Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 11/15 maq. 4-8
  • Ke Hobane’ng ha ‘u Ikokobetsa’?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ‘u Ikokobetsa’?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO IKOKOBELETSA MEBUSO
  • KA PHUTHEHONG EA BOKRESTE
  • MESEBETSING EA BOIPHELISO
  • TIKOLOHONG EA LELAPA
  • Rua Molemo ka ho Ikokobelletsa Puso ea Molimo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Boikokobetso ba Bomolimo—Hobane’ng Hona bo Bontšoa ke Bo-mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Seo Boikokobetso ba Bomolimo bo se Hlokang ho Rōna
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke’ng se Boleloang ke Boikokobetso Lenyalong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 11/15 maq. 4-8

Ke Hobane’ng ha ‘u Ikokobetsa’?

HAR’A melao e mengata e fumanoang e pheta-phetiloe ka Lentsoeng la Molimo, Bibele, ke o reng: ‘Le ikokobetse.’ Ho Ba-Roma 13:1 rea bala: “Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena,” ke hore, tlas’a mebuso. Banna ba bacha ba eletsoa, “ipeeng ka tlase ho ba baholo.” (1 Pet. 5:5) Hape, moapostola Pauluse a eletsa: “Basali, le ikokobetse ka tlas’a banna ba lōna.”—Ba-Ef. 5:22.

Ho ikokobetsa ho hanana le batho ba bangata ba sa phethahalang, hoo, ha e le hantle, mekhatlo ea mefuta-futa ea batho e theoang hore ho fetoheloe boikokobetso, ka linako tse ling e le ka ntoa. Ka mohlala, ha se khale haholo ha New York Times ka letsatsi le le leng feela e tlaleha ka mehlala e latelang ea bofetoheli bo mabifi boreneng: “Kajeno ho qhomile liqhomane tse peli hare ho London hoseng.” ‘Batho ba robong ba tsoile kotsi metseng e mehlano ea libakeng tsa Manchester, Liverpool, Coventry, Bristol le Southampton.’ Hona leqepheng leo ha hlaha sehlooho: “Batho ba 21 ba tsoile Kotsi ha Seqhomane se Qhoma Beseng e Tletseng.” Ea boela ea tlaleha hore Iran e itokisetsa letsatsi la ho llela ho ikhopotsa “batho ba neng ba entse lipontšo ba ileng ba bolaoa ha ho thulanoa le makhotla a tšireletso.” Bohle ba joalo, ha e le hantle, ba ne ba fetohetse ho ikokobeletsa mebuso e teng.

Ke hobane’ng ha Bibele e laela, ‘Le ikokobetse’? Ke bo-mang ba lokelang ho ikokobetsa, hona ho bo-mang? Ke hobane’ng ha ho ikokobetsa ho hanana le botho hakaale?

Ho ikokobetsa ho haneha ka baka la tsela eo batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva ba ileng ba qalisa ka eona ea bofetoheli. Ba fetisetsa ho bana ba bona tšekamelo ea bofetoheli, moea oa boithati bo se nang molao oo ho seng mohla o kileng oa totobala ho feta hona joale, joalokaha Jesu a hlile a bolela. (Matt. 24:12) Leha ho le joalo, ntle ho pelaelo, karolo e ʼngoe ea molato e ho ba sebelisitseng borena ba bona hampe.

Leha ho le joalo, keletso ea ‘ho ikokobetsa’ e theiloe metheong e utloahalang. Ke feela hore ba bang ba busa kapa ba etella pele ʼme ba bang ba tlameha ho ikokobetsa. Ho joalo joang? Hobane ha ho motho ea ka iphelelang ka boeena. E mong le e mong o hloka se ka fanoang ke e mong ka sebopeho sa lintho tse bonahalang le litšebeletso bakeng sa seo eena a ka fanang ka sona ka tsela ena kapa eane. Hona hohle ho hloka tsamaiso. Hore tsamaiso e sebetse ho lokela hore likhopolo li se ke tsa kopana feela empa hape ho be teng borena bo eloang hloko. Sechaba, naha kapa sebaka, motse kapa motsana, tsohle ke litsamaiso tsa bopolotiki tse hlokang hore ba bang ba buse ’me ba bang ba busoe kapa ba ikokobetse. Motheo ona o lula e le ’nete hoo e ka bang karolong e ʼngoe le e ʼngoe ea tšebetso ea batho, le haeba ke ea lefatše kapa ea bolumeli, ea sechaba kapa ea lelapa.

Leha ho le joalo, ho ke ho hlokomeloe hore ba boreneng ho hlokahala hore le bona ba ikokobetse ka linako tse ling. Ka mohlala, ha ho ea ka tlōlang melao ea sephethe-phethe ntle ho kotlo. Ha motho a ea sepetlele ho ea buuoa o iphumana a le tlas’a ho ikokobeletsa lingaka, baoki le basebeletsi ba bang ba sepetlele. Mohoebi a ka ’na a ba le batho ba bangata ba ikokobeletsang eena ba mo sebeletsang, empa ha a e-ea phuthehong ea habo ea Bokreste, a ka ba tlas’a ho ikokobeletsa baholo ba lebelang le barapeli ba bang.

HO IKOKOBELETSA MEBUSO

Tsamaisong ea hona joale ea botho, ho hlokahala mebuso hore batho ba phele ka tsela e tsoetseng pele le ho sireletseha ka mokhoa o itseng, re se re sa bue ka litšebeletso tse ngata tseo ʼmuso o ka fanang ka tsona, sebakeng ka seng kapa sechabeng kaofela. Kahoo, hoa utloahala hore boithaopo bo lokela ho ba teng, kapa bonyane ho ineela, ho ba busoang hore mebuso e joalo e finyelle sepheo sa eona. Ke ka baka leo Lentsoe la Molimo le laelang Bakreste ‘ho ikokobetsa hobane ha ho borena bo sa tsoeng ho Molimo.’ Ka hona Bakreste ba lokela ho utloa melao ea naha, ba falimehetse ho lefa makhetho, ho ela hloko melao ea sephethe-phethe le ho phethahatseng litlameho tse ling. Hona hohle thahasellong ea khotso le taolo.—Ba-Roma 13:1-7.

Leha ho le joalo, sebakeng se seng Bibele e bontša hore ho ikokobeletsa mebuso ea bopolotiki joalo ho na le moeli. Ho tšoanelehisoa ke litaelo tse ling tsa Mangolo, tse kang, “Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” Hape: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” E, molao oa ‘ho ikokobetsa’ tlas’a mebuso ea lipolotiki ea tsamaiso ena ea lintho o na le moeli; o sebetsa ha feela o sa hanane le taelo e tobileng ea Molimo.—Matt. 22:21; Lik. 5:29.

KA PHUTHEHONG EA BOKRESTE

Phutheho ea Bokreste le eona ke tsamaiso, e nang le hlooho e le ’ngoe holim’a eona, e leng, Jesu Kreste. Litho tsohle tsa eona li lokela ho ikokobeletsa eena. Ka baka leo, le eena o ikokobelitse. Ho mang? Ho Ntate oa hae oa leholimo, Jehova Molimo. E, ‘phutheho ea Bokreste e ikokobelelitse Kreste.’ (Ba-Ef. 5:24) Ha e le hantle, “hloho ea monna e mong le e mong ke Kreste.”—1 Ba-Kor. 11:3.

Jesu Kreste, motho ea sa bonahaleng, ea halalelang ea maholimong a ka sebelisa bohlooho ba hae joang holim’a phutheho e bonahalang ea batho e lefatšeng? Tsela e ’ngoe ke ka Mangolo a bululetsoeng. Phutheho e ka nkoa e le ea Bokreste ha feela e utloa melao ea Jesu le e fanoeng tlas’a pululelo ke baapostola ba hae le barutuoa ba bang.—Matt. 18:18; 28:19, 20.

Ho feta moo, Jesu o sebelisa bohlooho ba hae holim’a phutheho ea Bokreste ka “mothusi,” “Moea oa ʼnete,” moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang. (Joh. 16:7, 13) Hape, o sebelisa mangeloi ho phethahatsa bohlooho ba hae phuthehong ea hae. (Matt. 18:10; 24:31; Tšen. 14:6) Jesu Kreste o boetse o sebelisa bohlooho ba hae holim’a phutheho ea Bokreste mona lefatšeng ka sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang, bao ka bona Jesu a itseng: “Ana ke mang mohlanka ea khabane, ea bohlale, eo morena oa hae a ’meileng moalosi oa bahlanka ba hae ho ba nea lijo nakong ea teng? Ho lehlohonolo mohlanka eo morena oa hae, mohla a fihlang, a tla mo fumana a etsa joalo. Ka ’nete ke re ho lōna: O tla ʼmea moalosi oa mesebetsi ea hae kaofela.”—Matt. 24:45-47.

Hore Jesu Kreste a phethe mosebetsi oo a laetseng balateli ba hae hore ba o etse, e leng, ho etsa barutuoa ka batho ba lichaba tsohle, ba tlameha ho sebetsa ka khotso le tumellano. Ba “bolele bohle taba e le ʼngoe.” Kahoo bohle ba ikokobeletse kofuto eo a khahloang ke ho e sebelisa. Joalokaha re bala: “Molimo hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso.” Kahoo ka phuthehong ea Bokreste “tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka molao.”—1 Ba-Kor. 1:10; 14:33, 40.

Ho feta moo, ka phuthehong ea Bokreste litho tse sa tšoaneng li eletsoa hore li ikokobeletsane. “Ikokobetseng e mong ho e mong, le ntse le tšaba Kreste.” (Ba-Ef. 5:21) Ba tlase lilemong ke bona bao ka ho khethehileng ba lokelang ho ikokobeletsa baholo kapa banna ba hōlileng: “Le lōna, ba bacha, ipeeng ka tlase ho ba baholo, ʼme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong ka tlase ho e mong; hobane Molimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.”—1 Pet. 5:5.

Hape, litho tsohle tsa phutheho e ʼngoe le e ʼngoe li lokela ho ikokobeletsa baholo ba khethiloeng ba Bakreste, joalokaha re bala: “Utloang balisa ba lōna, ’me le ipee ka tlase ho bona, hobane bona ba falimehela meea ea lōna, etsoe ba tla e botsoa, ba utloeng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.” Kahoo ho na le mabaka a mabeli a hore Mokreste a ikokobetse. Le leng le molemong oa hore lintho li sebetse hantle, ka baka la khotso le tumellano, ka baka la hore ho etsoe mosebetsi o moholo kamoo ho ka khonehang e bile e le ka tsela e molemo haholo. Le leng ke hore ho se ikokobetse ho ka imela ba etellang pele, e leng ho ka fellang ka kotsi ho ba ikokobetsang.—Ba-Heb. 13:17.

MESEBETSING EA BOIPHELISO

Sebaka se seng seo motheo oa ho ikokobetsa o sebetsang ho sona ke tabeng ea kamano ea monghali le mosebeletsi. Ha motho a amohela mosebetsi, o tlameha ho hlokomela hore o ikarabella ho monghali oa hae, ka mantsoe a mang, ho ikokobeletsa eena, ha feela, koana, a sa mo kōpe hore a etse ho tlōlisang letsoalo la hae. (Lik. 5:29) Ho ikokobeletsa monghali oa motho ho bolela ho mo nea hlompho e lokelang setulo sa hae le ho mo sebeletsa ka botšepehi tsatsi le leng le le leng, le ho se mo utsoetse letho. Joalokaha moapostola Pauluse a elelitse, mosebetsi o lokela ho sebetsa mosebetsi oa hae ka ‘pelo e ratang joale ka hoja a etsetsa Morena, e seng batho. (Ba-Kol. 3:23) Ho joalo ke ntho e nepahetseng le e bohlale hore e etsoe. Haeba motho a ke ke a etsa joalo, o lokela ho batla mosebetsi o mong.

TIKOLOHONG EA LELAPA

Kaha lelapa ke phutheho e nyenyane, ho hlakile hore metheo ea bohlooho le boikokobetso e sebetsa ho litho tsa eona. Lentsoe la Molimo le jarisa batsoali boikarabelo ba ho bona bore bana ba bona ba hōlisoa ka mokhoa o nepahetseng le ho hlokomeloa hantle ka tsela tsohle. Ke ka baka leo bana ba laeloang hore: “Bana, utloang batsoali ba lōna nthong tsohle; hobane ke taba e khahlisang Morena.” (Ba-Kol. 3:20) Hore bana ba lokela ho ikokobeletsa batsoali ba bona ke ntho e utloahalang joalokaha e lumellana le Mangolo. Ha ba tsebe letho ʼme ba ke ke ba iketsetsa letho. Ho phaella moo, Morena Salomone ea bohlale o kile a hlokomela hore: “Bohlanya bo tlameletsoe pelong ea ngoana, empa thupa ea taeo e tla bo falatsa ho eona.”—Liprov. 22:15.

Motheo oa bohlooho le boikokobetso o sebetsa pakeng tsa batsoali ka bobona, ho monna le mosali. Hlooho ke mang, monna kapa mosali? Ho ea ka Ea entseng monna le mosali tšimolohong, ke monna eo e leng hlooho. Moapostola Pauluse o hopotsa bohle hore “monna ha a ka a bōpeloa mosali, ke mosali ea bōpetsoeng monna.” (1 Ba-Kor. 11:9) Lentsoe la Molimo le boetse lea re bolella: “Joale ka ha Kereke e ikokobetsa ka tlas’a Kreste, basali le bona ba ikokobetse ho banna ba bona joalo nthong tsohle.” (Ba-Ef. 5:24) Ntle ho pelaelo basali ba bang ba kajeno ba tla hanana le hona, empa ha re ke re beheng mabaka tabeng ena ho se hokae.

Ruri ke ho hlokomelehang hore moapostola Pauluse, ea ngotseng mantsoe ao, hang-hang o latellisa keletso ea hae ho basali ka keletso e eang ho banna ka hore ba rate basali ba bona joalokaha Jesu a ratile phutheho ho isa moo a bileng a e tella bophelo ba hae. Ho ea pele, Pauluse o bolela hore banna, ba lokela ho rata basali ba bona joaloka ʼmele ea bona, ba ba fepe le ho ba baballa joalokaha ba etsa ka ʼmele ea bona. Ruri, moo monna a bontšang lerato le joalo ho mosali oa hae, mosali o tla nyakallisoa ke ho ikokobeletsa monna.—Ba-Ef. 5:25-33.

Tokisetso ena e bohlale e bile e lokile. Ka tlhaho ea lintho motho e motona hangata o loketse hamolemo ho etella pele, ho qala lintho. Ha a etella pele ka mokhoa o nepahetseng, ho bonolo hore mosali oa hae o tla latela ka thabo, a ineela. Ruri ke ho khahlisang ho hlokomela se ileng sa boleloa tabeng eona ena ke e ʼngoe ea lingaka tsa mafu a hlooho tse etellang pele tsa motseng oa New York. Bukeng ea hae, o fana ka liketsahalo tse ngata tsa pale tse bontšang kamoo basali ba ka hlokomelang ho phethahala litšobotsing tse haufi ka ho fetisisa tsa manyalo a bona. ʼMe e ka ba ka ho etsa joang? Ka hore feela ba theohe likelellong le lipelong tlas’a bohlooho ba banna ba bona.

Ho tla thusa mosali ho nahana ka tšobotsi e ʼngoe ea kamano ea monna le mosali, joalokaha e elelletsoa ke Bibele. Ka baka la mefokolo ea hae le tlhaho ea maikutlo a hae monna oa hae o hlokoa hore a bontše mamello, mosa, le ho nahanela. Hona ho bontšoa ha monna nako le nako, a emela mosali hore a loke kapa ha monna a iphumana a tlameha ho lokisa takatso ea hae kapa seo a ikhethelang sona hore se lumellane le litakatso, liphetoho kapa likhaello tsa mosali oa hae. Ke ka lebaka le letle haholo moapostola Petrose a elelitseng: “Lōna banna, le phele le basali ba lona ka kutloisiso e nepahetseng hore ke mofuta o fokolang. Ba tšoareng ka hlompho, kaha ba tla amohela hammoho le lōna, neo ea Molimo ea bophelo. Etsang joalo hore ho se be letho le tla khathatsana le lithapelo tsa lōna.”—1 Pet. 3:7, Good News Bible.

Leha e le hore ke phoso ho hlokomela hore ha ho letho le thabisang basali ba bangata haholo ho feta hore banna ba bona ba rate ho ba etsetsa lintho. Eo mohlomong ke eona tsela eo monna a ileng a hapa mosali oa hae ka eona ka lekhetlo la pele—ka ho mo futhumalla, a batla ho mo khahlisa ka ho mo etsetsa lintho. ʼMe ho joalo ho theosa le lenyalo. Se thabisang mosali ke hore monna oa hae a chesehele ho mo etsetsa lintho, lintho tse fokolang tse kang ho mo thusa ha a apara jase, ho hopola boikhopotso ba letsatsi la lenyalo, kapa ho mo rekela lipalesa, sente kapa ntho e ʼngoe. Empa mosali a ka etsa joang hore monna a batle ho etsa lintho tse joalo? E seng ka ho mo laela, e seng ka ho hlōlisana le eena, empa ka ho ela hloko bohlooho ba hae, ka ho ‘mo hlompha ka botebo’ boo Bibele e reng bo mo loketse.—Ba-Ef. 5:33, NW.

Kannete, ho sena re ka bona hore na ke hobane’ng ha Bibele e eletsa Bakreste ‘ho ikokobeletsa’ mebuso, ba lebetseng ka phuthehong ea Bokreste, benghali, batsoali le banna. Ho ikokobetsa ho hloka ho hong, empa hoa tšoaneleha. Ho ka ʼna ha hloka hore motho a tele boikhohomoso ba hae, lintho tseo a li nkang e le tsa pele ho eena. Hape ho bolela ho hlaolela bokhabane le boikokobetso. Hangata ho tla hloka mamello, ho ithaopela ho emela Jehova Molimo hore a lokise litaba, joaloka tabeng ea ho hloka toka mebusong, ho e-na le ho loana. Ho ikokobetsa ha se ntho e nepahetseng le e bohlale feela e ka etsoang empa hape ke ntho e lerato ’me, ka baka leo, e putsang haholo e ka etsoang.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]

HO IKOKOBELETSA MEBUSO HO BOLELA

Ho ikokobetsa ka ho nang le moeli

Ho lefa makhetho

Ho utloa melao ea tsela

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

HO IKOKOBELETSA PHUTHEHO EA BOKRESTE HO BOLELA

Ho utloa melao ea Kreste

Ho sebelisana le baholo ba khethiloeng

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

HO IKOKOBELETSA MONGHALI HO BOLELA

Ho sebetsa ka hlompho tsatsi le leng le le leng

Ho se utsoe

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

BOIKOKOBETSO TIKOLOHONG EA LELAPA E BOLELA

Monna a bontše ho nahanela ka lerato

Mosali a ikokobeletsa bohlooho ba hae

Bana ba utloa batsoali

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela