Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 11/15 maq. 21-27
  • Tlokotsi e Talimaneng le Balumeli Bohle ba Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlokotsi e Talimaneng le Balumeli Bohle ba Lefatše
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO HLŌLEHA HA “MELIMO” LE ‘MELIMOTSANA’
  • HO TSEBISOA KA “TLOKOTSI” E TLANG
  • “Tlohang ho Eena, Lōna Sechaba sa ka”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Ho Ahloloa ha “Seotsoa se Seholo” Hoa Atamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Jehova o Kokobetsa Motse o Iphahamisang
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Bolumeli ba Bohata—Timetso ea Bona e Tšosang e Bonoa Esale Pele
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 11/15 maq. 21-27

Tlokotsi e Talimaneng le Balumeli Bohle ba Lefatše

1. Balumeli ba hakanyetsoa palong efe, ’me ho oa ha ’muso oo oa bolumeli ho tla ba le phello efe holimʼa lichaba?

PALO ea balumeli ba lefatše ke e khōlō haholo. World Almanac ea 1980 e e bea holimo ho fihla ho 2 511 417 750. Palo ena e kenyelletsa ba ipolelang hore ke Bakreste, Bajode, Masolomane, Mabuddha, Mahindu, le ba bang. Ha ’muso oo oa bolumeli o arohileng ka hare o oa, ho tla makatsa boholo ba batho ba setseng ba phela. Khohlano e sa kholeheng ea sena e boletsoe e sa le pele ka mantsoe ana: “Ka mohoo oo o reng: Babylona o hapiloe, lefatše lea sisinyeha, lentsoe la pokollo le utloahala lichabeng.” “Lentsoe la pokollo le tsoa Babylona, le la tšenyo e kholo lefatšeng la ba-Kalde. Hobane Jehova o ea senya Babylona, a felise molumo o moholo ho eena; hobane ho luma maqhubu a bona joale ka metsi a maholo, ho phahama molumo o tšabehang oa bona. Efela mosenyi o ea ho tlela, eena Babylona; bahale ba hae ba tla hapuoa; liqha tsa bona li robehile; hobane Jehova ke Molimo oa boiphetetso, o tla ’ne a putse ka tšoanelo.”—Jer. 50:46; 51:54-56.

2. (a) Babylona ea boholo-holo e ne e bua le lichaba ka “molumo” o joang, ’me “molumo” oa hae oa timetsoa joang? (b) Tšenolo e tšoantšetsa se neng se tšoantšetsoa ke Babylona ea boholo-holo se palame eng, ’me se tla e etsang?

2 Ho phethahala ha sena e tla ba ketsahalo e fetolang lefatše, eo ho seng e kang eona e kileng ea utloahala pele. (Jer. 51:2, 60, 64) E le ’Muso oa Lefatše oa Boraro oa pale ea boholo-holo, Babylona e ne e bua ka “molumo o moholo” oa borena. Empa ka 539 B.C.E. “molumo” oa hae oa timetsoa ke maqhubu a loebehlanang a bahapi ba mo futuhetseng. Seo e neng e se tšoantšetsa sa kajeno, Babylona e Moholo, e bile e buile ka “molumo” oa lentsoe le laelang haholoanyane. Lefatše lohle le ’nile la mamela. Buka ea Bibele ea Tšenolo, khaolo ea 17, e e tšoantšetsa e le eo ka borena bo boholo e kaletseng sebata se hlaha se lihlooho li supileng, sebata sena se ’mala oa sekarelata se tšoantšetsa mokhatlo oa lefatše. Lihlooho tsa sona tse supileng li tšoantšetsa mebuso e supileng ea lefatše ka tatellano ea eona ho theosa ho tla fihla ho ’Muso oa Lefatše oa kajeno oa Manyesemane le Maamerika. (Tšen. 17:1-6) Linaka tse 10 tsa sebata ke “marena a leshome.” (Tšen. 17:12) Ea boraro ho lihlooho tse supileng e ne e tšoantšetsa ’Muso oa Babylona ’me ea bone e tšoantšetsa ’Muso oa Bamede le Bapersia. Babylona e Moholo oa bolumeli o febile le mebuso eohle e supileng ea lefatše. O lekile ho e palama kaofela e le mofumahali oa eona. E noele motsoako oa bolumeli o ka senoelong sa hae sa gauda. Ha e khathala ke eena, e tla mo hloea ’me e mo hlohlolle mekokotlong ea eona.

3. (a) Jehova o boletse hore o tla tlisa eng khahlanong le se neng se tšoantšetsa Babylona e Moholo, hona hokae? (b) Ke hobane’ng ha Bamede ba ne ba emetsoe ka ho totobetseng hakaalo?

3 Ho phaellang khang e emelang hore re tlohe Babylona e Moholo ka potlako, Jehova o bolela morero oa hae oa ho tlisetsa Babylona ea boholo-holo “phutheho ea lichaba tse kholo tsa lefatše la Leboea” ho e loantša. Kaha “phutheho” e ne e tla ba makhotla a sesole a kopaneng tlas’a molaoli a le mong, hape e ne e ka bitsoa “sechaba se tsoang Leboea.” (Jer. 50:3, 8, 9) Boprofeta bo ne bo nepile ha bo bolela e sa le pele hore “marena a ba-Mede” a tla totobala har’a “phutheho” ea lichaba. (Jer. 51:11) Ba-Persia ha baa ka ba boleloa ba le har’a phutheho. Hona ha se ntho e ileng ea tlōloa ka tsietsi, hobane Cyruse e Moholo, ea ileng a laola ka sehloohong ‘phuthehong,’ o ne a e-na le mali a Bamede. Kamor’a hore a hape ’muso oa Bamede, o ile a kenyelletsa masole a mangata haholo a Bamede lebothong la hae. Cyruse o nkile borena kamor’a mehla ea Jeremia.

4. Hoba Babylona e oe, ke mang oa pele ho busa motseng oo, ’me ke hobane’ng ha Daniele a ne a nepile ka hore na ke mang ea tla ba ka holimo ’Musong oa Bamede le Bapersia?

4 Ho oeng ha Babylona ka 539 B.C.E., Dariuse Momede ea ileng a busa moo pele o ne a le lilemo li 62. (Dan. 5:30, 31) Ka ’Muso oa Bamede le Bapersia, Daniele 8:3 e ne e nepile ha e bontša hore karolo ea Bapersia e ne e tla phahama hamorao. Ke Cyruse Mopersia ea ileng a laela hore Bajode ba botlamuoeng ba khutlele naheng ea habo bona.—Esdr. 1:1-4.

5. (a) Jehova o amahanngoa le lehlakore lefe mabapi le liketso tsa timetso? (b) O boletse hore o tla sebelisa mang e le chaka ea hae ho pshatleng lichaba le mebuso likoto?

5 Joaloka tabeng ea ho senngoa ha Jerusalema pelenyana ka 607 B.C.E., timetso e ne e tla tlela Babylona e tsoa ka “leboea.” (Ezek. 1:4; 9:2; Jer. 50:41; 51:48) Ka sebaka, Pesaleme ea 75:6, 7 ho bonahala e amahanya Molimo le leboea ha e re: “Hobane kahlolo ha e tsoe Bochabela, leha e le Bophirimela, leha e le lefeelleng [boroa]; empa ke Molimo o ahlolang; o kokobetsa e mong, ’me e mong o mo phahamise.” Ka tsela e hlahang ka leboea, ka 609 B.C.E. Nebukadnezare oa Babylona a tla ho futuhela Jerusalema le morena oa eona oa lerabele, Tsedekia. Lilemo tse peli hamorao, “moahi oa Sione” o ne a ka bolela hore: “Nebukadrezare, morena oa Babylona o re jele . . . joale ka drakone.” (Jer. 51:34, 35) Ka ho ameha ha Jehova Molimo timetsong ea Jerusalema, Jeremia o mo qotsa e le ea buang, morao koana ka 614 B.C.E. mantsoe a latelang ka Nebukadnezare e le kofuta eo a phethang kahlolo ka eona: “U no u le chaka ea ka le libetsa tsa ka tsa ntoa, ke ’nile ka pshatla lichaba [Juda, Egepeta, Moabe, Ammone, Edomo, le tse ling] ka uena, ka timetsa mebuso ka uena. . . . ka uena ka pshatla mahosana le babusisi.”—Jer. 51:20-23.

6. Kamor’a mantsoe a boletsoeng, Jehova o boletse hore o tla lefetsa baahi ba Kalde ka’ng?

6 Kamor’a moo ho latela eng, Jehova? “Ke tla busetsa ho Babylona [e seng ho Nebukadnezare] le ho baahi kaofela ba Kalde bobe bohle ba bona, boo ba ileng ba bo etsa Sione [kapa Jerusalema] pelʼa mahlo a lōna.”—Jer. 51:24, 59, 60.

7. Ke mohoo ofe oa ntoa oo Jehova a o hlahiselitseng Babylona ka 614 B.C.E., ’me ke mang ea ileng a arabela?

7 Mehleng ea Nebukadnezare le bahlahlami ba hae, ’Muso oa Bamede o ne o le ka mose ho Nōka ea Tigrise, ka bochabela le ka leboea ho ’Muso oa Babylona. Ho phethahatsa boprofeta, Cyruse e Moholo, a e-na le Morena oa Media Dariuse, o tlile a hlaha le ka leboea ha a ea loana le BakaIde le motse moholo oa bona, Babylona. Basenyi bana ba Babylona ba arabela mohoo oa ntoa oa Jehova o entsoeng ka 614 B.C.E.:

“Emisang flaga lefatšeng, le letse terompeta lichabeng, le mo tsosetse lichaba, le mo memele mebuso ea Ararate, ea Minni, le ea Ashkenaze [ho elella ka leboea], le bee balaoli ba makhotla ho mo loantša; atametsang lipere, li ke Ii nyolohe joale ka litsie tse mohlahla. Le mo tsosetse lichaba, marena a ba-Mede, le mahosana a bona, le babusisi kaofela ba bona, le mafatše ’ohle a matleng a bona. Lefatše lea sisinyeha, le thekesela, hobane morero oa Jehova o etsahalla Babylona ho fetola lefatše la Babylona lesupi feela, le se nang moahi.”—Jer. 51:27-29.

8. Ke mang eo Jehova a mo khethelang tšebeletso khahlanong le Babylona e Moholo, ’me timetso ea Babylona e Moholo e tla neng? Ha ho lokolotsoe bo-mang?

8 Jehova a nka mehato ea ho ‘khethela’ Cyruse e Moholo oa Mopersia tšebeletso ea hae ea sesole khahlanong le Babylona ea boholo-holo. Mantsoe a Jehova ho Esaia 44:28 ho ea ho 45:7 a bua ka Cyruse ka lebitso la hae ’me a mo bitsa “molisa oa ka” hape e le “motlotsuoa oa ka.” O ne a tšoantšetsa “Molisa” e Moholoanyane oa Jehova, Jesu Kreste, eo ka eena Jehova a tlang ho timetsa se neng se tšoantšetsoa ke Babylona ea boholo-holo, e leng, Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Jehova o se a lokolotse batho ba hae ba ineetseng ka Cyruse e Moholoanyane oa hae botlamuoeng ho Babylona e Moholo, ho tloha ka selemo sa 1919 ho ea pele. Timetso ea eona e feletseng e tla tlisoa ka eena Cyruse e Moholoanyane enoa ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang a hlileng a boleloa ho Tšenolo 7:13, 14.

HO HLŌLEHA HA “MELIMO” LE ‘MELIMOTSANA’

9. Babylona ea boholo-holo e ne e e-na le melimo efe, ’me tsela eo e thulaneng le tlokotsi e mo oetseng e tšoantšetsa eng mabapi le Babylona e Moholo ’mahlomoleng a maholo?

9 Babylona ea boholo-holo e ne e-na le melimo ea eona e kang Bel, Merodake (Marduke), Succoth-benothe, Nebo, le molimotsana Ishtar (Ashtharothe), le e meng, ntle ho baprista ba etsang mehlolo. (Jer. 50:2; 51:44; 2 Mar. 17:30; Esa. 46:1, 2) Ke hobane’ng ha e sa ka ea pholosa Babylona ea khale? Karabelo ke hore melimo eo ea litšoantšo e ne e se melimo ea letho. (1 Ba-Kor. 8:5, 6) Ho hlōleha ha eona ho tšoantšetsa ho hlōleha ha melimo eohle ea Babylona e Moholo ho mo pholosa tlokotsing e lokiselitsoeng ho mo oela ‘mahlomoleng a maholo.’ Ha a haelloe ke melimo le melimotsana. Tabeng ea Bohindu, ho tlalehoa hore ho teng melimo e 330 000 000, ho akarelletsa boraro-bo-bong ba Brahma, Vishnu le Siva. (The Americana, leqephe 196, khatiso ea 1929) Joale ho teng melimo ea merabe ea Afrika le lingaka tsa boloi, melimo ea Mabuddha le Confuciase, ho ke keng ha hlokomolohuoa e le “Molimo oa boraro-bo-bong” oa Bojakane. Ha e na matla a ho pholosa.

10. Pontšong e tlang ea bomolimo, ke ofe ea tla ipaka hore e hlile ke eena?

10 Nakong e tlang ea ha ho bontšoa bomolimo, e tla ba taba ea hore Molimo o matla ’ohle Jehova, a thulane le melimo le melimotsana eo kaofela ea ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata ba mofuta oa Babylona. Satane Diabolose, molimo o sa bonahaleng oa tsamaiso ena ea lintho, o tla sitoa ho paka melimo eohle ea Babylona e Moholo e le melimo eo ho ka lebelloang poloko ho eona. (Ba-Ef. 2:2; 2 Ba-Kor. 4:4) Ke Jehova feela ea tla sala e le mohlōli lebaleng la tlhōlisano e le eena Molimo o le mong o phelang le oa ’nete, ’Moloki.

11. Ke mang eo Jehova a mo sebelisang ka ho bonahalang ho timetsoeng ha Babylona e Moholo, ’me Tšenolo 17:11 e re’ng ka boemeli boo?

11 ‘Tlhōlisanong ea melimo’ e tlang, Jehova a ke ke a sebelisa Cyruse e Moholoanyane oa hae, Jesu Kreste, hore ka ho bonahalang a lihe Babylona e Moholo. O tla tlohella baemeli ba bonahalag ba ’Muso oa Borobeli oa Lefatše oa pale ea Bibele ba nke bohato bo matla khahlanong le Babylona e Moholo. ʼMuso oo oa morao-rao ke boemeli boo lichaba tsa lefatše bo li qapileng le ho bo sebelisa ho tloha ka 1919 ho ea pele ho leka ho boloka khotso ea lefatše le tšireletso, hona joale e le Machaba a Kopaneng. Mokhatlo ona o entsoeng ke batho hona joale o na le “phutheho” ea lichaba tse 152. O bontšoa e le sebata se hlaha se ’mala oa sekarelata se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome, seo ka sona Tšenolo 17:11 e reng: “Sona ke morena oa boroba meno e le ʼmeli, ʼme ke e mong oa a supileng, ’me o ea tahlehong.” Pele se timetsoa ‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ʼohle’ Harmagedone, o tlohella ʼMuso oa lefatše oa borobeli o itlotlise ka tlhōlo e matla, empa e seng o hlōtse eena.—Tšen. 16:14, 16.

12. Hoba se khethoe ka 1919, “sebata” se hlaha se tsamaisitsoe ke mang, empa ho ea ka Tšenolo 17:15-17, “sebata” se tla etsa joang ka mopalami oa sona?

12 Kaha sebata se ’mala oa sekarelata se entsoe hore se sebetse selemong sa kamorao ho ntoa sa 1919, se entse hore “seotsoa” sa bolumeli, Babylona e Moholo, a palame mokokotlong oa sona joaloka mofumahali ho se tsamaisa. (Tšen. 17:18) ‘Mahlomoleng a maholo’ le nakong ea ho otla ha hora ea Molimo bakeng sa hona, pontšo ea hore ho ka nkoa bohato e ka fumanoa mantsoeng a hae ho Tšenolo 17:15-17: “Metsi ao u [Johanne] a boneng, ao seotsoa se lutseng ho ʼona, ke merabe, le matšoele, le lichaba, le lipuo. ʼMe linaka tse leshome tseo u li boneng, ho sebata, li tla hloea seotsoa, li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ʼme li se chese mollong. Hobane Molimo o kentse lipelong tsa bona ho phetha morero oa oona, le ho lumellana, le ho neela sebata mebuso ea bona, lipolelo tsa Molimo li tle li be li phethehe.”

13, 14. (a) Jehova, ho ea ka tsebo ea hae e tlang pele, o tlohella mekhatlo ea bopolotiki e etse joang ka “seotsoa”? (b) Hang kamor’a moo, bahloli bao ba hae ba tla etsa joang ka Lipaki tsa Jehova, ʼme phello ea tsela ea bona e be efe?

13 Joalokaha ho boletsoe, lichaba tseo e bileng litho tsa sona pele li file Selekane sa Lichaba joale mohlahlami oa sona, Machaba a Kopaneng, matla a thibelang lebitsong la ho boloka khotso le tšireletseho tsa lefatše. Hase Jehova ea ba khannileng hore ba etse joalo, empa, a nahanne e sa le pele, o hlile a bolela seo a se tsebileng ka Lentsoeng la hae le ngotsoeng. A bolela ho ea pele hore lichaba tseo, li kopane joaloka “phutheho,” li tla khathala ke moroalo oa moitšunya-tšunyi eo oa lichabeng tsohle oa litaba tsa bopolotiki, seotsoa se Babylona e Moholo. Ha a hlohlolloa mokokotlong oa sehlopha seo sa lichaba se etsang khotso ʼme a qetella a chesitsoe ka mollo, Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste li ke ke tsa tšosoa ke “tlokotsi” ea hae. Ka Lentsoe la Molimo ba tseba hore, lefatšeng, ba emela “Morena oa marena, le ʼMusi oa babusi,” Jesu Kreste, le hore, ka lebaka lona lena, bahapi ba tletseng tlhōlo ba Babylona e Moholo ba tla retelehela ho tsona e le tšitiso ea ho qetela e saletseng hore ba ka busa lefatše ka bophara. Lipaki tsa Jehova li tsebisoa pele ho nako ka se boprofeteng bona bo ho Tšenolo 17:13, 14:

14 “[Mekhatlo ea bopolotiki e emeloang ke Machaba a Kopaneng] ba khopolo e le ʼngoe, ’me ba tla neela sebata borena le matla a bona. Ba tla loantša Konyana, empa Konyana e tla ba hlōla, kahobane ke Morena oa marena, le ʼMusi oa babusi, ʼme ba nang le eena ke ba bitsitsoeng le bakhethoa.”

15, 16. (a) Khohlano eo ea ho qetela ka puso ea lefatše, bonneteng, e bolela’ng? (b) Moapostola Johanne o re nea pono e tlang pele ea ketsahalo ee joang, ka phello efe?

15 Ho kena ntoeng ena ho tla bolela “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ʼohle” boemong ba lefatše bo bitsoang Harmagedone. (Tšen. 16:13-16) Tlas’a tšireletso ea Jehova lipaki tsa hae tse lefatšeng li tla bona ka mahlo “ntoa” joalokaha e hlalositsoe ho Tšenolo 19:11-21. Ponong e tlileng pele ho nako ea khohlano ena ea ho qetella ka khang ea puso ea lefatše, moapostola oa Mokreste Johanne o hlalosa pheletso ea ntoa, a ngola:

16 “Eaba ke bona sebata, le marena a lefatše, le makhotla a ʼona, a phuthehetse ho loana le ea kaletseng pere [molaoli oa makhotla a Jehova, Jesu Kreste] le makhotla a hae. ʼMe sebata sa tšoaroa, ʼme hammoho le sona ha tšoaroa moprofeta oa bohata [ʼMuso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika] ea neng a etsa mehlolo pel’a sona, eo a khelositseng ka eena ba nkileng letšoao la sebata le ba rapetseng setšoantšo sa sona [Machaba a Kopaneng]. Ba babeli bao ba akheloa, ba sa phela, letseng le tukang mollo le sebabole. ʼMe ba setseng ba bolaoa ka sabole e tsoang molomong oa ea kaletseng pere; ʼme linonyana tsohle [tse boletsoeng litemaneng 17, 18] tsa khora linama tsa bona.”

17. Tlokotsi ee holim’a mekhatlo ea ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba mapolotiki e emela’ng, joale ho etsahala joang ka mekhatlo e sa bonahaleng?

17 Ho timetsoa ha mekha eohle e sa lumeleng hore Molimo o teng ea tsamaiso ena ea lintho e laoloang ke Diabolose ho tla qetella ‘mahlomola a maholo’ a boletsoeng ho Tšenolo 7:14. Hona ho tla lateloa ke ho tlangoa le ho akheloa sekoting ha morena ea sa bonahaleng oa lefatše, Satane Diabolose le mangeloi ʼohle a hae a bademona ka lilemo tse latelang tse 1 000.—Tšen. 20:1-3.

18. Lentsoe la Molimo le bontša eng ka hore na ntoa eo ea lintoa e tla sia lefatše la rōna le se na baahi ho hang?

18 Na ntoa eo ea lintoa tsohle ea Harmagedone e tla sia lefatše le se na batho ba phelang ho lona ho hang? Bofelo ba lefatše la boholo-holo la mehleng ea Noe ka moroallo ha boa ka ba hlokisa lefatše baahi, hobane batho ba robeli ba ile ba ralla holim’a moroallo oa lefatše lohle. (2 Pet. 2:5) Molimo oa Noe, Jehova, o entse lefatše “Hore le ahuoe.” (Esa. 45:18) Ka moprofeta Esaia, Jehova a bolela pele ho nako mohapi oa Mopersia, Cyruse e Moholo, ka lebitso, ʼme molokolli enoa oa Bajode ba entsoeng batlamuoa o ile a hlahisoa hore a tšoantšetse Molopolli e Moholoanyane, Jesu Kreste. ‘Ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ʼohle’ e tlang ea Harmagedone, Jesu Kreste o tla hlōla lira tsohle tsa Jehova Molimo le batho ba hae tse lefatšeng, a bolaea lira tseo tsa ʼmuso oa Molimo. Jesu Kreste a ke ke a etsa mosebetsi ona oa kahlolo ka ho senyeheloa ke setho se seng le se seng sa masala a balateli ba hae ba tsoetsoeng ka moea le ba tlotsitsoeng ba lefatšeng, hobane tabeng eo tlhōlo e ne e ke ke ea e-ba teng ka lehlakoreng la ʼmuso oa Molimo. Ho feta moo, ho thoe’ng ka “bongata bo boholo” ba metsoalle e tšepahalang ea masala a tlotsitsoeng? Tšenolo 7:9-15 ka ho hlakileng e bolela hore “bongata bo boholo” bona bo tla pholoha tlhoro ea ‘mahlomola a maholo’ Harmagedone.

HO TSEBISOA KA “TLOKOTSI” E TLANG

19, 20. (a) Pele ho tlokotsi ea lefatše, ke bo-mang ba lokelang ho tsebisoa? (b) Jehova o bontšitse ho tsebisoa hona joang mehleng ea Jeremia?

19 Tlokotsi ea lefatše e haufi haholo! Ho hlokahala hore ho tsebisoe ka sena karolong e ka sehloohong ea puso ea lefatše, Babylona e Moholo. Ho tsebisoa hona ha hae ho ile ha etsetsoa tšoantšetso khale mehleng ea moprofeta Jeremia, e, morao koana ka 614 B.C.E. Ka sena, rea bolelloa:

20 “Ke lena lentsoe leo moprofeta Jeremia a kileg a le laela Seraia, mor’a Neria, mor’a Mahaseia, ha a e-ea Babylona le Tsedekia, morena oa Juda, ka selemo sa bone sa puso ea hae; Seraia e ne e le molebeli oa likamore, Jeremia a ngola bukeng e ʼngoe bobe kaofela bo neng bo tla tlela Babylona, e leng mantsoe kaofela ao a ngoliloeng bakeng sa Babylona. Eaba Jeremia o bolella Seraia, a re: Etlare ha u fihla Babylona, u tlo u bale mantsoe ao kaofela; u re: Oho Jehova, bakeng sa nqalo ena, u boletse hore e tla ripitloa, e se hlole e e-ba le moahi, leha e le motho, leha e le khomo; empa e ʼne e be lefeella ka ho sa feleng. Etlare hobane u qete ho bala buka ena, u tlamelle lejoe ho eona, u e akhele Eufrate; u re: Babylona o tla tebela joalo; a ke se ke a tsosoa ka baka la kotsi tseo ke tlang ho li tlisa holim’a hae.”—Jer. 51:59-64.

21, 22. Ketso ea Seraia e ile ea etsisoa joang ka boprofeta bukeng ea Tšenolo, ho felehetsoa ka mantsoe afe?

21 Seo Seraia, ngoan’abo Baruke, mor’a Neria, a ileng a laeloa hore a se etse hore a bontše ho lihuoa ha Babylona ea boholoholo se entsoe bukeng ea Tšenolo. Mongoli, moapostola oa Mokreste Johanne, o qala ka ho hlalosa timetso ea “seotsoa” sa lichaba sa bolumeli, Babylona e Moholo, ʼme joale o tsoela pele a re:

22 “Eaba lengeloi le matla le nka lejoe le ka ka leloala le leholo, la le akhela leoatleng, la re: Ho tla akheloa joalo ka matla Babylona, motse o moholo, ʼme ha a sa tla hlola a fumanoa. . . . lentsoe la monyali le la monyaluoa ha le sa tla hlola le utloahala ha hao; hobane bahoebi ba hao e ne e le benghali ba lefatše, le hobane lichaba kaofela li khelositsoe ke bolao ba hao. ʼMe ke ho oona ho fumanoeng mali a baprofeta, le a bahalaleli, le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.”—Tšen. 18:21-24.

23. (a) Ke hobane’ng ha nyakallo ea bahapi ba Babylona e Moholo ba sa lumeleng hore Molimo o teng e tla ba ha nakoana? (b) Joale bao ba sa lumeleng boteng ba Molimo ba tla leka ho etsa joang, ka liphello life?

23 Nyakallo eo “marena” kapa babusi ba bopolotiki ba sa lumeleng hore Molimo o teng a tlang ho ba le eona kamor’a ho akhela Babylona e Moholo leoatleng la timetso e tla ba ea nakoana. Ba tla be ba sa talimane le baphonyohi ba bangata ba barapeli ba Molimo o le mong o phelang Jehova, bana e le sehlopha se tlotsitsoeng sa Jeremia le metsoalle ea sona e tšepahalang, “bongata bo boholo” bo bonoeng e sa le pele ke Johanne moapostola. Ho tla tlameha hore ho sebetsanoe le bona. Ha babusi ba bopolotiki ba leka ho felisa borapeli bohle lefatšeng ka ho ama masala le metsoalle ea oona, ho tla tšoana le ho ama Morena oa bona oa leholimo, Jesu Kreste, Cyruse e Moholoanyane. Hona ho tla bolela ho loana le eena Harmagedone. Ntoa e tla qhoma joale e tla feta ntoa ea libetsa tse chefu eo lichaba li lekang ho e thibela har’a tsona hona joale, hobane sebakeng se sa bonahaleng Jesu Kreste le makhotla a hae a mangeloi a leholimo o tla timetsa bahlaseli bana ba baikhohomosi ba Lipaki tsa Jehova.

24. Ke bo-mang ba tla neoa tokelo ea ho bona ka mahlo ‘ntoa eo ea letsatsi le leholo,’ empa ba sa nke karolo ho eona, empa ka boitšoaro bofe?

24 E tla ba tokelo e khōlō hakaakang ho bona ka mahlo ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ‘ohle’ ea Harmagedone! Tlas’a tšireletso ea hae le ka ho se kopanele ntoeng, masala a sehlopha sa Jeremia le metsoalle ea bona e ineetseng ba tla thabela tokelo eo hona mona lefatše, lebaleng la ntoa. Kahoo ka hore e be ba ile ba bolela “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna” e tla ba ho putsoang haholo; e ke ke ea e-ba ha lefeela. (Esa. 61:2) Ke mang eo joale a ka lekanyang boholo ba thabo ea bona, le ea mangeloi ʼohle a halalelang a leholimo tlas’a Kreste?

25. (a) “Bongata bo boholo” ba baphonyohi bo tla kenngoa monyetleng ofe kamor’a “ntoa”? (b) Tebello ea lintho tse khōlō joalo e lokela ho susumelletsa batho ba Jehova eng hona joale?

25 Ba khanya ke thabo, bana bao e leng mehlala e phelang ea matla a bolokang a Jehova ba tla tsoela pele ho kena tsamaisong ea hae e ncha ea lintho lefatšeng le hloekisitsoeng. Monyetla oa ho qalisa ho hahuoa ha paradeise ea lefatše lohle joale o tla buleha, o tla thabeloa ke “bongata bo boholo” bo tšepahalang ka ho sa feleng. Tebello ena ea lintho tse khōlō tsena e lokela ho re nea tšusumetso e kaakang rōna bohle ba lakatsang hona joale hore re balelloe har’a “sechaba sa ka,” sechaba sa Jehova? Tšusumetso ea ho utloa molao oa hae o lumang oa ho “tloha” ho Babylona e Moholo ea ikhohomosang ntle ho tieho, joale le ho tšoarella ho se nkeng lehlakore ha Bokreste ho metsoalle eohle ea eona ea bopolotiki, ka ho se sekisetse re phahamisa ʼmuso oa Jehova ka Kreste ho isa letsatsing le khanyang la tlhōlo!

(Hona ho phetha letoto la lithuto tsa boprofeta ba Jeremia.)

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Seotsoa sa bolumeli, Babylona e Moholo, se tla tloha se hlohlolloa mokokotlong oa sebata se hlaha

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela