Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 10/15 maq. 13-16
  • Ho Boloka Tumelo le Monna oa ka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Boloka Tumelo le Monna oa ka
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BASELE LE BA HLOMPHUOANG
  • BOPHELO LE LEFU AUSCHWITZ
  • HO EA LIKAMPONG TSE LING LE TOKOLOHO
  • LITEKO TSE LING LE MAHLOHONOLO
  • Tumelo ho Modimo ea ’Matlafatsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Jehova o Ile a re Pholosa Mebusong ea Khatello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ka Pholoha “Leeto la Lefu”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Polao e Sehlōhō—E, e Hlile ea Etsahala!
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 10/15 maq. 13-16

Ho Boloka Tumelo le Monna oa ka

Kamoo ho boletseng Elsa Abt

HA A ntse a le Sachsenhausen, Harald o ne a lumelloa ka nako e ’ngoe ho ngola lengolo la mela e mehlano feela. Ka holimo le tempuoa hore: ‘Kaha e ntse e le Seithuti sa Bibele se manganga, o amohiloe tokelo ea ho ngola ka tšoanelo.’ Setempe seo e ne e le kothatso ho ’na ka mehla, hobane se ne se mpontša hore monna oa ka o ntse a tiile tumelong.

Ka letsatsi le leng ka Motšeanong 1942 ha ke khutla mosebetsing ka fumana Gestapo e nkemetse. Ba ile ba phenyekolla ntlo, ba ntaela hore ke nke jase ea ka ke tsamaee le bona. Morali oa rōna Jutta, a ea ho e mong oa Gestapo, monna ea molelele bo sa tloaelehang, a mena leoto la borikhoe ba monna eo, a re: “Ke kōpa le siee mè mona!” kaha ha a ka a arabela, a ea ka lehlakoreng le leng ’me a etsa thapeli: “Ke kōpa le siee ’me mona!” Hona ha mo sulafaletsa, eaba ka lentsoe le matla o re: “Tlosa ngoana enoa mona! Nka bethe ea hae, le liaparo tsa hae!” A neoa lelapa le leng mohahong, lemati la tiisoa, ’me ka isoa ntlo-kholo ea Gestapo.

Moo ka bona Lipaki tse ling tse ngata tse neng li tšoeroe hona mohlang oo. Re ne re ekiloe ke motho ea neng a ikentse eka ke Paki ’me a entse hore re mo tšepe. Eare ha Gestapo e re botsa ka hore na mochine oa rōna oa khatiso o kae le hore na ke mang ea etellang pele mosebetsing oa boboleli ba sekhukhu, ka iketsa eka ha ke tsebe letho. Joale ra kenngoa chankaneng.

Tumelo ea rōna e sa sisinyeheng ea tsietsa Gestapo. Ka lekhetlo le leng ha re ntse re botsoa, ofisiri ea tla ho ’na e finne lifeisi. Ea re, “Re tla etsa joang ka lona batho ting? Ha re le tšoara, ha le tsotelle. Ha re le isa chankaneng, ha le tsotelle le hanyenyane. Ha re le isa likampong tsa mahloriso, ha ho le tšoenye. Ha re le ahlolela lefu, le ema moo feela le sa khathatseha. Re tla le etsa joang?”

Kamor’a likhoeli tse tšeletseng chankaneng, ka romeloa le likhaitseli tse ling tse 11 tsa Bakreste Auschwitz, kampo e sa rateheng ea polao.

BASELE LE BA HLOMPHUOANG

Pele, ra isoa Birkenau, e ’ngoe ea likampo tse neng li kolella Auschwitz. Ha ofisiri e ’ngoe ea SS e fumana hore re moo hobane re le Liithuti tsa Bibele, ea re: “Ha ke ne ke le lona, ke ne ke tla saena pampiri ke ikhutlellele hae.”

Ka arabela hore, “Haeba ke ne ke ratile ho saena, nka be ke entse joalo khale.”

Ea lemosa hore, “Empa le tla shoella mona.” Ka re ho eena: ‘‘Ke itokiselitse hona.”

Hamorao ra nkuoa lifoto, ’me ra tlameha ho tlatsa liforomo le lipotso. Ha re eme moleng o neng o feta setsing sa bongaka, lingaka tse peli, le tsona e le batšoaruoa, ba ne ba shebelletse ba fihlang. Ngaka e ’ngoe e ne e bile nako e telele ho feta e ’ngoe kampong. Ka utloa ngaka e kholo e re ho e nyenyane: “Ka mehla u ka elelloa Liithuti tsa Bibele.”

“E?” ngaka e nyenyane ea arabela, ka pelaelonyana. “Mpontše, he, sehlopheng sena eo e leng Seithuti sa Bibele.” Ka nako eo ke ne ke feta ka pel’a bona moleng, ’me ba ne ba sa bone lesela la ka le khutlo li tharo le pherese. Leha ho le joalo, e ntšupa, ngaka e kholo ea re: “Enoa ke Seithuti sa Bibele.” E nyenyane ea potoloha, ’me ea sheba lesela la ka le khutlo li tharo ’me ea tsoa: “U nepile! U tsebile joang?”

“Batho bana ba shebahala ba fapane,” ea bolela joalo. “U ka ba khetholla habonolo.”

E ne e le ’nete. Re ne re shebahala re fapane. Re ne re tsamaea re otlolohile, re sa kokobana, re sa tepella. Ponahalo ea rona e ne e le e shebileng pele, re sheba motho e mong ka bolokolohi le ka mahlong. Re ne re le moo re le lipaki bakeng sa lebitso la Jehova. Ke ka baka leo re neng re e-na le botho bo fapaneng, ’me ba bang ba ho hlokomela.

Rona likhaitseli tse 12 ra ba Birkenau ka matsatsi a seng makae feela. Joale ra isoa Auschwitz ho ea sebetsa malapeng a liofisiri tsa SS. Li ne li batla Lipaki tsa Jehova bakeng sa hoo; li ne li tšaba ho sebeletsoa ke ba bang malapeng a tsona. Li ne li tseba hore re ke ke ra leka ho li tšella chefu; rea tšepahala ’me re ke ke ra leka ho utsoa kapa ho baleha.

BOPHELO LE LEFU AUSCHWITZ

Ka nakoana bohle ra phela ka kampong ea hloriso, hammoho le batšoaruoa ba bang, karolong e ka tlase ea ntlo e khōlō ea setene. Nako ea hore re fuoe likabelo tsa mosebetsi ea fihla. “Mang o batla ho sebetsa hokae?” ra botsoa. Empa ra itholela. “Oh, le baikhohomosihali,” ha bua joalo molebeli oa mosali.

Motsoalle oa ka a arabela, “Che, ha re baikhohomosi, empa kae le kae moo u ka re beang teng, re tla sebetsa moo.” ’Me ona e ne e le mokhoa oa rōna ka mehla. Re ne re sa batle ho ikhethela moo re ka sebetsang, hobane re ne re rapela hore Jehova a re tsamaise. Haeba re isoa sebakeng seo ho bonahalang se le boima, joale re ne re ka reteleha ’me ra kopa: “Jehova, joale re kōpa u re thuse.”

Kabelo ea ka ea e-ba ho sebeletsa ofisiri ea SS e lulang ka ntle ho kampo. Mosebetsi oa ka e ne e le ho hloekisa ntlo ea eona, ke thuse mosali oa eona ho pheha, ke hlokomele ngoana oa bona le ho ea reka mabenkeleng—ke Lipaki tsa Jehova feela tse neng li tšeptjoa ho tloha kampong li sa lebeloa. Koana, ka mehla re ne re apara seaparo se liphororo sa chankane. Kamor’a nakoana ra lumelloa ho lula moo re sebetsang, ho e-na le ho khutlela kampong mantsiboea. Ke ne ke robala ntlong e ka tlase ea ofisiri ea SS.

Empa ruri re ne sa nkoe re le batho. Ka mohlala, ha ofisiri ea SS e mpitsetsa ofising ea eona, ke ne ke tlameha ho ema monyako ’me ke re: “Motlamuoa ea Bolokiloeng oa Nomoro 24 402 o kōpa tumello ea ho kena.” ’Me kamor’a ho nka litaelo tsa hae, ke ne ke lebelletsoe hore ke re: “Motlamuoa ea Bolokiloeng oa Nomoro 24 402 o kōpa ho tsamaea.” Ho ne ho se mohla ho sebelisoang mabitso a rōna.

Ho tšoana le likampong tse ling, lijo tsa moea ka sebopeho sa Molula-Qhooa le libuka tse ling li ne li khona ho kena Auschwitz. Ke ne ke fumana le mangolo a tsoang ho Harald. Puisano ea ka mehla e ne e theoa tjena le Lipaki tse ka ntle:

Ba bang sehlopheng sa rōna ba ne ba abetsoe ho sebetsa hoteleng eo ho eona ho phelang malapa a banna ba SS, ’me bana ba akarelletsa motsoalle oa ka Gertrud Ott. Ka tsatsi le leng Gertrud o ne a hlatsoa lifenstere ha basali ba sehlotšoana ba feta, ’me, e mong oa bona a sa phahamisa hlooho, a re, “Le rōna re Lipaki tsa Jehova.” Hamorao, ha ba khutla, Gertrud a re ho bona: “E-eang ntlong ea ho hlapela.” Ba kopana moo ’me ba buisana, ’me ho tloha ka nako eo ba lokisetsa liboka tse ling tse joalo ho mokola libuka tsa bohlokoa tsa Bibele le mokhoa o mong oa puisano.

Re ile ra leboha Jehova bakeng sa tataiso ea hae le tšireletso nakong ea lilemo tseo Auschwitz, haholo ha re tseba hore ho ne ho etsahala lintho tse sisimosang ka ho fetisisa. Sehlopha se seholo haholo sa Bajode se ne se ee se fihle ’me se isoe ka ho toba moo se il’o bolaoa ka gase! Ka nako e ’ngoe nkile ka oka mosali oa molebeli kampong ea neng a ile a sebetsa moo ho bolaoang ka gase, ’me a mpolella hore na ho etsahala joang moo.

“Batho ba kolokisoa ho kena ka kamoreng,” kamoo a ileng a hlalosa,” ’me monyakong o kenang ka kamoreng e latelang ho na le letšoao, ‘Leba ka Ntlong ea ho Hlapela.’ Ba bolelloa hore ba hlobole. Ba hlobotse ho hang ba kena ka ‘ntlong ea ho hlapela.’ Lemati le notleloa kamor’a bona. Empa gase, ho e-na le metsi, ke eona e tsoang lipompong.’ Hoo a neng a ho bone moo ho ne ho mo amile maikutlo, ho isa moo joale a neng a kula ’meleng.

HO EA LIKAMPONG TSE LING LE TOKOLOHO

Ho tloha ka Pherekhong 1945, Jeremane ea hlōloa e sa tsoa hlōloa likarolong tse ka bochabela. Ka boiteko ba ho tloha likampong tsa mahloriso, bongata ba rōna re ne re tlosoa kampong e ’ngoe re isoa ho e ’ngoe. Kamor’a ho tsamaea ka matsatsi a mabeli le masiu a mabeli ho ea nqa kampong ea Gross-Rosen, bo-khaitseli ba bangata ba ne ba khathatse hore ba ka tsoela pele. E bile topoloho e kaakang ha ka bosiu ba boraro re lumelloa ho robala setorong se petetsaneng! Lijo feela tseo re bileng le tsona leetong lena kaofela e bile bohobenyana boo re neng re bo nkile ha re tloha. Ha ho lea mong ho rōna ea neng a ikutloa hore o tla phela ho qeta leeto la letsatsi le leng hape. Empa joale ha etsahala ntho e ’ngoe e sa tloaelehang hoo nke keng ka e lebala le ka mohla.

Ha re qala leeto la letsatsi le latelang, ngaka ea SS eo ke neng nkile ka e sebeletsa ea re bona, ’me ea qala ho hoeletsa! “Liithuti tsa Bibele ka thōko! Liithuti tsa Bibele ka thōko!” Eaba e re ho ’na: “U tiise hore le tsoile kaofela.” Joale rōna bokhaitseli ba 40 ra isoa steisheneng moo ho ileng ha etsoa litokisetso tsa hore re tsamaee ka terene. Ha bonahala eka mohlolo ho rōna.

Literene li ne li petetsana, ’me ba bararo ho rōna ka mokhoa o mong o itseng ra fosoa ke setopo, ra fetela Breslau (Wroclaw ka Sepolishe). Ra theoha moo ’me ra laeloa hore re ee kampong ka tsela efe. Ha re fihla hekeng, balebeli ba tšeha ba ba ba tšeha qetellong ba re: “Ke Lipaki tsa Jehova feela tse neng li ka itlisa mona ka botsona.” Empa re ne re tseba hore ho ka khathatsoa banab’abo rōna haholo haeba re sa khutlela kampong.

Re bile Gross-Rosen ka libeke tse peli feela, joale ra isoa kampong ea Mauthausen haufi le Linz Austria. maemo a ne a hlomola moo. Ho ne ho khobokantsoe batho ba bangata haholo. Lijo li haella, ho bile ho se le joang boo re ka robalang ho bona, e le mapolanka feela. Kamor’a nakoana re ne re le tseleng hape, ho ea kampong ea Bergen-Belsen, haufi le Hannover, Jeremane. E mong oa bo-khaitseli a shoa tseleng e eang moo. Ka baka la maemo a mabe a kampong ena, ba bangata ho bo-khaitseli ba rōna ba neng ba pholohile leeto ho tla fihlela mona joale ba shoa.

Ba ka bang 25 sehlopheng sa rōna ba isoa kampong e ’ngoe hape, ea lekunutu, e bitsoang Dora-Nordhausen. Pele kampo ena e ne e le ea banna feela, empa haufi ho ne ho sa tsoa isoa matekatse a mang moo. Leha ho le joalo, molaoli oa kampo a hlakisetsa molebeli oa basali ea moo hore rōna re ba mofuta osele. Ha e-ba molemo ha re le Dora-Nordhausen. Moena o ne a sebetsa ntlong ea ho phehela ea chankane, ’me a hlokomela hore re fumana lijo tse hlomphehang.

Ka nako eo ntoa e ne e le haufi le ho lala. Ha etsoa litokisetso tsa ho re isa sebakeng se haufi le Hamburg. Bakeng sa leeto leo ka neoa koti-koti ea nama le bohobenyana, empa banna ba se ke ba neoa letho. Moena oa Lepolishe o ne a kula haholo; eaba ke mo nea lijo tseo tsa ka. Hamorao, a mpolella hore ho ile ha pholosa bophelo ba hae. Tseleng, ra kopana le masole a Maamerika, ’me ra lokolloa. Banna ba SS ba apara liaparo tsa batho feela tseo ba neng ba li nkile, ba pata lihlomo tsa bona ’me ba baleha. Ntoa e ne e fela!

Ha re fumanana le Harald hoo e ka bang khoeli hamorao, e bile mohlolo. Ra kopana ka nako e telele ka ho fetisisa—re ne re arohantsoe ka lilemo tse hlano.

LITEKO TSE LING LE MAHLOHONOLO

Ha re khutlela hae ra fumana molaetsa ona monyako: “Jutta Abt o phela mona. Batsoali ba hae ba kampong ea mahloriso.” Ho ne ho le hotle hakaakang hore ebe re lapeng—re pholohile! Ho neng ho khotsofatsa haholo e ne e le ho tseba hore re tšepahetse ho Jehova.

Lilemo tseo ke bileng likampong tsa mahloriso tsa Majeremane ka tsona li nthutile ntho e tsotehang. Ke kamoo moea oa Jehova o ka matlafatsang motho ha a le tlas’a teko e matla! Pele ke tšoaroa, ke ne ke balile lengolo la khaitseli le neng le bolela hore tlas’a teko e matla moea oa Jehova o apesa motho ka khutso. Ke ne ke ile ka nahana hore che o feteletsa taba ho se hokae. Empa eare ha ke feta litekong e le ’na, ka tseba hore seo a neng a se bua ke ’nete. Ho hlile ho etsahala ka tsela eo. Ho thata ho ho nahana, haeba u s’o fete ho hona. Empa ho hlile ha nketsahalla. Jehova oa thusa.

Ho ileng ha nthusa karohanong ea ka le morali oa ka e bile taelo ea Jehova ho Abrahama hore a etse mora oa hae sehlabelo. (Gen. 22:1-19) Jehova o ne a hlile a sa batle ho bolaea Isaaka, empa o ne a batla ho bona kutlo ea Abrahama. Tabeng ea ka, ka inahana, Jehova ha a hloke hore ke etse morali oa ka sehlabelo, empa feela hore ke mo siee. Hona ha se letho ha ho bapisoa le se ileng sa laeloa Abrahama. Jutta o lutse a tšepahetse ho Jehova ka lilemo tsena tsohle, e leng ho re thabisitseng.

Ho tšepahala ha monna oa ka e bile thabo le matlafatso ho ’na. Ke tlameha ho mo rata le ho mo hlompha bakeng sa botšepehi bo joalo ho Jehova. ’Me re fumane moputso o moholo ka baka leo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela