Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 11/15 maq. 3-4
  • Nako ea ho se Iqenehele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako ea ho se Iqenehele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Boleloang ke ho Rata Baahelani ba Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho se Hlole re Iphelela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • “U Rate Moahelani oa Hao Joalokaha U Ithata”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ke Hobane’ng ha U Tsotella Batho ba Bang?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 11/15 maq. 3-4

Nako ea ho se Iqenehele

KE MANG ea sa lekeng ho iqenehela? ʼMe ke mang ea sa ananeleng ha ba bang ba mo qenehela? Ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae, empa o ee a e fepe a e baballe. Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore motho a iqenehele ka phoso? E, ho ka ba joalo haeba motho a shebela litaba haufi feela.

Ka mohlala, nahana ka mosali ea nonneng ea jeoang ke lefu la tsoekere. Ke booatla ho eena hore a khotsofatse takatso ea hae ea lipompong. Ka ho iqenehela ka nakoana, o etsa hore qetellong litaba li be mpe haholo. Ho joalo le ka letahoa. Ka ho iqenehela ka ho shebela litaba haufi, le noa le se na khaotso ’me le potlakise letsatsi la ho lokisa litaba.

Ea sa kang a lumella hore a susumetsoe ke tsela ea ho iqenehela ka nakoana ke Jesu Kreste. Ka lekhetlo le leng a bolella barutuoa ba hae hore na ke eng se mo tlelang, a ba bontša “hore e ka khona a ee Jerusalema, a utloisoe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangoli, ʼme a bolaoe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.” Ha a utloa hoo, moapostola Petrose “a mo nkela thōko, a qala ho mo khalemela, a re ho eena: Morena, u ikutloele bohloko; tse joalo li ke ke tsa u hlahela. Jesu a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho ʼna, Satane, u khopiso ho ʼna, hobane ha u utloe tsa Molimo, u utloa tsa batho feela.”—Matt. 16:21-23.

Ka ho hlakileng, Jesu Kreste o ne a tebisitse maikutlo haholo tabeng eo. Ho seng joalo a ka be a sa sebelisa pontšo e matla le mantsoe a matla hakaalo. Ntle ho pelaelo o ne a ananela hore mona Petrose o mo leka hore a cheche, a nke tsela e bobebe, joalokaha Diabolose ka boeena a ile a leka Jesu ka tsela e joalo qalehong ea tšebeletso ea Jesu.—Matt. 4:1-10.

E, letsoalo le seli mohlomong le ka u bolella hore u je hanyenyane, u noe hanyenyane. Kapa, kamor’a ho leka ka makhetlo a mangata le ho fosa, u fihletse qeto ea hore u tlameha ho ikhalemela menateng kapa boikhathollong e le hore u fumane boroko kapa phomolo e lekaneng. Haeba ho joalo, u rata hore u tšoarelle ho seo u tsebang hore se molemo haholo bakeng sa hao u se ke ua lumella metsoalle e metle e etse hore u khelohe tseleng e tšesaane ea bohlale le kahlolo e ntle. Lefatše le na le polelo e reng, “Ke nthoana e fokolang!” Empa Motsoalle oa ʼnete oa batho le Moruti e moholo ea kileng a phela lefatšeng o buile ho fapaneng le hoo. Ha a eletsa balateli ba hae, o itse ho bona: “Etsang ka matla.”—Luka 13:24.

Bonneteng, bophelo ha bo re letho ha bo se na sepheo se tšoanelehang. ʼMe ha ho letho le tšoanelehang le finyelloang ntle ho boiteko bo matla ba ho ikhalemela. Seithuti sa ’mino se iketselitseng sepheo sa ho bapala le lihlopha tsa liletsa kapa se tlang ho bina meketeng ea lipina se ke ke sa iqenehela ha ho fihloa ho ikoetliseng. Se tlameha ho nka lihora tse telele se ikoetlisa, se thuisa, se ikhalemela, se itelisa menyaka e mengata haeba se tla finyella sepheo sa sona. Ke ʼnete hakaalo kapa hanyenyane haholo ka sepheo leha e le sefe se ithuteloang seo motho a ka ’nang a ipeela sona. Ho hlokahala boiteko bo nang le boikhalemelo haeba bohlale le tsebo li tla finyelloa.

Mokreste ea ineetseng o lokela ho ikalosa haholo hore a se iqenehele haholo ha a lokela ho ikhalemela. Ho bonolo hakaakang hore boemo ba leholimo bo seng botle bo sebeletse e le lebaka la ho se ee libokeng tsa Bokreste tsa phutheho kapa ho ba le karolo e mafolofolo mosebetsing oa boboleli le oa ho etsa barutuoa! Lenaneo la TV le ka ʼna la hoehla motho hore a hlokomolohe boitlamo ba tšebeletso ea Bokreste. Likoranta kapa libukana tse ratehang li ka ipakahatsa li hapa hoo li ka etsang hore motho a hlokomolohe seo a se hlokang moeeng. Mosa ʼohle o joalo oa nakoana oo motho a iketsetsang oona o tlameha ho ba le phello e kotsi e tlang nka nako e telele. Polelo ke ea sebele, ‘ha tšoanelo le boithabiso li loantšana, boithabiso bo ka mpa ba emella thoko.’ Emela nako eo ka eona boithabiso bo sa loantšaneng le tšoanelo.

Na u ka iqenehela ka mokhoa o se nang moputso? E, haeba u le meharo ea ho rua, lerato la chelete le ka u hulela tšebetsong, ua fufuleloa, ua itšebelisa haboima ua rera le mano. Le ka u etsa hore u tlōle melao kapa la u tšoarisa khathatso ea methapo. Hore telekiso ea maruo ke ho se iqenehele ho hlakisoa ke Lentsoe la Molimo, hobane le re: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.” Ba itlhaba “ka mahlomola a mangata.” Kannete, ho nka tsela e joalo ke ho se iqenehele, hape le lelapa la motho.—1 Tim. 6:9, 10.

Molao oa bobeli o moholo o boletsoeng ke Jesu Kreste—“rata oa heno joale ka ha u ithata”—ke o nepahetseng haholo mona. Re lokela ho ithata. Re lokela ho iqenehela. Empa ha rea lokela ho etsa joalo ka boikhabi le ka bothoto. Ho ithata hoo re iketsetsang hona ho lokela ho laoloa ke molao oa pele, o re hlokang hore re rate Molimo ka pelo eohle, moea, kelello le matla. Ho phethahatsa molao oo ho tla bolela hore nako le nako re se ke ra iqehenela. ʼMe ho ithata ha rōna hape ho laoloa ke molao oa bobeli, oa ho rata bahabo rōna joale ka ha re ithata. (Mar. 12:29-31) Haeba re ntse re hopotse litlameho tsa rōna ho Molimo oa rōna le oa habo rōna, re tla tseba ho sea moeli pakeng tsa ha re ka iqenehela leha re ke ke ra etsa joalo.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela