Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 3/1 maq. 28-29
  • Tšireletso ea Bahlanka ba Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšireletso ea Bahlanka ba Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšireletseho ea ’Nete—Hona Joale le ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Talima ka ’Nģane ho “Khotso le Tšireletseho” tse Tlisitsoeng ke Motho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Khotso ea ’Nete le Tšireletseho li Haufi!
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Tšireletseho Hona Joale le ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 3/1 maq. 28-29

Lipesaleme

Tšireletso ea Bahlanka ba Molimo

BOPHELO tlas’a maemo a hona joale ha boa sireletseha ho hang. Likotsi, lintoa, litoantšano, ho kula le lefu li ka tlisa liphetoho tse khōlō haholo. Ka bosiu feela tšireletso eo motho a ’nileng a e thabela e ka fela.

Ho teng ntho e le ’ngoe, leha ho le joalo, eo ho seng mohla e fetohang. Kaha ke oa ka ho sa feleng, Molimo oa ka ho sa feleng o ka nea bahlanka ba oona tšireletso ea sebele. Mopesaleme ea bululetsoeng o boletse hore: “Ba itšepetseng Jehova ba joale ka thaba ea Sione e ke keng ea sisinyeha, e tiileng ka ho sa feleng. Lithaba li teela Jerusalema hare, Jehova o teela sechaba sa hae hare joalo, joale le ka ho sa eeng kae.”—Pes. 125:1, 2.

Ho tšoana le lithaba tse ling, thaba ea Sione ea sebele e eme e tiile, e sireletsehile. Ba beang tšepo ea bona e feletseng ho Jehova Molimo ba tla theoa joalo ka ho tiileng. Ea Holimo-limo ha ho mohla a tla ba lumella hore ba sisinyehe hoo ba ka oang ka mokhoa oo ba ke keng ba hlola ba tsoha. O sirelelitse batho ba hae, a ba kopile joaloka lithaba le lithota ha li kopetse Jerusalema.

Le Hoja Jehova Molimo a ka lumella batho ba hae hore ba be mahlomoleng, a ke ke a lumella boemo hore bo fihle moo tšepo e seng e se teng. Mopesaleme o boletse ho kholiseha ka tsela ena: “Hobane lere la bolotsana le ke ke la lula kabelong ea ba lokileng, e se re mohlomong ba lokileng ba otlollela bokhopo matsoho a bona.” (Pes. 125:3) Ho bonahalang eka ke tlhōlo ea ba khopo le puso ea bona li tla fela. Puso e hatellang e ke ke ea lelefala ho isa moo batho ba lokileng ba tlang ho thumakana tlas’a boima ’me, ka ho tsieleha, ba retelehela litseleng tse sa lokelang hore ba fumane phomolo kapa hona ho furalla ’Mōpi, ba fetoha ba khopo ka bobona.—Bapisa Moeklesia 7:7.

Ka baka leo, re ka lebella hore ka mehla Jehova Molimo a arabele lipolelo tse etsoang ka thapelo tsa mopesaleme: “Jehova, etsa molemo ho batho ba molemo le ho ba pelo tse lokileng! Ha e le ba khelohang, ba eang ka litsela tse tsoelikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokhopo! Khotso e be ho Iseraele!”—Pes. 125:4, 5.

Bohle ba tsoelang pele tseleng ea ho loka ba tla fumana molemo lipontšong tse ngata-ngata tsa molemo oa Jehova. Empa ba furallang ho tsamaeeng tseleng e amohelehang ho Molimo ba tla timela le ba khopo. Bao e leng bahlanka ba Molimo kannete ke bona feela ba tla thabela khotso le tšireletso.

Kahoo, ha re mamella boima bo boholo kapa bothata, le ka mohla re se fifalloe ke pono ea ’nete ea hore Jehova Molimo ke oona mohloli feela oa rōna oa tšireletso e tšepahalang. Ho itšetleha ha rōna ho tšepahalang ka eena ha ho mohla ho tla isa masoabing. Leha re ka shoa, a ka re khutlisetsa bophelong le ho re nea khotso e sa feleng.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela