Lipesaleme
U ka Thaba Joang?
RAMOLAO ea tsebisahalang oa Lenyesemane Blackstone o ile a hlokomela hore melao ea Molimo ea toka e lohellane le thabo ea motho ka mong hoo, ntle ho ho itšoarella ka melao ea Molimo, thabo e ke keng ea finyelloa. Hona hoa utloahala, hobane tšobotsi e laolang Moetsi oa motho ke lerato ’me, ka baka leo, melao ea hae kaofela e lokisitsoe ho holisa molemo o fetisisang oa libopuoa tsa hae tse bohlale.
Ke ka baka leo thabo ea ’nete tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo e itšetlehileng ka tšabo e hahang ho Molimo o matla ’ohle. Hona ho hatisoa ho Pesaleme ea 128, moo re balang: “Ho lehlohonolo motho ka mong ea tšabang Jehova, ea tsamaeang litseleng tsa hae. E, u tla ja litholoana tsa mesebetsi ea matsoho a hao. Menono le lehlohonolo li be ho uena! Mosali oa hao, ka hare ho ntlo ea hao, o joale ka morara o beang haholo; bara ba hao ba teela tafole ea hao hare, joale ka mehloare e mecha. Bonang, ea tšabang Jehova o tla hlohonolofatsoa joalo! Jehova a ke a u romele mahlohonolo a hae a le Sione! U ke u bone lehlohonolo la Jerusalema ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hao. U tla bona le bana ba bana ba hao. Khotso e be ho Iseraele!”—Litem. 1-6.
Hlonepho e loketseng bakeng sa ’Mopi e bonahatsoa ka hore motho a tsamaee litseleng tsa hae, a lumellana le tsela eo a e bolelang, a boloka melao ea hae. Ha batho ba tšoarella molaong oa bomolimo, ha ba senye matla a bona empa ba tsamaisa litaba tsa bona ka bohlale ’me ba etse mosebetsi o molemo le o motle. Kahoo, ka tlhohonolofatso ea Molimo, ba thabela litokisetso tseo ba li sebeletsang ’me ruri ba nyakalletse ba bile ba sireletsehile.
Mosali oa monna ea tšabang Molimo o tšoantšoa le morara o beang haholo. Hobane’ng? Morara o hloka ho tšehetsoa ka mokhoa o itseng, ka ntho e kang thupa. Ka mokhoa o tšoanang, ka ho fumana molemo oa ho tšehetsoa hantle ke monna oa hae le ka ho ba ’mè oa bana ba monna, mosali o tšoana le morara o beang litholoana, a thabile a bile a khotsofalletse ho phethahatsa litšoanelo tsa hae ka karolong e ka hare-hare ea ntlo ea hae.
Bara ba banyalani ba thabileng ba tšoantšoa le makala a tsoang sefateng se holileng hantle a atisang ho sebelisetsoa ho lema lifate tse ncha. Hape, sefate sa khale se ka ’na sa ntša mahlomela metsong ea sona, kahoo se lelefatsa bophelo ba sona. Joaloka mahlomela a joalo a sefate sa mohloare, bara ba pota ntat’a bona, ba tlatsetsa thabo ea bona lelapeng le thabileng.
Ha ho ne ho ngoloa pesaleme ena, areka e halalelang ea selekane, e neng e emela boteng ba Molimo, e ne e le Thabeng ea Sione. Kahoo, kaha Ea Holimo-limo o ne a lula moo ka tsela ea boemeli, mahlohonolo ’ohle ho ne ho ka boleloa hore a tsoa Sione kapa Jerusalema. Kaha Jerusalema e ne e le setsi sa borapeli ba ’nete, boiketlo ba Moiseraele ka mong bo ne bo amana haufi le boiketlo ba Jerusalema. Ka hona e ne e le molemong oa motho ka mong ho bona molemo oa Jerusalema ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae—bophelo bo bolelele bo neng bo tla mo nolofaletsa ho bona litloholo tsa hae.
Thabo e neng e tla fumanoa ka ho utloa molao oa Molimo e ne e sa lekanyetsoa ho Moiseraele ka mong. E ne e ka nyakalleloa ke sechaba kaofela, haeba se utloa. Ka ho loketseng, he, mopesaleme o phetha ka polelo ea thapelo: “Khotso e be ho Iseraele.” (Pes. 128:6) E, batho ba Molimo ba ke ba thabele khotso le tšireletseho ka linako tsohle.
Haeba u lakatsa thabo ea mofuta o boleloang ho Pesaleme ea 128, nahanisisa Bibele ka hloko ’me u itumelle ho tsamaisoa ke tataiso ea eona. Tiisa, ka phihlelo ea hao, hore thabo ea sebele e tla ka ho utloa molao oa Molimo.