Ho Nyarela ka Litabeng
‘Lilemo tse 70’ tsa Bibele Lia Tiisoa
● Mehato e namalalitseng ea ho lelefatsa nako e pheloang ke motho ha e bolele hore liphetoho tse joalo li tla tsoela pele, ho ea ka mosebeletsi oa setsi sa taolo ea maloetse sa Amerika. Se ile sa supa hore, le hoja nako e pheloang ka kakaretso e ekelitsoe ka lilemo tse 25 ho tloha ka 1900, tebello ea bophelo bakeng sa batho ba baholo ba lilemong tse bohareng e eketsehile ka lilemo tse ka fihlang boneng feela nakong eona eo ho tloha ho lilemo tse 69 ho ea ho 73 kaofela. Keketseho ea lilemo tse 25 ka karolelano lilemong tsohle “e finyelletsoe ka ho theola kotsi ea ho shoa boseeeng le bongoaneng ka ho ntlafatsoa ha tlhokomelo ea matloana, ho sireletsoa maloetseng, le ho ntlafatsoa ha phepo,” kamoo se boletseng. “Mokhosi o mongata oa ho lelefatsoa ha bophelo bakeng sa Maamerika haholo o entsoe ka baka la lithibelo tse entsoeng pele, e seng lipheko.” Sa bontša hore keketseho leha e le efe ea kamoso ea nako e pheloang e tla lieha ho tla ’me e tla batla hore ho fetoloe mekhoa e tloaetsoeng ke batho, e kang ho felisoa ha ho tsuba, ho noa ka ho tlōlisa, khatello le bophelo bo thata.
Kahoo, litekanyetso tsa bophelo ba motho tse ngotsoeng ke mopesaleme ea bululetsoeng lilemong tse fetileng tse 3 000 li lula li ntse li nepahetse. “Lilemo tse mashome a supileng ke nako eo re e phelang, tse mashome a robeli haeba matla a rōna a tšoarella.” Mohloli feela oa katoloso e molemo ea bophelo ke Moqapi oa bophelo, Jehova Molimo, ea sa tlo fana ka lilemo tse seng kae feela, empa “bophelo bo sa feleng” ho ba mo tsebang kannete le ba mo sebeletsang.—Pes. 90:10; Joh. 17:3, “New English Bible.”
‘Hlompho ea Bona Ea Pele’
● Mongoli oa litaba Steve Mitchell oa “The Post” ea Palm Beach, Florida, o sa tsoa hlokomela hore Lipaki tsa Jehova ke “se seng sa lihlopha tsa bolumeli tse hlorisoang ka ho fetisisa lefatšeng” hobane, ka mohlala, ha li lumelise folaga ea sechaba leha e le sefe. A re, “bona ha se boemo bo ratehang, empa bonyane sechaba sena se theiloe bolokolohing ba bolumeli. Kapa ke tsela eo ho neng ho lokela hore ho be ka eona, re sa hopola?”
Mitchell a boela a hlokomela hore: “Li lefa makhetho a tsona. Ke ba bang ba baahi ba tšepahalang ka ho fetisisa ba Riphabliki. Empa botšepehi ba bona ba pele bo ho Molimo, e seng naha. Le hoja ke sa lumellane le tumelo ea bona, ke ikutloa ka matla hore tokelo ea bona ea ho sebelisa seo ba se lumelang ke karolo e khōlō ea seo naha ena e leng sona.”