A Pholosoa ho Ipolaeeng
Lipaki tse ling tsa Jehova li ne li sa tsoa qeta mosebetsi oa boboleli motsaneng o mong oa Jeremane ha monna-moholo e mong a ba feta a nkile Bibele. Ba leka ho abelana ‘litaba tse molemo’ le eena, empa a ’na a re, ‘Ke batla ho ba mong.’ Kamoo ho bileng kateng, leha ho le joalo, a amohela ha e mong oa Lipaki a mo memela lijong ha hae. Hosesane, Paki e ’ngoe ea mo etela ho ea bua le monna enoa ka Mangolo moo a lulang teng, lehaeng la maqheku.
Leetong leo, monghali eo a re ho moeti oa hae: “Le pholositse bophelo ba ka. Maobane ke ne ke le tseleng e eang lebitleng la mosali oa ka. . . . ke ne ke tla ipolaea ha ke le moo. Pele ke kopana le lōna maobane, ke ne ke ntse ke solla feela ke sa tsebe ntho eo ke e batlang ka lihora tse ’ne ka morung. Ka leka ho batla matšeliso bukeng ea ka ea lifela empa ka se ke ka a fumana. Le tlile hantle ka nako e nepahetseng ’me ke leboha Molimo haholo ka hoo.”
Kamor’a nako, ho ile ha fumaneha hore matla a meea e khopo a ne a khannela monna-moholo enoa ho ea ipolaea. Empa tsebo ea Mangolo ea mo nolofalletsa ho itokolla tšusumetsong e joalo. (Ba-Ef. 6:11-18) Hape, ho tšeliseheng ha hae haholo, a ithuta hore “tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Lik. 24:15) Haufinyane, a ineela ho Jehova Molimo, a tšoantšetsa hona ka ho kolobetsoa metsing a le lilemo li 81. Lipolelo tse molemo le liketso, hammoho le ‘tšeliso e tsoang Mangolong,’ tsa pholosa monna-moholo enoa ho ipolaeeng ’me tsa isa tebellong e futhumatsang pelo ea bophelo bo sa feleng.—Ba-Roma 6:23; 15:4.