Ha ho Timelitsoe Bolumeli bo Boholo, Tsela ke Efe?
’Mali o tla ho fumana ho le molemo ho bala Jeremia 40 ho ea ho 49 pele a hlahloba sehloho sena le se latelang.
“Ho rohakoe ea tla etsa mosebetsi oa Jehova ka botsoa; ho rohakoe ea tlosang lerumo la hae maling.”—Jer. 48:10.
1. Ho felisoa ha Bolumeli bo Boholo ho tla hlahisetsa baphonyohi bothata bofe?
“BOLUMELI bo boholo ba lefatše bo oele!” Mantsoe a joalo re ka a lebella hore ba hloileng bolumeli bohle bo ratehang ba a hoe ka thabo, ha bolumeli ba kajeno bo boholo bo oela timetsong e befileng. Baphonyohi ba ketsahalo eo eo ho seng motho ea ka e lumelang ba tla ea hokae? Ba tla be ba saletsoe ke eng hore ba lebe ho eona? Lipotso tsena re li botsa ka tieo eohle.
2. Ke potso efe e ileng ea hlahisoa ka baka la ho profeta ha Jeremia, ’me kamor’a nako e ka etsang lilemo tse 40 ea ho profeta ho joalo, a iphumana hokae?
2 Ka ho se lumele ba bang bao ho tla fihlela joale ba tšoarelletseng bolumeling bo bong bo ratehang ba ka ’na ba botsa, ‘Na ’Mōpi oa leholimo le lefatše a ka hla a lumella ntho e joalo?’ Potso ena e tšoana le e ileng ea botsoa lilemong tse fetileng tse ka bang 2 625 ka baka la Mojode oa lesika la boprista, moprofeta e monyenyane Jeremia oa motseng oa Anathothe Bochabela bo Hare. Ho ne ho bonahala ho profeta ha hae ho tsoa bolumeli bo neng bo sebelisoa ke sechaba sa habo ka nako eo. Ho ea ka Jeremia, tempele ea bona, eona feela e neng e lumelletsoe ke molao oa bolumeli, e ne e tla chesoa. Motse oa bona oo tempele e leng ho oona, Jerusalema, o ne o tla etsoa thotobolo. Ba sebelisang bolumeli bo ratehang ba ne ba tla isoa botlamuoeng naheng ea bahapi ba bona, ho lula moo ka lilemo tse 70. Ho profeta ha Jeremia ka litlokotsi tse joalo ha tsosa boipelaetso bo boholo. Ho ea qetellong ea lilemo tse 40 tsa boprofeta bo joalo Jeremia a iphumana a le litlamong Jerusalema, tlas’a puso ea morena oa ho qetela oa lelapa la borena la Davida ea neng a lutse teroneng, Tsedekia.
3. Ka ho lumella tlokotsi e joalo ea bolumeli, na Jehova o ne a timetsa borapeli ba hae, kapa joang?
3 Molimo oo tempele ea Jerusalema e neng e bitsoa ka lebitso la oona oa fela oa lumella koluoa e joalo ea bolumeli hore e etsahale. Ha e le hantle, Jerusalema ea fumana molaetsa oa tsuo ena hona ho Molimo oo, Jehova ka boeena. Ho thoe’ng? Na o ne a tla felisa bolumeli ba hae, borapeli boo a bo etsetsoang e le Molimo oa ’nete? Le hanyenyane! O ne a rerile feela ho timetsa mokhoa o silafetseng le o sentsoeng oa ho mo rapela oo a neng a o etsetsoa tempeleng e neng e bitsoa ka eena, ho tlontlolloeng ha lebitso leo le halalelang. Lentsoe la Jehova ka Jeremia la hlōla! Ba ileng ba le hanyetsa ka manganga ba hlōloa. Khoeling ea lehlabula ea Ab, khoeli ea bohlano ea selemo sa bona, ho qala ka letsatsi la bosupa ho isa ho la leshome la khoeli eo, tempele ea qhaqhuoa, ’me motse o tlatlapiloeng le o oetsoeng ke tlala oa Jerusalema oa fieloa sohle. Pele ho sena morena Tsedekia, o ne a hapiloe ha a baleha ’me Bajode ba pholohileng ba baloang ka likete ba fokotseng ke tlala ba kolokisoa e le batlamuoa, ba isoa botlamuoeng bo khathatsang Babylona, eo joale e neng e le ’muso oa lefatše.
4. Na pale eohle e joalo ea boholo-holo ke ea bohlokoa le kameho ho rōna kajeno?
4 Joale, na pale eo eohle e joalo ea boholo-holo e hlile e re ama ka letho kajeno? E! Ka lebaka lefe? Ka lebaka la hobane e ne e le boprofeta, kahoo ha hlokahala hore e ngoloe ’me e bolokoe maqepheng a Bibele e Halalelang ka lipuo tse ngata ho tla fihlela mehleng ea rōna. Seithuti se tebileng sa pale eo ea boholo-holo, Mojode eo batho bahabo ba neng ba amana ka ho toba le pale eo e rothisang likeleli, o ile a hatisa bohlokoa ba pale e joalo ea boholoholo ka ho ngola mantsoe ana lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna: “Efela taba tseo tsohle li ne li ba hlahele hore e be litemoso, ’me li ngoliloe hore re ithute ka tsona, rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.”—1 Ba-Kor. 10:11.
5. Ke pele ho tlokotsi efe ea bolumeli Pauluse a ileng a ngola 1 Ba-Korinthe 10:11, ’me ke hobane’ng ntho e joalo e ke keng ea phetoa?
5 Mantsoe ao a boprofeta ke a ngotsoeng ke moapostola oa Mokreste Pauluse lilemo tse 15 pele motse o tsositsoeng oa Jerusalema o timetsoa hammoho le tempele ea oona, ka 70 C.E., ka lekhetlo leo ke makhotla a Baroma. Ntho eo e ke ke ea etsahala ka lekhetlo la boraro, kaha ha ho tempele ea Sejode e tlotlisitseng Jerusalema kajeno. Hona joale ke malumeli a mararo a maholo a ipolelang a thahasella motse oo oa pale, ke ba Bojakane, ba Islamo le Bojode.
6. Karolo ea pele ea Bolumeli bo Boholo e tla felisoa ke efe, ’me ho ea likarolong tse ling tsa Bolumeli bo Boholo ho tla bolela eng?
6 Ho teng litumelo tse khōlō ho ba Bojakane. Leha ho le joalo, ho latela se bontšitsoeng ke Jeremia oa Jerusalema ea pele, Bojakane ke bona karolo ea pele ea bolumeli bo boholo e tlang ho timetsoa. E, Jerusalema ka boprofeta e ne e tšoantšetsa Bojakane, kaha bo ipolela hore bo sebelisa bolumeli bo qaliloeng Jerusalema ea bobeli ka 33 C.E. Ha ho timelitsoe setšoantšetso sena sa Jerusalema e ahlotsoeng ea mehleng ea Jeremia, ke hokae joale moo bakhomareli leha e le bafe ba phonyohileng ba bona ba tla leba? Bolumeling leha e le bofe bo bong boo e seng ba Bokreste bo tla beng bo saletse? Ha ba etsa joalo ba tla be ba balehela likarolong tse ling tsa se lokiselitsoeng timetso ea ka ho sa feleng, e leng, bolumeli ba bohata bo boholo.
7. Hoba Jerusalema e oe, Bababylona ba lumella Jeremia le mongoli oa hae ho phela kae, ’me ke mokete ofe o neng o atamela?
7 A re hlokomeleng kamoo sena se ileng sa tšoantšetsoa hoba Jerusalema ea pele e timetsoe ka 607 B.C.E., mehleng ea Jeremia. Ba bang ho Bajode ba futsanehileng ba ile ba lumelloa ho sala naheng e hapiloeng ea Juda tlas’a Gedalia, eo Morena Nebukadnezare ea hlōtseng a ileng a mo khethela ho ba ’musisi oa naha. Hoo ho etsahetse khoeling ea bohlano (Ab) ea 607 B.C.E. Jeremia le mongoli oa hae Baruke ba ne ba pholositsoe, ’me molaoli oa makhotla a Babylona a nea Jeremia boikhethelo ba ho sala le ba setseng naheng ba futsanehileng tlas’a ’Musisi Gedalia. Joale? Nako ea kotulo ea hoetla khoeling ea bosupa (Ethanime, kapa Tishri) e ne e atamela. Kahoo e le nako e khethiloeng bakeng sa ho ketekoa ha mokete oa kotulo, kapa oa metlotloane, ka matsatsi a supileng (Tishri 15-21) e neng e atamela. Empa, Jo! ho ne ho se tempele Jerusalema eo ho neng ho ka ketekoa ho eona ka thabo.—Deut. 16:13-16.
8. Na Bajode ba baleleri ba ile ba khutlela Juda ho ea keteka mokete oa kotulo?
8 Ntle ho liahelo tsa mabotho a neng a saletse, lebotho la Bababylona le ne le tsoile naheng, le nkile Bajode ba bangata ba neng ba pholohile e le batlamuoa. Eaba Bajode ba baleleri ba qala ho khutla ba tsoa linaheng tse haufi le moo ho kena naheng ea Juda. Na ba ne ba khutlela ho naha ea habo bona hore ba mamele Monei-molao oa bona, Jehova, ka ho keteka mokete oa metlotloane, kapa oa kotulo, leha Jerusalema le tempele ea eona li le sieo? Kamoo ho bileng kateng, ha baa ka ba etsa joalo.
9. Ke hobane’ng ha potso e ne e le teng ka hore na ba khutlileng le bafumanehi ba naha ea Juda ba ne ba tla leba kae?
9 Ba khutlang le bafumanehi ba neng ba le naheng ba ile ba ea hokae? Ha baa ka ba tlameha ho tloha naheng. Empa Jeremia o ne a hlile a profeta hore lesupi le feletseng le tla oela naha ka lilemo tse 70, ho se motho kapa phoofolo e thapileng. Jeremia a ’na a bolella ba setseng naheng hore ba lule ka khotso, ba sa tšohe letho le tsoang ho Bababylona ba ileng. ’Musisi oa bona, Gedalia, e ne e le Mojode joaloka bona, feela hona joale a le tlas’a Morena Nebukadnezare oa Babylona. Kahoo Jehova Molimo oa bona o ne a sa ba leleke naheng ea habo bona eo ba e filoeng ke Molimo, le hoja a ne a bululetse Jeremia ho bolela e sa le pele lesupi le feletseng la lilemo tse 70 la naha ea Juda.
’MOLAI A OTLA!
10. Ke hobane’ng ha boemo ba bolumeli bo neng bo talimane le ‘bafumanehi’ ba naha moo naheng ea Juda e ne e le bo bosula?
10 Ke boemo bo bosula hakaakang ba bolumeli bo neng bo talimane le ‘bafumanehi ba naha’ ba neng ba siuoe sebakeng sa Juda! (Jer. 40:7) Ha ho tempele Jerusalema eo ho ka rapeloang Jehova ho lebiloe ho eona! Ntle ho Jeremia, ha ho moprista, ha ho Molevi! Ha ho aletare eo ba ka nyehelang mahlabelo a bona ho eona! E, ha ho “areka ea selekane’’ ea gauda e okametsoeng ke litšoantšo tse peli tsa mangeloi, eo ho eona moprista e moholo a neng a ka foka mali a mahlabelo a Letsatsi la Lipheko ka la 10 Tishri. E ne e nyamelletse sebakeng seo ho seng motho ea se tsebang ho tla fihlela kajeno! —Hos. 3:4.
11. Ke hobane’ng ha Morena Baalis oa Baammone a ile a nka Ishmaele mor’a Neria e le kofuto e ntle ea ho hleka Gedalia, ’musisi oa Mojode, tseleng?
11 Mona joale ha hloella sethalleng ’molai! A hlaha e le Ishmaele mora oa Nethania. Mohlomong Morena Baalis oa Baamone eo Ishmaele a neng a balehetse ho eena pele ho Bababylona o ile a ikutloa hore Ishmaele ke eena ea loketseng hore a mo hire hore a fenethe Gedalia, eo Morena Nebukadnezare a neng a mo khethile hore e be ’musisi oa naha ea Juda. Hobane’ng? Hobane Ishmaele e ne e le ‘oa leloko la borena.’ Kahoo ka Elishama, ntat’ae moholo, Ishmaele o ne a amana le borena ’me e le e mong oa ‘matona a morena.’ (Jer. 41:1) Kahoo, tona ena ea morena ea theotsoeng teroneng Tsedekia e ne e ka ’na ea nyatsa hore Gedalia o entsoe ’musisi ho sa tsotellehe hore ha se ‘oa leloko la borena.’ Kahoo Morena Baalis oa Ammone, ea neng a thabetse ho timetsoa ha Jerusalema, a etsa Ishmaele kofuto ea hae ho hleka Gedalia tseleng.—Pes. 83:7, 8; Jer. 40:14.
12. Ishmaele a phetha mosebetsi oa hae o mobe joang, ’me qetellong a tlameha ho baleha hobane’ng?
12 Ho sa tsotellehe temoso ea Johanane mor’a Karea, Gedalia a amohela Ishmaele le metsoalle e meng ea hae e 10 lijong motseng o mocha oa ’muso Mitspe, limaele tse seng kae ka leboea ho masupi a Jerusalema. Le hoja masole a mang a Bababylona a ne a le teng, Ishmaele le lequloana la hae ba tsometsa bohle ba lijong le ba haufi le moo ’me ba ba bolaea ka sehlōhō. (Jer. 41:2, 3) Ba bang hape ba ’na ba oela ho Ishmaele le lequloana la hae le mano. Hona ha etsahala ka khoeli ea bosupa, Tishri, khoeli e neng e atisa ho tšoauoa ka ho ketekoa ha mokete oa metlotloane ka matsatsi a supileng. Batho ba Mitspe joale ba bonahala ba latela moikhapeli enoa oa puso e le batlamuoa ba hae. Leha ho le joalo, ha Johanane mor’a Karea a hlaha ’me a hanyetsa Ishmaele, eaba Ishmaele le banna ba hae ba robeli ba balehela naheng ea Ammone, e neng e e-so ho oele ho Morena Nebukadnezare oa Babylona.—Jer. 41:10-15; 49:1-5.
13. Ka kōpo ea Johanane le balateli ba hae, Jehova o ile a bululela Jeremia hore a ba nee molaetsa ofe? Ka ketso efe?
13 Ka baka la se neng se etsahetse ka ’muso oa libaka o neng o hlomiloe ke Bababylona, Johanane le batho ba ikutloa hore ba na le lebaka la ho tšoha ’muso o mocha oa lefatše, ’Muso oa Babylona, oo Jehova Molimo a neng a o sebelisa e le moahloli oa hae Bochabela bo Hare. Joale ba ne ba tla leba kae? Eaba Johanane le mahosana a hae ba atamela Jeremia, ea neng a nepile ha a profeta tšenyeho ea Jerusalema. Ba tšepisa hore, le haeba molaetsa oa Jehova e le oo ba tla o rata kapa che ka Jeremia, ba tla o latela. Matsatsi a leshome kamorao ho moo hoba ba bonane le Jeremia molaetsa oa Jehova oa tla ka eena. Ba se ke ba tsoha, empa ba lule naheng tlas’a Bababylona. Empa haeba ntle ho tumelo ba ka fallela boroa Egepeta, moo ba tla hapuoa ke lerumo le hlōlang la morena oa Babylona, le ke tlala le ke mafu a seoa. Ntle ho masala a seng makae, ba tla shoela naheng e ahlotsoeng ea Egepeta. Ba ke ke ba khutlela ka khotso naheng ea Juda kamor’a ho lihuoa ha ’Muso oa Babylona. Na Johanane le balateli ba hae ba ile ba latela molaetsa ona oa bomolimo? Che, ka sebele! Ba re ke leshano. Ba re Jeremia o leshano.—Jer. 42:1–43:3.
14. Ke bo-mang ba ipakileng ba sa tšoarella polelong ea bona, ’me ke hobane’ng ha mokete oa kotulo o sa ka oa ketekoa ka 607 B.C.E.?
14 Leha ho le joalo leshano le ne le le ho mang, haeba e se e mong le e mong ho bona, hobane ba ne ba ikanne hore ba tla latela molaetsa oo Jeremia a ba neang oona le haeba ba o rata kapa ba sa o rate! Ba ne ba se ba le tseleng ho leba ka boroa Egepeta, ’me joale ba ne ba ikemiselitse ho tsoela pele ho fihlela ba fihla naheng ea Nile. Ba ne ba sa batle ho ikokobeletsa puso ea ’Muso oa Boraro oa Lefatše, oa Babylona. Pele Egepeta e ne e bile motsoalle oa bona khahlanong le ’muso oa lefatše o hōlang oa Babylona. Ha joale e le mona naha ea Juda e oetse tlas’a puso ea Babylona, ba ne ba ikemiselitse hore ho se be motho ea salang naheng ho ikokobeletsa Babylona. Babuelli ba ho ikokobeletsa Babylona, e leng, Jeremia le mongoli oa hae Baruke, ba ne ba sa tl’o sala. Eaba ba hulanya bahlanka bana ba Jehova le bona. Ba sa sheba nako ka tsela eo, empa feela ka nako ea ha naha ea Juda e ne e lokela ho keteka mokete oa kotulo, kapa oa metlotloane, ka thabo, ka la 15-21 Tishri, 607 B.C.E., bafetoheli bao ba thato ea Jehova ba tloha naheng joalokaha a hlile a bolela, e se na baahi ba batho le liphoofolo tse thapileng.—Jer. 43:4-7.
15. Liketsahalo tseo tsa mehleng ea Jeremia li ile tsa tlamana joang le liketsahalo tsa mehleng ea rōna ’me tsa ipaka li re ama?
15 Ha ho mohla thato ea Molimo o ’matla ’ohle e tla thibeloa ka katleho. Ha ho mohla lentsoe la hae la boprofeta le tla pakoa le sa nepahala. Ka ho tsoa ha Bajode ba baikakasi naheng ea Juda, lilemo tse hlileng tsa boleloa tse 70 tsa lesupi la naha ho se baahi ba Baiseraele kapa phoofolo e thapileng la qaleha. Joale, hape, ‘mengoaha e baloang hasupa’ e neng e ile ea boleloa ea tšoantšetso eo Jehova a neng a entse hore Morena Nebukadnezare a lore ka eona le hore moprofeta Daniele a fane ka tlhaloso ea qala tsela ea eona ea lilemo tse 2 520. (Dan. 4:13-27; Luka 21:24) Kahoo ha e-ea ba ka tsietsi Ntoa ea I ea Lefatše e ileng ea qhoma holim’a lefatše le nang le khotso, ho tšoaea bofelo ba ‘mengoaha e baloang hasupa’ ka khoeli ea Tishri ka 1914 C.E. Kannete, he, liketsahalo tsa mehleng ea Jeremia li ile tsa fela tsa tlamahana le mehla ea rōna. Se boleloang ke liketsahalo tseo se re ama ka ho tebileng hona joale!
16. Ke hobane’ng ha ho balehela ha Bajode ba sa lumeleng Egepeta ho ipakile e se tsela e nepahetseng, ’me tsela ea Bajode bao e re etsa hore re shebe kae pele ho nako?
16 Kamor’a hore bolumeli joalokaha bo ne bo hlophisitsoe ke Bajode ba tlōlang Molao ba Jerusalema bo oe ka 607 B.C.E., na Bajode bao ba ileng ba balehela Egepeta ba ile ba qoba seo ba neng ba se hloile? Na ba ile ba khetha tsela e molemo, tsela e nepahetseng? Le ha- nyenyane, haeba e bile pono e tšosang ea se ileng sa etsahalla batho ba bolumeli ba hanang ho utloa Lentsoe la Jehova. Jeremia, le hoja a ile a qobelloa ho lula Egepeta, ha a ka a khaotsa ho profeta ha hae moo. Moea oa Jehova oa ’na oa tsoela pele ho susumetsa Jeremia hore a profete, e, a profetela babalehi ba Bajode ba sa lumeleng le ho profeta khahlanong le naha eo ba neng ba ikhethetse ho lula ho eona. Mangolo a hae a bululetsoeng a ntse a le teng ho tla fihlela mehleng ena e thata. A sebeletsa e le temoso ho ba neng ba tšoantšetsoa ke Bajode bao ba marabele ba mehleng ea Jeremia. Ha ho talingoa sena, ke eng seo re ka se lebellang matsatsing a haufi a tlang?
17. Ke bohato bofe boo re ke keng ra bo lebella ho baphonyohi ba boneng ka mahlo ba timetso ea Bojakane, hona hobane’ng?
17 Re lokela ho lebella ho timetsoa ha karolo e nang le tšusumetso e matla haholo ea Bolumeli bo boholo, e leng, Bojakane le thaba eohle ea bona e telele ea lihlopha tsa bolumeli le lipuso. Hona ho tla etsahala ka nako e sa fetoheng ea Jehova. Ka baka leo, potso ke ena, Ha hoo ho etsahala, ke tseleng efe moo lipaki tsohle tse tla bona ketsahalo ena e makatsang li tlang ho ineela? Ho latela mohlala o beiloeng ka 607 B.C.E. ke Ishmaele le Johanane le balateli ba bona ba ileng ba hana ho mamela keletso ea Jehova, re ke ke ra lebella palo e ngata ea lipaki tse boneng ka mahlo joalo hore e retelehele Bokresteng ba ’nete joalokaha bo sebelisoa ke sehlopha sa Jeremia sa kajeno le metsoalle ea sona e tšepahalang. Bokreste ba ’nete bo hlompha borapeli ba Molimo oa Jeremia, Jehova, Ntate oa leholimo oa Jesu Kreste. O ne a bua ka borapeli ba Jehova ha a re ho mosali selibeng sa Samaria: “Nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo. Molimo ke Moea; ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.”—Joh. 4:23, 24.
18. Jesu Kreste e ne e le paki ea mang ha a le lefatšeng, ’me ke bo-mang ba lokelang ho ba lipaki joaloka ka eena hona joale?
18 Le eena Mokreste a ke ke a qhelela ka thōko borapeli ba Jehova e le Molimo. Ho Tšenolo 1:5 Mora oa Molimo o ile a ipitsa “Jesu Kreste paki e tšepehang.” Ha e ne e le motho lefatšeng, e ne e le Mojode, Moiseraele, eo sechaba sa habo se neng se ngoletsoe mantsoe a Esaia 43:10: “Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng.” Jesu o bontšitse hore e ne e le paki e tšepahalang le ea ’nete ea Jehova Molimo. Barutuoa ba hae ba ’nete kajeno ba tlameha hore ba be lipaki ka tsela e joalo, lipaki tsa Jehova.
19. Hoba Bojakane bo oe, na lipaki tse pholohileng tse boneng ka mahlo li tla khobokanela ho Lipaki tsa Jehova, ’me ke tšepo efe eo litsamaiso tse ling tsa bolumeli li fanang ka eona ho bapholohi?
19 Ha ho mangolo a boprofeta a Bibele ao re ka a supang ho bontša hore kamor’a hore se neng se tšoantšetsoa ka Jerusalema ea boholo-holo se theohele ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang, bakhomareli ba se nang palo ba Bojakane ba tla sokoloha ’me ba eme le Bakreste ba hlorisoang ba tsejoang e le Lipaki tsa Jehova. Batho ba bangata ba ka ’na ba bokollela melemo e ba lahlehetseng ka baka la ho timetsoa ho tukang ha Bojakane bo ratang lintho tse bonahalang, ho tšoana le bahoebi bao Tšenolo khaolo ea 18, e ba tšoantšang e le ba bokollelang ho chesoa ha Babylona e Moholo. Ba ne ba lahlehetsoe ke khoebo e ba ruisang le eona. Mohlomong batho ba bang ba sekametseng bolumeling ba ka ’na ba bokana bolumeling leha e le bofe bo tla phela haleletsana ho feta Bojakane boo e seng ba Bokreste. Ba joalo ba tla be ba kena tsamaisong e ’ngoe e ahlotsoeng ea bolumeli, hobane kaofela ke litho tsa Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Likarolo tsohle tsa bona li thathamisitsoe ho ea timetsong!
20. Re ka tseba joang hore na ba tla pholoha timetso ea Babylona e Moholo ba tla ea ka tsela efe?
20 Ke hokae kapa ke ka tsela efe baphonyohi ba timetso ea Babylona e Moholo ba tlang ho leba? Mangolo a boprofeta a bululetsoeng a supa eng? Na ba tla ea, na ba ka ea ka lehlakoreng la ba ileng ba tšoantšetsoa ke Jeremia le mongoli oa hae Baruke? Liketsahalo tsa boprofeta mehleng eo e qetellang ea barapeli bao ba Jehova li fana ka karabo.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Re se tšoane le Bajode ba tlōlang molao ba mehleng ea Jeremia