Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 9/15 maq. 13-15
  • “Ba Babeli ba Feta a le Mong”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba Babeli ba Feta a le Mong”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HA HO BOLELOA ‘LITABA TSE MOLEMO’
  • SE KA LEBELLA HO HONGATA HAHOLO
  • FUMANA MOLEMO KA MEHLALA EA BIBELE
  • Barnabase—“Mora oa Matšeliso”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • “O Ile a Khothatsa Batho ba Bang”
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • “Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • “A Matlafatsa Liphutheho”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 9/15 maq. 13-15

“Ba Babeli ba Feta a le Mong”

HORE re thabe, ho hlokahala hore re ikutloe hore rea ananeloa e bile rea batloa—e, rea ratoa. ’Me ho ratoa, ho hlokahala hore rōna ka bōrōna re be re rata. Re lokela ho thabela ho kenyelletsa ba bang mesebetsing ea rōna. Morena Salomone ea bohlale o ile a hlokomela hore: “Ba babeli ba feta a le mong, hobane moputso o motle o teng oa mosebetsi oa bona.”—Moek. 4:9.

Moputso ona ke ofe? Salomone o tsoela pele: “Leha ba e-oa, e mong a ka tsosa molekane oa hae; athe ea ’notši o malimabe, leha a e-oa, ha a na oa bobeli ea mo tsosang. Hape, ha ba babeli ba robala hammoho, ba tla futhumala; ea ’notši eena a ka futhumala joang? Leha e mong a ka tla tsohela ea ’notši matla, ha ba le babeli, ba ka mo hlōla.” (Moek. 4:10-12) Kahoo ho sebetsa ha rōna hammoho le molekane ea molemo ho tlisa meputso ka sebopeho sa thuso, khothatso le tšireletso. Ho feta moo, na ha u ka ua fumana hore ho etsa mosebetsi le motsoalle ho bonolo haholoanyane, le hore nako e itsamaela habonolo? Le tabeng ea mosebetsi o bosula, kelello ea mokhathala e-ea nyamela.

Hase feela telekisong ea lintho tsa lefatse moo botsoalle ba ’nete e leng khothatso. Mosebetsi oa bohlokoa oa ho bolela ‘litaba tse molemo’ le oona ke mosebetsi oo ho oona ‘ba babeli ba fetang a le mong.’ Hona ho tiisoa ke se ileng sa etsoa ke Jesu Kreste ha a rōma ba 70 ho ea bolela: “’Muso oa maholimo o atametse ho lōna.” A “ba roma ka bobeli.” Tokisetso ena ea sebeletsa hantle bakeng sa ho haheha ha bona le thusano e tloaelehileng.—Luka 10:1, 5-9.

HA HO BOLELOA ‘LITABA TSE MOLEMO’

Hoba Jesu a tsohe le ho nyolohela leholimong, hangata ho ne ho ipaka ho thusa bakeng sa barutuoa ba hae ho sebetsa le metsoalle. Ha ba utloa hore Basamaria ba bangata ba arabetse boboleling ba Filipi, baapostola ba rōma Petrose le Johanne hore “moea o halalelang” o ka neoa Basamaria ba lumelang. (Lik. 8:14, 15) Le hoja Barnabase a ile a rongoa a le mong ho tloha Jerusalema ho ea thusa phutheho e Antioke, a phakisa a bona hore ho hlokahala motsoalle ho thusa ho ntšetsa pele ‘litaba tse molemo’ moo. Eaba o leba Tarese ho ea batla Saule (Pauluse). Kamor’a moo banna ba babeli bao ba sebetsa hammoho ho etseng le ho ruteng barutuoa Antioke. Boiteko ba bona bo kopaneng ba hlohonolofatsoa haholo ka keketseho. (Lik. 11:22-26) Hamorao, moea o halalelang oa laela hore Pauluse le Barnabase ba kopanele ho bolela ‘litaba tse molemo’ sehleke-hlekeng sa Cypera le Asia Minor.—Lik. 13:2.

Hlokomela hore Barnabase o ile a etsa boiteko bo boholo ho fumana motsoalle eo a neng a ikutloa hore a ka mo thusa. Haeba a ile a tsamaea a haola le linaha, o ile a tsamaea ho feta lik’hilomithara tse 200 ho ea fihla Tarese ’me joale a batla Pauluse ka masene. Le hoja ho fumana ha hao motsoalle ho kopanela le eena ho boleleng ‘litaba tse molemo’ sebakeng sa heno mohlomong ho ke ke ha ama boiteko bo boholo hakaalo, na u tšoana le Barnabase hore u hle u batle molekane? Phuthehong eo u kopanelang le eona, ke mang eo u ratang ho sebetsa le eena mosebetsing ona? Na u ikhathalitse hore u kōpe motho eo kapa batho bao?

SE KA LEBELLA HO HONGATA HAHOLO

Koana, re lokela hore re se ke ra lebella ho hongata haholo ho metsoalle ea rōna; kapa hore re ka tela ha litokisetso li sa sebetse hantle kamoo re lakatsang. Le hoja Pauluse le Barnabase ba ile ba thabela lilemo tse ngata hammoho e le baboleli ba evangeli, ha baa ka ba tsoela pele e le balekane. Hoba ba kopanele ho thea liphutheho tse ngata tse ncha, Pauluse a khothalletsa hore ba khutlele ho li etela. Barnabase a lumela empa o ne a batla hore ba tsamaee le motsoal’ae Mareka. Pauluse, leha ho le joalo, a se ke a rata ho utloa ka seo, hobane Mareka o ne a sa ka a tšoarella le bona leetong la bona la pele la boromuoa. Ka baka leo, Barnabase a etsa qeto ea ho ea le Mareka Cypera, ha Pauluse a ile a ikhethela Silase e le motsoalle oa hae ’me ba haola Syria le Cilicia, ‘ba ntse ba tiisa likereke.’—Lik. 15:36-41.

Joalokaha buka ea Bibele ea Liketso e senola, phetoho ena ha e ka ea sitisa ho boleloa ha ‘litaba tse molemo.’ Ka ho tšoanang, haeba u ka lahleheloa ke molekane eo u ’nileng ua thabela botsoalle le eena mosebetsing oa bopaki ka nakoana, u se ke ua ineella ho nyahama. Ho sa na le litho tse ling tsa phutheho tse ka koalang sekheo haeba u lakatsa ho ho phetlela sebaka. U ka ’na ua makala ke kamoo ho hlasimollang kateng ho bolela ka ntlo le ntlo le balumeli ba bang. Koana, hona ha ho bolele hore kamehla re hloka botsoalle ba motho e mong. Ho ka ’na ha finyelloa ho hongata motho a sebetsa a le mong, ha metsoalle ea rōna mohlomong e sebetsa ka bopaki haufi le moo.

FUMANA MOLEMO KA MEHLALA EA BIBELE

Mehlala ea Bibele ea ba ileng ba sebetsa ka botšepehi le ba bang ho ntšetseng pele ‘litaba tse molemo’ e ka re thusa ho bona ‘moputso o motle oa mosebetsi oa rōna o matla.’ Barnabase e ne e le motho ea mofuthu le ea qenehelang. Ha e le hantle, ke ka baka leo baapostola ba ileng ba mo rea Barnabase, e bolelang “mor’a tšeliso.” (Lik. 4:36) Le hoja a ne a e-na le litšoaneleho tse ntle, ho bonahala eka Pauluse o ne a e-na le lineo tse phahametseng tsa hae tse itseng. Ha ho fihloa ho neelaneng ka ‘litaba tse molemo’ ka ho totobetseng Pauluse ‘o ne a etella pele’ ho bua. (Lik. 14:12) Empa ha ho letho le supang hore hona ho ne ho tlisa boikutlo ba mōna kapa bora. Kahoo, haeba re tla thabisoa ke ho sebeletsa le ba bang, ho hlokahala hore re ananele hore Jehova Molimo o sebelisa litho tsohle tsa phutheho hore li etse mosebetsi oa hae. (1 Ba-Kor. 3:9) Re ka ithuta e mong ho e mong ’me ra khothatsana le ho hahana. Moapostola Pauluse o hlokomela sena ’me, ka baka leo, o bile le hona ho ngolla Baroma, a re: “Ke hlolohetsoe ho le bona, ke tle ke le sitse ka molemo o mong oa Moea, le tle le tiisoe; ke ho re, ha ke e-na le lōna, re tšelisane ka tumelo e leng ho lōna le ho ’na.”—Ba-Rom. 1:11, 12.

Ha re ananela kannete litšoaneleho tse ntle le matla a balumeli ba bang, re tla susumelletsoa hore re sebelise lineo tsa rōna hamolemo haholo. Ka mohlala, motho a ka ’na a ikutloa hore o na le botsoalle o bile o mosa ho batho bao a teanang le bona mosebetsing oa hae oa bopaki. Leha ho le Joalo, kamor’a ho sebetsa le ntate moholo kapa nkhono ea nang le qenehelo, a ka ’na a ikutloa hore o na le botsoalle bo mahlong feela. Ka ho tsamaea le motho e mong eo e leng seithuti se seli sa Mangolo, eo ho bonahalang mantsoe a itsoela ka bonolo ho eena, motho a ka ’na a hlokomela hore ho hlokahala hore a nahane haholoanyane ka seo a se buang. Ntle ho ho thusana ka mehlala, ho sebetsa ha rōna le motsoalle hangata ho bolela ho sebelisa nako e ngatanyana bopaking, kaha re sa batle ho sia molekane oa rōna a le mong.

Ho khahlile Jehova Molimo le Morena Jesu Kreste ho sebelisa batho feela ho phetha mosebetsi oa bohlokoa haholo lefatšeng. Mosebetsi oo ke ho thusa ba bang hore e be bahlanka ba tšepahalang ba Ea Holimo-limo e le barutuoa ba ’nete ba mora oa hae le hore ba lule ba le joalo. (Matt. 28:19, 20; 1 Ba-Kor. 1:26, 27) Kaha ke mosebetsi oa Molimo, ha re tsebe hore na ke ka mokhoa ofe Jehova Molimo a tlang ho phetla lipelo tsa batho ka bomong. Hase feela taba ea polelo ea molomo. Hoo e leng habohlokoa ke moea oo molaetsa o fanoang ka oona. Ha batho ba babeli ba sebetsa hammoho, ka bobeli ba kenya karolo moeeng oo. Likhoeli kapa le tsona lilemo hamorao re ka ’na ra tseba hore hase neelano ea rōna e phollatsi e tsoang Lentsoeng la Molimo e ileng ea etsa hore e mong a re mamele. Ho e-na le hoo, mohlomong e bile pososelo e khanyang ka motsoalle oa rōna ea neng a sa tsoa kopanela le rōna ho boleleng ‘litaba tse molemo.’

Na hona joale u thabela phihlelo ea lehlohonolo le tlang ka ho paka le motsoalle? Na u fumane hore hona ho u thusitse hore u neele nako e ngatanyana ho jaleng ‘litaba tse molemo’ le hore u ho thabela haholoanyane? ka lehlakoreng le leng, haeba bopaki bo bongata u bo etsa u le mong, hopola Filipi moevangeli. Ka baka la hloriso Jerusalema a balehela Samaria ’me a kolobetsa Basamaria ba lumelang. Hamorao, lengeloi la Jehova la mo rōmela ho sokolla le ho kolobetsa leqhalaha la Moethiopia. Kamor’a moo, “Moea oa Morena oa tlosa Filipi, . . . a tšoha a se a le Azote, ’me ha a ntse a tsamaea, a bolela Evangeli metseng eohle, a fihla Cesarea.” (Lik. 8:1-40) Ka ho tšoanang, mehleng ea kajeno, libaka tse ngata li buletsoe bopaki ba ’Muso ke Lipaki tse sebete tse sebetsang li le ling ka thuso ea moea oa Molimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Joaloka mehleng ea Jesu, bolekane ho boleleng ‘litaba tse molemo’ boa haha

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela