Mekete ea Thabo
“U tla thaba ka ’nete.”—Deut. 16:15.
1. Ke bo-mang ba ipakang e le batho ba thabileng haholo kajeno, hona hobane’ng?
KE MANG ea sa thabeleng mokete? Ho theosa le makholo a lilemo batho ba lefatše ba ’nile ba thabela mekete. Ho bile joalo ka batho ba ileng ba fumana melao ea bona ea bosechaba ho ’Mōpi oa motho ka moprofeta oa hae Moshe. Empa mekete ea bona e ne e le kahosele; e ne e le boprofeta ba lintho tse molemo tse tlang. Thabo ka mokhoa o tšoanang ke karolo ea phethahatso ea kajeno ea baketeki bao ba boholo-holo ba Bochabela bo Hare, hobane bana ba kena phethahatsong ea mekete eo ea boprofeta. Ponong ea Bibele e Halalelang, baketeki bana ba kajeno ke Baiseraele ba moea, ’me ba ipakahatsa e le batho ba thabileng ka ho fetisisa lefatšeng.
2. Ho Deuteronoma 16:16, ho ne ho lokiselitsoe mekete e mekae, hona e le efe?
2 Libukeng tse bululetsoeng tse ngotsoeng ke Moshe, ho ne ho lokiselitsoe mekete e meraro. Bukeng ena ea bohlano, e bitsoang Deuteronoma, khaolo ea 16, temana ea 16, e baleha tjena: “Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pel’a Jehova, Molimo oa hao, nqalong eo a tla e khetha; mohl’a mokete oa Mahobe a sa lomosoang, le mohl’a mokete oa Liveke, le mohl’a mokete oa Metlotloane; ba se ke ba itlhahisa pel’ a Jehova ba le feela.”
3. Ha ho phaelloa ka mantsoe a Deuteronoma 16:17, boemo ba Baiseraele ba tlhaho e ne e le bofe?
3 Temana ea 17 e re: “E mong le e mong ka mpho ea matsoho a hae, le kamoo Jehova, Molimo oa hao, a u hlohonolofalitseng kateng.” Nakong eo ho neng ho fanoa mantsoe ao ka eona, Baiseraele ba ne ba lula litenteng, tseleng ea bona ho ea Lefatšeng la Pallo la Kanana.
MOKETE OA MAHOBE A SA LOMOSOANG
4. Mokete oa pele e ne e le ofe, ’me, ka letsatsi la oona la bobeli, moprista e moholo o ne a nyehela eng ho Jehova?
4 Oa pele oa mekete ea selemo le selemo, oa mahobe a sa lomosoang, o ne o tšoaroa hantle kamor’a ho boloka selallo sa Paseka ka Abibe kapa ka la 14 Nisane. Mokete oa mahobe a sa lomosoang o ne o tšoaroa ka matsatsi a supileng, ho tloha ka la 15 ho fihlela ka la 21 Nisane. Letsatsi la pele la mokete ona e ne e le letsatsi la Sabatha le neng le latela ho bolokoa ha selallo. Letsatsing la bobeli la mokete, kapa ka la 16 Nisane, moprista e moholo oa Moiseraele ea tempeleng ea Jehova e Jerusalema o ne a nyehela ho Jehova Ngata ea harese e kotutsoeng bocha.—Lev. 23:11-16.
5. Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a keteka mokete ka la 15, Nisane, 33 C.E., ’me barutuoa ba hae ba ile ba kena thabong e fetisisang neng?
5 Ho teng tlaleho ea pale ea moshemane ea lilemo li 12 ea neng a tsoa Nazaretha a ile Jerusalema ho ea keteka Paseka. Moshemane e ne e le Jesu, mora oa Maria. Lilemo tse leshome le metso e robeli hamorao, ka 29 C.E., Moiseraele eo e motona, joale e se e le Morena Jesu Kreste, ea e-ba “Konyana ea Molimo,” e neng e tšoantšetsoa ke Konyana ea Paseka. (Luka 2:41-52; Joh. 1:29-37) Lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng hamorao a hla a etsoa sehlabelo sefateng Calvary, ka ntle ho Jerusalema, ka Labohlano la la 14 Nisane, 33 C.E. Mantsiboeeng a Labohlano lona leo ha qaleha la 15 Nisane, ’me le oona mokete oa mahobe a sa lomosoang, empa Jesu ka boeena ha a ka a kopanela thabong e ileng ea tšoaea ketsahalo e joalo. O ne a shoele a ba a epeloa. Ha Bajode ka kakaretso ba le Jerusalema ba ile ba thaba ka ho qaleha ha mokete oa bona, barutuoa ba Jesu ha baa ka ba etsa joalo. Ba sareloa ke seo ho bona ho neng ho bonahala hore ke tahlehelo ea ka mehla ea Moeta-pele oa bona. Empa ka letsatsi le latelang, Sontaha, sa la 16 Nisane, masoabi a bona a fetoloa thabo eo ho seng e lekanang le eona ha e bapisoa le ea Bajode ba neng ba keteka mokete.
6. Leseling la 1 Ba-Korinthe 15:20, ngata ea harese e neng e tsokotsoa ke moprista e moholo ka la 16 Nisane e ne e tšoantša eng, hona hobane’ng?
6 Hobane’ng? Hobane Moeta-pele oa bona, Jesu Kreste, o ile a tsosoa bafung ke matla a matla a Ntat’ae oa leholimo, Jehova. A hlalosa hore na sena se ne se bolela eng, moapostola oa Mokreste Pauluse, ha a ne a ngola ka tsoho, o itse: “Empa Kreste o fela a tsohile bafung, ’me ke eena letsibolo la ba shoeleng.” (1 Ba-Kor. 15:20, phet. e ncha) Kahoo ngata ea harese e kotutsoeng pele eo moprista e moholo oa Mojode ea tempeleng a neng a e tsokotsa pel’ a Jehova ka Sontaha sa la 16 Nisane, e ne e tšoantšetsa motho, Morena Jesu Kreste ea tsositsoeng, eena oa pele ho tsosetsoa bophelong bo sa feleng a e-tsoa lefung. kahoo ke eena feela ea neng a ka bitsoa “letsibolo la ba shoeleng.” Mohlolo ona oa tšoaea letsatsi la bobeli la mokete.
7. Ke hobane’ng ha tomoso e ne e haneloa matlung a Bajode nakong ea mokete oa matsatsi a supileng, ’me hona ho hopotsa ka eng?
7 Matsatsing a supileng a mokete, ho ne ho se tomoso e lokelang ho fumanoa leha e le kae kapa kae matlung a Bajode, hobane tomoso e ne e emela se hananang le Molimo, sebe. Mokete ona o ne o hlile o tšoantšetsa sona seo, hore ka baka la ho tlameha ho tloha Egepeta ka potlako, Baiseraele ha baa ka ba fumana nako e lekaneng hore hlama ea bona e lomosoe. Kahoo, ba tlameha ho ja bohobe bo sa lomosoang, joalokaha ba ne ba entse mohla Paseka.—Ex. 12:11-34; Deut. 16:2-4.
8, 9. Tumellanong le setšoantšo, ke tokisetso efe eo mokete oa sebele oa mahobe a sa lomosoang o lokelang ho e latela, ’me Pauluse o tiisa hona joang?
8 Joalokaha mokete oa mahobe a sa lomosoang o ne o hlahlama Paseka ’me o nka matsatsi a supileng, kahoo phethahatso ea mokete ona e tlameha ho latela sehlabelo sa “Konyana ea Molimo,” Jesu Kreste, ka Labohlano, la la 14 Nisane, 33 C.E. Kaha palo ea matsatsi a mokete, supa, e tšoantšetsa phetheho, kahoo mokete oa sebele o tsoetse pele ho theosa le makholo a lilemo ho tla fihlela joale, ’me Bakreste bao bao e leng Baiseraele ba moea, Bajode ka hare, ba tlameha ho o boloka. Ho 1 Ba-Korinthe 5:6-8, moapostola Pauluse o supa mokete oa sebele ha a ngola, a re:
9 “Na ha le tsebe hoba tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela na? A le ke le tlose ho lōna litomoso tsa khale, le tle le be hlama e ncha, ha e le moo le le ba sa lomosoang; hobane Paseka ea rōna, e leng Kreste, e hlabetsoe rōna. A re etseng mokete ke hona, e seng ka litomoso tsa khale, kapa ka litomoso tsa lonya le tsa bobe, e mpe e be ka mahobe a se nang litomoso, a khabane le a ’nete.”
10. Ke hobane’ng hona joang mokete oa sebele o lokelang ho ketekoa kajeno, ’me ke hobane’ng ha baketeki ba lokela ‘ho thaba kannete’?
10 Hoo ho ngotsoe hoo e ka bang ka 55 C.E., kapa lilemo tse 22 kamor’a lefu la Kreste la sehlabelo. Kajeno, Baiseraele ba moea ba balileng mantsoe ao a moapostola Pauluse lilemong tse fetang makholo a 19 hamorao, ba tlamehile ho boloka mokete oa sebele, e leng ka bokhabane, le ka ’nete. Joalokaha Baiseraele ba moea ba masala, ba etsa, ba ka fumana moea oa mokete oa boholo-holo oa tšoantšetso ’me kahoo ha ho letho leo ba ka le etsang ha ‘e se ho thaba kannete.’ Hobane’ng? Hobane ho hlokomela mokete oa tšoantšetso ka botšepehi ho etsa phutheho e hloekileng le ea puso ea leholimo eo Jehova a ka e bolelang hore o-oa e amohela.
MOKETE OA LIVEKE
11. Oa bobeli meketeng e tlamang e ne e le ofe, hona o reiloe lebitso leo hobane’ng?
11 Oa bobeli meketeng e tlamang ea Israele oa boholo-holo e ne e le mokete oa liveke. Ke hobane’ng ha o ne o bitsoa joalo? Ka lebaka la hobane Baiseraele ba ne ba tlameha ho bala liveke tse supileng ho tloha ho la 16 Nisane, letsatsi leo ka lona moprista e moholo oa bona a neng a hlahisa ho Jehova ngata ea lijo-thollo tse butsoitseng bocha e le matsibolo a tsoang kotulong ea harese. Ho baloa hona ha nako ho ne ho tla fihla matsatsing a 49, ’me ka letsatsi la bo50 ba ne ba keteka mokete oa liveke. Ka puo ea Segerike eo sehlopha sa Bajode se ileng sa fetolela Bibele ka eona, lentsoe (letsatsi) la bo50 ke pentecostēʹ. Kahoo, Bajode ba buang Segerike ba bitsa mokete oa liveke Pentekonta. Ho ne ho lokela ho bonahale eng mohla letsatsi lee?
12. Ho ea ka Levitike 23:15-21, ho ne ho hlahisoa eng ka letsatsi lena la mokete?
12 Karabelong, Levitike 23:15-21 e re: “Ho tloha letsatsing le hlahlamang sabbatha, e leng letsatsi leo le tlisitseng ngata hore e tsokotsoe, le tla bala veke tse supileng tse tletseng. Le tla bala matsatsi a mashome a mahlano ho isa letsatsing le hlahlamang la sabbatha ea bosupa; le tla etsetsa Jehova nyehelo e ncha. Le tla tlisa mahobe a mabeli a tsoang matlung a lōna, a tlang ho tsokotsoa, e le mahobe a entsoeng ka karolo tse peli tsa leshome tsa lefi la phofo, . . . Moprista o tla tsokotsa ntho tseo pel’a Jehova, hammoho le bohobe ba lilopotsiea, le likonyana tse peli; li tla khetheloa Jehova, ’me e tla ba tsa moprista. Le tla mema mokete ka tsatsi lona leo, le etse phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong. ke molao o sa feleng, oo le tlang ho ea ka oona, lōna le litloholo tsa lōna meahong ea lōna kaofela.”
13. Pentekonta ea sebele e kene tšebetsong neng, ’me ketsahalo eo ea tšoauoa joang?
13 Mokete ona oa liveke oa boprofeta, kapa Pentekonta, o ile oa phethahatsoa holim’a phutheho ea barutuoa ba Jesu Jerusalema ka letsatsi la bo50 le baliloeng ho tloha tsohong ea hae bafung. Kahoo mokete oa sebele oa liveke kapa Pentekonta, oa qala ho sebetsa ka letsatsi la botšelela khoeling ea boraro, ke hore, ka la 6 Sivane, selemong sa 33 C.E. Ka nako eo Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o ne a le ka Sehalalelisisong sa tempele e khōlō ea moea ea Jehova, e leng moo Jehova a leng teng ka boeena leholimong, moo a neng a nyolohetse teng ka letsatsi la bo40 a tsohile. Ha Bajode ba ne ba keteka mokete oa tšoantšetso oa liveke, kapa Pentekonta, tempeleng ea Heroda e Jerusalema, barutuoa ba ka bang 120 ba Moprista e Moholo oa moea, Jesu Kreste, ba ne ba bōkane hammoho tlung e ka holimo hona motseng oo. Joale, pele ho hora ea boraro ea letsatsi leo, (9 hoseng), Morena Jesu Kreste a tšolla moea o halalelang o tsoa Sehalalelisisong sa tempele ea moea ea Jehova. Hona ha fella ka hore ba tsoaloe ka moea ke Ntat’a bona oa leholimo, Jehova, le ho tlotsoa ka moea o halalelang ke Moprista e Moholo oa bona, Jesu Kreste. (Lik. 2:1-36) Ka tsela eo mahobe a mabeli a tšoantšetso a phofo e ntle a eloa hloko ke Jehova leholimong, Sehalalelisisong sa hae.—Ba-Heb. 9:24.
14. (a) ’Nete ea hore mahobe a mabeli a koro a ne a lomositsoe e tšoantša eng? (b) Ke mabaka afe a ka fuoang ho re na ke hobane’ng ha mahobe a ne a le mabeli?
14 Moketeng oa tšoantšetso oa liveke, kapa ka Pentekonta, ke hobane’ng ha mahobe a mabeli a ne a entsoe ka koro e ncha ’me a nyeheloa ho Jehova? Hona e bile tšoantšetso ea hore ho ne ho tla ameha batho ba fetang bonngoe phethahatsong. Mahobe a mabeli a tšoantšetso a koro a ne a apehoa a lomositsoe. Hona ho supa hore bao phethahatso ea mokete e finyelloang ka bona, ka tsoalo ea tlhaho, ba lomositsoe ke sebe, e leng hoo e bileng ’nete ka barutuoa ba 120 ba Jesu ea se nang sebe, ba neng ba letile Jerusalema ka Sontaha, sa la 6 Sivane, 33 C.E. Hore ho bile teng mahobe a mabeli ho ka boetse ha supa hore bao e bileng barutuoa ba tsoetsoeng ka moea, ba tlotsitsoeng ba Messia Jesu ba ne ba tla nkoa lihlopheng tse peli lefatšeng, sa pele e le Bajode ba tlhaho ba bololitsoeng ’me hamorao ho lichaba tsohle tse ling tsa lefatše, Balichaba. Li le hammoho, lihlopha tse peli li ne li tla bopa nyehelo e le ’ngoe ea sebele e tsokotsoang ho Jehova.—Ba-Ef. 2:13-18.
15. Ke neng bohobe joalokaha bo emela bohobe ba Sejode bo ileng ba nyeheloa ho Jehova, ’me a bontša hore o bo etse hloko joang?
15 Ho talingoa ka maikutlo a tsoa boleloa, bohobe ba pele ba sebele, bo bolelang Baiseraele ba bolotseng, bo ile ba nyeheloa ke Moprista e Moholo Jesu ho Jehova Molimo ka nako hantle, ka la 6 Sivane, e leng ka letsatsi le le leng le leo moprista e moholo oa Mojode a neng a tsokotsa mahobe a mabeli a tšoantšetso pel’a Jehova tempeleng ea Heroda e Jerusalema. Kaha mahobe ao a mabeli a koro a ne a se a sa hlokahale ho ba tšoantšetso, Jehova ha a ka a ela hloko, ’me kahoo Bajode ba neng ba keteka tempeleng ea Heroda ha baa ka ba fumana neo ea moea o halalelang. Bajode ba neng ba batla ho fihlela phethahatso ea Joele 2:28, 29 ba ile ba tlameha ho tla ba tloha tempeleng eo ea tšoantšetso ’me ba ikopanye le barutuoa ba 120 ba Kreste bao boprofeta bo neng bo netefetse ho bona. Kahoo ba ka bang 3 000 ho bona ba fetoha karolo ea bohobe ba sebele bo tsokotsoang letsatsing leo le habeli la Pentekonta ea 33 C.E.
16. Bohobe ba bobeli ba tšoantšetso ba nyeheloa ho Jehova neng, ’me ke ho tloha neng mahobe a mabeli a tšoantšetso a bileng tseleng ea phethahatso?
16 Bohobe ba bobeli ba tšoantšetso, bo neng bo bolela Balichaba, kapa bao e seng Bajode, ba qala ho tsokotsoa hamorao ka pel’a Jehova ka ho amoheloa ha Basamaria ba lumelang ka phuthehong ea Bokreste ’me kamorao ho moo ka ho lumelloa ha Balichaba kapa batho ba lichaba ka kakaretso ba sa bollang. Hona ha morao ho utloisisoa ho etsahetse ka 36 C.E. hoetla. (Lik. likhaoh. 8 le 10) Mahobe a mabeli a sebele a ’nile a phethahatsoa lilemong tsena tse fetileng tse makholo a 19. Linnete li bontša hore ba bang ba ’nile ba ekeletsoa ho ba karolo ea “mahobe” morao tjena, bana e le ba ileng ba tšoantšetsoa e sa le pele ke Ruthe oa Moabe le eo e leng moholo-holo oa Jesu Kreste le Mofumahali Esthere, motsoal’a Mojode Mordekai eo e bileng tona kholo ea ’Muso oa Persia.—Bona buka Preservation, e hatisitsoeng selemong sa 1932 ’me ea hlahisoa hape letotong la lihlooho tse neng li hlaha ho litokollo tsa Watchtower tsa 1931 le 1932.
17. (a) Tšebetso ea ho phetha litho tsa mahobe a mabeli a tšoantšetso e bile lebaka la eng ka lehlakoreng la baketeki ba mokete? (b) Ke ka lebaka lefe bao ba etsang mahobe a tšoantšetso ba tšoanang le “matsibolo”?
17 Ho phethoa ha litho tsa mahobe a mabeli a sebele a Pentekonta nakong ea lilemo tse fetang 1 900 e bile lebaka la thabo e khōlō ka lehlakoreng la Baiseraele bao ba moea ba ketekang mokete oa sebele oa libeke. Joalokaha mahobe a mabeli a tšoantšetso a ne a emela litholoana tsa pele khoeling ea kotulo ea Sivane, kahoo bao ba etsang mahobe a sebele a litholoana tsa pele ho Jehova Molimo ka Jesu Kreste, kaha e le bona ba nkang sebaka sa pele holim’a lefatše lohle la batho, ba fumana lefa la leholimo e le melemo ea pele ea sehlabelo sa “Konyana ea Molimo.”—Jak. 1:18; Tšen. 14:4.
MOKETE OA METLOTLOANE
18. Mokete oa ho qetela oa selemo se halalelang sa Sejode o ne o bitsoa eng, o ne o etsahala neng, ’me ke bo-mang ba neng ba nka karolo ho oona?
18 Mokete o moholo oa ho qetela oa selemo se halalelang sa Bajode o ne o etsoa ka khoeli ea bosupa, khoeli ea Ethanime, kapa Tishri. (1 Mar. 8:2) O ne o hlokomeleha lintlheng tse itseng. Hangata o ne o bitsoa mokete oa metlotloane, empa ka makhetlo a mabeli o bitsoa mokete oa kotulo. (Ex. 23:16; 34:22) Ka mohlala, Exoda 23:16, 17 e re: “U boloke mokete oa kotulo, e leng lilopotsiea tsa mosebetsi oa hao, tsa tseo u nong u li jalile masimong; u boloke le mokete oa kotulo, ha ho fela selemo, e leng mohla u bokellang mofufutso oa mosebetsi oa hao masimong. Hararo ka selemo, ba batona ba hao bohle ba tle ba hlahe pel’a morena Jehova.” Hape, Exoda 34:22 e bua ka “mokete oa kotulo, ha selemo se fela.” Deuteronoma 16:13-15 e bolela e le mokete oa Metlotloane ’me e re: “U tla etsa mokete oa Metlotloane ka matsatsi a supileng. Mokete oo oa hao o thabeloe ke uena, le ke mora oa hao, le morali oa hao, le mohlanka oa hao e motona, le e motšehali, le mo-Levi, le molichaba, le khutsana, le mosali oa mohlolohali, ba ahileng menyakong ea hao. Etsetsa Jehova, Molimo oa hao, mokete oa matsatsi a supileng, nqalong eo Jehova a tla e khetha; hobane Jehova, Molimo oa hao, o tla u hlohonolofatsa kotulong eohle ea hao, le mesebetsing eohle ea matsoho a hao; ’me u tla thaba ka ’nete.”
19. (a) Mokete ona o ne o nepana le lebitso la oona joang ka tsela eo o neng o ketekoa ka eona? (b) Ke hobane’ng ha nako ea oona e ne e loketse haholo bakeng sa baketeki?
19 Boholong ba taba, mokete ona o bitsoa “mokete oa metlotloane.” Ka matsatsi a oona a supileng Bajode ba neng ba bokane Jerusalema ba ne ba lula metlotloaneng kapa litabernakeleng, ho netefaleng ha mokete. O ne o qala kamor’a matsatsi a mahlano ho tloha Letsatsing la Lipheko, le neng le etsahala selemo le selemo ka la 10 Tishri le leo ka lona sechaba se Iseraele se neng se busetsoa likamanong tse nang le khotso le Jehova Molimo. Kahoo mokete oa metlotloane oa qaleha ka nako e ntle haholo, ’me o tšoarella ho tloha la 15 Tishri ho isa ho la 21 Tishri, palo e felelletseng ea matsatsi.
20. Ka litlaleho tsa pale tse ka ntle ho Bibele, moprista o ne a etsa joang hoseng ho hong le ho hong ha mokete?
20 Ho ne ho se o tšoanang le oona ka thabo e o tšoaeang. Ho ea ka litlaleho tsa histori, hoseng ha letsatsi le leng le le leng la mokete moprista o ne a nka nkhoana ea gauda e neng e ka kenya lipaente tse peli tsa metsi ’me a theohele ho se neng se bitsoa Letša la Siloe a tloha Jerusalema. Har’a babali ba rōna ba kileng ba etela Jerusalema ea kajeno ba tla hopola kamoo, hoba ba tsoe motseng ka Monyako oa Moiteli lehlakoreng le ka boroa bo ka bochabela ho oona, ba ile ba fihla ho se bitsoang “Virgin’s Well,” kapa Seliba sa Gihone. Selibeng sena, Morena Ezekiase o ile a epa tsela thabeng nakong ea ha Assyria e ne e sokela ka phutuho. Baeti ba sebete ba tla hopola kamoo, kamor’a ho phopholetsa tsela ea bona har’a lefifi la tsela ena e epiloeng thabeng ka nakoana, ba ileng ba tsoela Letšeng la Siloe.
21. (a) Moprista o ne a fihla Letšeng la Siloe joang, ’me o ne a etsa joang ka metsi a Siloe? (b) Ho thaba ka nako ena ho ne ho hopotsa Bajode ka mantsoe afe a boprofeta ba Esaia?
21 E seng ka tsela ea Ezekiase, empa a latetsoe ke mokoloko o moholo, o akarelletsang libini, moprista ea nkileng nkhoana ea gauda o ne a e-ea letšeng la Siloe. Hoba a tlatse nkhoana ka metsi, moprista o ne khutlela motseng ’me a kene ka lebaleng moo aletare ea Jehova ea mahlabelo e leng teng. Ka lehlakoreng le ka boroa la aletare ho ne ho beiloe merifi e ’meli, o mong le o mong o e-na le lesoba ka tlase. Morifi o ka lehlakoreng le ka boroa bo ka bophirima ho aletare e ne e le oa metsi a tsoang letšeng la Siloe. Ha moprista a tšela metsi, a ne a lutla ’me a phallele tlase ho aletare. Ketsahalong ena Bajode ba shebelletseng ba ne ba thaba haholo. Hona mohlomong ho ne ho hopotsa baketeki ba thabileng ka Esaia, khaolo ea 12, e hlalosang nyakallo e fumanoeng ke Baiseraele ha ba lokolloa botlamuoeng Babylona ka 537 B.C.E. Esaia 12:3 e re: “Le tla ikhella metsi ka thabo lilibeng tsa poloko.”
22. (a) Jehova e ne e le Mohloli oa metsi a poloko bakeng sa bo-ntate moholo ba baketeki ba Bajode joang? (b) Thabo ea ha ho tšeloa metsi a Siloe e ne e hlalosoa joang?
22 Jehova Molimo e ne e le Mohloli oa leholimo oa poloko ea bona. Ke eena ea neng A lopolotse bo-ntat’a bona moholo lilemong tse 70 tsa botlamuoa Babylona ea bohetene moo ba neng ba ile ba nyoreloa poloko hore e tle kamor’a hore Babylona e lihuoe ka 539 B.C.E. (Esa. 44:28 ho ea ho 45:7; Jer. 2:13) Ho hopoloa ha topollo ena e ne e le lebaka la thabo nakong ea mokete oa metlotloane. Maele a boholo-holo a Sejode a re: ‘Ea e-song ho bone thabo ea ho tšeloa ha metsi a Siloe ha a s’o bone thabo bophelong ba hae.’
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ngata ea matsibolo a kotulo ea harese e tšoantša Jesu ea tsositsoeng
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Jehova o hlokomela mahobe a mabeli a tšoantšetso a le leholimong ho tloha ka Pentakonta