Lentsoe la Molimo Lea Phela
Karabelo ea Boithatelo
HA MOSEBETSI o le teng o lokelang ho etsoa, na ha ho monate ho sebetsa le batho ba chesehelang le ba ithatelang? ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, le eena o ananela moea oa ho ithatela ho bahlanka ba hae. Lentsoeng la hae, o boletse tšepo ea hore batho ba hae ‘ba tla ineela ka boithatelo’ tšebeletsong ea hae.—Pes. 110:3.
Moea ona o motle o ile oa bontšoa ke moprofeta oa Molimo Esaia. A bona pono e hlollang ea khanya ea Molimo tempeleng e ntle e Jerusalema. Pono e khanyang ea bonahala teroneng e phahamisitsoeng, ’me seaparo sa ea lutseng sa tlala tempele, ka lirafime li eme holimo. Libopuoa tsena tsa mangeloi li ne li e-na le mapheo a tšeletseng, ao a mabeli ho oona a neng a sebelisetsoa ho fofa. Moo boleng bo halalelang bo leng teng, lirafime ka boikokobetso li ne li ikoahela lifahleho tsa tsona le maoto a tsona. Serafime se seng se ne se hoeletsa se seng, se re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela, Jehova oa makhotla; lefatše lohle le tletse khanya ea hae!”—Esa. 6:1-3.
Esaia a ikutloa a sa hloeka. “Ho malimabe ’na!” kamoo a boletseng. “Ke timetse, hobane ke motho ea melomo e litšila, ke ahile har’a sechaba se melomo e litšila, ’me ke bone Morena, Jehova a makhotla, ka mahlo!”—Esa. 6:5.
Serafime se seng sa phallela ho thusa Esaia. Ka leshala le hlenneng le tsoang aletareng ea licheso, serafime sena sa ama melomo ea Esaia, kahoo se mo hloekisa.—Esa. 6:6, 7.
Joale Esaia a utloa lentsoe le matla la Jehova, le re: “Ke tla roma mang? Ho tla ea mang bakeng sa rōna?” Ntle ho tika-tiko, Esaia a arabela: “Ke ’na enoa, roma ’na!” Ha a ka a botsa hore na ho tla hlokoa eng ho eena kapa hore na o tla fumana eng ka ho amohela kabelo. Ho ithatela ha hae e ne e se ho belaetsang. Kahoo Esaia a laeloa hore e be moprofeta oa batho bahabo. Ona e ne e sa lokela hore e be mosebetsi o bonolo. Esaia o ne a tla thulana le ho hloka karabelo ho feteletseng, boemo bo neng bo tla tsoela pele ho fihlela naha e lula e le lesupi ’me baahi ba eona ba isoa botlamuoeng.—Esa. 6:8-12.
Kaha Esaia a ne a e-na le molaetsa oo a o bolelang, ho joalo le ka barutuoa ba Jesu Kreste. Mora oa Molimo o ile a bolela hore ‘litaba tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Matt. 24:14) Na u itlhahisitse ka boithatelo ho etsa mosebetsi ona? Joaloka Esaia, na ka botšepehi u tšoarelletse ho oona ho sa tsotellehe ho se arabele ha batho ba bangata?