Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 9/15 maq. 16-17
  • Ha u Mong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha u Mong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • O Ile a Shebella ’me a Leta
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Na U Tla Tšepahala Joaloka Elia?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 9/15 maq. 16-17

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Ha u Mong

NA U se u kile ua nyahamisoa ke ho lumela hore ha ho ea tšoanang le uena ka maikutlo? Na ho bile thata ho uena ho ema u tiile bakeng sa seo u hopolang hore se nepahetse ha ba bang bohle ba u hanyetsa? Na u ile ua ikutloa u le mong?

Moprofeta oa Moheberu Elia o bile le phihlelo e joalo kamor’a ho bona pontšo e hlollang ea matla a bomolimo. Ha ho arabeloa thapelo ea hae, mollo oa theoha leholimong ’me oa chesa nyehelo ea hae e tšetsoeng ka metsi le aletare. Hona ea e-ba bopaki ho bohle ba shebelletseng, ho akarelletsa Morena Akabe hore kannete Jehova ke Molimo oa ’nete, ha Baale a sitiloe ho arabela boipiletso ba baprofeta ba hae ba 450. Ka taelo ea Elia, baprofeta bana ba bolaoa. Thapelo e ’ngoe ea hae ea arabeloa ha pula e ngata e emisa komello e telele.—1 Mar. 18:21-45.

Ka moea oa Molimo o le ho eena, Elia a matha ka pel’a koloi ea Akabe, a fihla Jizriele pele ho morena. Ha Mofumahali Jezebele a utloa ka monna oa hae hore na Elia o entse’ng ka baprofeta ba Baale, a ntša lentsoe lena: “Melimo e nketse ka hore le ka hore, ha ke sa etse hosasa, ha ho le joale, ka ho phela ha hao, joale ka ha u entse ka ho phela ha e mong le e mong oa bona.”—1 Mar. 18:46–19:2.

Ke ho tšaba, Elia a baleha le mohlanka oa hae. A mo tlohela Beer-Sheba, moprofeta a tsoela pele palehong ea hae, qetellong a fihla Horebe Hloahloeng ea Sinai. A kena lehaheng moo ho hlola bosiu, ’me Jehova Molimo a mo botsa potso ena: “U etsa’ng moo, Elia?” A nyahame, a arabela: “Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba helelitse lialetare tsa hao, ba bolaile baprofeta ba hao ka lerumo, ke bile ke setse ke ’notši; ’me le ’na ba mpatla, ba tle ba mpolaee.”—1 Mar. 19:3-10.

Empa na kannete Elia o ne a sebeletsa Jehova a le mong? Che. A sa tsebe, masala a Baiseraele ba tšepahalang, a ne a le teng. Lentsoe la Jehova la re ho eena: “Ke tla siea ba-lseraele ba kete tse supileng, bohle bao mangole a bona a sa kang a khumamela Baale, le melomo eohle ea bona e sa kang ea mo aka.” (1 Mar. 19:18) Elia o ne a boetse a se mong ka tsela e ’ngoe hape. O ne a tšehelitsoe ke Jehova Molimo le lekhotla la mangeloi a matla.—Bapisa 2 Marena 6:15-17.

Kahoo, ha re ikutloa re le bang, ke hantle ha re hopola hore ho na le ba bangata ba mamelletseng ka botšepehi tlas’a liteko tse joalo le hore re tlas’a kaloso e seli ea batho ba matla ba moea. Re ka tebisa pelong khothatso ea Bibele: “Lihloreho li le ling le tsena li ntse li hlahela banab’abo lōna ba lefatšeng.” (1 Pet. 5:9) “Lengeloi la Jehova le lara pel’a ba mo tšabang, lea ba boloka.”—Pes. 34:7.

[’Mapa o leqepheng la 17]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

THABA EA KARMELE

c. 32 km

JIZRIELE

c. 136 km

BEERESEBA

c. 320 km

HOREBE

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela