Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 11/15 leq. 32
  • Thuso e sa Lebelloang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso e sa Lebelloang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 11/15 leq. 32

Thuso e sa Lebelloang

PAKI ea Jehova ea Newfoundland ea senyeheloa ke mosebetsi e le mosebetsi oa likonteraka. Hape, bana ba eona, ba lilemo tse ʼne le tse tšeletseng, ba hloka tlhokomelo e khethehileng ea meriana ka baka la ho kula ha matšoafo. Leha ho le joalo lelapa ka tieo le ne le lakatsa ho ba teng kopanong ea Bokreste, Montreal, Quebec, Canada.

KAHA ho ne ho bonahala ho le boima hore lelapa le ka ba teng kopanong, ntate, leha ho le joalo, a qala ho thusa ba bang hore ba ka ea. Empa takatso ea hae ea ho ea bateng ea se ke ea fela.

BEKE pele ho kopano, Paki ena ea ipotsa: “Na nka tšoasa lihlapi tse lekaneng tsa ‘salmon’ hore ke lefelle leeto?” Ho ne ho bonahala ho se monyetla o joalo kaha ho tšoasoa “salmon” tse seng kae sebakeng seo. Hlapi e le ʼngoe kapa tse peli tsa mofuta oo ka beke e ne e le tse ngata. Ho feta moo, Paki e ne e se na lengolo la tumello la ho tšoasa lihlapi.

KA SEBETE paki ea etsa litokisetso tsa ho fumana lengolo la tumello la ho tšoasa lihlapi ʼme kamor’a moo la akhela letlooa. Mohlolo, ka matsatsi a seng makae a tšoasa lihlapi tse ntle tse 22. E ʼngoe ea lihlapi tsena e ne e le khōlō hoo eona e le ʼngoe e ileng ea rekisoa $34.

MATHATA a mang a rarolloa ʼme lelapa la tseba ho ba teng kopanong. Ha ho tsejoe hore na ebe Paki e ile ea nahana ka lihlapi tse ngata tse ileng tsa tšoasoa tlas’a tsamaiso ea Jesu Kreste. (Luka 5:4-9) Leha ho le joalo, monna enoa oa Mokreste o ne a kholisehile hore Molimo o hlohonolofalitse boiteko ba hae.

NA U rerile ho ba teng kopanong e tlang ea “Lerato la Molimo” ea Setereke ea Lipaki tsa Jehova? Na ho teng mathata a emeng tseleng ea hao? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa ipiletse ho Jehova Molimo bakeng sa thuso? Letsoho la hae ha lea khutsufala, ’me u ka ’na ua thabela thuso e sa lebelloang e tla u nolofaletsa ho ba teng kopanong eo e putsang moeeng ea Bokreste.—Esa. 59:1.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela