Na u Khotsofalletse Seo u Nang le Sona?
HO BATLA thabo ke takatso eo motho a tsoaloang le eona. Takatso ena e nepahetse e bile e loketse. E kentsoe lipelong tsa batho ke ’Mōpi, hobane, e le “Molimo o thabileng,” o batla hore libopuoa tsohle tsa hae li thabe.—1 Tim. 1:11.
Leha ho le joalo, potso ke hore na: Motho a ka finyella thabo joang? Ha ho talingoa khatiso e beoang melemong ea lintho tse bonahalang kajeno, ho bonahala batho ba bangata ba lekanya thabo le matlotlo a bonahalang. Ha ba botsoa hore na ba ka rata ho tseba kamoo ba ka fumang thabo bophelong ba bona, ba atisa ho arabela hore: ‘Ha ke ne ke e-na le chelete, ne nka thaba.’
Ho ata ha monahano o joalo ha hoa lokela ho makatsa. Ka liphatlalatso tsa mefuta eohle—tse ling e le tse boleloang haholo phatlalatsa, tse ling e le tse bolotsana—mekhatlo ea khoebo ea lefatše nako le nako e khothalletsa batho ho reka haholo le ho sebelisa chelete e ngata. Batho ba etsoa hore ba ikutloe hore ba boloka chelete ka ho reka lintho tse ncha, ho sa tsotellehe ’nete ea hore ba se ba ntse ba e-na le tsona, le hoja e le moetso oa khalenyana kapa osele. Ka mohlala, phatlalatso e ’ngoe Hong Kong e re: “Haeba u se u ntse u e-na le koloi e khōlō, reka le ona,” moetso o monyenyane haholo. Mophatlalatsi e mong o re: “Mochine o laolang mocheso ka tlung o felloa ke matla?” Joale ho latela tlhahiso e reng: “O nkele sebaka hona joale ka o matla haholoanyane.”
Ka lehlakoreng le leng, ka lebaka la tlhaselo e tsoang liphatlalatsong tsa khoebo, batho ha baa khotsofala. Ba bangata ba leka ho fumana litsela tsa ho bokella chelete e ngata e le hore ba ka reka lintho tse ngata tse bonahalang, ba nahana hore hona ho tla ba tlisetsa thabo le tšireletseho tseo ba li laba-labelang. Empa ke hangata hakaakang boiteko ba bona bo fellang ka tlhōleho le mokhathala! Ba bang, ba sitoa ho fumana leruo le lebelletsoeng ka mekhoa e tšoanelang, ba kene mekhoeng eo e seng ea molao—bosholu, ho amoha batho lintho ka tlhekefetso, ho rekisa lithethefatsi, le tse joalo. Hona ho tiisa ’nete ea maele a Bibele: “Ea ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.”—Liprov. 28:20.
Empa batho ba bang ba ka ’na ba re: ‘Na ha se ’nete hore le hoja ba bang ba hlōlehile ho rua, ba bang ba atlehile?’ E, naheng e ’ngoe le e ’ngoe ho na le ba ruileng ka ho sebetsa ka thata kapa mahlaha-hlaha, le hoja ba le ’maloa. Leha ho le joalo, potso ea bohlokoa ke hore na: Na ba khotsofetse ’me ba thabile? Ho ke ke ha latoloa hore le bona ba atlehileng ho bokella maruo hangata ha baa khotsofala, ka mehla ba ntse ba batla ho rua haholoanyane. ’Mōpi oa motho o tsebisisa tšekamelo e joalo ea batho ba sa phethahalang. Ka ho toba Lentsoe la hae le re: “Ea ratang silevera, silevera e ke ke ea mo khorisa; ea ratang ho phela ka nala, le eena a ke ke a hōla ka eona.” (Moek. 5:10) See se ipakile se nepahetse hakaakang!
HO HLOKA THUSO HA MARUO
Hape ’Mōpi o tseba hantle kotsi le ho hloka thabo tse ka tlisoang ke tsela ea bophelo ea lintho tse bonahalang. Ka baka la lerato le nang le kameho la Molimo ho batho, ka Lentsoeng la hae o fane ka keletso e ngata ea ho lemosa motho ka sekoti sena. Ho sa tsotellehe hore na motho a ka atleha hakae ho bokella letlotlo le bonahalang, o tlamehile ho lahleheloa ke matlotlo ’ohle a hae lefung. Ruri ke lefeela ho ineela boiteko bohle ba motho ho fumaneng maruo a tla sieloa ba bang. Boemo bo hlalosoa ka nepo ke Morena Salomone ea bohlale ka mantsoe ana: ‘Joale ka ha a na a tsoile mpeng ea ’m’ae, o tla ikhutlela a le feela, a ikele joale ka ha a tlile; o tla ea a sa nke letho mokhathaleng oa hae, leo a ka eang le lona a le fuparetse ka seatla.’ Kahoo monna ea bohlale a ba le lebaka le letle ho fihlela qeto ea hore: “Hoo le hona ke kotsi e bohloko; kamoo a neng a tlile kateng, o ikela joalo; ’me o rua’ng ka mokhathala oa hae oa lefeela?”—Moek. 5:15, 16.
Ntle ho moo, ba mentsoeng ke takatso ea ho rua hangata ba jeoa ke maloetse a khothalletsoang ke boikutlo bo senyang joalo ba botho bo kang lipelaelo, tšabo le mohono. Salomone, mohlokomeli ea seli oa bophelo oa boholo-holo, ka nepo a totobatsa hore: ‘O phetse litšiu tsohle tsa bophelo ba hae pelo ea hae e le ntšo, a soabile haholo, a le bohloko, a hloname, ka ho totobetseng ho akarelletsa le likhathatso tsa qaati. (Moek. 5:17) Patlisiso ea kajeno ea meriana e tiisitse haholo phello e kotsi e hlahisoang ke boikutlo bo seng botle ba botho ’meleng oa hae. Na ho kula hase theko e phahameng haholo hore motho a ka reka letlotlo le bonahalang ka eona?
Takatso e sa khalemeloeng bakeng sa melemo e bonahalang le matlotlo le eona e ka senya thabo ea motho. Ka mohlala, batho ba bangata ba sebetsa nako e tlōtseng kapa ba sebetse mesebetsi e mengata e le hore ba reke menono, e le hore feela ba iphumane hore ba khathetse haholo kapa ba tšoarehile haholo ho thabela lintho tse joalo ha ba li fumane. Ba bang ba reka menono kapa ba nke maeto a lefelloang haboima ba kalimile chelete, kahoo ba kena molatong ’me ba ikimetsa haholo licheleteng. Ba bangata ba ile ba tlameha ho ipolela hore ba “oele” ka baka la ho sitoa ha bona ho lefa boitlamo bo joalo ba lichelete, ba itlisitsa bona le malapa a bona bohloko bo boholo le lihlong. Hoja batho bana ba ne ba khotsofetse ke se hlokahalang bophelong, na ba ka be ba itliselitse masisa-pelo le ho tepella bona le baratuoa ba bona?
THABO EA ’NETE LE KHOTSOFALO
Ka bohlale ba hae bo phahameng, ’Mōpi oa motho o tseba tsela e isang khotsofalong le thabong ea ’nete. Ka moapostola oa Mokreste Pauluse, o eletsa ka lerato: “Efela borapeli, ha bo e-na le ho kholoa ha pelo, ke leruo le leholo. . . . ’Me ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” (1 Tim. 6:6-8) Motho ea khotsofetseng ke lintho tse hlokahalang bophelong ha a susumelletsehe hore a eketse matlotlo a hae ke meharo kapa ho se khotsofale. O ipoloka lipelaelong tse ngata le masoabi a tsoaloang ke ho se khotsofale. A khotsofetse ke seo a nang le sona, o tseba ho neela nako ea hae le matla linthong tsa bohlokoa haholo le tse putsang ho feta maruo a bonahalang.
Ho thaba kannete, re hloka kamano e ntle le Molimo. Ena e bonolo feela ka ho ba le tsebo e nepahetseng ka ’Mopi le ka ho mo sebeletsa ka pelo eohle. Empa ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Ke hobane’ng ha motho a lokela ho ineela ho Molimo hore a thabe? Na batho ha ba bangata lefatšeng ba sa sekamelang bolumeling empa ho bonahala ba thabela nala ea bona e bonahalang le lintho tse ntle tsa bophelo?’ Ke ’nete, empa re tlameha ho hopola hore thabo ea ’nete e tebile ho feta feela monyaka kapa ho thabela ntho e ’ngoe ka nakoana. E akarelletsa boikutlo bo tebileng ba katleho le khotso e ka hare. Motho a ka ’na a thabisoa ke matlotlo a hae. Empa, ka baka la ho se tsitse ha bophelo, a ka tiisa joang hore le hosesane o tla be a ntse a thabile joalo? Le hoja a ka ikutloa hore o thabile, na ntho e itsetlehileng motheong o tetemanang haholo e ka nkoa e le thabo ea ’nete?
Bibele e hlalosa batho ba inkang ba thabile ka baka la matlotlo a bona a bonahalang. Ba tšoantšoa e le ba reng: “Meliko ea rōna ha e tletse lijo tsa mefuta eohle; makhomo a rōna ha a atile ka likete, a fula metebong ea rōna ka mashome a likete; marole a rōna ha a tsoala, ’me likheo, le ho pateloa, le mekhosi mapatlelong a rōna li le sieo; ho lehlohonolo sechaba see ho leng joalo ho sona!” Leha ho le joalo, Bibele joale e supa thabo e ’ngoe e khōloanyane: “Ho lehlohonolo sechaba seo Jehova e leng Molimo oa sona!”—Pes. 144:13-15.
Motho ea ineetseng ho Molimo ’me a thabela kamano e haufi le ’Mōpi oa hae o na le boikutlo bo tebileng ba tšireletseho le khotso, e leng tse hlokahallang thabo ea ’nete. Motho eo o tseba hore ho sa tsotellehe hore na ke bobe bofe bo ka mo oelang, o na le tiiso ea lerato le hlokomelang la Molimo. (Ba-Heb. 13:5, 6) Ka baka la ho ba mohlanka oa Molimo, motho o boetse o na le morero bophelong le tšepo e khōlō bakeng sa kamoso. O tseba hore Ea Holimo-limo o tla tlosa lehloeo lohle le bokhopo tse tlisitseng masoabi le bohloko bo bokana lefatšeng lena. Tsamaiso ea hona joale e tla nkeloa sebaka ka puso e lokileng, eo tlas’a eona batho ‘ba ke keng ba sebeletsa lefeela, ba ke keng ba tsoala bana ’me ba lahleheloa ke bona,’ empa ba tla tseba ho thabela litholoana tsa mosebetsi oa bona ka ho sa feleng.—Esa. 65:17-25.
Ho pota lefatše kajeno, ho teng batho ba likete bao nakong e fetileng ba ileng ba hlōleha ho fumana thabo telekisong ea lintho tse bonahalang, empa bao hamorao ba ileng ba fumana thabo ea ’nete le khotsofalo. Hona ho etsahetse ha ba ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo ’me ba qala ho phela ka eona.
Naheng e ka boroa bo ka bochabela Asia, mohlankana ea tsoang lelapeng le ruileng o ne a ile a leka ho fumana thabo ka ho loanela ho tlisa phetoho ea bopolotiki. Hona ha mpa ha mo kenya mathateng ho ba busang. Joale a leka letsoho khoebong ’me a atleha ho bokella chelete e ngata haholo ka nako e khutšoanyane. Empa thabo ea ’na ea mo pota kathoko. Ho kena lithethefatsing ha se ke ha mo tlisetsa khotsofalo. Qetellong, ka ho tsieleha, a batla thuso ho Lipaki tsa Jehova ’me ka potlako a hlokomela hore joale o fumane ’nete. Kamor’a ho ithuta ka matla, a ineela ho Ea Holimo-limo ho etsa thato ea hae. Hona ha tlisa phetoho e feletseng ponong ea mohlankana ea bophelo. Ka ho hlokomela hore thabo ea ’nete e ka fumanoa feela ka ho sebeletsa Molimo ka pelo eohle, ea e-ba ’moleli oa nako e tletseng oa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. Ho tloha ka nako eo o thabetse mahlohonolo a mangata mosebetsing oa hae o mocha, ho kopanyelletsa thabo e khotsofatsang moea ea sa kang a e utloa ha a ntse a lelekisana le lintho tse bonahalang.
E, khotsofalo ea sebele le thabo li ka finyelloa ka ho bona lintho tse bonahalang ka pono ea ’nete. Le hoja li lokiselitsoe ke ’Mōpi oa rōna ka lerato hore re li thabele, ho hang hase oona mohloli o moholo oa thabo. Ha e le hantle, ho li phehella ntle ho ho hlokomela thato ea Molimo ho ka isa feela tahlehong ea thabo. Thabo ea ’nete le khotsofalo li tlisoa ke ho sebeletsa ’Mōpi e moholo le ho etsa thato ea hae. Hona ho re nolofalletsa ho fumana thabo e feletseng pōpong e bonahalang ea Molimo le thabo e kholoanyane e tlisoang ke lintho tsa moea.