“Lerato le Matla Joale ka Lefu”
“Lerato le matla joale ka lefu, . . . malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke khabo ea Jehova.”—Sefela sa Sal. 8:6.
1, 2. Lenyalo la pele le bile teng joang, ’me ke hobane’ng ha monna le mosadi ba ne ba tla khomarelana?
ENE e le letsatsi la bona la thabo la lenyalo la bona. Le bile paradeiseng. Ke eng e neng e ka thabisa ho feta moo? Jehova o ne a robalitse monna oa pele, Adama, boroko bo tebileng. Joale Molimo oa nka le leng la mahopo a monna, ’me a koala leqeba ’me a sebelisa lehopo leo e le motheo oa ho thea mosali oa pele.
2 Eare ha mothusi le motlatsi e motle le ea phethahetseng a tlisoa ho Adama, Adama a thaba—empa e seng hoo a ileng a hloka puo. O ne a susumeletsehile hoo a ileng a phasoloha ka mantsoe a thothokiso, a re: “Joale enoa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ea nama tsa ka; o tla bitsoa mosali, hobane o ntšitsoe ho monna.” (Gen. 2:20-23) Ha rea bolelloa hore na mosali o ile a ikutloa joang mohla letsatsi leo la lechato, le hoja hamorao ho ile ha boleloa tjena ka mosali oa moetsalibe ea sa phethahalang: “Litakatso tsa hao li tla ba ho monna oa hao.” (Gen. 3:16) Kahoo, ruri ho phetheheng ha hae mosali oa pele, Eva, o ne a khahlisoa ke molekane oa hae. Kaha o ne a ntšitsoe hona ’meleng oa monna, ba ne ba tla khomarelana. Joalokaha Molimo o boletse taba: “Ka baka lena, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.”—Gen. 2:24; Matt. 19:4, 5.
3. Ke hobane’ng ha lenyalo e ne e se feela tokisetso e tloaelehileng e se nang maikutlo?
3 Lenyalo, le theiloeng ke ’Mōpi tšimong ea Edene, le ne le hlophiselitsoe ho ba tlamo ea ka mehla ea kopano. Le ne le fana ka botsoalle le thusano e kopanetsoeng, ’me morero oa lona o moholo—ho hlahisa le ho holisa litho tsa lelapa la motho—e ne e le tebello e thabisang. (Gen. 1:27, 28; Matt. 19:6-9) Empa lenyalo le ne le sa tšoanela hore feela e be tokisetso e tloaelehileng e se nang maikutlo. Batho ba bopiloe ka matla a ho bontša lerato—tabeng ea tlamano ea lenyalo, lerato le tebileng bakeng sa motho e motona kapa e motšehali le bōpang tšusumetso ea maikutlo e isang kopanong ea lenyalo, hammoho le kopano e mofuthu e tiisang lelapa.
4. Ha ho talingoa mathata a kajeno a lenyalo, ke lipotso life tse ka botsoang ka lerato le lenyalo?
4 Lenyalo paradeiseng le ka ’na la bonahala e le le tšoanelehelang kajeno. Ha e le hantle, tsamaisong e sa phethahalang ea batho, malapa a mangata a ntse a arohana. Hangata, lerato la tlhaho ho bonahala le ntse le senyeha ’me litlamo tsa lenyalo li khaoloa. Kahoo, motho a ka ’na a ipotsa, Na lerato le tebileng le mamellang le ka ba teng kannete pakeng tsa ba kopaneng lenyalong? Kapa na ke booatla ho nahana hore lerato le hlompho ka mahlakoreng a mabeli le ka tšoarella?
“LERATO LE MATLA JOALE KA LEFU”
5. Ka bokhutšoanyane, ke eng se fuperoeng ke sefela sa Salomone, ’me ke eng se senoloang ke buka ena ea Bibele ka lerato pakeng tsa monna le mosali?
5 Lerato pakeng tsa monna le mosali le ka ba matla haholo, la tiea le ho se ineele ka ho fetisisang. Hona ho ile ha bontšoa hantle hakaakang ka bukeng ea lithoko ea Mangolo a Halalelang, e qapiloeng lilemong tse fetileng tse ka bang 3 000 ke Morena Salomone ea bohlale oa Iseraele! E bitsoa Sefela sa Salomone, e bolela ka lerato le sa khelosoeng le neng le le teng pakeng tsa molisana le ngoanana oa motsaneng oa Shuneme (Suleme). ‘Pina ena e phahameng’ hape e senola hore, ka khanya eohle ea hae le maruo, morena o sitiloe ho hapa lerato la Mosulame eo e motle.—Sefela sa Sal. 1:1-14; 8:4.
6. Ke hobane’ng ha Sefela sa Salomone e le khothatso ho litho tsa “monyaluoa” oa Jesu Kreste, kapa phutheho e tsoetsoeng ka moea?
6 ‘Pina ena e phahameng’ e bontša botle ba lerato le tiileng le le mamellang. Lerato le sa khelosoeng joalo le bontšoa kamanong ea Jesu Kreste le “monyaluoa” oa hae, kapa phutheho e tsoetsoeng ka moea. (Ba-Ef. 5:25-32; Tšen. 21:2, 9) Kahoo, Sefela sa Salomone se ka khothatsa ba ipolelang hore ke ba “monyaluoa” eo hore ba lule ba tšepahala ho Monyali oa bona oa leholimo. (2 Ba-Kor. 11:2) Leha ho le joalo buka ena e bululetsoeng e bua ho hongata ka lerato le hloekileng le ka bang teng pakeng tsa monna oa bomolimo le mosali.
7. Batho ba seng lenyalong ba ineetseng ho Jehova ba lokela ho nahana ka mabaka afe ha ba batla molekane oa lenyalo?
7 Ka mohlala: Sefela sa Salomone se bontša ka ho hlakileng hore ha ho bonolo ho ba le lerato la pososelo bakeng sa mang kapa mang. Ka mohlala, Mosulame ha a ka a hoheloa ke letho bakeng sa Morena Salomone, ’me a re: ‘Barali ba Jerusalema, ke le antša ka kano, ka litšephe le ka likhama tsa naha, hore le se ke la leka ho tsosa kapa ho phaphamisa lerato ka ho ’na ha le e-so ho ithatele.’ (Sefela sa Sal. 2:7, NW; 3:5) Ke bohlale hakaakang, he, bakeng sa motho ea s’o nyale hore a eme ka sebete hore ho hlahe motho eo a tla mo rata e le kannete! ’Me bakeng sa ba ineetseng ho Jehova, molekane enoa oa kamoso oa lenyalo e lokela e be monna kapa mosali eo ka ho tšoanang a ineetseng le ea tšepahalang ho Molimo. (Deut. 7:3, 4; Esdrase 9:1-15; 1 Ba-Kor. 7:39) Joale borapeli ba Jehova e tla ba ba bohlokoa haholo ho bona ka bobeli. Ba tla tseba ho talima bophelo hammoho kopanong ea lenyalo le ea moea, eo ntle ho eona ho neng ho tla ba lefeela le soabisang.
8. Mosulame o ipakile a tšoana le lerako joang, e seng monyako?
8 Pele ho nyalanoa le molumeli hammoho, leha ho le joalo, bohloeki bo tlameha ho bolokoa ke motho ea lakatsang ho amoheloa ke Molimo. Likhaitseli tsa moroetsana oa Mosulame li ne li amehile ka bohloeki ba hae, leha a ne a sa le monyenyane haholo. Lilemo pelenyana, e mong oa likhaitseli tsa ngoanana o ne a itse ka eena: “Re na le khaitseli e monyenyane ea e-song ho be le matsoèlè; re tla etsa’ng ka khaitseli ea rōna, mohla a hopoloang [lenyalong]?” Khaitseli e mong a arabela: “Ekare ha e ka ba lerako, re tla roesa qhobosheane ea lona silevera; ekare ha e le monyako, re tla o koala ka mamati a likedare.” Morena Salomone o ne a batlile ho hapa lerato la Mosulame, empa a ipaka e le ea iketlileng leratong le bohloeking, a sa tšoane le monyako o lebang koana le koana o tlamehang ho koaloa ho o thibela hore o ka bulehela batho ba sa batleheng kapa ba seng molemo. O ne a sa ineela liqekong tsa morena, empa a ema joaloka lerako khoheling eohle ea lintho tse bonahalang, a paka ho tiea ha hae ’me joale a ka pakoa hore ke mosali ea holileng oa metheo e hloekileng. (Sefela sa Sal. 8:8-10) Mohlala o motle oa baroetsana ba bomolimo ba sa nyaloang kajeno!
9. Molisana ea neng a rata Mosulame o ne a mo talima ka tsela efe?
9 Mosulame oa moikokobetsi ke eena ea inyenyefatsang, empa mahlong a molisana ea mo ratang ke ntho e ’ngoe e khethehileng. O ipolela e le “rose ea Sarone, . . . mohalalitoe oa liphula.” Ha ho joalo ho molisana ea arabelang: “Kamoo mohalalitoe o leng kateng har’a meutloa, thatohatsi ea ka o joalo har’a baroetsana.” (Sefela sa Sal. 2:1, 2) Hona e ne e se ho nkeha maikutlong feela. Ngoanana o ne a sebeletsa Jehova, a e-na le hona ’me a le bonolo, ’me a e-na le ho hongata ho mo buellang. Ho sena, na ha ho pontšo ea hore baroetsana ba sa nyaloang ba Bakreste ba ithute ho jara boikarabelo ba bosali, ha ba ntse ba loanela ho hōlisa boemo ba bona ba moea?
10. Mosulame o ne a nka molisana joang?
10 Empa hlokomela hore na Mosulame o ne a nka molisana joang. “Kamoo sefate sa apole se leng kateng har’a lifate tsa moru,” kamoo a boletseng, “moratuoa oa me o joalo har’a bahlankana.” (Sefela sa Sal. 2:3) E ne e se feela se seng sa lifate tse ngata har’a moru. Molisana oa hae o ne a ineetse ho Jehova, a e-na le litšobotsi le matla a lakatsehang, ’me ruri o tlameha hore ebe e ne e le mohlankana ea nang le litšekamelo tsa moea. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 2:6-16) E, ho Mosulame ea motle o ne a tšoana le “sefate sa apole se leng . . . har’a . . . moru.” Na mohlankana ea sa nyalang oa Mokreste a ke ke a itšebelisa kahoo ka tsatsi le leng a tla talingoa ka tsela eo ke moratuoa oa hae?
11. Tumellanong le mantsoe a Mosulame, lerato la ’nete le tšoana le lefu le nqalo ea bafu joang?
11 Ha ho pelaelo ea hore Mosulame le mohlankana ba ne ba e-na le boikutlo ba ho ratana. Ngoanana kannete o hlalositse litaba hantle ha a bolella molisana oa hae ea ratoang hore: “U mpee joale ka tiiso pelong ea hao, joale ka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla joale ka lefu, poulelo e thata joale ka nqalo ea bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke khabo ea Jehova. Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, leha e le linoka li ke ke tsa le qoelisa. Leha e mong [ea kang Salomone] a ka ntša letlotlo la ntlo ea hae kaofela bakeng sa ho ithekela lerato leo, a ka nyatsuoa.” (Sefela sa Sal. 8:6, 7) Ke ’nete hakaakang! Lerato le ke ke la rekoa ka lintho tse bonahalang. Empa lerato la ’nete le matla joalo ka lefu, leo ntle ho tšitiso le nkang bophelo ba batho ba tsuong. E, ho phehella ha lona boineelong bo khethehileng, lerato le joalo ha le ineele joaloka nqalo ea bafu, kapa lebitla, ha le batla litopo tsa bona. Empa ho thoe’ng ka “khabo ea Jehova”? Seithuti sa Bibele ka nako e ’ngoe se kile sa re, “khabo e lerato e hotetsoang ka pelong ea motho e tsoa ho Jehova.” Molimo oa lerato o kentseng matla ana a hlollang ka ho batho. (1 Joh. 4:8) Ka sebele, lerato la ’nete ha le sitoe, lea tšepahala, ke la kamehla. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 13:8) Ke bohlale hakaakang bakeng sa ba nahanang ho kena lenyalong hore ba eme ’me ba sebeletse ‘lerato le matla joale ka lefu’!
KAMOO LERATO LE HOLANG
12. Ke liphihlelo life kapa liketsahalo bophelong tse ka etsang hore lerato le hole pakeng tsa monna le mosali oa hae?
12 Empa lerato le ka hōla ha bophelo ba monna le mosali bo ntse bo lohellana ho ea pele. Ha a le lilemong tsa boholo tse 40, Isaaka e ne e se mocha ea nkehileng maikutlo feela ha a sa nke ngoananyana feela tjee, empa ‘moroetsana ea hōlileng’ Rebeka hore e be mosali oa hae. “A mo rata,” kamoo re bolelloang. (Gen. 24:57-67) Ha lilemo li ntse li feta, banyalani ba bomolimo ba kopanela lintho tsa moea hammoho. Ba talimana le liteko le mathata bophelong ba kopane. Boiteko bo kopanetsoeng ba bona bo haha mehopolo e thabisang e ba etsang hore ba atamelane haufi. Le lintho tse nyenyane—mohlomong meqoqo e monate ha ba tsamaea hammoho har’a meru le masimo—e ba e hopolehang. E, Mosulame e motle o ne a laba-labela ho otlolla maoto har’a naha le molisana oa hae! (Sefela sa Sal. 2:8-14) ’Me, hang ha ba nyalane, ba tlameha hore ba be ba ho entse khafetsa.
13. Ke hobane’ng ha monna a e-na le lebaka la ho rata “mosali ea khabane”?
13 Empa, koana, lerato hape le hōla ka mabaka a mang a utloahalang. “Mosali ea Khabane ke moqhaka ho monna oa hae,” eo ka sebele a nang le lebaka la ho mo rata. (Liprov. 12:4) Ka mantsoe a Morena Lemuele (mohlomong a Salomone), “mosali ea khabane” ke oa bohlokoa le ho feta mahakoe a bohlokoa a matle. Oa tšepeha ’me o putsa monna oa hae ka ho “mo etsa hantle, e seng hampe, ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae.” (Liprov. 31:1, 10-12) Ka matsoho a ithatelang a ka etsetsa lelapa la hae liaparo tse mofuthu. (Liprov. 31:13, 19, 21-24) O amehile ka mokhoa o tšoanang ka ho bona hore lelapa le na le lijo tse hahang. (Litem. 14, 15) Litšobotsi tse ngata tsa tsamaiso ea lelapa ka ho sireletsehileng li ka beoa matsohong a hae, kaha o mahlaha-hlaha ’me o khabane kannete. (Litem. 16-18, 27) Mosali ea joalo o bua ka mosa, oa fana ’me ke ea etsang molemo le ho batho ba ka ntle ho lelapa. (Litem. 20, 26) Kahoo, haeba botle ba ’meleng ba mosali ea tšabang Molimo bo nyamela ka mokhoa o mong ha lilemo li ntse li feta, botle ba hae ba ka hare boa hola ’me bo mo etsa ea ratehang ho moratuoa oa hae. “Khahleho ea thetsa; botle ke bosaoana,” kamoo ho hlokomelang Lemuele, empa “mosali ea tšabang Jehova ke eena ea tla rorisoa.”—Liprov. 31:30; 1 Pet. 3:3, 4.
14. Ke litšobotsi life tsa monna oa bomolimo tse khannang mosali oa Mokreste ho mo hlompha ka ho tebileng?
14 Ka lehlakoreng le leng, monna oa bomolimo o jara boikarabelo ba hae ka ho feletseng e le hlooho, empa e seng e le mohatelli. (Gen. 3:16; Mal. 2:14-16; 1 Ba-Kor. 11:3) O ntse a rata mosali oa hae ’me o ho bontša ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, ha a mo halefele. (Ba-Kol. 3:19) O sebetsa ka thata ho lokisetsa litlhokahalo tsa ’mele le moea tsa mosali oa hae le ba bang ba haufi le ba ratoang. (1 Tim. 5:8) Ka sebele, monna oa bomolimo o etsetsa mosali oa hae ka tlhokomelo e lerato e tšoanang le eo Jesu Kreste a e bontšang bakeng sa phutheho ea Hae. (Ba-Ef. 5:25-32) Ke mosali ofe oa Mokreste ea ke keng a hlompha ka ho tebileng monna ea joalo?
15. Ka ho boloka litekanyetso tsa Bibele bakeng sa lenyalo, monna le mosali ba tla thabela kamano ea mofuta ofe?
15 Ho boloka litekanyo tse tsoa boleloa ho hloka boiteko ba ka mehla, ho sebelisoa ha Mangolo le ho tšepa Jehova ka thapelo. Empa tikolohong ea lenyalo e hlahisitsoeng ka tsela eo kannete lerato le tla hōla. Ho ke ke ha hlokahala hore monna a qobelle ho hlomphuoa. Ho tla itlisa ka tlhaho ho tsoa ho mosali ea tšoeroeng hantle le ea sekametseng bomoeeng. Leha e le hore mosali o tla tlameha ho belaela, ‘Ha u sa nthata!’ Ke monna ofe oa Mokreste ea ke keng a rata mosali ea khabane oa bomolimo? (Bapisa Baahloli 14:15-17 le Ruthe 3:11.) Lelapeng le joalo, ka molekane e mong le e mong a phetha karolo e tšoanelehang ea Mangolo, ho ke ke ha e-ba thata ho utloa keletso ea boapostola: “E mong le e mong ho lōna [banna] a fele a rate mosali oa hae joale ka ha a ithata, ’me mosali eena a hlomphe monna oa hae.—Ba-Ef. 5:33.
“U THABELE MOSALI OA BOCHA BA HAO”
16. Liproverbia khaolo ea 5 e khothalletsa botšepehi ho molekane oa motho oa lenyalo joang?
16 Lenyalo le ne le reretsoe ho thabisa batho. Empa haeba ho tla fihleloa hona ’me lerato la lenyalo le tšoarelle, motho o tlameha ho tšepahala ho molekane oa hae. Ka puo ea tšoantšetso Mangolo a sebelisa “mohloli oa metsi” ho supa mohloli oa ho khotsofala likamanong tsa botona le botšehali, ntho e ke keng ea batloa ka ntle ho tlamano ea lenyalo. Koana, lerato pakeng tsa monna le mosali ka ho loketseng le akarelletsa likamano tsa lenyalo, empa bohle ba ka ntle ho kopano ea lenyalo ba tlameha ho behelloa ka thoko katamelanong ea lona. Ka ho loketseng, monna oa bolelloa: ‘U noe metsi a sekoti see u se chekileng . . . Na liliba tsa hao li ka kollela sebakeng joang? . . . E be leruo la hao u ’notši, u se ke ua li kopanela le ba bang. Seliba sa hao se ke se hlohonolofale; u thabele mosali oa bocha ba hao, ea ratehang joale ka khama, [mohlomong ho boleloa bokhabane motsamaong] . . . Lerato la hae le u thabise ka mehla.’—Liprov. 5:15-23; 7:6-23.
17. Hlompho e bonolo bakeng sa e mong ho e mong e tla ba le phello efe kopanong ea lenyalo?
17 Ba kopantsoeng ke tlamo ea lenyalo Mangolo a ba tlama ho neana tšoanelo ea lenyalo. Ke tsela e ’ngoe ea ho bontša lerato le tebileng, ’me ha e le pheletso ea tlhaho ea lerato le tlohang pelong ka kopanong ea lenyalo, e ka tšoantšoa le molilo o motle. Ke habohlokoa hakaakang, he, hore balekane ba lenyalo ba qobe ho senya molilo o motle, hore ba qobe mekhoa e ka silafatsang liphate tsa lenyalo! (Ba-Heb. 13:4) Ho nahanela ho bonolo bakeng sa e mong litabeng tse atamelaneng joalo ho ka thusa ho thibela ho qhalana ho bohloko ha lenyalo ’me hape ho tla sebeletsa e le tšireletso ho ineeleng boitšoarong bo bobe.—1 Ba-Kor. 7:1-5.
18. Ha a batla ho phetha se hlokoang ke mosali oa hae maikutlong le mabakeng a mang, monna oa Mokreste o lokela ho ba hlokolosi ka’ng?
18 Kahoo, he, monna oa bomolimo ka ho nahanela o tla batla ho phethahatsa litlhokahalo tsa maikutlo tsa mosali oa hae le tse ling, empa ka boithibo bo lokelang motho ea nang le moea oa Molimo le ea bontšang tholoana ea boitšoaro. (Ba-Gal. 5:22, 23) Ka ho nahanela likhaello tsa ’mele oa hae, joalokaha Jehova a entse Molaong o neiloeng Iseraele, monna oa Mokreste o tla etsa ka “tsebo” a ‘hlompha mosali oa hae joale ka pitsa e fokolang.’—Lev. 18:19; 20:18; 1 Pet. 3:7.
19. (a) Ke lehlohonolo ho hōlisa bana tikolohong ea lelapa la mofuta ofe? (b) Bana ba hloka taeo ea mofuta ofe?
19 Kamor’a nako, tlamo ea lenyalo e ka ’na ea hlahisa bana, ‘lefa le tsoang ho Jehova.’ (Pes. 127:3) Ke lehlohonolo ha ba hōlisetsoa tikolohong ea lelapa le tšoauoang ka lerato le matla pakeng tsa batsoali le hlompho e phahameng bakeng sa lintho tsa moea. Ke ’nete, bana ba tla hloka keletso le khalemelo, ‘empa ea ratang ngoana oa hae oa mo laea.’ (Liprov. 13:24) Melemo e meholo e tla hlahisoa ke ha khalemelo ea batsoali e theiloeng Bibeleng e sebelisoa ka lerato.
ETSISA MOSULAME KA BOINEELO BO KHETHEHILENG
20. Lerato pakeng tsa monna le mosali le fetisoa ke lerato le boineelo life?
20 Lerato la Mosulame ho molisana oa hae le ne le le “matla joale ka lefu,” ’me lerato la batho ba bomolimo ba kopaneng lenyalong kajeno le ka teba hakaalo. Empa moroetsana a boela a re: “Poulelo e thata joale ka nqalo ea bafu.” (Sefela sa Sal. 8:6) Lerato la Jesu bakeng sa ’mele oa balateli ba hae ba tlotsitsoeng le feta le teng pakeng tsa monna ofe le ofe le mosali, ’me boineelo ba phutheho eo ho Kreste ke bo thata joale ka nqalo ea bafu. Leha ho le joalo Jesu ka lerato ha a ka a shoela feela bao e tlang ho ba “monyaluoa” oa hae oa leholimo empa hape le bakeng sa “linku tse ling” tsa hae, tseo hajoale li emeloang ke “bongata bo boholo” bo nang le litebello tse hlohonolofetseng tsa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.—Joh. 10:16; Tšen. 7:9.
21. (a) Mosulame o beile mohlala oa mofuta ofe o hlokomelehang? (b) Re fumantšoa molemo joang ka ho nahanisisa ka seo Jesu a re etselitseng sona?
21 Bakeng sa bahlanka bana kaofela ba Jehova, Mosulame o beile mohlala o hlokomelehang haholo oa boineelo bo feletseng. Ka ho nahanisisa ka seo Jesu a re etselitseng sona ka sehlabelo sa topollo sa hae, le ka ho nahana ka pontšo le litšepiso tsa hae tse lerato, lerato la rōna ho eena lea hōla. Hona le hona, ho re sireletsa telekisong ea lintho tsa boithati, tse bonahalang, le tseo e seng tsa moea. Hape ho matlafatsa tlamano ea rōna le Jehova, Molimo o nolofalelitseng batho ho ba le “lerato le matla joale ka lefu.”
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
’Mōpi o hlophisitse lenyalo ho ba kopano ea ka mehla
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Lerato la ’nete pakeng tsa monna le mosali le ka ba matla haholo
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
“A mo rata”