Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 11/1 maq. 29-31
  • ‘Litaba Tse Molemo’ li Tla Virgin Islands

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Litaba Tse Molemo’ li Tla Virgin Islands
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • ‘Litaba Tse Molemo’ Li Tla St. Thomas
  • ‘Litaba Tse Molemo Li Fihla Lihleke-Hlekeng Tse Ling
  • Ho Fumana liholo Tsa ’Muso Tse Lokelang
  • Boemo Kajeno
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 11/1 maq. 29-31

‘Litaba Tse Molemo’ li Tla Virgin Islands

VIRGIN Islands ke sehlopha sa lihlekehleke tse ngata—tse ling li khōlō, tse ling li nyenyane—li sikile ka lebopo le ka leboea le ka bochabela la Leoatle la Carribean ka bochabela ho Puerto Rico. Boemo ba mohatsela le mofuthu bo botle le ponahalo e ntle ea naha—lithaba tse theohelang ka leoatleng, pono e bokhabane ea mabopo a leoatle—kaofela li hapa mehahlaula e mengata. Ka lifofane le ka likepe, ho fihla batho ba ileng phomolong ba baloang ka likete tsatsi le leng le le leng, haholo likhoeling tsa mariha. Hase feela Virgin Islands li bitsoang “Naha ea phomolo ea Amerika.”

‘Litaba Tse Molemo’ Li Tla St. Thomas

‘Litaba tse molemo’ tse boleloang ke Lipaki tsa Jehova li fihlile joang sebakeng see? Ka Pherekong 1947, baromuoa ba babeli ba tsoang sehlopheng sa pele sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, T. E. Klein le mosali oa hae, ba abeloa ho bolela ‘litaba tse molemo’ St. Thomas. Ba etsa ka matla ho boleleng literateng le ka ntlo le ntlo. Virgin Islands, motho ea atamelang lapeng ke tloaelo hore a hoeletse, “Ka hare!” Mong a ntlo a arabele, “Ka ntle!” ebe joale o atamela monyako.

Ba sebetsa ho tloha hoseng ho fihlela ha letsatsi le likela, ba tsamaea literateng tse tšesaane, ba hloa lithotanyana le literapisi, baromuoa ba tlisa molaetsa oa ’Muso ho batho bohle. Karabelo ea e-ba e makatsang. Ka likhoeli tse ’nè feela, ba ha Klein ba fumana lipeeletso tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse 750. Ka baka leo, ba lekala la liposo ba tlameha ho qalisa tšebeletso ea ho rōmela poso libakeng tse ka thōko. Kapele batho ba ’maloa ba thahasellang ba ikopanya le baromuoa ho eteleng ba bang ka ntlo le ntlo.

‘Litaba Tse Molemo Li Fihla Lihleke-Hlekeng Tse Ling

Karolo e ’ngoe ea Virgin Islands ea fihleloa ha Edmead Georges a khutlela hahabo St. John kamor’a ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova New Orleans, Louisiana, U.S.A., le Puerto Rico. A qala ho bolella beng ka eena le bao a ahisaneng le bona ka lintho tseo a ithutileng tsona. Mosali oa hae, ’m’ae le rakhali oa hae ba arabela hantle. Ha etsa joalo le eo a ahisaneng le eena Amos Sullivan, ea neng a tsamaea le likepe. Ha Edmead le lelapa la hae ba tlameha ho fallela St. Thomas ka baka la maemo a lichelete, Amos a tsoela pele ho bolela ‘litaba tse molemo.’ Amos o ne a sa pakele bao a ahisaneng le bona feela ka mehla, a tsamaea lithota le lithaba empa o ne a boetse a soka seketsoana sa hae lik’hilomithara tse 3 ho ea ho batho ba phelang ka mosou o mong ho eena. Kajeno ho teng phutheho Cruz Bay, moo mora oa Amos a ileng a lula teng kamor’a hore e be Paki.

Ka 1948, Lipaki tsa Jehova tsa qala ho bolela ‘litaba tse molemo’ ho ba ahileng St. Croix. Ha T. E. Klein le mosali oa hae ba fihla moo ka 1951, ba fumana phutheho e nyenyane Christiansted. Ho ea qetellong ea 1951, Klein a etela e mong ea ahileng moo ka makhetlo a ’maloa. Kaha maeto hangata a ne a fella ka likhang, Klein a qetella a itse ho monna eo: “Haeba u batla ho ithuta Bibele, mohlankana, ke tlile ho tla ithuta Bibele ha kea tlela ho phea-khang le uena.” Mohlankana enoa, Leroy Boyce, eaba o re: “Tsela feela eo re ka rarollang sena ka eona ke haeba u ka kopana le moruti oa ka ’me ha buisanoa ka taba. Joale ke tla etsa qeto hore na ke ofe ho lona ba babeli eo nka mo lumelang.” Phello ea e-ba efe? Puisanong e ileng ea latela le T. E. Klein, moruti a halefa ’me a tloha ka bohale. Kajeno Leroy Boyce o sebeletsa e le moholo ka phuthehong Christiansted.

Ke ka 1949 ha ‘litaba tse molemo’ li fihla ho baahi ba British Virgin Islands. Ka Phupu selemong seo seketsoana sa baromuoa, Sibia, sa kena Koung ea Road Town e Tortola. Baromuoa ba bae ba potlakela ho kena ka ntlo le ntlo, ba abelana ‘litaba tse molemo’ le batho. Motšehare ba ne ba tlala-tlala lebopong la leoatle le lithabeng, ba bolela ho batho le ho tsamaisa lithuto tsa Bibele. Mantsiboea baromuoa ba ne ba tlisa lebone la bona lebopong la leoatle ho bonesetsa ba tlileng puong ea Bibele tlas’a sefate se tšoanelehang. Ha ba bona lebone la gase, baahi ba sehleke-hleke ba ne ba bonesa litoche tsa bona, tse etsoang ka likatana le botloloana e tšetsoeng parafine, ’me ba ee tlase ho ea mamela puo. Litoche li ne li tšoana le linaleli tse ngata tse tsamaeang thabeng. E ne e le pono e thabisang.

Sibia sa etela Tortola ka makhetlo a mangata. Qetellong ha bōpeha sehlopha sa batho ba thahasellang. Baromuoa ba ne ba tseba ho tšoara liboka hangata ha ba le moo. Ha ba tloha, sehlopha sa ’na sa kopana hammoho. Ka 1955, Lionel Sullivan, mora e mong oa Amos Sullivan, a tla Tortola, ’me ha theoa phutheho ea Road Town.

Ho Fumana liholo Tsa ’Muso Tse Lokelang

Ho fumana sebaka sa liboka tsa liphutheho tse ntseng li hōla, ho ile ha hiroa liholo tse nyenyane. Empa liholo tsena tsa phakisa tsa tlala haholo. St. Thomas ha bonahala e le ho ke keng ha etsahala ho fumana sebaka se lokelang sa ho ba le liboka. Ho fumana mobu oo ho ka ahuoang ho oona ho ne ho le theko e boima haholo, le libaka tse hiroang li fokola ’me li lefelloa haboima. Leha ho le joalo, hoseng ho hong molebeli ea okamelang oa phutheho ea Lipaki tsa Jehova, Walter Georges, a tsebisoa hore ho na le mosali ea batlang ho buisana le eena. Puisano ena ea bula tsela ea ho hahuoa ha sebaka sa ho kopanela, Holo ea ’Muso.

’Muso o ne o entse molao o tlamang hore moahi e mong le e mong a be le ntloana ea metsi. Mosali enoa o ne a utloisisa hore a ka fana ka sebaka, ha feela Lipaki li ka mo thusa ho phetha seo ’muso o se batlang. Ka baka la boemo bo bobe ba sebaka seo a lulang ho sona, Lipaki tsa ithaopela hore li tla mo hahela ntlo e nang le likamore tse peli. Mosali a thabela tokisetso eo. Hoba Lipaki li fumane lengolo la bopaki ba sebaka seo li se filoeng, li ne li loketse hore li ka haha holo e ncha.

Empa ke mang ea tla e haha? Lipaki tsa moo li ne li e-na le tsebo e fokolang haholo ka ho haha. Paki e phelang Florida, U.S.A., empa eo hahabo eona e leng St. Thomas, ea ithaopela ho etsa lipolane. Empa li ne li tla tiisa joang hore li etsa ntho e polaneng ka nepo? Mantsiboea a mang le a mang Walter Georges o ne a ea ho Leroy Boyce, Paki ea habo le ea neng a na le konteraka St. Croix, a mo balle hore na polane ba ka e haha joang. Leroy o ne a bolella Walter hore na a tsohe a haha joang hosesane. Ka tsela ena, Lipaki tsa tseba ho haha Holo ea ’Muso le ntlo bakeng sa mosali ea neng a fane ka sebaka seo ho ka hahuoang ho sona.

Boemo Kajeno

Lilemo tsa bo 1970 li bone keketseho e hlollang palong ea ba bolelang ‘litaba tse molemo’ Virgin Islands. Hona joale ho teng ba fihlang ho 570 ba etsang joalo American le British Virgin Islands. Likopano tsa setereke tse tšoaroang selemo le selemo, hangata St. Thomas kapa St. Croix li ba le batho ba ka fihlang ho 1 000. Ruri ‘litaba tse molemo’ li tlile naheng ea phomolo ea Amerika, ’me ba bangata ba arabela hantle, ho akarelletsa batho ba buang Spanishe bao hajoale ba sebeletsoang ka liphutheho tse peli tsa Lipaki tsa Jehova.

“Ea elang moea hloko a ke ke a jala, ea talimang maru a ke ke a kotula. Joale ka ho u sa tsebe tsela ea moea, leha e le kamoo masapo a bopjoang popelong ea mosali ea emereng, ho joalo ha u tsebe mosebetsi oa Molimo o etsang tsohle. Jala peō ea hao e sa le hosasa, matsoho a hao u se ke ua a neela sebaka mantsiboea; hobane ha u tsebe hoba ho tla mela ntho efe, kapa ena, kapa eno, kapa ha ekaba li tla mela hantle tse peli.”—Moek. 11:4-6.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela