Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 3/1 maq. 5-7
  • Tšireletseho Hona Joale le ka ho sa Feleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšireletseho Hona Joale le ka ho sa Feleng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khetholloa Tšireletseho ea ’Nete
  • Re ka Tiisetsoa Tšireletso Joang?
  • Tšireletseho ea ’Nete—Hona Joale le ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Telekiso ea Tšireletseho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Tšireletseho Lefatšeng ka Bophara—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Khotso ea ’Nete le Tšireletseho li Haufi!
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 3/1 maq. 5-7

Tšireletseho Hona Joale le ka ho sa Feleng

’MŌPI oa rōna, ea tsebang bohlokoa ba ntho e ’ngoe le e ’ngoe o bululetse banna hore ba fane ka keletso ena: “Ea itšepisang maruo a hae o tla oa.” “Ha ho morena ea ka hlōlang ka bongata ba makhotla a hae, ha ho mohale ea ka bolokehang ka boholo ba matla a hae.” “Motho a ke ke a tšepa pere ea hae hore e mo pholose, leha e le hore e ka mo pholosa ka matla ’ohle a eona.” (Liprov. 11:28; Pes. 33:16, 17, The New English Bible) Jesu Kreste ka bonnete o boletse hore “bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng.”—Luka 12:15.

Koana, tikolohong e ntseng e senyeha ea bokebekoa, re ka tlameha ho nka mehato eitseng e sebetsang ho sireletsa bophelo ba rōna le matlotlo a rōna. Empa re hlokomele hore, hamolemo, mehato ena ke ea nakoana feela ho hang ha se tšireletseho ea rōna. Hoo re hlileng re ho lakatsang ke tiiso ea hore ha ho maemo leha e le afe a hlahang ka ntle a ka re ntšang kotsi ea ka ho sa feleng. Na ho bonolo ho phela ka tšepo e joalo? Na ho teng mohloli leha e le ofe oa matla le borena o ka etsang hore tsela eo re phelang ka eona e be e sireletsehileng hona joale le ka ho sa feleng? Na re ka phela re sireletsehile leha re tšosoa ke toantšano, tlala kapa ho oa moruong?

Ho Khetholloa Tšireletseho ea ’Nete

Ntho e ka nahanoang ke ena: Ke hobane’ng ha Iseraeleng ea boholo-holo, malapa a ne a ka sia matlo a oona le metse li sa sireletsoa ’me a etele Jerusalema bakeng sa mekete ea bona ea bolumeli le hoja ba ne ba pota-potiloe ke lichaba tsa lira? Ke hobane’ng ha nakong ea ha Jerusalema e ne e sokeloa ka ho thibelloa ke lebotho le matla la Assyria ho seng le lerotholi la mali a Baiseraele le ileng la tšoloha empa leha ho le joalo masole a sera a 185 000 a ile a oa ka bosiu bo le bong? (2 Mar. 19:32-35) Ke joang sechaba sa banna ba neng ba ka ba limillione tse tharo, le basali le bana se neng se ka phela ka lilemo tse 40 “nahathothe eo e kholo, e tšabehang, e nang le linoha tse chesang le liphepheng, naha e omeletseng, e se nang metsi”?—Deut. 8:15.

Jehova Molimo oa bona, ’Mōpi oa lintho tsohle, ke eena ea neng a sireletsa bophelo ba bona. Ha ipaka ho le ka tsela e boleloang ke mopesaleme ea bululetsoeng Davida: “Ke sekama ka khotso, ke be ke ithoballe ka khotso, hobane, Jehova, ke uena u ’notši ea nkahisang boiketlong.”—Pes. 4:8.

Na u na le pelaelo ea hore Jehova Molimo, Ntate oa rōna oa leholimo, a ka re hlokomela lekholong la bo20 la lilemo ka tsela e tšoanang le eo a ileng a hlokomela Baiseraele ka eona morao koo? Ha re re mohlomong mookameli oa banka ea heno a ka re ho uena: “Ha ke batle ha u tšoenyeha ke letho. Mpolelle feela hore na u batla eng ’me ke tla e hlokomela.” Na tšepiso e joalo e ke ke ea u imolla ho ameha ka tšireletseho? Koana, ho ke ke ha etsahala hore mookameli oa banka a fane ka tiiso e joalo. Leha ho le joalo, Jehova Molimo o tiiselitse bahlanka bohle ba tšepahalang ba hae hore o tla hlokomela sohle seo ba se hlokang. (Matt. 6:31-33) Re ka tšepa hona ka ho feletseng hobane Ea Holimo-limo kamehla o phethahatsa lentsoe la hae, joalokaha ho bontšoa ke mehlala ea nakong e fetileng le ea hona joale.—Josh. 21:45.

Morena Salomone ea bohlale a hlokomela bohlokoa bo fokolang ba lintho tse bonahalang ’me a boetse a latsoa kamano e haufi le Jehova Molimo e mo nolofaletsang ho phela a sireletsehile. Salomone a ngola: “Leruo la morui ho eena ke qhobosheane, mahlong a hae ke lerako la setšabelo.” (Liprov. 18:11) Ke ’nete e kaakang—“mahlong a hae”! Morui o nahana hore lintho tsena tsa bohlokoa li tla mo sireletsa ha tlokotsi e fihla. Empa ke hangata hakaakang phihlelo e bontšitseng hore “lerako la setšabelo” le joalo hase la ’nete ’me ha le sireletse ka letho linakong tsa ho oa moruong, thekong e phahamang, ho oeng ha lipolotiki kapa lefung le bolaeang!

Ho Liproverbia 18:10, Salomone o etsa papiso ena: “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.” (Liprov. 18:10) Ha ho tlokotsi ea tekanyo leha e le efe kapa maemo leha e le afe a ka beang mohlanka oa Molimo moo thuso ea Molimo e ke keng ea fihla. Mona, ke hona moo mohloli oa tšireletseho ea sebele o leng teng—kamano ea rōna ea botho le Ntate oa rōna ea lerato.—Pes. 59:16, 17; 62:5-8.

Re ka Tiisetsoa Tšireletso Joang?

Tšepo ena ha e be teng ka bosiu feela. Joaloka sefate se hōlang ho ba matla selemo le selemo, se tiea ha se feta sefefo se seng le se seng, tumelo ea rōna ho Jehova e tiisoa ke ha re bona litsela tsa hae tsa ho loka li sebeletsa ho molemo haholo bophelong ba rōna. Ho ithuta ha rōna tsatsi le leng le le leng Lentsoe la hae, nako eo re e nkang re bolela ‘litaba tse molemo,’ ho mo batla ka mehla thapelong—tsena tsohle li tlatsetsa tlamong ena ea botho.

Esaia o hlalositse tšireletseho eo re e batlang ka mantsoe ana: “Ke eena ea tla aha nqalong tse phahameng, litšabelo tsa hae e tla ba liqhobosheane tse theiloeng mafikeng. O tla fuoa bohobe ba hae, metsi a hae a ke ke a e-psha.” (Esa. 33:16) Leha ho le joalo, tšireletseho ena ke feela ea ba lakatsang ho phela bophelo bo tlatsetsang boiketlong ba ba bang. Esaia a boela a re: “E tla ba ea tsamaeang tseleng ea ho loka, ea bolelang ka ho loka, ea nyatsang maruo a nkiloeng ka matla, ea hlohlorang letsoho la hae le tle le se ke la amohela lineo, ea ithibang litsebe hore a se ke a utloa merero ea ho bolaea, ea tutubalang mahlo hore a se ke a bona bobe.” (Esa. 33:15) Litlhokahalo tsee tsa tšireletso ea Molimo li sebetsa joang mehleng ea kajeno?

“Ea tsamaeang tseleng ea ho loka” ho fana ka maikutlo a ea phehellang melao ea Jehova ea ho loka kapa botšepehi tsatsi le leng le le leng. Mantsoe “ea nyatsang maruo a nkiloeng ka matla” a re hopotsa hore ha rea lokela ho etsisa litsela tsa “rua kapele” tsa lefatše. Holim’a ho se amohele limpho tsa qeko, ho se lumelle khethollo kapa moruo o bonahalang o etse hore kahlolo e khetholle, motho ea lakatsang ho amoheloa ke Jehova o tlameha ho ba motho ea “ithibang litsebe hore a se ke a utloa merero ea ho bolaea, ea tutubalang mahlo hore a se ke a bona bobe.” Libaesekopo, libuka, limakasine tsa lekholo la mashome a mabeli la lilemo li ne li se teng ho moprofeta, empa ea lakatsang botsoalle bo haufi le Jehova o tla qoba boithabiso ba litoantšano le ba boitšoaro bo bobe kajeno.

Ho khomarela ha rōna metheong e nepahetseng ho tlatsetsa ho thabeleng ha rōna tšireletseho. Morena Salomone ea bohlale o akarelitse taba ka mantsoe a seng makae: “Ea tsamaeang ka ho loka o tsamaea ka khotso [tšireletseho].”—Liprov. 10:9, bapisa NW.

Ka linako tse ling, Lipaki tse ling tsa Jehova li ’nile tsa utloa hoo li ho talimileng e le tšireletso ea Molimo. Ka mohlala, nka Moena Z——. O ne a bala Molula-Qhooa ka koloing ea hae ka letsatsi le leng ha motho ka tšohanyetso a mo tlenya ka molala. A rapela Jehova ka tieo. Mohlaseli a sitoa ho sisinyeha, ’me matsoho a hae a khoehla. Moena Z—— a lumisa koloi, a mo salisa hantle ’me a sia monna eo a eme tlekelele ka har’a tsela.

Hape ho na le morumuoa oa Kenya. Batsoali ba hae ba ne ba hanyetsa ka matla ha a qala ho sebeletsa Jehova. Ntat’ae a mo tšosa ka lefu haeba a sa lahle “litšoene tseno tse tšoeu” kamoo a neng a bitsa Lipaki. A batla batho ba lihlopha ba ka mo ntšang kotsi. O re: “Tšireletso ea Jehova ea nthibela hore le ka mohla ke se oele matsohong a bona.”

Kamoo liphihlelo tsena li bontšang, Bakreste ba tlameha ho sebetsana le maemo a thata. Leha ho le joalo, ka tšepo e feletseng ho Jehova, re ka tšepa hore ha ho letho le ka re ntšang kotsi ea ka ho sa feleng. Ntate oa rōna oa leholimo o tšepisitse: “Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla. Ka baka leo re ka re ka tšepo: Morena ke mothusi oa ka, nke ke ka tšoha letho; motho a ka nketsa’ng?”—Ba-Heb. 13:5, 6.

Haufinyane lelapa lohle la motho le tla utloa tlokotsi e tla senya lerako la tšireletso le bonahalang eka le teng le lokiselitsoeng ke maruo, matla a sesole kapa ’muso oa lipolotiki. Ke feela ba tšepileng tse sa bonahaleng, letsoho le matla la Jehova ke bona ba tla pholoha le ho thabela tšireletseho ka ho sa feleng tlas’a puso ea ho loka ea ’muso oa Molimo. (Tšen. 21:1, 4) Ena e ke e be kabelo ea hao e thabileng ka ho hōlisa tlamano e haufi ea botho le Ea Holimo-limo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela