Liithuti Tse Jereng Thomo ea Bohlokoa
KA HLAKUBELE 9, 1980, e bile letsatsi le leholo la liithuti tsa sehlopha sa bo-68 tsa Sekolo sa Bibele sa Gilead sa Watchtower. Ho tloha ha lenaneo le qalisa ka hora ea leshome hoseng ho fihla ho fanoa ka mangolo a liithuti kamor’a motšehare o moholo, libui li ile tsa bontša ka ho hlakileng likelellong tsa liithuti hore li jere thomo ea bohlokoa.
A theile lihlaloso tsa hae Pesalemeng ea 91, J. E. Barr a phehella liithuti hore le ka mohla li se felloe ke tšepo ea tsona ho Jehova hobane e le eena Mosireletsi oa bophelo ba bona ba moea. Hape ba ne ba ka ba le tšepo e tiileng ka tšehetso le kameho eo mangeloi a nang le eona ka mosebetsi oa bona oa boromuoa.
Ka thuso ea litšoantšo tse nkiloeng linaheng tse 11 tsa Afrika, Asia le Latin America moo liithuti tsena tse 45 li neng li romeloa teng, Don Adams a hlakisetsa liithuti lintho tseo li neng li lokela ho li lebella. Likabelong tsena “kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae.” (Matt. 9:37) Ka baka leo, liithuti li hlokahala haholo.
A sebelisa Mattheu 13:45, 46, Harley Miller a hatella hore ʼnete ke letlotlo leo ho se nang chelete e ka le rekang ʼme hape ke letlotlo le ke keng la sitisa motho ho sebetsa, ho iphapanya kapa ho qea-qea. O itse, ‘ka tsela e ʼngoe le e ʼngoe le ka nako e ʼngoe le e ʼngoe, bonahatsang le ho abelana le ba bang letlotlo la lona.’
Ho tsoa ho 2 Ba-Korinthe 2:14-17 le ka pale ea boholo-holo, Dean Songer o ile a bontša hore mokoloko oa makhotla a hlōtseng oa ʼMuso oa Roma o fana ka thuto ea bohlokoa mona. Mokolokong o joalo oa hlōlo, molaoli oa lebotho la ntoa ke eena eo e neng e le motho e moholo. Libano li ne li chesoa ʼme li ntše monko o monate bakeng sa ba hlōtseng. Empa hona ho ne ho bolela lefu ho batlamuoa ba tšohileng. Mokolokong oa hlōlo o hlalosoang ho 2 Ba-Korinthe 2, tlhokomelo e kholo e lebisitsoe ho Jehova Molimo le tlhōlo e kholo e fumanoeng ka Jesu Kreste. Ka baka leo, sebui sa khothalletsa bohle ho bua phatlalatsa ka tsebo ea bona ka Molimo le ka Kreste ka hore ba sebelise mantsoe a melomo ea bona le ka libuka tse ngotsoeng, ba tiise hore ho etsa joalo ha bona ho “monate” ho Jehova le hoja ba tobana le karabelo e sa thabiseng.
Jack Redford a totobatsa bohlokoa ba nako. Hobane nako e le mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo, e lokela ho sebelisoa ho rorisa lebitso la ʼMopi ka letsatsi le leng le le leng. Redford a re, ‘U se ke ua senya letsatsi leha le le leng.’ ‘Ba sebelisang nako hona joale ho sebeletsa Jehova ba tla bolokoa ka ho sa eeng kae.’
Kamor’a ho hlalosa halelele ka lintho tse nahanetsoeng ke liithuti, Ulysses Glass a fana ka taeo ea karohano ho tsoa ho Mikea 6:8. ‘Ho etsa se lokileng’ ho bolela hore motho a ineele ho etsa sohle se matleng a hae. ‘Ho rata bokhabane’ ho biletsa mesebetsi, ho arabela linthong tse hlokoang ke batho ba bang. “Ho tsamaea ka boikokobetso le Molimo” ho bontša hore motho o lokela ho hloeka, a be makhethe le ho se ikhopole haholo ha a tsoela pele ho sebeletsa ʼMopi oa hae. Ka sebele ho ela hloko mantsoe a Mikea ho tla thusa motho ho ba morutuoa ea molemo.
Grant Suiter o ile a hatella hore karolo ea liithuti e ka nkoa e le ea baevangeli ba khethehileng ba baromuoa. Hobane ba rupetsoe ke Mokhatlo ka tsamaiso ea oona, sehlopha sena sa liithuti se lokela ho tšepahala mokhatlong ona le ho tšepahala makaleng a moo li eang teng, ʼme ba ronngoa ho ‘buella tumelo, lithuto le metheo’ ea Lipaki tsa Jehova—sehlopha se seholo sa ʼnete se ileng ea hlongoa ka lilemo tse fetileng tse lekholo.
Mookameli oa Sekolo, Frederick Franz, a phetha lenaneo ka matla. Ka mokhoa o hlakileng, a hlalosa pono ea boprofeta e ho Esaia khaolo ea 21 mabapi le ho felisoa ha Babylona oa boholo-holo Eufrate. Ke ka baka la’ng ha khaolo ena ea Esaia e ne e loketse hantle? Ho tloha ka 1879 ho ea ho 1938 leqephe le kantle la Molula-Qhooa le ne le na le mantsoe a Esaia 21:11, “Seboholi, Bosiu bo re Tšoaretse Eng?” (Authorized Version) Hona ho memela bohle ba leng lefifing ka baka la ho se tsebe hore ba batlisise se senoloang ke sehlopha sa seboholi mehleng ena. Sebui se ile sa bontša hore sehlopha sa seboholi se sa ntse se falimehile. Ho hlokahala hore re falimehe le sehlopha sena bakeng sa ketsahalo e kholo e latelang—ho felisoa ha “Babylona e moholo.” Ha re sa letetse sena, bohle re lokela ho ela hloko mantsoe a lengeloi la Molimo: “Tlohang ho eena, lona sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae.”—Tšen. 18:4.
Ka sebele, lenaneo la letsatsi le leholo la liithuti tsa Gilead la totobatsa hore bahlanka ba Molimo ba na le mosebetsi oa bohlokoa o lokelang ho etsoa. E se e ka e ka se be feela liithuti tsena tsa Sekolo sa Gilead tse etsang mosebetsi ona, empa lipaki tsohle tsa Jehova li nke ka ho teba thomo ea ho thusa batho ba bangata kamoo ho ka etsahala hore ba tsebe lebitso la Molimo. F. W. Franz o boletse hore hona ho lokela ho ba joalo haholo-holo ha e le mona ‘bosiu ba ho se tsebe letho bo feta, bo hleka tsela bakeng sa meso ea puso ea lilemo tse 1 000 tsa Morena le Mopholosi Jesu Kreste.’