Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 9/15 maq. 3-4
  • Na u ‘Bua e Mong Hampe?’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u ‘Bua e Mong Hampe?’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘U BAKELANG TIMELO’
  • ‘HO HALALELA’ HO FETA BA BANG
  • HO SE FUMANE LIPHOSO
  • Tšoarela ho Tloha Pelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Amohela Thuso ea Molimo ho Hlōla Liphoso tsa Sephiri
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na U Tšoarela Joalokaha Jehova a Tšoarela?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • U se ke Ua Lumella Liphoso Tsa ba Bang Hore li U Nyahamise
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 9/15 maq. 3-4

Na u ‘Bua e Mong Hampe?’

‘HA ke thabele molaetsa oa hao oa Bibele. Ha ke o hloke. Ke tsamaea litšebeletso tsa bolumeli kamehla ’me ke phela bophelo bo botle. Ke hobane’ng u sa tšele tsela ho ea bolella batho bao ba teng? Nka ’na ka u phetela ntho kapa tse peli ka bona. Kannete ba hloka hore ba be le bolumeli bo itseng.’

Hase mohlolo hore Bakreste ba thulane le karabelo e joalo ha ba leka ho arolelana linnete tsa Bibele le bao ba ahisaneng le bona. Mokhoa oa ho iphahamisa le ho bua ba bang hampe hase ntho e ncha ho hang. Lilemong tse likete tse fetileng mopesaleme ea bululetsoeng o ile a emela Jehova Molimo e le ea buang le ‘e mobe’ ka mantsoe ana: “U lumella molomo oa hao ho bua tse mpe, leleme la hao le loha mano. U luletse ho bua ngoan’eno hampe; u silafatsa ngoana ’m’ao.”—Pes. 50:19, 20, phet. e ncha.

Ha lebitso la e mong lapeng heno, motsoalle kapa mohlomong motho e mong oa mofuta o itseng le hlaha ha ho ntse ho buisanoa, na u tloaetse ‘ho mo bua hampe’? U tla lumela hore ho bonolo haholo ho fumana liphoso ho ba bang. Ba bangata ba ho fumanang ho le joalo ba ikutloela bohloko ’me ba lakatsa ho hlōla boloetse bona bo matla ba ho tšoaea liphoso. Lentsoe la Molimo le ka thusa ntlheng ena. Joang?

‘U BAKELANG TIMELO’

Ho nahana ka liphello tse mpe tsa ho tšoaea liphoso ho ka susumelletsa batho hore ba ho qobe. Ka boitokafatso boo e leng letšoao le khethollang ba tloaetseng ho fumana liphoso ho ba bang, Mangolo a lemosa: “U se ke ua iketsa ea lokileng ka ho fetisisa, u se ke ua ipea ea hlalefileng ka ho tlōlisa; hobane ke ha u no u tla itimeletsa’ng na?” (Moek. 7:16) Motho ea “lokileng ka ho fetisisa” o ba le boikutlo ba boiphahamiso ka matla ao a nang le oona a botho hammoho le boikutlo ba ho nyatsa ba bang. Phello ea motho ea ipeileng monyatsi joalo ke ‘timelo.’ Hase feela hore batho ba bang ba mo qoba joaloka ‘bohloko,’ empa, ho hobe haholo, o lahleheloa ke mohau oa Molimo.

Lebaka la bohlokoa la sena ke hore motho ea tsoelang pele ho ’na a nyatsa ba bang o hlokomoloha mefokolo ea hae. Empa ka ho hlakileng Mangolo a bolela hore batho bohle ba tsoaloa ba sa phethahala. (Pes. 51:5; Ba-Roma 5:12) ‘Ha ho motho ea sa sitoeng.’ (1 Mar. 8:46) Kahoo, batho ba ho fumana e le ho sa lakatseheng ho hang ha ba ntse ba nyatsuoa nako le nako ke batho ba ntseng ba nyatseha joaloka bona.

‘HO HALALELA’ HO FETA BA BANG

Mohlomong u hlokometse hore batho ba ipolelisang hore ke balumeli ba na le tšekamelo ea ho nyelisa ba bang hangata. Bibele e fana ka mohlala o sa tloaelehang ho sena ho Esaia 65:2-5:

“Ke bile ke ntšitse matsoho a ka ka matsatsi ’ohle, ho a otlollela sechaba se ikhantšang, se latelang mehopolo ea sona tseleng e khopo; sechaba sa ba nkhalefisang ka mehla pontšeng, ba etsang mahlabelo lirapeng, ba chesang libano lialetareng tsa makote; ba lulang mabitleng, ’me ba hlola bosiu mahaheng, ba jang nama ea likolobe; ba tlatsang mekeke ea bona ka Iijo tse manyala; ba reng: Ema hojana, se atamele ho ’na, hobane ho uena ke ea khethehileng [“ea halalelang,” NW].”

Ho ea ka The Modern Language Bible, Baiseraele bao ba ne ba ee ba re: “Emella thokoana, se ka nkatamela, hobane ke halalela ho u feta.” Ak’u inahanele feela. Ba ne ba tšoarehile borapeling ba bohata ba litšoantšo. Ba ne ba ee ba lule mabitleng, e leng ho neng ho ba etsa hore ba be litšila. (Num. 19:14-16) Sepheo sa bona ka ho etsa joalo ho bonahala mohlomong e ne e le ho buisana le bafu—ntho eo Jehova a neng a e talima e le manyala. (Deut. 18:10-12; Esa. 8:19-22) Ho feta moo, ba ne ba e-ja nama ea likolobe, ntho e ’ngoe e neng e hanana le molao o ngotsoeng oa Molimo o neng o sebetsa ka nako eo. (Deut. 14:7, 8) Leha ho le joalo, liketso tsa bona tsa bolumeli li ne li ba etsa hore ba ikutloe ‘ba halalela haholoanyane’ ho feta ba bang, hoo ba neng ba sa batle ho atameloa ke Baiseraele ba bang e se re ba halalela joaloka bona. Ho ea ka Bibele, le bona batho ba sebelisang borapeli ba ’nete ba ka oela lerabeng la boitokafatso le maikutlong a mabe ka ba bang.—1 Ba-Kor. 4:6.

HO SE FUMANE LIPHOSO

Na u itlhokomela u e-na le tšekamelo ea ho tšoaea ba bang liphoso ka mokhoa o tlōtseng? Ke eng se ka u thusang hore u hlōle tšekamelo eo? Pele ho tsohle, hopola hore le uena, u na le liphoso tse ngata. “Uena motho, leha u ka ba mang le mang, u ahlolang ba bang, ha u na moitatolo;” kamoo ho boletseng moapostola Pauluse, “hobane, ha u ntse u ahlola ba bang, u itsoa e le uena; hobane uena ea ahlolang, u etsa tsona litaba tseo.”—Ba-Roma 2:1.

Ka lehlakoreng le molemo, mohlala o motle oa ho sebetsana le liphoso tsa ba bang o beiloe ke Molimo ka booona. “Jehova o mohau, o lereko,” kamoo ho ngolang mopesaleme, “o lieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata. Ha a tsekise ka mehla, hlonamo ea hae hase e sa feleng. Ha a ka a re etsa kamoo libe tsa rōna li leng kateng, ha a ka a re putsa ka moputso oa makhopo a rōna.”—Pes. 103:8-10; bapisa Luka 17:3, 4.

Mangolo a khothalletsa Bakreste hore ba etsise boikutlo ba Jehova Molimo ba mohau. “Le mamellane, le rekolohelane, ’me ekare ha e mong a e-na le komang le e mong joale ka ha Kreste a le hauhetse, etsang joalo le lōna.” (Ba-Kol. 3:13) Hlokomela hore tšarelo e lokela ho bontšoa leha lebaka la “komang” le le teng. A bontša bohlokoa ba ho tšoarela liphoso tsa ba bang, Jesu o boletse: “Hobane ekare ha le tšoarela batho litlōlo tsa bona, Ntat’a lōna ea maholimong o tla le tšoarela le lōna; empa ekare ha le sa tšoarele batho litlōlo tsa bona, Ntat’a lona le eena a ke ke a le tšoarela litlolo tsa lona.”—Matt. 6:14, 15.

Kaha lelapa lohle la motho le futsa sebe, bohle ba na le liphoso tse ngata. Empa ho nahana le ho bua ka liphoso tsa ba bang ho fella feela ka likamano tse kotsing le Jehova Molimo le batho ba bang. Ho e-na le ho etsisa Molimo, motho ea fumanang liphoso nako le nako o bontša moea oa eo Lentsoe la Molimo le mo bitsang “monqosi,” Satane Diabolose. (Tšen. 12:10) Kahoo, ka lekhetlo le latelang ha moqoqo oa hao o itšetleha ka batho ba bang, ikemisetse hore u se bue e mong hampe.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela