bua tjena puong ea pontšeng ka pel’a sehlopha sa Baathene: ‘Molimo ha a hole le e mong le e mong oa rōna.’ (Lik. 17:27) ʼMe mongoli ea bululetsoeng ke Molimo o ngolile hore: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi.”—Esa. 55:6.
E, “mo rapele,” “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela.” (Jak. 4:8) Haeba u batla ʼnete, haeba u na le mathata a boima kapa libe tse u imelang, rapela Jehova, “Ntat’a mehauhelo, Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Ba-Kor. 1:3) Etsa joalo ka lebitso la Mora oa hae, Jesu Kreste, ea itseng: “Tlong ho ʼna, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ʼme ke tla le imolla.”—Matt. 11:28.
U tla thabela ho sibolla phapang e tebileng le e khotsofatsang eo boiteko ba hao ba ho atamela ho Jehova bo ka e etsang bophelong ba hao. Kelello ea hao e tla hloekisoa litumelo le maikutlo a tšoenyang le a ferekanyang. Hape, ho ithuta ha hao boprofeta le merero ea Molimo li tla u bontša hore na ke hobane’ng ha lefatše le tletse mathata, tšenyeho le tšabo hakana. E, ho nahanisisa Bibele ho joalo ho tla senola bokamoso bo hlollang bo emetseng lefatše le ba neoang tokelo ea ho phela ho lona tlas’a ʼmuso oa Molimo.—Matt. 6:9, 10.
Na ha u lumele hore, nakong ena e lefifi ea histori ea motho, re hloka kutloisiso, pono le leseli la moea ka potlako? Pesaleme ea 119:105 ka nepo e re ka Molimo: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” E, Lentsoe la Molimo le ka senola tsela e ncha e babatsehang ea bophelo hona joale le litebello tse khōlō bakeng sa kamoso. Le ka u isa tsebong e nepahetseng le leratong le tebileng la Molimo oa ʼnete, Jehova.
BOIKUTLO KA LEBITSO LA MOLIMO
Ho sa tsotellehe hore na moloko oa motho kapa bochaba ke life, hlooho ea lelapa e tiileng, e mosa le e lerato e ananeloa haholo. Ntate ea molemo hase feela monei-bophelo empa hape ke molokisetsi, moeletsi, mosireletsi, motsoalle ha ho hlokahala. Ntate ea joalo o hlomphuoa le ho ratoa ke bana ba hae.
Na ka mehla u ke ke
—ua bua ka eena ka ho mo roka?
—ua mo sireletsa ha a nyatsuoa?
—ua qoba ho mo khopisa?
—ua ba motlotlo ke ho ipitsa ka eena?
Ba fetohang litho tsa lelapa la lefatše lohle la Jehova ka mehla ba bua ka eena ka ho mo roka. Ha ba tšehetse letšolo leha e le lefe la ho hatella lebitso la Molimo empa ba falimehetse ho tsebahatsa lebitso la oona le leholo har’a lichaba. (Pes. 105:1-3) Ka mehla ba loketse ho ‘hlahisa ka mehla ho Molimo sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.’—Ba-Heb. 13:15.
Batho ba joalo ka mehla ba chesehela ho sireletsa lebitso la ntat’a bona ha le nyatsuoa. Ba ithutile Lentsoe la hae ka hloko, ba ka hanyetsa thuto e hlomphollang Molimo ea ‘mollo oa lihele le tlhokofatso.’ Ba ka bontša hore “Molimo o lerato.” (1 Joh. 4:8) Ho feta moo, ba ka supa hore ha a “shoa” empa o phela haholo le ho ameha ka boemo bo mona lefatšeng le hore merero ea hae e meholo bakeng sa batho e tlisoa tlhorong e khōlō haholo.
Litho tsa lelapa lena le leholo la lefatše lohle hape li tsoela pele ho leka ho qoba ntho efe le efe e ka mo khopisang. Ba tebisa pelong molao oa boholo-holo o reng: “U se ke ua tlaela ka lebitso la Jehova, Molimo oa hao.” (Ex. 20:7) Le hoja ba sa phethahala ʼme, joaloka Morena Davida ba le tsuong ea ho etsa liphoso, ba ratang Jehova ba leka ho boloka melao e phahameng ea boitšoaro—botšepehi, bohloeki nameng le boitšoarong le ho qoba bofebe, meharo le ho lakatsa leruo. (Luka 12:15; 1 Ba-Kor. 6:9, 10; Ba-Heb. 13:18; 1 Joh. 5:21; Tšen. 19:8; 21:8) Ba lulella thoko le likhohlano tsa bopolotiki le qhoebeshano, tseo ho boleloang hore li etsoa ka lebitso la Molimo empa ha e le hantle li tliselitse lebitso la oona thohako e khōlō. (Esa. 2:4; Joh. 15:19) Empa bahlanka ba Molimo ba hlompha mebuso le ba boholong ʼme ba utloa molao, ke baahi ba metse ba lefang makhetho ba sebeletsang benghali ba bona ka botšepehi letsatsi le leng le le leng ‘lebitso la Molimo le tle le se ke la nyefoloa.’—1 Tim. 6:1; Ba-Roma 13:1-7.
U BE MOTLOTLO KA HO IPITSA KA EENA
Haeba u tsoa lelapeng le letle, u hlile u motlotlo ho ipitsa ka ntat’ao. Ho joalo le ka ba ipitsang ka lebitso la Jehova kajeno. Lelapa le leholo la lichaba tsohle le le lefatšeng lohle ka motlotlo le ipitsa ka lebitso la Ntat’a lona oa leholimo e le Lipaki tsa Jehova. (Esa. 43:10, 12; Tšen. 7:4-10) Leha le ntse le ananela tsebo e eketsehang le lintho tse sebelisoang tse lokisetsoang ke banna ba bohlale, le ela hloko le ho hlompha “Molimo o phelang, o entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le lintho tsohle tse ho ’ona.” Ke eena ea fanang ka ‘lipula tsa leholimo le ka lilemo tsa nala, ʼme o tlatsa lipelo tsa rōna ka lijo le ka thabo. (Lik. 14:15-17) ʼMe oa fana ka mpho e fetang tsohle, Mora oa hae, eo ka eena re ka ‘bang le bophelo bo sa feleng.’ (Joh. 3:16) Barorisi ba Jehova ba tletse teboho ho eena ka limpho tsohle tsa hae.—Jak. 1:17.
E le pontšo ea teboho e tebileng ho ʼMōpi oa bona, lelapa lena le ineetseng le lefatšeng lohle le tlatsetsa khalaletsong ea lebitso le khanyang le le khethehileng la Molimo ka ho hlokomela sebaka sa lona se loketseng bukeng ea Oona e halalelang—Mangolo a Seheberu hammoho le mangolo a Bakreste a Segerike. ʼMe, ba latela mehatong ea Morena, Jesu Kreste, le balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo, ka cheseho ba jala molaetsa oa bohlokoa bakeng sa kajeno: hore ʼmuso oa Molimo o haufi ʼme ke eona tšepo feela ea motho.—Matt. 4:23; 24:14; 28:19, 20.
BOIPILETSO
Re ipiletsa ho uena ka potlako hore u fumane ho hongata haholo ka Molimo oa ʼnete, Jehova, Mora oa hae, Jesu Kreste, le lelapa lena le thabileng le le kopaneng le ‘bolelang lebitso la Molimo lefatšeng lohle.’ (Ex. 9:16; Ba-Roma 9:17) Hona ho ke ke ha fetola bophelo ba hao feela hona joale, empa ho ka isa hore u pholohe ‘mahlomola a maholo’ a tlang le ho phela ka ho sa feleng tsamaisong e ncha ea lintho e tšepisitsoeng ke Molimo.—Matt. 24:21, 22; 2 Pet. 3:13.
Ke ʼnete hore bophelo ba hao bo itšetlehile ka hore na u nka tsela efe. Mangolo a fana ka tiiso ea hore “ho tla bolokeha e mong le e mong ea rapelang lebitso la Jehova.” (Joele 2:32; Ba-Roma 10:13) Na u tla bitsa lebitso la bomolimo ka tumelo u le morapeli ea ineetseng oa Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
LEBITSO LA MOLIMO LA BIBELE LE BOLELOA LEFATŠENG LOHLE