Lentsoe lo Molimo Leo Phela
Lerato le sa Khelosoeng la Moroetsana
HO NA le ntho e ntle ka ho fetisisa ka lerato le sa khelosoeng pakeng tsa monna le mosali. Ha lerato leo le mamella ho sa tsotellehe likhatelo tse tsoang mehloling e meng ho le qhala, le maikutlo a ba shebelletseng a susumetseha.
Nka taba ea ngoanana oa Bochabela oa Shuneme, kapa Suleme. O ratana le molisana e motle. Boitekong ba ho sireletsa Mosulame molekong, likhaitseli tsa hae li mo hanela ho amohela memo ea moratuoa oa hae hore ba otlolle maoto ka letsatsi le monate la selemo. Ba mo khethela hore a alose masimo a merara tšenyong ea liphokojoe tse nyenyane.—Sefela sa Sal. 1:6; 2:8-15.
Nakong ena, Morena Salomone o tla ka bokhabane ba borena ho hloma litente haufi le lapeng habo Mosulame. Hona ho etsa hore a mo bone ha a ntse a hlokometse litšoanelo tsa hae. Ka baka la botle ba hae, o iphumana a isitsoe ka kampong ea morena ’me o talimane le liqeko tsa morena.—Sefela sa Sal. 6:11, 12; 1:2-4.
Na Mosulame oa khahleha? Na oa thekesela leratong la hae? Che. Ntle ho lihlong o bolela ho hlōloheloa ha hae molisana eo a mo ratang. Empa Salomone ha a rate ho mo tlohela hore a ikele, a tsoela pele ho mo reneketsa ka lipolelo tsa lerato ’me a tšepisa limpho tse ntle ka ho fetisisa. Mosulame, leha ho le joalo, o bua ka lerato la hae le sa shoeng bakeng sa molisana oa hae. Hamorao, molisana o kopana le eena, ’me ka bobeli ba buisana ka mantsoe a lerato.—Sefela sa Sal. 1:7-17; 2:1, 2.
Ha a khutlela Jerusalema, Morena Salomone o tsamaea le Mosulame. Mona motseng o moholo, molisana o fumana tsela ea ho ea mo bona. (Sefela sa Sal. 3:6-11; 4:1-5) Salomone, kamor’a hore boiteko bohle ba hae ba ho hapa lerato la Mosulame bo hlōlehe, qetellong a mo lumella ho khutlela hae. (Sefela sa Sal. 8:5a) Ea e-ba tlhōlo ho Mosulame!
Ngoanana enoa oa hae ruri o ema e le mohlala o motle oa ho tsitsa leratong, lerato le ke keng la khelosoa. Lena ke lerato leo litho tsa ’nete tsa monyaluoa oa Kreste oa moea hammoho le “linku tse ling” tsa hae, li nang le lona bakeng sa “molisa ea molemo” oa tsona.—Bapisa Johanne 10:14, 16; 2 Ba-Korinthe 11:2; Ba-Efese 5:25-32.