Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 8/15 maq. 3-5
  • Lekunutu la Thabo ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lekunutu la Thabo ke Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o ka Etsa Hore re Thabe?
  • Molimo o Re Etsetsa Eng?
  • U ka Thaba
  • Thabo ea ’Nete ea ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Kamoo re ka Fumanang Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Thaba ba Sebeletsang “Molimo ea Thabileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ke Hokae Moo ho ka Fumanoang Thabo ea Sebele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 8/15 maq. 3-5

Lekunutu la Thabo ke Eng?

HO THABA, u tlameha u be morui, u be motle, u ratehe. U ka ’na ua nahana joalo, haeba liphatlalatso, libaesekopo le libuka tsa litaba tše iqapeloang ke ’nete.

Empa, qetellong, na chelete le matlotlo a maholo li fella ka thabo ea sebele le ea nako e telele? Na bocha le botle ba ’mele lia hlokahala hore u thabe? Bana ba tletseng papali hangata ba bonahala ba thabile. Empa ha e le hantle lekunutu la thabo ke eng?

Na Molimo o ka Etsa Hore re Thabe?

Mohlomong u ka bolelloa hore thabo e hlile e itšetlehile ka hore u be le kamano e ntle le Molimo. Empa batho ba bangata ba ho fumana ho le thata ho lumela Boleng bo Phahameng. Ha ba bo bone, ha ba bo tsebe ’me ba nahana hore ba mpa ba tlameha feela ho lumela hore bo teng. Kahoo ba sitoa ho bona hore na Molimo o ka ba etsa hore ba thabe joang.

Ke ’nete, kaha “Molimo ke Moea” re ke ke ra o bona ka mahlo a rōna. (Johanne 4:24) Empa na lintho ha li ngata tse sa bonahaleng tseo leha ho le joalo re lumelang hore li teng? Re thabela botsoalle empa ha re bone seo rōna le metsoalle ea rōna re ikutloang sona. Rea nahana, empa na ho na le ea kileng a bona menahano? Rea phela, empa na re ka bona matla a bophelo?

Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng e e-song ho senngoe ke motho e totobatsa taolo, botle le molemo. Kahoo e tlameha e be ho na le e mong eo ka hloko a ileng a nahana le ho hlophisa lintho, e mong ea nang le boikutlo bo matla ka pōpeho le botle—e, e mong ea tsebang se ka re thabisang. Mongoli oa khale-khale o ile a hlokomela ka bokhabane hore litšoaneleho tse sa bonahaleng tsa Molimo li bonahala ka lintho tseo O li entseng. Na setšoantšo se setle ha se senole ho hongata ka seqapi sa sona? Ho joalo le ka Molimo. Ho bonolo ho o “bona” pōpong le ntho eohle eo a re etsetsang eona.—Ba-Roma 1:20.

Molimo o Re Etsetsa Eng?

Molimo o ka re thusa hore re thabe, le hoja re bona karolo feela ea matla, bohlale le lerato la oona mesebetsing ea oona ea pōpo. Ha ho bapisoa le babusi ba bangata ba lefatše, ha o emelle thōko ka ho se tsotelle le bao o ba busang. Ka lerato Jehova Molimo ka mosa o nea libopuoa tsa hae litaelo tse ka li thusang hore li phele bophelo bo thabileng. Ha e le hantle, Bibele e tletse “litaelo” tse hlahisang thabo.—Pesaleme ea 25:8-10.

Ha a qotsa e meng ea melao e re tsebisang hore na Molimo o talima liketso tse joalo joang, Jesu Kreste o itse: “U se ke ua bolaea, u se ke ua feba, u se ke ua utsoa, u se ke ua bea bopaki ba bohata, u hlonephe ntat’ao le ’m’ao, ’me u rate oa heno joale ka ha u ithata.” (Mattheu 19:18, 19) U nahana hore lefatše le ne le tla ba joang hoja ho ne ho sebelisoa litaelo tse joalo? Ka sebele, haeba ho ne ho se ’molai, mofebi, lesholu le ba joalo, batho ba ne ba tla thaba haholo.

Mangolo a re: “Ho lehlohonolo [“ho thabile,” NW] sechaba seo Jehova e leng Molimo oa sona.” (Pesaleme ea 144:15) Ke ’nete e kaakang! Ba bangata ba sebelisitse keletso ea Molimo, ’me hona ho ba neile thabo le khotsofalo tseo ho seng letho le ka emang bakeng sa tsona bakeng sa thabo ea ’nete. (Ba-Filippi 4:6, 7) Re ke re hlokomeleng hore na ba seng ba kae ho bona ba re’ng.

Ekaba ke eng e ka thabisang lekhoba la lithethefatsi le phelang sebakeng ntle ho tumello? O ne a ikhethetse bophelo ba boitšoaro bo bobe, botahoa, mekete e ratoang le ho loana. Koana, o ne a bona hore batho bao a ba hloileng ha ba fetoloe ke lintho tseo a li etsang. Ho neng ho mo saletse feela, kamoo a neng a ikutloa kateng, e ne e le hore a ithabise ’me a etse se mo khahlisang. Empa batsoali ba ngoanana eo a ileng a mo nyala ba mo bontša tsela e eang mokhatlong o mocha o ntseng o ata hona joale. O re: “Hang hoba ke nyale, kamoo ho leng kateng, ke ile ka qobelloa ho bona hore bophelo boo ke neng ke bo phetse ho fihlela ka nako eo bo ne bo tla fella feela ka kotsi. Joale ke hlokomela ka botebo hore ho latela keletso ea Bibele ho ka tlisa liphetoho tse khōlō bakeng sa molemo oa bophelo ba motho. ’Na le mosali oa ka le bana ba babeli, ke sebeletsa Molimo ke le paki e kolobelitsoeng ea Jehova.” Monna enoa o fumane thabo ea ’nete e le Mokreste.

Nahana ka taba e ’ngoe. Empa u ipotse pele: Ke ne ke tla thaba hakae haeba ke sa tsoa buuoa kankere, ’me ke ntse ke phekoloa ho ea pele ’me mohlomong ke sa ntsane ke tla buuoa ka lekhetlo la bobeli? Mosali e mong ea phihlelong ena e kotsi ka nako e ’ngoe o ne a tsebisahala sebakeng sa habo ka botekatse ba hae. Ho ile ha mo nka nako pele a sebelisa keletso eohle eo a e fumaneng ka Mangolong. Empa ho itšetleha ka Molimo ho mo nolofalelitse ho fetola bophelo ba hae haholo. Motseng oa habo Netherlands, moo e mong le e mong a tsebang ka botumo ba hae ba nakong e fetileng, hona joale o ea ka ntlo le ntlo e le hore a ka bolela ‘litaba tse molemo’ le ho thusa ba bang ho fumana thabo ea sebele. Le hoja mosali enoa a e-na le mathata a maholo a bophelo, o re: “Tšepo eohle ea ka ke e beile ho Jehova Molimo, ’me o tla nthusa.” Le eena, o tseba thabo ea sebele.

Phihlelo ea mosali-moholo oa Amsterdam e paka hore motho ha a felloe ke thabo ea ’nete ho sa tsotellehe masoabi a mangata a lefatše lena le sa thabang. Mosali enoa o ne a thabile lenyalong ka lilemo tse 57, empa likhoeli tse seng kae kamor’a ho shoeloa ke monna o ne a ka re: “Ke thabile haholo, ke ikutloa ke sireletsehile ka ntlong ea ka ’me ha ke tšabe.” Lekunutu la thabo ea hae ke lefe? O re: “Ha u mamela melao ea Molimo, u thabile.”

U ka Thaba

Kahoo ho bonahala hore khutso e tebileng le thabo ha lia itšetleha haholo ka maemo a kang bophelo bo botle ba ’mele, leruo, hlompho le tse joalo. Thabo ea nako e telele e itšetlehile ka letsoalo le letle, ho itlhonepha, metsoalle ea sebele—’me, ka holim’a tsohle, botsoalle le Molimo. Ke eng ha u sa leke ho o “bona” ka ho sheba pōpo ea oona ka kutloisiso e kholoanyane ’me haholo ka ho ithuta Bibele? Ke mang ea ka tsebang hore na u tla thaba hakae hobane u tebisa pelong seo u se balang Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo?

Empa na batho ba fetohang ba bang ba Lipaki tsa Jehova ba thabile ka ho feletseng kamehla? Ho bua ’nete, Che. Joalokaha sehlooho se latelang se bontša, batho ba sa phethahalang ba na le mathata kaofela ha bona ’me ba hloka thuso ea ho loana le oona ka katleho. Empa Lentsoe la Molimo, Bibele, le thusa batho ba tiileng ba Bakreste ho ’na ba tsamaea tseleng ea thabo e sa feleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela