Pesaleme
Ke Hobane’ng ha u Sheba Jehova Bakeng sa Mesebetsi Eohle ea Hau?
HA HO letho le hananang le thato ea Molimo le tla atleha. Ponong ea botho, mosebetsi o itseng o ka ’na oa bonahala bokamoso ba oona bo khanya. Qetellong, leha ho le joalo, o tla hlōleha habohlasoa. Ka baka leo, re tiise hore re nahana ka ’Mōpi liketsong tsohle tsa rōna.
Pesaleme ea 127 ka matla e re hopotsa ka bohlokoa ba ho etsa sena. Rea bala: “Ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare ha e se Jehova ea bolokang motse, molebeli o falimehela lefeela. Ha ho thuso leha le tsoha le mafube, leha le robala e se e le ka phirima, leha le ntse le e-ja bohobe ba khathatso; Jehova o fa eo a mo ratang, a ntse a robetse.”—Pes. 127:1, 2.
Motho a ka ’na a haha ntlo. Empa ha ho tiiso ea hore o tla e thabela. Lefu la tšohanyetso, tlokotsi kapa ktosi li ka ’na tsa mo amoha hore e be o sebelelitse lefeela. Motse o ka ’na oa lebeloa le ho tiisoa hantle. Ho le joalo, oa senngoa ntoeng kapa ke tšisinyeho ea lefatše kapa ke mollo. Batho ba ka ’na ba tsoha hoseng haholo ’me ba sebetsa ho fihlela bosiu pele ba lula ho phomola le ho ja. Leha ho le joalo, mosebetsi oa bona oa se ke oa ba thabisa. Ba khathalitsoe ke mosebetsi oa bona, ba se ke ba thabela le lijo. Ka lehlakoreng le leng, seo batho bona bao ba se fumanang ka ho sebetsa ho boima, mohlanka oa Molimo a se fumana ntle ho boima. Ho thabela ha hae boroko kapa phomolo e hlile ke neo e tsoang ho Molimo.
Ka ho loketseng, mopesaleme o ne a nka e le tlhohonolofatso ea Molimo lintho tse kang tšireletso ea ntlo, tšireletso ea motse le ho thabela seo bophelo bo fanang ka sona. O ne a sheba motho ea nang le lelapa le thabileng leseling lona leo, a re: “Bonang, bara ke lefa la Jehova, ’me tholoana ea popelo ea mosali ke moputso. Bana ba bocha ba rōna ba joale ka metsi letsohong la mohale. Ho lehlohonolo motho eo khohlopo ea hae e tletseng bona! A ke ke a soaba khotla, mohla ho tsekoang litaba le lira.”—Pes. 127:3-5.
Monna ea neng a e-ba le bara ha a sa le matla a charola bocheng o ne a talingoa ka ho nepahetseng e le ea hlohonolofetseng. Ha bara ba hae ba hōla, ba ne ne ba tšoana le metsu letsohong la hae. Ba ne ba ka sireletsa ntat’a bona ho lira tsa hae molaong. Kaha baholo ba motse ba ne ba ahlola sebakeng se sa sireletsoang haufi le khorong ea motse, ke moo moo bara ba neng ba tla bua le bahanyetsi nyeoeng, ka katleho ba khutsisa liqoso tse se nang motheo le bopaki ba bohata.
Kaha tlhohonolofatso ea Jehova ke ea bohlokoa bakeng sa katleho ea mosebetsi leha e le ofe, re lokela ho loanela ho itšoara ka tsela eo a e amohelang. Re tsamaise litaba tsa rōna tumellanong le moea oa mantsoe a bululetsoeng: “Ha Morena [Jehova] a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore.”—Jak. 4:15.