Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 11/1 maq. 5-9
  • Ho Ithuta ka Teko e Hlōlehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ithuta ka Teko e Hlōlehileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lekhoakhoa” la ho Thibela Liphoso
  • Ho Batla Mohau oa Jehova ka Liketso
  • Jesu le Bafarisi
  • Jesu o ja le Mofarisi
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • “Itebeleng Tomosong ea Bafarisi”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • “Le Ithute ho ’Na”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 11/1 maq. 5-9

Ho Ithuta ka Teko e Hlōlehileng

HO THEOSA le pale ho ’nile ha etsoa boiteko bo bongata ba ho susumelletsa batho ho ea tseleng ea ho phela e lokileng haholoanyane. Teko e ’ngoe e joalo e ile ea etsoa ke Bafarisi, sehlopha se hlokomelehang haholo ka Mangolong a Bakreste a Segerike a bululetsoeng. Teko ea bona e ile ea hlōleha.

Lentsoe “Mofarisi” le tsoa kutung ea lentsoe le bolelang “e ikarotseng,” “e khethehileng.” Sehlopha sena se hlaha ka lekhetlo la pele paleng mengolong e sebelisanang le liketsahalo tsa lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Leha ba ne ba phela libakeng li le ling le Bajode ba bang, Bafarisi ba ne ba ikarola kapa ba ikhetha ka boiteko bo feteletseng ba ho boloka molao oa Moshe ka ho feletseng.

Bafarisi ba tsebisahala haholo ka ho ntša karolo ea leshome le ho boloka litaelo tsa ho hloeka litšebeletsong. Molao oa Molimo ka Moshe o ne o laela Baiseraele ho fana ka karolo ea leshome ea seo ba se fumaneng masimong a bona, mehlapeng le likhutšoaneng. Karolo eo ea leshome e ne e phelisa baprista ba Levi le lintho tse ling tse hlokahalang tse amanang le borapeli ba Molimo. (Deut. 14:22, 23) Bafarisi ba ne ba nka bohato boo ho bona ba neng ba bile ba ntša karolo ea leshome le linthong tse nyenyane ka ho fetisisa, tse kang linaoa, lierekisi le meroho e meng, makhapetla le litlama-tlama. Ba ne ba ntša karolo ea leshome, e seng ea se hlahisoang ke masimo a bona feela, empa hape le lintho tse rekiloeng. (Luka 11:42; 18:11, 12) Hona ho etsoa ka baka la ho tšaba hore mohlomong ntho eo mong a eona o ne a sa ka a ntša karolo ea leshome e loketseng.

Tlas’a molao oa Moshe, ho itlhatsoa ka moetlo bakeng sa ho itlhoekisetsa tšebeletso e ne e le ho hlokahalang ka linako tse ling. Hona e ne e le ’nete ka ho hlokomelehang bakeng sa baprista, ba neng ba lokela ho hloeka ’meleng le tšebeletsong ha ba sebeletsa sehalalelong sa Jehova. (Ex. 30:17-21; Lev. 21:1-7; 22:2-8) Pele ba e-ja karolo ea bona ea lijo tse entsoeng mahlabelo, baprista ba ne ba tlameha ho hlapa matsoho le maoto ka metsi.

Bafarisi ba bangata e ne e se baprista. Leha ho le joalo, ba ne ba itlamme ka boithatelo ho boloka melao ea boprista ea ho hloeka tšebeletsong le litabeng tsa tsatsi le leng le le leng tse neng li sa amane ka ho toba le borapeli. Ba ne ba itloaelitse mokhoa oa ho hlapa matsoho pele le kamorao ho lijo. Haeba ho ne ho jeoa lintho tse sa tšoaneng ka ho latellana, ba ne ba hlapa le pakeng tsa lintho tseo tse jeoang. Mongoli oa litaba tse molemo Mareka o totobatsa sena: “Hobane bafarisi le ba-Jode bohle ba ke ke ba e-ja, ha ba e-so ho hatlele haholo, ba re, ba boloka mokhoa oa baholo. Hape, leha ba e-tsoa moo ho rekeloang teng, ha ba je ha ba sa ka ba tola pele. Ho sa na le mekhoa e mengata e meng eo ba e nkileng ho e boloka, e kang ho hlatsoa mehope, le lipitsa, le merifi ea koporo.”—Mar. 7:3, 4.

Le hoja boiteko boo bo matla ba ho boloka karolo ea leshome le ho hloeka tšebeletsong e ne e se tlōlo ea molao o ngotsoeng oa Molimo, ba ne ba feteletsa se batloang ke molao oo. Ka ho khahlisang, lipale tse boleloang ka bo-rabbi li emela phutheho ea Iseraele e le e reng: “Morena oa bokahohle, ke itjarisitse lithibelo tse fetang tseo U ntjarisitseng tsona, ’me ke li bolokile.”

“Lekhoakhoa” la ho Thibela Liphoso

Boikemisetso ba ho qoba ho tlōla molao oa Molimo, le lintlheng tse nyenyane haholo, ba etsa hore Bafarisi ba ee pejana. Mongoli oa lipale Flavius Josephus o ngola hore: ‘Bafarisi ba ne ba fetiselitse ho batho litaelo tse ling tseo ba li nkileng melokong e fetileng ’me li sa ngoloa Molaong oa Moshe.’ Litaelo tseo li ne li akarelletsa palo e khōlō ea mehlala ea ho boloka Sabbatha ka tšoanelo. Ka “litaelo” tse joalo tseo e seng tsa Bibele, sehlopha sa melao ea Sejode ea neano se tsejoang e le “Mishnah” se bolela hore: “Melao e buang ka Sabbatha, Linyehelo le Nyeliso e tšoana le thaba e leketlileng e itšoarelletse ka moriri, hobane [thuto] ea Mangolo [tabeng eo] ha e-ea lekana empa melao e mengata.”

Sepheo sa melao e mengata hakaalo ea boitšoaro e ne e le sefe? Temohisiso e ’ngoe tabeng ena e ka fumanoa polelong e ileng ea boleloa ke baeta-pele ba bolumeli ba Sejode pele ho Mehla e Tloaelehileng: “Kahlolong u be ea ikemiselitseng, etsa barutuoa ba bangata, joale u etsetse molao lekhoakhoa.”a “Lekhoakhoa” le bolela lineano tseo ho nahanoang hore li tla thibela batho ho tlōla molao o ngotsoeng oa Molimo. Ka khopolo, ha motho a ne a sa tlōle lekhoakhoa, o ne a ke ke a ba molato oa ho tlōla hoo e leng taelo ea Bibele ka sebele.

Na teko eo e ile ea atleha? Na sehlopha se seholo sa lineano tsa molomo se ile sa etsa batho ba molemo har’a Baiseraele haholo-holo Bafarisi?

Ho Batla Mohau oa Jehova ka Liketso

Ho ela hloko litaelo tse nyenyane haholo ho bile le phello e kotsi. Ea tlisa tumelo ea hore ho loka mahlong a Molimo e ne e le feela taba ea ho phetha liketso tse hlalositsoeng tsa bolumeli le tsa lithuso. Ketso e ’ngoe le e ’ngoe e ntle ho ne ho lumeloa hore e lokeloa ke tlotla ea Molimo, ha ketso e ’ngoe le e ’ngoe e mpe e ne e tlisa “molato.” Kamoo ho neng ho nahanoa kateng, ka tsatsi le leng Molimo o ne o tla bala tlaleho ea botle le melato ho lekanyetsa hore na motho o lokile kapa o mobe na.

Ho bontša kamoo maikutlo ana a ileng a teba, libuka tsa bo-rabbi li bua ka “mofarisi ea balang, ke hore, o etsa ketso e ntle joale a etse e mpe, a li bapise.” Ho boleloang hape ke “mofarisi [eo nako le nako a neng a bolela] ‘Ekaba tšoanelo ea ka ke efe ke tle ke e phethe?’” Empa na hoo ha se bokhabane boitšoarong? Tlaleho ea bo-rabbi e-ea arabela: “Che, ha e le hantle o re, ‘Tšoanelo e ’ngoe ea ka ke efe hore ke e phethe?’” Batho ba joalo boitšeping ba bona ba ne ba lumela hore ba entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokoang ho fumana mohau oa Molimo. Mohlankana oa morui o ile a bontša boikutlo boo ha a botsa Jesu: “Taba e ntle ke efe eo ke tla e etsa hore ke be le bophelo bo sa feleng?” Hoba Jesu a hatise ho eena bohlokoa ba ho utloa melao ea molao o ngoliloeng oa Molimo, monna eo a arabela: “Ke e bolokile kaofela . . . na ke sa hlokang?”—Matt. 19:16-20.

Thuto ea ho fumana tlotla le mohau oa Molimo ka liketso tse ntle e ile ea etsa hore Bafarisi ba bangata ba itokafatse ha ba nyatsa ba bang. Setšoantšo sa Jesu mabapi le “ba bang ba itšepisang hore ba lokile, ’me ba nyelisa ba bang” se re: “Batho ba babeli ba ne ba nyolohetse tempeleng ho ea rapela, e mong e le mofarisi, e mong e le mo-lekhetho. Mofarisi a ema, ’me a iketsetsa thapelo, a re: Molimo, kea u leboha ha ke se joale ka batho ba bang, e leng masholu, le bakhopo, le bafebi, leha e le joale ka mo-lekhetho enoa. Ke itima lijo habeli ka veke; ke ntša karolo ea leshome ea ntho tsohle tseo ke li ruang.” (Luka 18:9-12) Mohlala oa hore na boikutlo bo joalo bo ne bo fetella hakae o totobala ho sena se nkiloeng libukeng tsa boholo-holo tsa Sejode:

“R[abbi] Ezekiase a re ka lebitso la R[abbi] Jeremia: R[abbi] Simeone b[en] Yohai kahoo a re: Lefatše le na le banna ba sa fihleng mashomeng a mararo ba lokileng joaloka Abrahama. Haeba ho le teng ba mashome a mararo, ’na le mora oa ka re ba babeli ho bona; haeba ba leshome, ’na le mora oa ka re ba babeli ho bona; haeba ba bahlano, ’na le mora oa ka re babeli ho bona; haeba ba babeli, ke ’na le mora oa ka; haeba o mong feela, ke ’na.”

Kaha Bafarisi ba ne ba nka batho ba bang feela e le ba litšila, ba ne ba ba qoba hore ba se amane haufi le bona. Ho The Life and Times of Jesus the Messiah, Alfred Edersheim o bontša hore Mofarisi “o ne a itlamme hore a se ke a rekisetsa [motho feela] ntho leha e le efe e metsi kapa e ommeng (sejo se matlafatsang kapa tholoana), a ke ke a reka ho eena lintho tsona tseo, e ke ke ea e-ba moeti ha hae, leha e le ho mo thabisa joaloka moeti ka liaparo tsa hae (ka baka la hore mohlomong ha baa hloeka).” Ke ka baka leo Bafarisi ba neng ba hanyetsa ho ja ha Jesu le ‘baetsalibe le balekhetho.’ (Mar. 2:16) Ba ne ba lumela hore motho ea kopanang le batho ba sa hloekang ka moetlo o tla nka litšila tseo.

Jesu le Bafarisi

Nakong eo ka eona Mora oa Molimo a qalileng tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Bafarisi ba ne ba bile teng ka lilemo tse fihlang makholong a mabeli. Nako eo e ne e lekane ho bona hore na ebe teko ea bona ea ho phahamisa ho loka ka mesebetsi e metle e ne e tla atleha. Ha e ka ea atleha. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o itse: “Ho loka ha lōna ha ho sa fetise ha bangoli le ha bafarisi, le ke ke la kena ’musong oa maholimo.”—Matt. 5:20.

Litšebelisanong tsa hae le Bafarisi le litlhalosong tsa hae ka bona, Mora oa Molimo a hlakisa hore na phoso e ne e le hokae ka khopolo ea bona. Hlokomela seo a se boletseng ka boiteko ba bona bo khathatsang ba ho lefa karolo ea leshome: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi! Hobane le ntša karolo ea leshome ea koena le anetha le kumine, ’me le siea hoo e leng boholo ba molao, e leng tokiso, le mohau, le tumelo.” (Matt. 23:23) Libuka tsa bo-rabbi li bua ka melao e “bobebe” (e hlokang boitelo bo bonyenyane ba botho) le melao e “boima” (e hlokang boiteko bo matla). Jesu o bontšitse hore litlhokahalo tse ‘kholo’ tsa Molimo li ama ho bontšoa ha kameho ea ’nete bakeng sa motho e mong, a tšoaroa ka toka, mohau le botšepehi.

Mabapi le ho hlatsoa matsoho ka moetlo le litšobotsi tse ling tsa ho hloeka tšebeletsong, Jesu o itse: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi! Hobane le hlatsoa mohope le sejana kantle, athe kahare ho tletse bosholu le ho senya. Mofarisi ea sefofu! hlatsoa mohope le sejana ka hare ho tsona pele, bokantle ba tsona bo tle bo hloeke le bona.” (Matt. 23:25, 26) Bafarisi ba ne ba lahlehile ke ho nahana hore litšila li fumanoa ka ho kopana le ntho e litšila ka ntle. Jesu a bolela hore mohloli oa sebele-bele oa litšila o ka hare. Ka lekhetlo le leng o ile a hlakisa ntlha eo, a re:

“Hleka le lōna le hloka kelello na? Ha le utloisise ke’ng hobane tsohle tse kantle, ha li kena ka ho motho, li ke ke tsa tseba ho mo silafatsa? Kahobane ha li kene ka pelong ea hae, li mpa li ea ka mpeng, ’me li tsoela mohlabeng, . . . A ba a re: Tse tsoang ka ho motho, ke tsona tse silafatsang motho. Hobane kahare, pelong tsa batho, ke moo ho tsoang mehopolo e mebe, le mafebe, le lipōko, le lipolao, le likutso, le takatso ea ho rua, le lonya, le thetso, le bohlola, le mahlo a talimang hampe, le linyefolo, le boikhohomoso, le bohlanya. Manyala ao ’ohle a tsoa kahare, ’me ke ’ona a silafatsang motho.”—Mar. 7:18-23.

Mohloli oa sebele oa litšila tsa motho mahlong a Molimo ke sebe seo motho a se futsitseng. (Jobo 14:4; Pes. 51:5; Ba-Roma 5:12) Ha ho ho itlhatsoa leha e le hofe ha moetlo kapa liketso tse ling tsa borapeli tse ka tlosang litšila tse teng ka baka la sebe. Ke pako le ho lumela tokisetsong ea Molimo ea ho hlakola libe ka Jesu Kreste feela e ka finyellang pako le poloko. (Lik. 4:12) Ke ka baka leo Zakaria, ntate oa Johanne Mokolobetsi, a ileng a profeta hore Molimo o tla tloha o ‘nea sechaba sa oona tsebo ea poloko,’ e seng ka ho ba lokolla sechabeng sa sera empa “tšoarelong ea libe tsa bona.”—Luka 1:77.

Bafarisi ha baa ka ba rata molaetsa oo, kaha ba ne ba ‘itšepisa hore ba lokile, ’me ba bang ba ba nyelisa. (Luka 18:9, 10) Empa ba bona borapeli e ne e le bo ka ntle feela. Bo ne bo sa ntše litšila tse ka hare tse kang tse bonahalang ka liketso tse mpe tsa ‘ho lakatsa leruo,’ ‘mahlo a tletseng bofebe’ le “boikhohomoso.” (Mar. 7:22) Libuka tsa Bajode li paka sena. Ka mohlala, re bala ka “Mofarisi oa shikmi,” ea “jarang litšoanelo tsa hae tsa bolumeli mahetleng (shekem), ke hore, hore a bonoe ke batho.” Hape, ho boleloa ka Mofarisi oa nikpi—ke ea otlanyang maoto a hae” ka baka la hobane a tsamaea ka boikokobetso bo fetelelitsoeng. Hape, ho teng “Mofarisi oa kizai” eo ka ho ikotlanya ka lebota ka boomo hore a tsoe kotsi “a etsang hore mali a hae a tšolohele maboteng” e le boiteko ba ho qoba ho sheba mosali. Ka tokelo e feletseng Jesu o ile a re ka bangoli le Bafarisi:

“Liketso tsa bona tsohle ba li etsa hore ba tle ba bonoe ke batho; hobane ba roala meqhaka ea liflaktera tse liphara, ’me ba lelefatsa lipoli likobong tsa bona; ba rata litulo tsa kapele meketeng, le litulo tse kapele masynagogeng, le ho lumelisoa mapatlelong, le ho bitsoa ke batho: Rabbi, Rabbi.”—Matt. 23:5-7.

Linnete tsa pale li ngata tse bontšang hore teko ea Bafarisi ea ho phahamisa ho loka ka tsela ea bona ea ho boloka mehlala ea nakong e fetileng ea bolumeli le ho etsa liketso tsa lithuso e ile ea hlōleha. Ha e ka ea susumetsa batho ba bangata hore e be barapeli kapa ea thusa bona Bafarisi hore e be batho ba molemo. Ho e-na le hoo, e ile ea ba susumelletsa ho etsa bobe bo fetisisang paleng eohle, ba ho bolaea Mora oa Molimo.

Leha ho le joalo, teko e bile le thusonyana eitseng. E ile ea nea Jesu sebaka pele ho lefu la hae hore a fane ka molaetsa o matla ka boetsalibe ba motho le hore o hloka poloko, e seng ka mesebetsi empa e le neo e sa lefelloeng motheong oa pako le tumelo sehlabelong se phekolang libe sa Jesu Kreste. (Esa. 53:5, 10-12; Matt. 20:28; Ba-Roma 10:5-9) Eo ke thuto e ka ithutoang hape ke bohle ba phelang kajeno!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mongolo o tšekaletseng ke keketso.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

‘Haeba ho Teng a le Mong feela ea Lokileng, ke ’Na’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela