Ke Hobane’ng ha u Etsa ho Nepahetseng?
‘OTLA ntsoela molemo oa eng?’ Ke hangata hakae u ileng ua utloa motho e mong a botsa potso eo pele a qala mosebetsi? Mohlomong u hlokometse hore batho hase hangata ba ikhathatsang ho etsa ntho ntle ho tiisetso ea hore moputso o tla ba teng. Bana ke bona ba totobetseng haholo ntlheng ena. Hangata ba hana ho itšoara hantle ntle leha ba ka “qekisoa” ka moputso.
Bibele e supa sesosa sa bothata bona, e re: “Bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” (Ba-Roma 3:23) Ka baka la ho futsa sebe, batho ka tlhaho ba sekametse sebeng. Ho hloka boiteko bo matla ho etsa se nepahetseng.
Na boikutlo bona bo ka ama ho rapela Molimo? E, ’Mōpi o lakatsa hore bahlanka ba hae ba etse se nepahetseng. Tekanyetso ea boitšoaro bo nepahetseng e beiloe ka Bibeleng e Halalelang. Mohloling oo re boetse re ithuta hore Molimo “ke oona moputsi oa ba o batlang.” (Ba-Heb. 11:6) Haeba ba se seli, leha ho le joalo, batho ba ka ’na ba oela habonolo phosong ea ho talima liketso tsa borapeli le boineelo ho Molimo e le mokhoa oa ho rua mohau oa oona.
Ho ile ha fela ha e-ba joalo ka Bajode ba boholo-holo. Ba talima ho utloa molao oa Moshe e le mokhoa oa ho fumana “tlotla” ho Molimo e neng e tla tiisa hore ho tla tla mahlohonolo. Mishnah e bolela rabbi e mong e le ea reng: “Ea Halalelang, a ke a bokoe, o ne a e-na le maikutlo a ho hlohonolofatsa Iseraele; ka baka leo a ba atisetsa Molao le litaelo.” Ka pono ena, ’nete ea hore litaelo tsa molao oa Molimo li ne li le ngata e ile ea nea Iseraele menyetla e mengata ea ho fumana tlotla ka ho e utloa. Hona ho re thusa hamolemo hore re utloisise potso eo Jesu a ileng a e botsoa ke mohlankana e mong oa morui: “Moruti ea molemo, ke tla etsa’ng ho rua lefa la bophelo bo sa feleng?” (Luka 18:18) Monna enoa o ne a lumela hore bophelo bo sa feleng bo ka fumanoa ka ho etsa liketso tse ntle.
Ho fapana le Bajode ba boholo-holo, Bakreste ha ba tlas’a molao oa Moshe. Leha ho le joalo, Bibele e khothalletsa Bakreste ho tšoareha “liketsong tse halalelang tsa borapeli.” (2 Pet. 3:11) Tsena li akarelletsa hore motho a iphe sebaka ho abelana linnete tsa Bibele le bao a ahisaneng le bona, a etse hore tsela eo a phelang ka eona e lumellane le tataiso ea Mangolo, le hore nako le nako a kopane le Bakreste bahabo bakeng sa ho buisana ka Bibele.—Matt. 24:14; 28:19, 20, Ba-Kol. 3:5-10; Ba-Heb. 10:23-25.
Empa ke eng e lokelang ho susumetsa boitšoaro bo joalo ba borapeli? E lokela hore ka ho khethehileng e be tumelo e tiileng—tumelo e susumelletsang Mokreste hore a ‘hahamalle pakane’ ea bophelo bo sa feleng. (Ba-Fil. 3:13, 14, NW; 2 Tim. 4:7, 8) Tumelo e joalo e bontšoa tšebeletsong ea pelo eohle ho Molimo oa rōna, e seng feela ka tšebeletso e sa tebang kapa ka ho boloka litaelo le likomelo, joaloka tabeng ea Bajode. Pauluse o ngolile: “Ka ho tseba hobane motho ha a beoe ea lokileng ke mesebetsi ea molao, empa e le ka ho lumela ho Jesu Kreste, le rōna re lumetse ho Jesu Kreste, re tle re beoe ba lokileng ke ho lumela ho Kreste, e seng ke mesebetsi ea molao; hobane ha ho motho ea tla beoa ea lokileng ke mesebetsi ea molao.” (Ba-Gal. 2:16) Kahoo, ha ho ea ka fumanang mohau oa Molimo le tlhohonolofatso ka borapeli bo etsoang ka liketso tse hlophisitsoeng kapa ka mesebetsi ea lithuso, ho sa tsotellehe hore na ke ea mofuta ofe le hore na li etsoa ho fella kae. Boemo bo lokileng ho Molimo bo tla feela ka “ho lumela ho Jesu Kreste.”
Mora oa Molimo ka boeena o ile a fana ka keletso e ntle mabapi le boitšoaro ba Bokreste. Ka mohlala, a re: “Nea ea qelang ho uena, u se ke ua furalla ea ratang ho alima ho uena. Le utloile hoba ho kile ha thoe: Rata oa heno, u hloee eo e leng sera ho uena. Empa ’na, ke re ho lōna: ratang bao e leng lira ho lōna, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang.”—Matt. 5:42-44.
Empa Jesu o fane ka eng e le sepheo se nepahetseng sa hore batho ba etse ka matla ka tsela eo? Jesu a boela a re: “Le tle le be bana ba Ntat’a lōna ea maholimong; hobane o chabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, ’me o nesetsa ba lokileng le ba khopo.” (Matt. 5:45) Le hoja re ka ’na ra ‘talima moputso ka matla,’ matla a maholo a tšehelitseng tšebeletso ea Bokreste le boitšoaro e be takatso ea ho etsisa Molimo e le eena ea etsang batho bohle hantle.—Ba-Heb. 11:26; 1 Ba-Kor. 11:1, 3.
Tšusumetso e ntle bakeng sa hona e tlisoa ke ho nahanisisa ka seo Molimo o seng o se entse lebitsong la lelapa la motho. Har’a litemana tse tsejoang hamolemo haholo ka har’a Bibele eohle ke tse latelang: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” “Ea lumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ea sa lumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Molimo bo sala holim’a hae.” (Joh. 3:16, 36) Molimo o rometse Mora oa oona, Jesu Kreste, ho tla lefa topollo e rekoang haboima bakeng sa ho lopolla motho sebeng le lefung. (Matt. 20:28) Hona Jesu o ho phethile ka ho shoa lefu la sehlabelo sefateng sa kahlolo. Moapostola Petrose oa ngola: “Eena ea jereng libe tsa rōna ’meleng oa hae sefapanong, hore re shoe ka nqa ea libe, re tle re phelele ho loka.” (1 Pet. 2:24) Hona ha bulela batho menyetla ea ho fumana “bophelo bo sa feleng”—empa e se moputso o ruuoang ka boitšoaro bo botle, Bibele e hlalosa bophelo bo sa feleng e le “neo ea mohau oa Molimo.”—Ba-Roma 6:23.
Leha ho le joalo, haeba motho a lumela kannete neong eo e hlollang, tumelo ea hae e tla iponahatsa ka hore a bolele pontšeng ho ba bang ka tšepo ea hae le ka boitšoaro ba hae bo botle ba Bokreste. (Ba-Roma 10:8-10) Ho ke ke ha e-ba kahosele. Hona ho hlakisoa ke mongoli oa Bibele Jakobo, ea reng: “Banab’eso, ho thusa’ng, leha motho a ka re, o na le tumelo, empa a se na mesebetsi? . . . tumelo, ha e se na mesebetsi, e ichoeletse ruri. Hobane, joale ka ha ’mele o se nang moea o shoele, le eona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.”—Jak. 2:14-17, 26.
Jakobo o bolela eng ka “mesebetsi”? Ha se mesebetsi e etsetsoang ho fumana ho hong nakong e tlang. Ho e-na le hoo, ke mesebetsi e etsoang e le bopaki ba tumelo le e tlisoang ke ho ananela ntho eo motho a seng a e-na le eona, e leng, ho ema hantle ho Molimo ka baka la ho lumela ho Jesu Kreste.
Ha ho talingoa sena, ke hobane’ng ha batho ba ratang Molimo ba lokela ho o sebeletsa, ba etsa se nepahetseng? Sepheo e se ke ea e-ba boithati ba hore ‘ba lebeletse ho hong bakeng sa hona.’ Bakreste ba sebeletsa Molimo hobane ba hlokomela thahasello eo Molimo o e bontšitseng ho batho le mpho ea oona e ntle ea bophelo bo sa feleng e le neo e sa lefelloeng. Pontšo ena ea lerato ea Molimo e susumelletsa barapeli ba hae hore ba mo etsise. Ho joalokaha ho boletse moapostola Johanne: “Lerato la Molimo ho rōna le bonahetse ka hona: Molimo o romile lefatšeng Mora oa oona ea tsoetsoeng a le mong, re tle re phele ka eena. Lerato le bonahala hona moo hoba hase rōna ba ratileng Molimo, empa e le oona o re ratileng, ’me o romile Mora oa oona hore e be pheko ea libe tsa rōna. Baratuoa, ha e le moo Molimo o re ratile joalo, le rōna e ka khona re ratane.”—1 Joh. 4:9-11.