Balebeli—Le be Mehlala e Metle ho “Mohlape”
“E be uena u etsetsang balumeli mehlala ea lipolelo, ea metsamao, ea lerato, ea tumelo le ea hloeko.”—1 Tim. 4:12.
1. Ke hobane’ng ha re ka lebella balebeli ba Bakreste hore ba bee mohlala o motle?
HO akarelletsoa ho hongata ho sebeletseng joaloka molebeli ka phuthehong ea Bokreste. ’Nete ena e hlokomeloa ke banna ba baloang ka likete ba ineetseng ba moea ba tšepetsoeng tokelo ena kajeno. Kaha batho bohle ba ka phuthehong ke baena le likhaitseli ba Bakreste, baholo ba khethiloeng ba tseba hore boikarabelo ba bona ha bo ba etse ba molemo ho feta barapeli ba bang ba Jehova. (Matt. 23:8-12) Leha ho le joalo, ka baka la boikarabelo ba bona le litlhokahalo tsa Mangolo tseo ba tlamehang ho li khahlanyetsa, ho lebelletsoe ho holoanyane ho bona. Ho joalokaha Jesu a itse: “E mong le e mong ea neiloeng haholo, ho tla batloa haholo ho eena; ’me ea laelelitsoeng haholo, ho tla botsoa haholo ho eena.” (Luka 12:48) “Mohlape” o angoa haholo ke seo balisa bana ba tlase ba se buang le ho se etsa. Ka baka leo, ho lebeletsoe hore banna bana ba bee mohlala o motle bakeng sa ba bang.
2. Ke ka litsela life tse khethehileng Pauluse a khothallelitseng Timothea ho ba mohlala?
2 Taba ena ea ho ba mohlala o motle e-ea itlhalosa. Ke e ’ngoe ea litaelo tse tobileng tsa keletso e fumanoang lengolong la pele la Pauluse le eang ho molebeli Timothea. Pauluse o ne a nahanela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me o ne a batla hore Timothea le eena a be joalo. Kaha Timothea o ne a le monyenyane lilemong, ba bang ba ne ba ka ’na ba mo tella. Ntle ho pelaelo Pauluse o ne a hopotse sona sena ha a ngola hore: “Ho se ke ha e-ba ea nyatsang bocha ba hao; empa e be uena u etsetsang balumeli mehlala ea lipolelo, ea metsamao, ea lerato, ea tumelo, le ea hloeko. U ineele ho bala, le ho khothatsa, le ho ruta, ke be ke fihle. Hape, u se ke ua lebala mpho e ho uena, eo u e filoeng ka boprofeta hammoho le peo ea matsoho a baholo.” (1 Tim. 4:12-14) Ho ne ho ke ke ha e-ba lebaka le utloahalang hore ba bang ba telle Timothea haeba a tsoela pele ho phehella tsela e beang mohlala ea bophelo ba Bokreste.
3. Balebeli ba lokela ho hlahloba eng, hona hobane’ng?
3 Ho tšoana le Timothea, balebeli ba har’a batho ba Jehova kajeno ba lokela ho hlahloba tsela eo ba phelang ka eona. Le hoja puisano ea rōna ka ho khethehileng e ama balebeli, bahlanka ba sebeletsang le banna ba sebeletsang boikarabelo bo boholoanyane ba phutheho, Bakreste kaofela ka hloko ba nahane hore na ho ameha eng ho sebeletseng joaloka mohlala oa “mohlape.” (2 Ba-Kor. 13:5) Empa joale rea botsa: “Baholo, na le hlile le bea mohlala o motle?” Balumeli hammoho le lōna ba le shebile ha ba ntse ba hopotse mantsoe ana a tlalehiloeng ho Ba-Heberu 13:7: “Hopolang balisa ba lōna ba le boleletseng lentsoe la Molimo, ’me le etsise tumelo ea bona, le ntse le lemoha qetello ea ho phela ha bona.” E, baholo, Bakreste hammoho le lōna ba batla ho ipaka ba tšepahala ho Jehova. Hore ba etse hona ha ba hloke keletso e theiloeng Mangolong feela le mantsoe a matšeliso empa mohlala o khothatsang oa lōna. Ba tla etsisa mohlala oa lōna ha ba lemoha boitšoaro ba lōna bo nepahetseng le hore na phello ea bona ke efe.
4. (a) 1 Timothea 3:1 le Mattheu 20:26, 27 e hatisa se amehang ho sebeletseng u le molebeli oa Mokreste joang? (b) Ho phethahatsa boikarabelo ba hae ho hloka moholo eng? (c) Ho ea ka 1 Ba-Thessalonika 5:12, 13, baena ba lokela ho hlompha bo-mang, ’me ba ka ho bontša joang?
4 Hona ha ho bolele hore, joaloka moholo ea khethiloeng, ntle ho lona ha ho letho le ka etsoang. Le hanyenyane. Empa le na le “mosebetsi o motle” ho sebeletseng baena ba lōna le likhaitseli moeeng. (1 Tim. 3:1) Ba lōna boemo hase ba hoo ho ka thoeng ke ‘boholo’ bo tlisoang ke boiteko ba lona. (Matt. 20:26, 27) E, le na le litokelo tse ngatanyana le boikarabelo. Empa ho phethahatsa tsena ka tšoanelo ho tla le hloka hore le sebeletse Jehova, Jesu Kreste le balumeli hammoho le lōna ka boikokobetso. (Ba-Roma 12:11; Ba-Gal. 5:13; Ba-Kol. 3:23, 24) Ka sebele, le tlameha ho sebetsa ka thata, le lebele, le khothatse le ho etsa lintho tse ling lebitsong la baena le likhaitseli tsa lōna tumelong. Ba hlokomela hore le khethiloe; empa ke mosebetsi o boima oo le o etsang, hammoho le mohlala oa lōna tse ba susumelletsang ho arabela ka ho le tšehetsa boitekong ba lōna. Hlompho e joalo e loketse ’me e tumellanong le mantsoe a moapostola Pauluse. “Rea le rapela, baneb’eso, re re: Le ke le hlomphe ba sebetsang har’a lōna, ba le busang Moreneng, ba le khothatsang. Le ba hlompe haholo-holo ka lerato, ka baka la tšebetso ea bona.”—1 Ba-Thess. 5:12, 13.
Mehlala e Metle ‘Lipolelong’
5. Ke maemong afe a sa tšoaneng moo balebeli ba lokelang ho ba mohlala o motle ‘lipolelong,’ ’me hona ke habohlokoa hobane’ng?
5 Ha ho pelaelo ka hore hoa hlokahala hore balebeli e be mehlala e metle ‘lipolelong.’ Ka sebele, hona ke ntho eo e lokelang hore e be ’nete malapeng a bona. Hape, e tlameha ho bonahala ha ba bua le batho ka bomong ba ka phuthehong kapa ha ba bua pontšeng, haesita leha ba paka ka ntlo le ntlo motseng. Litlhaloso tsa molebeli li ka susumetsa ba bang ho feta kamoo eena a hlokomelang. Kahoo seo a se buang kamehla se theoe kapa se laoloe ke metheo ea Lentsoe la Molimo.
6. Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho ikalosa menahanong e mebe ’me ‘ba bue lintho tse molemo’?
6 Hore puo e hahe, pelo e tlameha ho tlatsoa ka lintho tse molemo tsa Lentsoe la Molimo. Joale molomo o tla ‘bua lintho tse molemo,’ o bolele lipolelo tse tšoanelelehang moeeng le tse hahang. (Matt. 12:34) Molebeli a ikalose hore a se lumelle menahano e fosahetseng kapa maikutlo li mele kelellong kapa pelong ea hae, kaha hona qetellong ho tla iponahatsa lipolelong tsa hae ’me ho be kotsi ho ba bang. E bontša hore na ho ka qojoa eng le hore na ke lipuo tsa mofuta ofe tse ka mamelehang, Bibele ea eletsa: “Ho se be puo e mpe e tsoang melomong ea lōna, empa e ntle le e thusang boemong feela, e le hore e tlisetse ba e mametseng tlhohonolofatso.”—Ba-Ef. 4:29, The New English Bible.
7. Ke hobane’ng ha balebeli ba Bakreste ba lokela ho ikhula ho jaleng maikutlo kapa likhopolo tsa botho ho hang?
7 Ho ba mohlala lipolelong, balisa ba tlase ba Bakreste ba se ke ba “tlolisa se ngoliloeng.” (1 Ba-Kor. 4:6) Le haeba ke litabeng tsa thuto, boitšoaro kapa tsamaiso ea Bokreste, molebeli o lokela ho “ruta lentsoe.” (2 Tim. 4:2) Haeba a ne a ka kenyelletsa maikutlo a botho ho hang kapa a jale likhopolo tse hananang le thuto e fumanoang ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” hona ho ne ho tla baka pherekano. Ho e-na le ho iketelletsa pele ka boikhohomoso ka tsela e ka ’nang ea isa tlontlollong, ke hobane’ng ha a sa emele Jehova le phutheho ea hae? (Liprov. 11:2) Mohlomong ho tla etsoa tlhaloso e eang pele kapa tlhakiso ka taba eo hamorao. Kapa, ka thapelo le boithuto bo masene ba Lentsoe la Molimo ka thuso ea libuka tsa Watch Tower, moholo a ka fumana hore o ne a fositse ’me a thabela hore ha a ka a jala maikutlo a hae a fosahetseng.
8. (a) Ke hobane’ng ho ka qojoa ho loana ka mantsoe le ho phea likhang? (2 Tim. 2:14-19) (b) Ha motho a botsa potso ’me a hloka thuso ea moea, thuso e ka fanoa joang?
8 Pauluse o bolelletse Timothea hore a laele ba bang “ba se ke ba etsa khang ka litaba; khang tseo ha li thuse letho, empa li senya ba li utloang.” Moapostola joale a bua ka liphello tse kotsi tsa lipolelo tse entsoeng ke batho ba khelohileng ’nete. Ha ho letho le ka fumanoang ’me ho bonahala ho lahleha ho hongata moeeng ka ho phea khang ka mantsoe kapa ho ameha ka likhang le ba hanang thuto e phelisang. (2 Tim. 2:14-19; Tite 1:7-9) Hona ha ho bolele hore motho ka tieo a ke ke a hlahisa potso ka taba eo a sa e utloisiseng. Leha ho le joalo, ho tsitlella maikutlong a mang ho ka ’na ha baka pherekano e sa hlokahaleng. Koana, haeba batho ba bang ba hloka thuso ea moea, ho teng tsela e nepahetseng ea ho ruta, ’me eo ke ka “mosa.”—2 Tim. 2:23-26.
9. Ho ruta hamolemo, ho hlokoa eng ho balebeli?
9 Balebeli ba lokela ho ‘sebetsa ka thata polelong le thutong,’ e seng feela ha ba fihla ho ba kantle empa ho haheng phutheho moeeng. (1 Tim. 5:17) Ho nka nako le boiteko ho lokisetsa lipuo tsa Bibele le likarolo tsa liboka tse khathollang, tse laeang le tse sebetsang moeeng. Ka ho ithuta Mangolo ka mehla le ka ho sebelisa libuka tsa Mokhatlo oa Watch Tower, likemiso tsa lipuo le lintho tse ling tse tsoang ho “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” libui le baruti ba ka hōlisa lintlha tse ntle tse tla ba nolofaletsa ho fetisa thuto e phelisang. ’Me ka ho ba mohlala lipolelong, balebeli ba bontša hore ba itšebelisa ka tsela e nepahetseng.
Ho Boloka “Metsamao” e Metle ka Mehla
10, 11. (a) Kamano ke efe pakeng tsa motsamao le bohlale ba leholimo? (b) Ho etsahala joang ha ho bontšoa bohlale bo tsoang holimo, ha ho bapisoa le maemo ao ho oona ho bontšoang litšobotsi tseo e seng tsa bomolimo?
10 Balebeli ba phutheho hape e lokela ho ba mehlala ‘metsamaong.’ Ho atleha ho boloka metsamao e metle, ba hloka bohlale ba leholimo le kutloisiso. Morutuoa Jakobo o hatisa ntlha ena, a re: “O kae har’a lōna ea hlalefileng, ea rutehileng? A ke a bonahatse ka motsamao oa hae o motle mesebetsi ea hae ka mosa o tsoaloang ke bohlale. Empa ha ekaba le e-na le mona o bohloko le khang ka lipelong tsa lōna, le se ke la ithorisa, ’me le se ke la etsa leshano, ka ho siteloa ’nete. Bohlale boo hase bo tsoang holimo, empa ke ba lefatše, ba nama, ba bademona. Hobane moo mona le khang li leng teng, ke moo ho leng mofere-fere le mesebetsi eohle e mebe.”—Jak. 3:13-16; 1 Pet. 2:12.
11 Likamano le baholo ba bang hammoho le litho tse ling tsa phutheho li matlafatsoa ke motsamao o motle o bontšang bohlale ba leholimo. (Jak. 3:17, 18) Ka lehlakoreng le leng, likhang, mōna, boithoriso le litšobotsi tse ling tsa lefatše, tsa bophoofolo le tsa bodemona le liketso li liha likamano tse joalo. Litšobotsi tsena tse mpe ha li na sebaka har’a batho ba Molimo. Ho etsa ka tsela ea boikhabi ho latola boipolelo leha e le bofe ba lerato le kang la Kreste. Kahoo, motsamao o motle o biletsa hore re se ke ra “etsa letho ka khang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.” (Ba-Fil. 2:3) Motsamao o joalo kannete ke mohlala ka hore o bontša khopolo e kang e ileng ea bontšoa ke Kreste Jesu.—Ba-Fil. 2:5-8.
12. (a) Litho tse tšehali tsa phutheho li lokela ho talingoa joang le ho tšoaroa? (b) Balebeli ba hlokoa ho etsa joang ka ho tlōloa ha melao ea Molimo ea boitšoaro? (c) Mabapi le litaba tsa boahloli, lekunutu le bea boikarabelo bofe ho baholo?
12 Ho bea mohlala o motle, balebeli le baena ba bang ba ikarabellang ba tlameha hore kamehla ba tsamaee ka ho itlhokomela ho batho ba batšehali. Ba tlameha ho khalemela ‘ea hōlileng . . . joale ka hoja ke ’m’ae, ba bacha joale ka hoja ke bo-khaitseli ba bona ka hloeko eohle.’ (1 Tim. 5:1, 2) Phalimeho ea ka mehla e-ea hlokahala e le hore ho ka ikalosoa ‘ho khoehleng’ mabapi le ho khomarela melaong e phahameng ea boitšoaro ea Molimo. Haeba ho le teng bopaki bo tiileng hore ho na le ba lekang ho silafatsa ba bang boitšoarong, balebeli ba tlameha ho nka bohato bo potlakileng ho boloka phutheho e hloekile, ba tseba hore Jehova ‘o tla ahlola ba etsang lintho tse joalo.’ (1 Ba-Thess. 4:3-8) Hape, balisa ba tlase ba khethiloeng ba tlameha ho ikhula ho bueng pontšeng ka litaba tsa boahloli tse amang ba ileng ba tlōla metheo e lokileng ea Molimo. Lekunutu le tlameha ho bolokoa. Phutheho e ka lebelloa feela hore e be le tšepo e feletseng ho baholo ba lebelang ka tšoaneleho le bao motsamao oa bona oa botho ka mehla o sa tliseng thohako.
Mehlala ‘leratong’
13. Ho hlokahala moea ofe haeba balebeli ba tla atleha ho bea mohlala o motle, joalo hobane’ng?
13 Balebeli ba ke ke ba atleha kannete ho ba ‘mehlala ho balumeli’ ntle leha ba bontša moea oa lerato. Kamor’a ho hopotsa Timothea ‘ho tsosa mpho ea Molimo e ho eena,’ Pauluse o itse: “Hobane Molimo ha oa ka oa re nea moea o boi, empa e le oa matla, le oa lerato, le oa kelello.” (2 Tim. 1:6, 7) Re tseba liphello tse molemo tse hlahang bophelong ba rōna ka baka la hore Molimo o re bontše tšoaneleho ena ea lerato. Ha balebeli e le mehlala e metle e bontšang tholoana ea moea ea lerato, hona, ho feta leha e le eng hape, ho bontša hore na ba ikutloa joang ka barapeli hammoho le bona ba Jehova. Lerato le na le matla a hohelang, le re susumelletsa hore re batle keletso le thuso ea balisa ba lerato ba tlase. Re ananela mofuthu oa thahasello ea bona le takatso ea bona e tiileng ea ho re thusa ho tsoeleng pele moeeng.
14. Balebeli ba nyetseng ba na le menyetla efe ho bontša hore ‘ba rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona,’ ’me hona ho nolofaletsa basali ba bona ho etsa joang?
14 Hore ba tsoele pele e le banna ba moea, balebeli ba leka ho ‘etsa hore litaba tsohle tsa bona li etsoe ka lerato.’ (1 Ba-Kor. 16:13, 14) Haeba ba nyetse, banna bana ba lokela ho ‘rata basali ba bona joalo ka ’mele ea bona,’ eo ba e fepang le ho e baballa. (Ba-Ef. 5:28, 29) Balebeli ba ananela kamoo ’mele ea bona e hlokang tlhokomelo ea tsatsi le leng le le leng. Ho joalo, le basali ba bona ba hloka tlhokomelo le paballo ea kamehla ea moea e tla ba nolofaletsa ho phethahatsa likarolo tsa bona tsa ho tšehetsa tsa bosali ka tsela e ‘tšoanelehang Moreneng.’ (Ba-Kol. 3:18, 19) Ho buisana ka temana ea letsatsi ka Yearbook of Jehovah’s Witnesses, ho hlahloba taba e tsoang libukeng tsa Mokhatlo, ho lokisetsa liboka tsa Bokreste le ho falimehela linako tsa ho rapela hammoho—tsohle ke lipontšo tsa lerato le joalo. Hape, kamoo monyetla o ka itlhahisang, baholo ba lokela ho thusa basali ba bona ka litsela tse ling. Hona le ho hōlisoa ha bana ka tšoanelo bao mohlomong banyalani ba ka bang le bona ho fana ka bopaki ba hore monna o lebela ntlo ea hae hantle ’me kahoo o finyella e ’ngoe ea litlhokahalo tsa Mangolo bakeng sa balebeli.—1 Tim. 3:4, 5; 5:8.
15. Molebeli a ka bontša joang hore a ka ‘lisa kereke ea Molimo’ le hore o na le lerato?
15 Ka sebele, molebeli ea bolokang tokisetso e ntle ea lelapa o bontša hore a ka “lisa kereke ea Molimo.” (1 Tim. 3:5) Ha a phethahatsa boikarabelo ba phutheho, moholo o ba le thahasello e masene ho ba amanang le eena tumelong. (Ba-Gal. 6:9, 10) Baholo ba lokisetsa le ho tsamaisa liboka tsa phutheho, ba etela ba kulang le ba bang ba hlokang, ’me kamehla ba kopanela pontšeng ho boleleng ‘litaba tse molemo.’ Hona hohle ke mohlala oa lerato bakeng sa Molimo, “linku” tse kalosong ea bona le bakeng sa bao baholo ba ba bolellang molaetsa oa ’Muso.
16. Ke eng se khannileng Pauluse ho sebetsa lithahasellong tse molemo haholo tsa phutheho ea Korinthe, ’me na boikutlo bo joalo boa fumaneha har’a balebeli ba Bakreste kajeno?
16 Ho na le linako tseo ka tsona balebeli ba ho fumanang ho hlokahala ho fana ka keletso e tobileng kapa ho nka bohato ba khalemelo. Takatso ea bona ke ho thusa batho ka bomong le ho sireletsa phutheho. Ho sena, baholo ba etsisa moapostola Pauluse. A susumetsoa ke lerato, moapostola a sebetsa ka lithahasello tse molemo haholo tsa phutheho ea Korinthe, le hoja hona ho ile ha mo imela haholo. A ngola: “Hobane nkile ka le ngolla ke hlomohile haholo, ka pelo e tsietsoeng, le ka meokho e mengata; ’me e ne e se ho le soabisa, empa e ne e le hore le tle le tsebe lerato le tlōlisang leo ke le ratang ka lona.” (2 Ba-Kor. 2:4) Le hoja batho ba bang phuthehong eo ba ne ba sa ananele ka botlalo boiteko bo sa khathaleng le boo e seng ba boikhabi ba Pauluse, o ne a utloisisa ho itšebelisa le ho ea pele lebitsong la bona, hobane o itse: “Ha e le ’na, nke ke ka khanana ho ntšetsa le ho ntšetsoa meea ea lōna; leha ke ratoa hanyenyane, ke ntse ke le rata haholo.” (2 Ba-Kor. 12:15) Ho tšoana le Pauluse, balebeli ba bangata ba etsa ka matla ka pelo eohle. Ba etsa joalo ka baka la ho rata baena ba bona, kahoo ba bea mohlala o babatsehang.
17. Mehlala e metle ea balebeli ba bangata e bile le phello efe phuthehong ea batho ba Molimo, ho fana ka motheo oa boikutlo bofe ka lehlakoreng la balisa ba tlase ba tšepahalang?
17 Ho bonolo ho supa balebeli ba bangata bao ka lilemo ba hlileng ba itšebelisa ho sebeletsa Jehova le ho hlokomela se hlokoang ke baena ba bona ba moea le likhaitseli. Mohlala o fanoeng ke banna bana o phahamisitse moea oa lerato ka phuthehong eohle ea batho ba Molimo. Tšepo ea rōna e tiisitsoe ke mehlala e joalo ho aloseng “mohlape” matsatsing ana a liteko. Ka baka la ho ba le lerato la ’nete le kameho bakeng sa “mohlape” balisa bana ba tlase ba na le lebaka la ho itlhalosa joaloka Pauluse, ea ileng a ngola hore: “Morena a le hōlise, ’me a le atisetse lerato la ho ratana, le la ho rata bohle, joale ka ha re le rata le rōna, a tle a tiise lipelo tsa lōna; li hloke sekoli khalalelong, pel’a Molimo, Ntat’a rōna, ho tleng ha Morena oa rōna Jesu Kreste hammoho le bahalaleli ba hae bohle.”—1 Ba-Thess. 3:12, 13.
Ho Bontša Tumelo ho Matlafatsa Balumeli ba Bang
18. Ke mesebetsi efe eo balebeli ba lokelang ho e supa e le bopaki ba hore ba na le tumelo ea ’nete?
18 Ho sa tsotellehe boipolelo bo phahameng ba balumeli ba bangata kajeno, “tumelo hase ea bohle.” (2 Ba-Thess. 3:2) Leha ho le joalo, e tlameha ho ba ea rōna haeba re tla khahlisa Molimo. (Ba-Heb. 11:6) Le hona mona, balebeli ba Bakreste e tlameha ho ba mohlala ho bohle—‘tumelong.’ Ho feta moo, ba tlameha ho ba le liketso kapa mesebetsi ho paka boteng ba tumelo ea bona ea ’nete. (Jak. 2:14-26) Har’a lintho tse ling, mesebetsi ena e akarelletsa liketso tse joaloka ho tšelisa ba kulang har’a balumeli ba bang, ho thusa ba hlokang har’a bona le ho kopanela ka mehla ho boleleng ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’—Matt. 24:14, NW; bapisa Mattheu 25:34-40.
19. Ke hobane’ng ha tumelo e hlokahala, ’me e nolofaletsa ba bangata ho etsa joang?
19 Ke habohlokoa hore Pauluse ka ho ipheta o hatisitse hore ‘ea lokileng o tla phela ke tumelo ea hae.’ (Ba-Roma 1:17; Ba-Gal. 3:11; Ba-Heb. 10:38) Tumelo ha e re hlomelle feela ka pono ea se tlang empa e re susumetsa hore re etse lintho. Ka mohlala, ho hlokahala tumelo hore motho a ngolise e le pulamaliboho ea thusang kapa oa kamehla ’me joale a sebeletse e le ’moleli oa kamehla oa ‘litaba tse molemo.’ (Mar. 13:10) Ho sa tsotellehe boikarabelo ba lelapa le litšoanelo tse ling, balebeli ba bangata le bahlanka ba sebeletsang ba lokisetsa ho kopanela tšebetsong ena. Ba bangata ba lokisa tšebetso ea bona le litaba tse ling e le hore ba ka fana ka tlhokomelo e eketsehileng boikarabelong ba phutheho. ’Me ho hlokahala tumelo ea ’nete ha u nka karolo e tobileng ho boleleng ‘litaba tse molemo,’ ho phethahatsa likabelo likopanong tsa Bokreste, ho haha Liholo tsa ’Muso kapa ho kopanela mesebetsing e sa tšoaneng ea letsatsi le letsatsi ea puso ea leholimo. Ka sebele, ho hlokahala tumelo bakeng sa balebeli le batho bohle ba Jehova ho lumela, ho phela, ho sebetsa le ho rapela tumellanong le Lentsoe la Molimo.
20. (a) Tumelo e nka karolo efe ho emeng ka tieo khahlanong le Diabolose? (b) Balebeli ka ho khethehileng ba ka thusa balumeli hammoho le bona joang ho hlōla liteko tsa tumelo ea bona?
20 Ho hlokahala tumelo hape ho emellana le mathata le ho hlōla liteko tsa tumelo. Kamor’a hore Petrose a khothatse banna ba hōlileng hore e be mehlala ea “mohlape,” a lemosa: “Le tsohe masene, le falimehe, hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang. Hanang ho eena ka ho tiea tumelong, le ntse le tseba hobane lihloreho li le ling le tsena li ntse li hlahela banab’abo lōna ba lefatšeng.” (1 Pet. 5:8, 9) Balebeli ka linako tsohle ba falimehele mekhoa ea Diabolose le methinya eo a e sebelisang ho khelosa, ho pitla kapa ho senya bahlanka ba Molimo. Ho se be mohla Bakreste ba itumellang hore ba koieetsoe ka boikhotsofatso ka boemo boo ba talimaneng le bona, ’me balisa ba tlase ba khethiloeng ba “mohlape” ba falimehe ka ho khethehileng. Linaheng tse ngata, phihlelo e bontša hore ha mathata le liteko li oela Lipaki tsa Jehova, balebeli ke bona ba bang ka pele ntoeng. Ka ho itšetleha ka Molimo, baholo bana ba thusa balumeli hammoho le bona ka litsela tse sa tšoaneng, ba hanela Sera, ba rapela ka tieo ’me ba sebelisa thebe e khōlō ea tumelo le lihlomo tse ling tsa moea.—Ba-Ef. 6:10-18.
21. Balebeli, ka ho ba mehlala tumelong ka bobona, ba thusa “mohlape” hore o etse joang kamoo tumelo le tšepo li amehang?
21 Balebeli ba lokela ho thusa “mohlape” hore o tsamaee ka tumelo le ho thabela tšepong e ka pele. Kaha ha ba bonahale, re ke ke ra bona Jehov a Molimo le mora oa hae sebakeng sa leholimo. Leha ho le joalo, litšebelisano tsa bona le rōna ke tsa sebele. (Ba-Heb. 11:27) Se etsahalang ka baka la ketello pele ea bona se phethahatsong ea se hlileng sa boleloa ke Bibele. Balebeli ba lokela hore ka cheseho ba thuse baena ba bona ba moea le likhaitseli hore ba ananele ’nete ena le bona hore litho tsa “bongata bo boholo” li bokelloa ka bongata haholo. Tlhohonolofatso ea Jehova e mosebetsing o etsoang. (Esa. 60:22; Tšen. 7:9) Re utloa tšireletso ea moea eo a e tšepisitseng. (Pes. 91:1, 2) Litholoana tsa moea o halalelang oa Jehova ho akarelletsa tumelo, li ngata har’a batho ba Molimo kajeno. (Ba-Gal. 5:22, 23; bapisa Ba-Roma 1:8.) Mahlo a rōna a tumelo a bona ho phethahatsoa ho tlang ha likahlolo tsa Jehova. (Tšen. 11:16-18; 16:14, 16) Ha ho fetile ‘mahlomola a maholo’ ho tla qaleha taolo e ncha, ’me lefatše le tla tlisoa boemong ba paradeise. (Matt. 24:21; Luka 23:43; 2 Pet. 3:11-13) Tsoho e tla ba teng. (Joh. 5:28, 29; Lik. 24:15) Lelapa la motho le tla khutlisetsoa likamanong tsa khotso le Molimo, ’me bophelo bo sa feleng e tla ba lefa la ba ipakang ba tšepahala ho feta teko ea ho qetela. (Tšen. 20:7-10) Empa ha re talima nakong e tlang, re ananela mashome a likete a balebeli bao hona joale ba sebeletsang ka tumelo, ka botšepehi e le balisa ba tlase ba etsang ho hongata hakana ho thusa “mohlape” ho thabela tšepo e tlang.—Ba-Roma 12:12.
‘Ka Hloeko’—Mehlala e Tšoanelehang
22. (a) Ke joang ho nahana ka Ba-Filippi 4:8 le Jakobo 3:17 ho ka thusang balebeli ho ba mehlala ea bohloeki? (b) Ha ho buelloa baena bakeng sa boikarabelo ka phuthehong, balebeli ba lokela ho leka ho lula ba hloekile joang?
22 Qetellong, balebeli ba khothatsoa ho ‘ba mohlala ho balumeli ka hloeko.’ Hona ho akarelletsa ho fetang ho hloeka kelellong le metsamaong ea boitšoaro. Ka ho totobetseng, ba tlameha ho ba hlokolosi hore seo likelello tsa bona li lulang ho sona se hloekile. (Ba-Fil. 4:8; Jak. 3:17) Empa, hore ba lule ba hloekile, balebeli ba tlameha ho ba le kahlolo e ntle ha ba nahana ka baena bakeng sa boikarabelo ka phuthehong. Litšoaneleho tsa bona li lekanngoe ka hloko leseling la se hlokoang ke Mangolo. Le kamohla lerato la khethollo le se bontšoe ho metsoalle kapa seng. Haeba ho belaeloa ka metsamao ea boitšoaro ea motho, lumellang nako le mabaka ho tlosa lipelaelo tse joalo. Hona ho tla ba tumellanong le keletso e utloahalang e fumanoang ho 1 Timothea 5:22: “U se ke ua phaka ua bea motho matsoho; hape, u se ke ua kena libeng tsa ba bang. U ipoloke, u be mohloeki.”
23. Ke eng se tla thusa balebeli ho ipoloka ba hloekile ha ba sebetsa linyeoe?
23 Balebeli ba boetse ba qoba ho kopanela libeng tsa ba bang ka ho sebetsa litaba tsa boahloli ka tšoanelo. Ha ba sebetsana le liphoso, baholo ba be mohau ha maemo a hloka mohau, empa ba se ke ba khothalletsa kapa ba nka sebe ka bobebe. (Liprov. 28:13; Jak. 2:13; bapisa Juda 3-15, 22, 23.) Baholo ba khethiloeng ba be hlokolosi e le hore ba se ke ba sothoa ke ho ea ka tšobotsi, lerato kapa boikutlo ba botho ha ba mamela bopaki ba bafosi kapa ba ba bang. Ka ho lumella metheo ea Bibele e laole liqeto leha e le life tseo ba li etsang linyeoeng tse joalo, balisa ba tlase ba tšepahalang ba tla ipoloka ba hloekile.
24. Ke eng se tla nolofaletsa balebeli ho itlhalosa joaloka Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 11:1?
24 Ka ho ba mehlala ka litsela tsena, balebeli bohle ba tšépahalang ba Bakreste ka letsoalo le letle ba ka bua joaloka Pauluse hore: “Le be baetsisi ba ka, joale ka ha le ’na ke le oa Kreste.” (1 Ba-Kor. 11:1) Le hoja a ne a hlokomela mefokolo ea hae ea botho, moapostola o ne a ka bua ka tšepo hore e bile molateli oa Kreste. Ho joalo ke ’nete ka balebeli kajeno ba lekang ho finyella se hlokoang ke Molimo.
Phutheho e Khothalletsoa ho Bolela Lentsoe ka Sebete
25. Ho etsisa mohlala o motle o beiloeng ke balebeli ba Bakreste ho ka hlahisa liphello life ka phuthehong ka baka la tlhohonolofatso ea Molimo?
25 Ke liphello life tseo re ka li lebellang ka ho latela mohlala o fanoang ke balisa ba tlase ba tšepahalang ba “mohlape oa Molimo”? E, bohle ka phuthehong ba tla khothalletsoa ho tsoela pele ho bua lentsoe la Molimo ka sebete ha ba ntse ba bolokile motsamao o motle! (Lik. 4:29-31; 1 Pet. 2:12) Tholoana ea lerato ntle ho pelaelo e tla khetholla phutheho e le e entsoeng ka balateli ba ’nete ba Jesu Kreste, ’me hona ho tla hulela ba bang kopanong le batho ba Molimo. (Zak. 8:23; Joh. 13:34, 35) Tumelo e sebetsang e tla bontšoa ho etsoeng ha mesebetsi e metle joalo e kang ho bolela ‘litaba tse molemo,’ ho etsa barutuoa le ho phehella litsela tsa borapeli. (Matt. 24:14; 28:19, 20) Ka bohloeki bo busa bophelong ba bohle ba batlang ho amoheloa ke Molimo, phutheho eohle e tla bolokoa e hloekile. E se eka re ka sebeletsa Jehova hammoho ka botšepehi, ka kananelo ea mahlohonolo ao re a thabelang re le batho ba Molimo. ’Me eka Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo a ka ’na a hlohonolofatsa boiteko ba rōna bo kopaneng ha re sebetsa le balebeli ba Bakreste bao e leng mehlala e metle ea “mohlape.”