Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 10/1 maq. 22-27
  • Lebaka leo Tšepo ea Rōna e Molemo e Tla Phethahala Kannete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka leo Tšepo ea Rōna e Molemo e Tla Phethahala Kannete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MESEBETSI EA MOLIMO RURI E TLA SEBELISETSANA MOLEMO
  • SEHLOPHA SE SENG SE HLILENG SA TSEJOA PELE
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Letšoele la Bongata bo Boholo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Na U ka Laola Qetello ea Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Bongata bo Boholo ka Pel’a Terone ea Jehova
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 10/1 maq. 22-27

Lebaka leo Tšepo ea Rōna e Molemo e Tla Phethahala Kannete

‘Lintho tsohle li sebelisana hammoho molemong oa ba ratang Molimo.”—Ba-Roma 8:28.

1. Lekholong la rōna la mashome a mabeli la lilemo palo e ngata ea litho tsa libopuoa tse feheloang e tsebisitsoe ka eng, ’me boemo ba tšepo ea bona ke bofe kamor’a lilemo-lemo tsee, hona hobane’ng?

LEKHOLONG la rōna la mashome a mabeli la lilemo bongata ba litho tsa libopuoa tse batho bo ntse bo tsebisoa ka ‘ponahalo e atamelang ea bana ba Molimo,’ ’me joale bo tseba hore na bo lebelle eng haufi. Ho sa tsotellehe ‘ho bobola le bohloko’ tseo batho ba beiloeng ho tsona ho tla fihlela joale, batho bana ba nang le tsebo le ba lebelletseng ba thabela tšepong. Ho sa tsotellehe mashome a lilemo a nako e seng e fetile ha e sa le ho qaleha “bongata bo boholo” tšepo ea bona le eona ke e phelang. Joaloka “sefate sa bophelo,” e phela ka lipelong tsa bona, kaha e theiloe tšepisong ea Molimo e ngotsoeng maqepheng a Bibele.—Liprov.13:12; Tšen. 7:9; 21:5; Ba-Roma 8:19-22.

2. (a) “Bongata bo boholo” bo rapella ho tumisoa ha Jehova Molimo boemong bofe bo loketseng? (b) Ka ho rapela, “Lebitso la hao le ke le khethehe,” ba rapella bohato bofe, ’me hona ho tla phethahatsoa neng?

2 Ho feta tsohle, ba tšepile ho tumisoa ho potlakileng ha borena ba bokahohle ba Jehova ’Mōpi. Ba ananela hore o lokile ha a rena holim’a bokahohleng bohle ba pōpo ea hae. Kahoo, ka ho se sisinyehe ba pōpo ea hae. Kahoo, ka ho se sisinyehe ba khahlanong le “noha ea khale.” Satane Diabolose, ea ahlolang hampe le ho etselletsa borena ba Jehova le ea bo furallisitseng batho ba bangata. Ba rapela Thapelo ea Morena ho Jehova ’me ba re: “Lebitso la hao le ke khethehe.” (Matt. 6:9, 10) Kahoo ba rapella hore Jehova ka boeena a khethe lebitso la hae. O tla arabela thapelo ena nakong ea ‘mahlomola a maholo’ a haufi haholo, a tla fihla tlhorong ea oona ea ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ ka Harmagedone ’me a tla lateloa ke ho tlangoa le ho liheloa sekoting ha “noha ea khale” le “peō” eohle ea hae ea bademona.—Ezek. 36:23; 38:16, 23; 39:27; Tšen. 16:14, 16; 20:1, 2.

3. Ho ea ka Tšenolo 7:9, 10, “bongata bo boholo” ba ba nang le tšepo bo tla pholoha ho bona liketsahalo life?

3 “Bongata bo boholo” ba ba nang le tšepo bo tla pholoha hore bo bone ho tumisoa ha borena ba Jehova ba bokahohle le ho khethoa ha lebitso la hae. Ka ho loketseng, he, Tšenolo 7:9, 10 ka boprofeta e ba tšoantšetsa e le bao kamor’a moo ba emang pel’a terone ea Molimo o tumisitsoeng le pel’a Mora oa hae ea ikentseng sehlabelo, Jesu Kreste, ’me ka teboho ba re: “Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.”

4. Kaha “bongata bo boholo” ha bo kopanele se tšohiloeng ke batho ba lefatše, ba etsa’ng ba khobile matšoafo le ka hlompho e khōlō ka pel’a baholo ba lefatše?

4 Boemong ba hona joale pele ho qhoma ‘mahlomola a maholo,’ ha lefatše le finahane ke tšabo, “bongata bo boholo” ha bo tsohe seo batho ba lefatše ba se tšohileng. Ka sebete bo utloa se ngotsoeng ke moapostola Petrose, a re: “Le mpe le tšabe Morena Jesu lipelong tsa lōna, ’me le itokisetse ka mehla ho ikarabela, ka mosa le ka hlompho, ho ea le botsang tšepo e ho lōna.”—1 Pet. 3:15.

5. Ba nka karolo joang ho phethahaleng ha boprofeta ba Jesu ho Mattheu 24:14, ’me boikutlo ba bona ke bofe taelong ea Jesu e ho Mattheu 28:19, 20?

5 Ntle ho boikhabi ba abelana tšepo ea bona e khanyang le bohle bao ba ka fihlang ho bona. Kahoo ba kopanela ho phethahatsoeng ha boprofeta ba Jesu: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Hona joale ho potlakile haholo ho bona ho feta leha e le neng pele hore ba ele hloko taelo ea Jesu: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse . . . ’me le ba rute.”—Matt. 24:14; 28:19, 20.

6. Ke joang re tla bang mohaung o fetang oa Bakreste ba pele ba neng ba e-na le tšepo e joalo makholo a lilemo pele?

6 Ha ho e mong hape ea nang le tšepo e theiloeng Bibeleng e kang ea rōna. Ke ntho e ntle haholo eo re ka e abelanang le ba bang. Tšepo ea rōna ke letlotlo leo re le nyakallelang. “Thabelang tšepong,” kamoo re bolelloang. (Ba-Roma 12:12) Ka kholiseho re ka lebella hore e phethahale haufi. Hase ka lefeela re emetseng ho phethahala ha eona ka mamello. Bakreste ba pele ba ne ba mpa ba lebelletse seo re tla tloha re se bona. Re tla ba mohaung haholo ka ho utloa ho phethahala ha eona ho hoholo.

MESEBETSI EA MOLIMO RURI E TLA SEBELISETSANA MOLEMO

7, 8. (a) Ke hobane’ng ha re sa lebella ho phethahala ha se feteletseng? (b) Ntlheng ena, re tseba eng joaloka moapostola Pauluse, kamoo e ngotsoeng ho Ba-Roma 8:28-30?

7 Ha rea lebella hore ho phethahale ntho eo ho ka thoeng e khōlō haholo, haeba e ngotsoe Lentsoeng la Molimo. Ha ho letho le ngotsoeng le tla mo thatafalla! A ke ke a fosoa ke tšepiso ea hae e khanyang, kaha ke Molimo o matla ’ohle. Haeba re mo rata, ’me re ho paka ka kutlo ea rōna, a ke ke a hlōleha ho phethahatsa tšepiso eohle ea hae e molemo e khanyang. Hona re ho tseba le moapostola Pauluse oa lekholong la pele la lilemo C.E. Ho Ba-Roma 8:28-30, e ngotsoeng hoo e ka bang ka 56 C.E., Pauluse o tiisitse tjena:

8 [“Joale rea tseba hore Molimo o etsa hore mesebetsi eohle ea oona e sebelisane molemong oa ba ratang Molimo,a bona ba bitsitsoeng ho latela morero oa oona.] Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setšoantšo sa Mor’a oona, hore eena e tle be oa letsibolo har’a baena ba bangata. ’Me bao o ba reretseng pele, o bile o ba bitsitse ’me bao o ba bitsitseng, o bile o ba beile ba lokileng; ’me bao o ba beileng ba lokileng, o bile o ba tlotlisitse.”—Bapisa NW.

9. King James Version le liphetolelo tse ling tsa kajeno tsa Bibele tse ’maloa li fetolela Ba-Roma 8:28 joang, empa tse ling tsa morao-rao li lumellana joang le New World Translation?

9 Ho King James Version ea Bibele Ba-Roma 8:28 e baloa tjena: “’Me rea tseba hore lintho tsohle li sebelisana molemong oa ba ratang Molimo, bona ba bitsitsoeng ho ea ka morero oa oona.” Liphetolelo tse ’maloa tsa kajeno tsa temana ena ea Bibele li baloa ka tsela eo. Leha ho le joalo The Bible in Living English ea Byington e baloa tjena: “’Me re tseba hore ba ratang Molimo, Molimo o fana ka tšebelisano eohle molemong oa bao ka ho tšoanelang morero oa Molimo ba bitsitsoeng.” The Emphasised Bible ea Rotherham eona e baloa tjena: “Rea tseba ho feta moo hore bao Molimo o ba ratang o entse hore lintho tsohle li sebelisane ka molemo.” The New Testament ea Lattey e baloa tjena: “’Me rea tseba hore bakeng sa ba ratang Molimo o sebetsa lintho tsohle hammoho ka molemo.”—Bona hape The Authentic New Testament ea Schonfield, leq. 338, serapa 2.

10, 11. (a) Ke mesebetsi efe eo Molimo o etsang hore e sebelisane molemong oa ba bitsitsoeng? (b) Ke liketso life tsa botho tse ke keng tsa kenyelletsoa har’a “lintho tsohle” tse boletsoeng ho Ba-Roma 8:28?

10 Lintho tsohle tse ngotsoeng ho Ba-Roma 8:28-30 ke mesebetsi ea Molimo, e seng motho. Ke mesebetsi ea Molimo eo, ho ea ka tlaleho, a etsang hore e sebelisane molemong oa ba bitsitsoeng ba mo ratang, kaha o batla hore ba fumane ’Muso oo ba o bilelitsoeng ke eena. Empa haeba mang kapa mang ea ipolelang hore ke Mokreste ea kolobelitsoeng ea moleng oa ’muso oa leholimo, a sebetsa ka ho se lumellane le pitso ea hae ea leholimo, re ke ke ra lebella hore Molimo o etse ketso e joalo e sebetse molemo bakeng sa mokhopisi, kapa hona hore ho tla itlisa hore ketso ea hae e sebetse molemong oa hae. Ka mohlala, haeba ea ipolelang hore ke Mokreste ea nang le pitso ea leholimo a kena ka matla haholo papaling nakong ea boikhathollo ’me a robeha leoto kapa a nonyetseha leqaqailana, na Molimo o etsa hore kotsi eo e sebeletse sebapali molemo? Kapa haeba, nakong ea bofokoli le litšekamelo tse fosahetseng, Mokreste ea bitsitsoeng a ikhethela ho feta moo matekatse a lulang teng ka baka la bohele-hele feela kapa ho bona ha banna ba bang ba ekoa hore ba kene boitšoarong bo bobe le matekatse ’me eena ka boeena a oela lerabeng liqekong tsa letekatse ’me a etsa bohlola, na ho ka lebelloa hore Molimo o etse hore phihlelo eo e sebeletse moetsalibe molemo? Na ho leka Molimo joalo ho sebeletsa molemo?

11 Phello ea kotsi e joalo ea ’mele kapa ea boitšoaro kaofela e itšetlehile ka hore na motho ka mong ea amehileng o itšoara joang ka liphello tsa tsela ea hae e bothoto. A ka ’na a ithuta ho hong ka taba e thata joalo. Empa na ho ithuta ha hae ho hong ho etsa hore taba eo kaofela e be o mong oa mesebetsi ea Molimo, haholo kaha A ka etsa ka mohau tabeng? Le hanyenyane! E ke ke ea kopanyelletsoa ‘linthong tsohle’ tse boletsoeng ke Pauluse ho Ba-Roma 8:28.

12. Mesebetsi eohle ea Molimo e thathamisitsoeng ho Ba-Roma 8:29, 30 ke ea mofuta ofe, ’me Pauluse o e bolela ka taolo efe?

12 Ha re ea pele ho bala litemana 29 le 30 ’me re hlokomela mesebetsi ea Molimo joalokaha e boletsoe moo, re lemoha hore, ntle ho khethollo, mesebetsi eohle ea Molimo ho Mokreste eo o mo khethileng, o mo bitsitseng pele e molemo. Hape, e sebelisana hammoho molemong oa mojalefa oa ’Muso boemong bo bong le bo bong ba ho sebetsa ha Molimo litaba. Ha a khutlisetsa boemo morao, Pauluse o-oa ngola: “Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setšoantšo sa Mor’a oona, hore eena e tle e be oa letsibolo har’a baena ba bangata. ’Me bao o ba reretseng pele, o bile o ba bitsitse; ’me bao o ba bitsitseng, o bile o ba beile ba lokileng; ’me bao o ba beileng ba lokileng, o bile o ba tlotlisitse.”

13. (a) Molimo o tlotlisa ba boleloang ba lokile neng? (b) Ke motheong ofe moo ho boleloa ha batho ba lokile ho etsahalang?

13 Molimo o tlotlisa neng? Ha o fa bao o ba ratileng khanya ea tsebo ea Mora oa oona oa pele eo hona joale a phahamiselitsoeng ka letsohong la Hae le letona. Kahoo Molimo o ba bea tseleng e isang khanyeng ea leholimo. Kamor’a mosebetsi ona oa pele oa Molimo, joale o ka ba bolela ba lokile, empa feela ha ba lumela ho Kreste ea tlotlisitsoeng ho isa ntlheng eo ba ineelang bobona ho Molimo ba sa itšiele letho.

14. (a) Motho o ba har’a ba ‘bitsitsoeng’ joang? (b) Ho tla joang hore motho a kopanyelletsoe ho ‘ba khethiloeng pele’ ba Molimo?

14 Joale, he, Molimo o bitsa morutuoa ea ineetseng, a kolobetsoa joang oa Mora oa hae ea tlotlisitsoeng, e le hore a ka ‘fallisetsoa ’musong oa Mora oa oona ea ratoang’? (Ba-Kol. 1:13) Molimo o etsa joalo ka ho mo tsoala ka moea oa Oona hore e be mora ea tsoetsoeng ka moea oa Molimo. Ke nakong eo Molimo o ka bitsang kapa oa mema mora ea joalo oa moea hore e be karolo ea ’muso oa leholimo, e ka thabeloang feela ke ba qetellang ba tsoselitsoe bophelong ba leholimo. (1 Ba-Kor. 15:43-50) Molimo o hlile oa khetha pele hore ho tla ba teng ba amanang le Mora oa hae e le ’mele oa baena ba nang le tlhaho e tšoanang ea bomolimo ’me ba tšoana le setšoantšo sa Mora oa hae oa letsibolo, Jesu Kreste. Kahoo, hoba ba bitsoe, ngoana ea tsoetsoeng ka moea oa Molimo o fetoha setho sa sehlopha se hlileng sa khethoa pele, seo a tlamehang ho ipaka a tšepahala ho sona ho fihlela lefung la hae la lefatšeng. Molimo o hlile oa khetha sehlopha sena, e seng motho leha e le ofe a le mong ka ho khetheha ka lebitso, ea kenang sehlopheng seo. Molimo o hlile oa khetha lenane la baena ba Kreste hore e be 144 000, ho se batho ba boleloang ka mabitso ntlheng eo.—Tšen. 14:1-3.

15. Ke neng Molimo o ‘itsebetseng pele’ bao o ba khethileng pele?

15 Ho Ba-Roma 8:29, 30 moapostola Pauluse o supa hore sehlopha sa Bakreste bao Molimo o tsoelang pele ho ba tlotlisa kapa ho ba hlompha le ho ba phahamisa, ho ba bolela ba lokile, ho ba bitsa le ho ba khetha pele, ‘o itsebetse bona pele.’ Hona ke hoo Molimo o ho entseng morao koana tšimong ea Edene ha o fana ka boprofeta ba oona ka “peō” ea “mosali” oa oona le ntoa e tla hlōloa ke “peō” eo. (Gen. 3:15) Kahoo, likete tsa lilemo pele “peō” eo e eba teng, Molimo ke oona oa pele o ileng oa hlokomela hore e-ea hlokahala le kabelo ea eona e khethehileng ea mosebetsi. Ho tloha ka nako eo ho ea pele Molimo oa ‘itsebela pele’ tlameho ea oona ea ho hlahisa “peō” e joalo. Ka hona ea e-ba ea pele lenaneong la Molimo. Ka ho loketseng, seo Molimo o ileng oa nka se tšoaneleha ho ‘itsebeleng pele’ ha oona oa se hopola ’me sa lula pelong ea oona ho theosa ho tla fihlela ho hlahisoeng ha “peō” eo e le Mora oa oona Jesu Kreste le barutuoa ba tsoetsoeng ka moea ba tšepahalang ba Mora enoa. Ka nako ena eohle ho tla fihlela ho hlaheng ha “peō” eo, Molimo o hlile oa e tseba ’me oa e nea tlhokomelo e khethehileng.

16. (a) ‘Mesebetsi eohle ea hae’ joalokaha e boletsoe ho Ba-Roma 8:28-30 e phetha karolo ea eona joang? (b) Kahoo ke eng e tiileng bakeng sa bohle ba ‘bitsitsoeng ka morero oa hae’?

16 Kahoo, ho tloha qalong ho ea qetellong, “mesebetsi” ke ea mang eo re e thathamiselitsoeng ho Ba-Roma 8:28-30? Ke “mesebetsi” ea Molimo. ’Me kaha ke Molimo o lumellanang, o tumellanong e feletseng eena ka boeena litšebelisanong tsohle tsa hae, o etsa hore ‘lintho tsohle li sebelisane hammoho molemong oa ba ratang Molimo.’ Ha ho le o mong oa ‘mesebetsi eohle ea oona’ o tsoileng tseleng, o sa lumellaneng, le mesebetsi eohle ea hae kaofela e nang le morero. Mesebetsi ena e tsoela pele ka kutloano, o mong o isa ho o mong ’me o o lokisetsa. Morero oa Molimo o moholo, ’me o tseba hantle hore na o tla o phetha joang ka katleho. Kahoo “ba bitsitsoeng ka morero oa oona” ba ka tiisa hore a ke ke a hlōleha le ka mohla. Haeba ba lula ba tšepahetse ’me ka lerato ba sebelisana le eena, kannete ba tla ba le karolo ho finyelloeng ha morero oa oona ka ho ba le kabelo e mafolo-folo ’musong oa oona oa leholimo le Jesu Kreste.

SEHLOPHA SE SENG SE HLILENG SA TSEJOA PELE

17. Ke morero ofe o lerato oo Molimo o nang le oona mabapi le ba bitsitsoeng, ba khethiloeng pele, hona ho tloha neng?

17 Ka ba ‘bitsitsoeng’ bao Molimo o ba ‘tsebileng pele,’ o na le morero o lerato oo o tlang ho o phethahatsa. Hona ho tsebahalitsoe ka ho hlakileng lilemo tse 2 083 hoba Adama a bōptjoe, e leng selemong sa 1 943 B.C.E. Ka nako eo Molimo oa re ho hlooho ea lelapa e tšepahalang Abrahama: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao.” Kahoo lehlohonolo lena la kenyelletsa lefatše ’me le ne tla fumanoa ka “peō” ea Abrahama. (Gen. 12:1-3; 22:17, 18) “Peō” ena e hlileng ea khethoa pele e ne e tla etsoa ka Jesu Kreste le barutuoa ba bitsitsoeng ba hae ba 144 000. (Tšen. 7:1-8; 14:1-3; Ba-Gal. 3:16, 29) Tšepiso e bonolo ea Molimo ho Abrahama ea bontša tsebo ea Oona e tlang pele ea sehlopha sa “peō” ntle ho hore a bolele palo e tobileng ea bona. Ke buka ea ho qetela feela ea Bibele e re neang palo.

18. Mehleng ea boholo-holo pele ho Kreste, Molimo o ile oa sebelisa batho ka bomong kapa lihlopha ho tšoantšetsa eng ka boprofeta?

18 Mehleng ea boholo-holo pele ho Kreste, ho ne ho le teng batho ka bomong le lihlopha bao e bileng metsoalle ea bana ba tsoileng ho Abrahama. Molimo o sebelisitse bana e le tšoantsetšo kapa pontšo ea boprofeta ea batho ba mehleng ea rōna bao e neng e tla ba metsoalle le balekane ba masala a ’maloa a ‘ba bitsitsoeng’ ba sa ntsaneng ba le lefatšeng.

19. Tšenolo 7:9-14 e tšoantšetsa metsoalle eo e mafolo-folo ea masala a barutuoa ba ‘bitsitsoeng’ ba Kreste joang, ’me ke tokelo efe haufinyane eo e tla ba ea bona?

19 Buka e qetellang ea Bibele, e ngotsoeng ke moapostola oa Mokreste Johanne hoo e ka bang selemong sa 96 C.E., ea hla ea bolela le ho tšoantšetsa metsoalle ena e mafolo-folo ea masala a ‘ba bitsitsoeng’ e le “bongata bo boholo” bo se nang palo. Litho tsa “bongata bo boholo” bona li tla bolokoa li phela “mahlomoleng a maholo” a tlang, e, ho feta ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ ka Harmagedone ’me bo tla kena taolong e ncha lefatšeng le hloekisitsoeng tlas’a puso ea lilemo tse sekete ea Jesu Kreste le ‘ba bitsitsoeng’ ba hae ba 144 000. Setšoantšo sa boprofeta sa “bongata bo boholo” bona joalokaha se tlalehiloe ho Tšenolo 7:9-14 se ile sa hlalosoa ka mantsoe a molomo le ka khatiso ka selemo sa 1935.—Tšen. 16:14, 16.

20. Ho tloha ka 1935, ke litšoantšetso tse kae le boprofeta tse supang ho bongata bo boholo tse beiloeng libukeng tsa rōna, ’me ke hobane’ng ha tšepo ea bona e khethehile empa ho tiile hore e tla phethahala?

20 Lilemong tse 45 kamor’a moo, bonyane ke litšoantšetso tse 42 tsa boprofeta tsa “bongata bo boholo” boo ba baphonyohi ba Harmagedone tse ngotsoeng libukeng tsa Watch Tower Society. (Bona You May Survive Armageddon into God’s New World, e hatisitsoeng ka 1955, maqephe 367, 368.) Boprofeta bona bohle bo bontša hore Molimo o ne o rerile molemo feela bakeng sa “bongata bo boholo” bona bo hlileng ba boleloa. Ke hobane le bona boa mo rata. Ba bangata ho bona e bile ba ithaopelang ho paka lerato la bona le sa senyeheng ho eena le ho isa lefung la ho shoela tumelo. Kannete, tšepo e beiloeng ka pel’a “bongata bo boholo” ke e sa kang ea tšoareloa boholo ba libopuoa tse batho. Le hoja tšepo ea bona e le e khethehileng le e babatsehang, ka kholiseho ba lebelletse ho phethahala ha eona ka potlako. Tšepo ena ea bona e phelang e ke ke ea soetsa, kaha Molimo o fanang ka tšepo oa tšepahala. Tšepiso ea bona ho oona ke e tšepahalang le e tiileng, e re: “Ea lutseng teroneng o tla ba sireletsa. Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyoroa; ha ba sa tla hlola ba batoa ke letsatsi, leha e le ke lebatama le leng; hobane Konyana e har’a terone e tla ba alosa, ’me e tla ba isa lilibeng tsa metsi a bophelo; ’me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.”—Tšen. 7:15-17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ke ka mokhoa oo “Vatican Manuscript No. 1209” Alexandrine Manuscript,” le “Papyrus No. 46” li balehang ka oona. Bona The Syriac New Testament ea Dr. James Murdock.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela