Maele a Bohlale
“Ea patang hloeo o na le molomo o mano, empa ea hasang lisebo ke lehlanya.”—Liprov. 10:18.
Maele a mangata a na le papiso e thusang ho hlakisa se nepahetseng kapa se bohlale. Empa Liproverbia 10:18 e na le likarolo tse peli tse nang le maikutlo a tšoanang, a pele a tiisa a bobeli. Ka bobeli a re nea temohisiso ka monahanong le tataisong ea Molimo ka tsela e nepahetseng.
Pele, rea bala “ea patang hloeo o na le molomo o mano.” Mona ke ʼnete ea bohlokoa. Haeba motho pelong ea hae a hloile e mong, hore a pate hoo ka mantsoe a monate kapa a phoqang ruri ke thetso, na ha ho joalo? Ho tšoana le motho ea iketsang moikaketsi, melomo ea hae e bolela bohata.—Liprov. 26:24.
Ho e-na le ho pata lehloeo, batho ba bang ba etsa se boleloang ke karolo ea bobeli ea maele. ‘Ba hasa lisebo.’ Lehloeo la bona le ba etsa hore ba leke ho ntša kotsi ka liqoso tsa bohata kapa lipolelo tse mpe tse reretsoeng ho etsa hore ba bang ba nahane hanyenyane ka ea hloiloeng. Hona ruri ke “bohlanya.” “Lisebo” tse mpe tse etselletsang ha li fetole seo motho e mong a leng sona. Ho e-na le hoo, moetselletsi oa tšoauoa ka seo a leng sona; batho ba masene ba mo nkela tlase ka baka la tsela ea hae. Kahoo, ho e-na le ho ntša e mong kotsi, moetselletsi ea lehloeo o intša kotsi ka boeena.
Ho nepahetseng le ho bohlale ke ho qoba mekhoa eo ka bobeli. Molimo o ile oa re ho Baiseraele: “U se ke ua hloea oa heno pelong ea hao.” ʼMe Jesu a atolosa taba, a eletsa: “Ratang bao e leng lira ho lōna, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang; le tle le be bana ba Ntat’a lōna ea maholimong.” (Lev. 19:17; Matt. 5:44, 45) Ke ʼnete hore ho ke ke ha eba bonolo ho fothola lehloeo le seng le metse, empa na ho ke ke ha e-ba molemo ho feta ho phela ka ho tlohela ho ka ʼnang ha isa leshanong la boikaketsi kapa ketselletso ea bohlanya? ʼMe ha re lahla mano, re ba haufi le setšoantšo sa Molimo.