Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 9/15 maq. 19-24
  • Ho Khetha Tsela e Molemo Haholo Bophelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khetha Tsela e Molemo Haholo Bophelong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšoarella Boikhethelong ba Hao!
  • Phethahatso ea Tšepo ea Rona
  • Ho Bolokoa Molatong oa Mali
  • O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Abigaile le Davida
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Abigaile—Mosali ea Bohlale ka ho Fetisisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 9/15 maq. 19-24

Ho Khetha Tsela e Molemo Haholo Bophelong

“Lōna ba bolokoang ke matla a Molimo ka tumelo.”—1 Pet. 1:4, 5.

1, 2. Boemo ba rōna bohle pele re amohela ‘litaba tse molemo’ e ne e le bofe, ’me ke hobane’ng ha ka baka leo re ka thaba?

MOAPOSTOLA Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba motseng oa Asia oa Efese, a re: “Tseo khale le neng le itsamaela ho tsona ka mokhoa oa lefatše lena, . . . Le rōna bohle, pele, re ne re tsamaea le bona litakatsong tsa nama ea rōna, re ntse re etsa ho ratoang ke nama le ke mehopolo ea rōna; ’me ka ho hlaha ha rōna re ne re le bana ba bohale, joale ka ba bang. Empa Molimo, ka ha e le morui oa mohau, ka baka la lerato le leholo leo o re ratileng ka lona, ha re ne re ichoeletse melatong ea rōna, o re pholositse hammoho ho Kreste (hobane le bolokehile ke mohau).”—Ba-Ef. 2:2-5.

2 Rōna bohle ba batlang ho sebeletsa Molimo kajeno, pele re tseba ’nete, re ’nile ra itšoara tumellanong le nama. Na ha rea thaba, leha ho le joalo, hore re sebelisitse boikhethelo bo lokolohileng boo Molimo o re neileng bona ka mosa? Le hore, ka ho etsa joalo, re khethile tsela e re lokollang botlamuoeng, e re tšepisang bophelo bo sa feleng?

3. (a) Ho hlokahala eng ka lehlakoreng la rōna haeba re tla bona phethahalo ea tšepo ea rōna e theiloeng Bibeleng? (b) Ke ka tsela efe re entseng boikhethelo, ’me ke lipotso life tse hlahang ka ho phethahatsa ha rōna see?

3 Moapostola Petrose o boleletse Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore Molimo o ba neile ‘tšepo e phelang.’ (1 Pet. 1:3) Le rōna, re na le tšepo ea sebele ho tse ka pele. Kaha seo re se tšepileng se e-s’o fihle—ha rea s’o bone tšepo e se e phethahetse—na re tla lahla? Moapostola Pauluse o itse: “Empa ha re lebella seo re sa se boneng, re se lebella ka sebete [ka mamello].” (Ba-Roma 8:25) Ka baka leo, haeba ho bonahala lintho li sa tsamaee ka tsela eo re neng re e lebelletse, lebaka joale le ba teng la hore re bontše mamello le ho tiisa tšepo ea rōna haholoanyane. Hona ho bolela hore, re khethile tsela ea bophelo ba sebele, e molemo haholo ’me, ha e le hantle, eona tsela feela e teng, re tlameha ho khomarela boikhethelo boo. Re ke ke ra ba le kholiseho ea hore re tla bona tšepo eo haeba re thekesela re bile re sa tsitsa. (Jak. 1:6-8) Re entse boikhethelo ka ho ineela ho Molimo ’me ra bo tšoantšetsa ka kolobetso. Empa tsatsi le leng le le leng re talimane le mathata a re hlokang hore re etse liqeto tse nyenyane le boikhethelo tumellanong le khetho ea pele e khōlō. Na re ka tsoela pele tsatsi le leng le le leng ka boikhethelo bo nepahetseng bo tla re boloka tseleng ea bophelo? Na re ka tiisa hore re tla hle re bone botlalo ba tšepo ea rōna ka nako?

Tšoarella Boikhethelong ba Hao!

4. (a) Ke hobane’ng ha re ke ke ra lumella masoabi a bakoang ke liphoso a re sisinye tseleng ea rōna? (b) Ke boikutlong bofe bo fosahetseng moo takatso ea ho phethahala ha tšepo ea bona ho isiteng Bakreste ho theosa le nako e fetileng?

4 Ha re lula re tšepahetse, Molimo o ke ke oa re lumella hore re etse liphoso tse senyang. Empa ka linako tse ling o re tlohella hore re fose e le hore re ka bona hore ho hlokahala hore ka linako tsohle re shebe ho eena le Lentsoe la hae. Hona bo tiisa kamano ea rōna le eena le mamello ea rōna ha re ntse re mo emetse. Re ithuta ka liphoso tsa rōna hore hoa hlokahala hore re be seli haholo nakong e tlang. Takatso ea tsamaiso e ncha ea lintho hore e nke taolo ea lefatše e feletseng e ’nile ea e-ba matla ka mehla ho Bakreste ho theosa le lilemo. ’Me ka baka la bophelo ba bona bo bokhutšoanyane, ntle ho pelaelo ba ne ba laba-labela hore e tle bophelong ba bona. Ba ’nileng ba leka ho ‘hopolela haufi’ nako ea kahlolo ea Molimo, ka makhetlo a ’maloa paleng ba ’nile ba cheseha ho tlōla bakeng sa ho fihla ha letsatsi leo, mehopolong ea bona ba leka ho potlakisa ho fihla ha ketsahalo eo e lakatsehang. (2 Pet. 3:12) Lekholong la pele la lilemo, ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a ho fumana ho hlokahala hore a ngolle Bakreste ba Thessalonika ka mokhoa ona, joalokaha re bala ho 2 Ba-Thessalonika 2:1-3: “Ha e le tsa ho tla ha Jesu Kreste Morena, le tsa ho phuthehela ha rōna ho eena, rea le rapela, banab’eso, re re: Le se ke la phaka la sisinyeha pelong tsa lōna, leha e le ho tšoha ke moea, mohlomong ke polelo, kapa ke lengolo leo ho thoeng, le tsoa ho rōna, le ka reng: Letsatsi la Kreste le haufi. Le se ke la thetsoa ke motho le ka mokhoa o le mong; hobane e ka khona ho etsahale koeneho pele, ’me ho hlahe motho eo oa sebe, mor’a tahleho.”

5. (a) Tebello e matla e ile ea hōla joang mabapi le selemo sa 1975? (b) Ke hobane’ng ha lipolelo tsa temoso tse ileng tsa hatisoa li sa ka tsa theola kameho e joalo ka nako?

5 Mehleng ea kajeno cheseho e joalo, e babatseha ka boeona, e isitse boitekong ba ho bea matsatsi bakeng sa tokoloho e lakatsoang ho tsoa mahlomoleng le likhathatsong tseo e leng tsa batho lefatšeng lohle. Ka ho hlaha ha buka Bophelo bo sa Feleng—Tokolohong ea Bara ba Molimo, le litlhaloso tsa eona tsa kamoo e ka bang ho loketseng kateng hore puso ea lilemo tse sekete ea Kreste e nyallane le sekete sa bosupa sa ho phela ha motho, ho ile ha tsosoa tebello e matla ka selemo sa 1975. Ho na le lipolelo tse ileng tsa etsoa ka nako eo, le kamor’a moo, li hatisa hore hona ke ntho ea mohlomong. Ka bomalimabe, leha ho le joalo, boitsebiso bona ba tlhokomeliso bo ile ba tsamaea le lipolelo tse ling tse ileng tsa hatisoa tsa fana ka maikutlo a hore ho phethahala ha tšepo selemong seo ho batla e le ntho e ka ’nang ea etsahala ho feta feela ho ba ntho ea mohlomong. Ke ka masoabi hore ebe lipolelo tsena tsa morao ho bonahala li ile tsa koahela tsa pele tsa tlhokomeliso ’me tsa kolekela ho hōla ha tebello ho neng ho se ntse ho le teng.

6. Na boitsebiso bo bileng ho Watchtower ea July 15, 1976 bo ile ba leka ho bea boikarabelo ba tebello e joalo feela kapa haholo-holo ho babali ba eona? Hlalosa.

6 Tokollong ea eona ea la 15 Phupu, 1976, Molula-Qhooa (oa Senyesemane), ha o hlalosa ka booatla ba ho bea mahlo a rōna letsatsing le itseng, o itse: “Haeba ho teng ea soabileng ka ho se latele monahano ona, o tlameha hore a nahane ka matla ka ho lokisa pono ea hae, ha ho bonahala hore hase lentsoe la Molimo le mo soetsitseng kapa le mo thetsitseng ’me la tlisa masoabi, empa hore ke kutloisiso ea hae e theiloeng sebakeng se fosahetseng.” Ka hore “ea” Molula-Qhooa o ne o kopanyelletsa bohle ba soabileng ho Lipaki tsa Jehova, kahoo ho akarelletsa batho ba neng ba amana le ho hatisoa ha boitsebiso bo ileng ba kolekela hore tšepo e theiloeng nakong eo e hole.

7. (a) Liphoso tse joalo tsa batho li lokela ho ba le phello efe tumelong ea rōna ho seo Molimo ka booona o se tšepisang? (b) Bonneteng, Lentsoe la Molimo le hatisa eng e le lebaka la bohlokoa?

7 Leha ho le joalo, ha re na lebaka la ho sisinyeha tumelong litšepisong tsa Molimo. Ho e-na le hoo, ka baka leo, re susumeletsoa hore re hlahlobisise Mangolo mabapi le taba ena ea letsatsi la kahlolo. Ka ho etsa joalo, re fumana hore ntho ea bohlokoa ha se letsatsi. Ha bohlokoa ke ho hopola ka mehla hore letsatsi le joalo le teng—le hore le ntse le atamela ’me le tla hloka hore bohle re ikarabelle. Petrose o boletse hore ka nepo Bakreste ba lokela ‘ho lebella le ho akofisa ho tla ha letsatsi la Molimo.’ (2 Pet. 3:12) Ha se letsatsi le itseng le tlang; ke bophelo ba tsatsi le leng le le leng ka lehlakoreng la Mokreste hoo e leng habohlokoa. A se ke a phela letsatsi le le leng a sa hopole hore o tlas’a tlhokomelo e lerato ea Jehova le tsamaiso le hore o tlameha ho ikokobetsa ka baka leo, hape a ntse a hopotse hore o tlameha ho ikarabella ka liketso tsa hae.

8. (a) Mantsoe a Jesu le a Pauluse a paka bonnete ba maikutlo a joalo joang? (b) Re tlameha ho mamella ho isa qetellong: empa “qetello” eo e neng, ’me re ka tseba eng ka nako ea ho fihla ha eona?

8 Jesu o fane ka lebaka la hore na ke hobane’ng ha re lokela ho boloka pono e joalo, a re: “Hobane Mor’a motho o tla tla ka khanya ea Ntat’ae le mangeloi a hae; ’me mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ea liketso tsa hae.” (Matt. 16:27) Moapostola Pauluse le eena a totobatsa: “Bohle re tla emisoa pel’a setulo sa kahlolo sa Molimo. . . . Ka mokhoa o joalo, motho ka mong ho rōna o tla ikarabela ho Molimo bakeng sa tsa hae.” (Ba-Roma 14:10-12) “Hobane e ka khona re hlahe bohle pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le ’meleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.” (2 Ba-Kor. 5:10) Re saletsoe ke nako e kae pele re ikarabella joalo? Jesu o itse: “Ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.” (Matt. 24:13) ‘Qetello’ e neng? Qetello eo e ka ’na ea tla bofelong ba tsamaiso ena ea lintho kapa lefung la motho ka mong pele ho nako eo. E mong le e mong ho rōna o na le nako e kae? Ha ho ea ka sebetsang letsatsi leo a tla shoa ka lona. Ka ho tšoanang, Jesu o itse ho baapostola ba hae ka nako ea ho hlongoa ha ’muso oa Molimo: “Ha hoa le lokela ho tseba mehla, leha e le linako tseo Ntate a itaoletseng tsona a ’notši.” (Lik. 1:7) Ho thata ho rōna hore re ka lekanyetsa ho fela ha lefatše e sa le pele.

Phethahatso ea Tšepo ea Rona

9. Ke mantsoe afe a Petrose a ka re neang tšepo ea hore re tšoarelle kannete boikhethelong boo re bo entseng?

9 Haeba ho teng ea tšohileng hore, ka baka la liteko tse ka ’nang tsa hlaha, a ke ke a khomarela boikhethelong ba hae ba ho sebeletsa Molimo le Kreste, ha a ke a mamele mantsoe a moapostola Petrose. Moapostola enoa o re tiisetsa hore tšepo ea rōna ke e tiileng haeba re tšoarella ka matla ho eona ka tumelo ho Molimo le litšepiso tse tiileng tsa oona. O re: “Lōna ba bolokoang ke matla a Molimo ka tumelo, le tle le amohele poloko e seng e lokiselitsoe ho bonahatsoa nakong ea qetello.” (1 Pet. 1:3-5) Re ithuta eng mantsoeng aa?

10, 11. (a) Tlotla ea sebele e leba ho mang ka hore ebe re amohetse ‘litaba tse molemo,’ hona hobane’ng? (b) Molimo o nolofaletsa batho hore ba hlokomele leseli la ’nete joang? (c) 1 Ba-Korinthe 2:9 e bontša eng ka hore batho ba ka ba le matla a ho itemohela linnete tsa bomolimo ka bobona?

10 Ha re qala ho ela hloko le ho mamela ka tumelo ‘litaba tse molemo’ tseo re neng re li bolelloa, na ka nepo re ka itlotlisa ka hore re bile le kelello e ntle ea ho bona bohlokoa ba tsona le ho tšoara hona hoo? Che. “Ha re ne re se na matla,” re se na thuso ea ho ipholosa, “re sa le baetsalibe,” e, re sa le lira, ra “boelanngoa le Molimo ka ho shoa ha Mora oa oona.” (Ba-Roma 5:6-10) Ke mang, he, eo re lokelang ho mo leboha ka boemo bo botle boo re leng ho bona joale? Jesu o itse ho barutuoa ba hae: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng.” (Joh. 6:44) Ka boikhathatso ba rōna re ne re ke ke ra tseba Molimo le ka mohla. Tlhaho ea rōna ea botho e sa phethahalang le ea boetsalibe e ne e ke ke ea re lumella ho etsa joalo.

11 Leha ho le joalo, re ka batla Molimo, hobane “a se hole ho e mong le e mong oa rōna.” (Lik. 17:27) Haeba feela re ka batla kapa ra phopholetsa Molimo, hona hoa mo khahla. Joale o atamela ho rōna. (Jak. 4:8) Molimo o tseba takatso e tebileng ea ea batlang ’me o rōmela motho e mong ho eena ka ‘litaba tse molemo’; ’me ha a sheba ka Lentsoeng la Molimo, ka thuso ea moea o halalelang, o fanoang ke Molimo, ea batlang o phaphamela boemo ba hae. Joale, haeba a lumela ho seo Molimo o se bolelang, o tseba ho tsoa lefifing. Ka matla a batho, Bibele e re: “Taba tseo Molimo o li lokiselitseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la li bona, tseo tsebe e sa kang ea li utloa, tse sa kang tsa itlhahela pelong ea motho.” (1 Ba-Kor. 2:9) Ka monahano oa rōna oa botho le litakatso re ne re ke ke ra utloisisa ’nete hoja Molimo oa se ke oa re utloela bohloko ’me oa re thusa ka booona.

12. (a) Hore re tšoarelle boikhethelong ba rōna ba pele, re tlameha ho hopola eng ka mehla? (b) Molimo o ka re boloka joang likotsing tseo ho haelloa ha rōna ke temoho ho ka re kenyang ho tsona?

12 Re tseba, he, hore Molimo o bona tlokotsi ea rōna ’me o re thusa qalong, re ka ananela kamoo ho leng bonolo kateng ho khomarela boikhethelo ba rōna ba pele ha lilemo li ntse li feta. Ha e le hantle, Molimo o ka re hōlisa moeeng. Joalokaha Petrose a re: re bolokoa ke matla a Molimo. Re tlameha ho hlokomela hore, ho ba ha rōna Bakreste, ha e-ea ba ka matla a rōna, le bohlale kapa kutloisiso re tsebileng ho mamella ka tlhōlo—re ne re ke ke ra ho etsa ka bōrōna. Ka mohlala, hangata temoho ea rōna e fifetse. Ka makhetlo a mangata ha re sa ho hlokomele ho hang, re oela maemong le mabakeng a kotsi haholo botšepehing ba rōna ba Bokreste. (Ba-Gal. 6:1) Mohlomong re haufi le ho nka bohato bo ka re isang tšenyehong. Empa Molimo, o shebelletse, oa re rata ’me o re utloele bohloko, o boloka litšepiso tsa oona ho rōna, ’me ka nako e nepahetseng o ka re lopolla tlokotsing. Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo, kamor’a ho ‘bolokoa’ ka mokhoa o joalo ke Molimo tlhokomelong ea oona e seli, o itse: “U loetse bophelo ba ka lefung, u bolokile maoto a ka ho oeng, ke tle ke tsamaee pel’a hao, Molimo, leseling la ba utloang.”—Pes. 56:13.

Ho Bolokoa Molatong oa Mali

13, 14. (a) Davida o ile a atamela haufi-ufi ka kotsi joang le ho tšolla mali a se nang molato? (b) Abigaile a sebeletsa joang ho mo furallisa tsela ea hae e fosahetseng?

13 Taba ea ho boloka ha Molimo le ho sireletsa Davida menahanong ea hae e sa phethahalang le tšusumetsong e tlalehiloe ho 1 Samuele khaolo ea 25. Ha Davida a ntse a phela e le molahloa, e le ’malehi oa letšolo la ho mo batla hore a bolaoe la Morena Saule, Davida le banna ba hae ba ne ba thusa, ba lebetse le ho sireletsa batho ba Baiseraele kae le kae ha ba e-na le monyetla. Motho e mong eo ba ileng ba mo thusa ke Moiseraele ea neng a ruile haholo ea bitsoang Nabale. Ka nako ea ha Davida le banna ba hae ba ne ba emisitse haufi le balisa ba Nabale ka mehlape ea bona, banna ba Davida ba ipaka e le lerako la tšireletso ho baleleri, ’me ha baa ka ba kōpa leha e le ho nka eng kapa eng bakeng sa litšebeletso tsa bona. Hamorao, ha banna ba Davida ba lapile, Davida ka mosa a kōpa Nabale, joaloka Moiseraele oa habo, hore a mo thuse ka mpho ea lijo. Ho e-na le ho bontša teboho le molemo oa se neng se laeloa ke molao oa Moshe, Nabale a rohaka banna ba Davida.

14 Ketso ena e mpe le e hlokang teboho ea halefisa Davida, hoo a ileng a tsoa le banna ba ka bang 400 ho ea iphetetsa ho Nabale le ntlo ea hae. Empa mosali oa Nabale, Abigaile, ha utloa ka boitšoaro bo bobe ba monna oa hae, a potlakela ho ea ho Davida ka lijo tse ngata e le mpho. A etsa thapeli ho Davida motheong oa kamano ea hae le Jehova hore a tlohele boiphetetso boo a neng a bo rerile, a re: “Ha ke re, taba eo ea ho ea tšolla mali, ho se molato, le ho iphetetsa, e tla ba khopiso ho uena le ntho e hlabang pelo ea monghali na?” Davida, ha kelello ea hae e hlaphoheloa, a arabela: “Ho bokoe Jehova, Molimo oa Iseraele, ea u romileng kajeno lena ho tla nkhahlanyetsa! Ho bokoe le kelello ea hao, ho bokoe le uena, hobane u nthibetse kajeno, hore ke se ee ho tšolla mali, le ho iphetetsa ka letsoho la ka.”—1 Sam. 25:31-33.

15, 16. (a) Hoja Davida a tsoela pele tseleng ea hae, a ka be a entse bobe bofe bo habeli ho ba molato ho bona, ’me a bolokoa ke’ng ho see? (b) Re ithuta eng ho see, ’me ho lokela hore ho be le phello efe ho rōna?

15 Davida, ponong ea botho, o ne a ikutloile a loketse ha a tloha ho ea lefetsa Nabale bokhopo ba hae. Empa haeba a ne a entse joalo, o ne a tla be a itšepile bakeng sa ho phetetsa le ho itumisa, ’me a ka be a bile molato oa mali ka ho bolaea litho tse se nang molato tsa ntlo ea Nabale. A bolokoa ke’ng? Jehova Molimo o ne a shebelletse, ’me a mo boloka sebeng sena.

16 Ka mohlala ona re ithuta hore re ke ke ra itšepa hore re tsoele pele tseleng e isang polokong, empa re tlameha hore ka mehla re shebe ho Molimo, o re alosang le o bonang hore re feta re sireletsehile. Hona ho lokela ho re nea tšepo le ho re etsa baikokobetsi.

17. (a) Na re ka nahana hore Molimo o tla etsetsa mohlanka oa hae ea ikokobelitseng oa kajeno ho tlase ho moo? (b) Ke ka litsela life Molimo o ka re bolokang hore re se etse liphoso tse tebileng?

17 Leha ho le joalo, e mong a ka ’na a re, ‘Eo e ne e le Morena Davida ea tlotsitsoeng oa Jehova, eo Molimo o neng o entse selekane le eena bakeng sa ’muso. Mohlomong a ke ke a re hlokomela hakaalo.’ Na kannete re ka re Molimo, ea re rekileng ka mali a bohlokoa a Mora oa hae, ha a re boulele ho sireletsa bophelo ba rōna ka tsela eona eo? O etsa joalo ka sebele. Joalokaha Davida Molimo o ile oa mo pholosa ketsong e phosumelang le e kotsi ka ho sebelisa Abigaile, ntle ho tlhōleho o tla re lopolla. Joalokaha a ile a susumelletsa Abigaile ho pholosa Davida, a ka ’na a sebelisa Lentsoe la hae Bibele, kapa mangeloi a hae, kapa motsoalle oa Mokreste, kapa a lokisetsa maemo ka mohau ho re boloka ho re re se etse ntho e bothoto, haeba re e-na le tumelo ’me re tsoela pele ho phehella tsela ea thapelo le e ikokobelitseng, re itšetlehile ka eena.

18, 19. Tsebo e joalo e ka re khothatsa joang ho mamelleng ka botšepehi tseleng eo re e khethileng, ’me ke potso efe e saletseng ho arabeloa?

18 Kutloisiso ee ea litaba ke e tšelisang le e khothatsang hakaakang! Molimo ha o re, ‘Le tseba seo le tšoanetseng ho se etsa ’me ho mahetleng ho lōna.’ Ho e-na le hoo, ka lerato o thahasella polokeho ea rōna ’me ka mafolo-folo o re sireletsa ha feela re boloka tumelo ea rōna ho eena le topollong e lokiselitsoeng ka Mora oa hae. “O tsebisisa ho bōpjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela,” a tseba hore ka bōrōna, re ne re tlameha ho hlōleha boitekong ba rōna ho tšoarella tseleng ea ho loka ho isa qetellong.—Pes. 103:10-14, 17, 18; bapisa Pesaleme ea 38:4, 22; 40:12, 13; 130:3, 4.

19 Na hona ho bolela hore ha re na karolo leha e le efe tabeng ea ho phela ka botšepehi—hore ho mahetleng a Molimo? Le hanyenyane, joalokaha puisano e latelang ea Mangolo e hlakisa.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Joalokaha Jehova a ile a boloka Davida ketsong e phosumelang le e kotsi ka ho sebelisa Abigaile, ntle ho pelaelo o tla re lopolla

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela