Ho Nyarela ka Litabeng
Na Pauluse o Buelletse Mabifi?
● Ho ea ka leselinyana la litaba “Saarbrückener Zeitung,” Riphabliking e Kopaneng ea Majeremane, moruti ea lilemo li 84 oa Lejeremane “Ntate” Bertoni, paki nyeoeng ea likhukhuni tsa Corsican, o boletse: “Ke emela mabifi a hlokahalang.” A leka ho tšehetsa ho emela ha hae bokhukhuni, moruti a bolela tjena ka moapostola Pauluse: “Pauluse o itse: ‘Mali ha a sa tšolohe, ha ho teselo’” Empa ’muelli oa molao oa lekhotla a arabela: “Ke makalla ho utloa hore Pauluse e ne e le ea eletsang tabeng ea bokhukhuni.”
Mali ao Pauluse a neng a bua ka oona e ne e le mali a Jesu ʼme ha ho moo a amanang le ho tšehetsa mabifi. (Ba-Heb. 9:22) Ho feta moo, Pauluse o ne a ke ke a tšehetsa pefo, hobane o itse: “Ha ke na molato maling a lōna bohle.” (Lik. 20:26) Hape, e ne e le molateli ea masene oa Jesu, ea itseng ho Petrose: ‘‘Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.” (Matt. 26:52) ʼMe Pauluse o elelitse: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. . . . le lule ka khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ʼna ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena.” (Ba-Roma 12:17-19) Kahoo Pauluse a lula a sa nke lehlakore ho hang mabapi le likhohlano tsa bopolotiki tsa mehleng ea hae.—Joh. 17:16; Jak. 1:27.
Temoso ka Mollo oa Lihele
● Vatican e sa tsoa bolela hape tumelo ea hore baetsalibe ba sa bakeng ba tla ea mollong o tukang oa lihele lefung. Lengolong le eang ho babishopo lebitsong la Mopapa John Paul II, Vatican ea bolela hore ho lumela lihele ke thuto e ka sehloohong ea Boroma K’hatholike ʼme ea lemosa ka ho jala lipelaelo ka hona.
Leha ho le joalo, lentsoe la Molimo le bululetsoeng ka bolona le buang se latelang ka bao ka nako e ʼngoe ba kileng ba etsa bana ba bona mahlabelo malakabeng a mollo a tukang ho melimo ea bohata: “Ba hahile linqalo tse liphahameng tsa Tofethe, khohlong ea mor’a Hinnome, ho chesa bara ba bona le barali ba bona mollong, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, ʼme ha sea ka sa hlaha pelong ea ka.” (Jer. 7:31) Ka sebele, Molimo o re ntho e joalo ‘ha e-ea tsoa pelong ea hae.’ Na kahoo a ka tsekisoa hore o hlokofatsa batho ka ho sa feleng?
Lentsoe la Molimo le bontša hore lefu (ho se phele), e seng tlhokofatso ea ka ho sa feleng, ke kotlo ea sebe. “Moea o etsang sebe, ke oona o tla shoa.” (Ezek. 18:4) Bibele ka ho hlakileng e re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, . . . hobane nqalong ea bafu [“liheleng,” ka phetolelo ea K’hatholike ea “Douay] moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.” (Moek. 9:5, 10) Hape Bibele e khothalletsa hore re be “le tšepo ho Molimo, . . . ea hore tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.”—Lik. 24:15.