“Ka Melomo ea Bana”
Jehova ke mang?
Joale Jesu ke mang?
Ke eng se Lumeloang ke Lipaki tsa Jehova?”
KA LEKHETLO le leng nakong ea tšebeletso ea lefatšeng ea Jesu Kreste, bashemane ba mo hoa hore ke “Mor’a Davida.” Hona ha halefisa baprista ba baholo le bangoli ba Bajode. Ha a arabela bahanyetsi ba halefileng ba hae, Jesu a botsa: “Na ha le e-so ho ka le bala taba e reng: U tumisitse lithoko tsa hao ka melomo ea bana le ea ba anyang, na?” (Matt. 21:15, 16; Pes. 8:2) Ho tla fihlela kajeno, bana ba bangata ba rorisa Jehova Molimo le Jesu Kreste. Hangata ba etsa joalo ka ho fana ka bopaki ba Mangolo sekolong.
KOANA Netherlands, Marina ea lilemo li robeli o ile a kopuoa ke tichere hore a fane ka puo e sa lokisetsoang ka sehlopheng. Tichere ea mo lumella ho bua ka Jehova. A lakatsa hore bana ba kopanele kaofela, Marina a ngola lipotso tse kang “Jehova ke mang?” “Joale Jesu ke mang?” le “Ke eng se Lumeloang ke Lipaki tsa Jehova?” Marina le Ritchie, mora oa Paki e ’ngoe, ba arabela lipotso tse hlahisoang ke liithuti tse ling.
MARINA a fihla lapeng a tletse cheseho mohlang oo. Hape, hoba sekolo se tsoe eena le Ritchie ba etela batsoali ba bana bohle bao ba balang le bona, ’me ka tsela ena ba tsamaisa libuka tse 21 tsa “Ho Mamela Mosuoe e Moholo,” thuso ea ho ithuta Bibele eo ka ho khethehileng e lokiselitsoeng batsoali ho ithuta eona le bana ba bona ba banyenyane. Ha e le hantle, buka ena e ne e thusitse barorisi bana ba Jehova ka bobona ho ithuta ho hongata ka Lentsoe la Molimo le merero ea oona.