Na u ka Rata Hamolemonyana?
HAR’A litšoaneleho tsohle tseo re ka li hlaolelang, “e kholo ho tsona ke lerato.” (1 Ba-Kor. 13:13) Lerato leo moapostola Pauluse a neng a bua ka lona mona e ne e se éros, lerato le theiloeng khoheling ea botona kapa botšehali, leha e le hore e ne e le storgé, lerato le theiloeng likamanong tsa lelapa; leha e le hore e ne e le philia, lerato le theiloeng ho tšoaneng ha botho ka seo batho ba se ratang le seo ba sa se rateng. Ho e-na le hoo, lentsoe la Segerike leo moapostola a le sebelisitseng mona ke agápe, lerato le molemo le theiloeng taolehong ’me le hlile le totobetse ka ho feletseng.
Har’a litsela tseo re ka bontšang lerato ka tsona ke ka ho fana ka lintho tse bonahalang kapa tsa bohlokoa. Hoo ka bohona ho molemo, empa na tsela e teng e ka bang molemo haholoanyane? Seithuti se ratoang haholo sa Bibele sa lilemong tse fetileng ho tlalehoa se ile sa hlokomela hore: ‘Haeba re khetha pakeng tsa ho fana ka chelete bakeng sa mosebetsi oa Morena kapa ho fana ka nako e eketsehileng le matla a rōna, tsela e bohlale haholoanyane e ka ba ho khetha ho etsa hona ha morao—ho fana ka nako ea rōna e eketsehileng le matla.’ Hobane’ng? Hobane hona ke hantle ho ka ’nang ha fella ka hlompho le thoriso e kholoanyane e eang ho Molimo le ka hore re thabe haholoanyane.
Hole le haufi, Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste li ananela molao ona oa motheo. Lilemo tse seng kae tse fetileng, hlooho ea litaba koranteng ea Pittsburgh e boletse hore: “Lipaki tsa Jehova li Koleka Tšebetso ho Haha Holo ea Kopano Haufi le Seemelo sa Lifofane.” Sehlooho se ne se bontša setšoantšo sa ha ho etsoa mosebetsi ona oo ba baloang ka likete ba neng ba ithaopile ho thusa hoo ka nako e ’ngoe ho neng ho tla ba fetang palo e ka sebelisoang. Ha a bala tlaleho ena, modeakone oa kereke ea Boprostanta a susumeletseha hore a belaele ka karabelo e mpe eo a neng a e fumana bakeng sa thuso ea mosebetsi o itseng o tlas’a kaloso ea hae: “Nahana ka palo e khōlō ea likereke tsa Boprostanta le lihlopha tsohle tsa metsoalle tse amehang mosebetsing . . . [empa] ’na ke thatafalloa ke ho bona banna ba tšeletseng ka lekhetlo leha le le leng ho sebetsa ka boithaopo ho hōlisa mosebetsi.” Ka ho totobetseng, batho bana ba bangata ba kenang kereke ba ne ba ikutloa hore ho bonolo haholo ho fana ka chelete ea bona ho e-na le ho fana ka bobona, ho fana ka nako ea bona le matla.
Leha ho le joalo, ’nete, e kang e bontšitsoeng ke bangoli ba Molimo, bangoli ba bululetsoeng ba Bibele, e hloka ho hlokomela hore bao ba ipolelang hore ka ho feletseng ba ineetse hore e be bahlanka ba Jehova Molimo le bona ba ka ’na ba haelloa hanyenyane ntlheng ena. Ka mohlala, mabapi le ho hahuoa ho ileng ha etsoa haufinyane ha Holo ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova, ea ikarabellang bakeng sa mohaho o boletse hore tsela eo ka eona baena ba ileng ba arabela ka meneelo ea chelete e bile ntho e kang mohlolo; le hoja holo e ne e hloka chelete e ka etsang lidolara tse atamelang millione (U.S.) litšenyehelo li tla be li lefelletsoe ka nako eo mohaho o phethoang. Leha ho le joalo, ha ho fihloa tabeng ea ho tšehetsa mosebetsi ona oa ho haha ntlheng ea nako le boiteko ba botho, ho ile ha bonahala kananelo eo e haella.
Bothata e ne e le bofe? Ka ho totobetseng ba bangata ba ne ba ikutloa hore meneelo ea bona e mosa ea lichelete e lekane. Ke ’nete, ho etsa meneelo e mosa e ne e le ntho e ntle haholo. Empa ha e le hona feela, mpho ea chelete e ne e sa ba lokolle hore ba ka thusa ka nako le matla a bona haeba ba e-na le hona ho etsa joalo. Ho bonahala Jesu Kreste a ne a hlakisa ntlha ena ha a bolella morui e mong e monyenyane oa ’musisi hore a se ke a rekisa thepa ea hae feela empa hape a fane ka seo a se fumaneng ha a rekisa ho bafumanehi ebe joale eena o latela Jesu.—Luka 18:18-23.
Molao ona oa motheo o sebetsa litšobotsing tsohle tsa tšebeletso ea Bokreste. Ha e le hantle, na e ne e ke ke ea e-ba ho molemo hore motho a neele nako eohle le matla a hae tšebeletsong ea Molimo haeba a ka khona ho etsa joalo? Ho ka ’na ha e-ba bonolo haholo ho akhela chelete ka lebokoseng la moneelo Holong ea ’Muso ho e-na le ho tla hloekisa Holo ea ’Muso le ho hlokomela mabala a e potolohileng mohla motho a ikarabellang bakeng sa ho etsa joalo. Empa na ho hloekisa ka bouena ho ke ke ha bontša lerato le leholoanyane? Ho ka ’na ha e-ba bonolo haholo ho neelana ka chelete bakeng sa mosebetsi oa ho hatisoa ha Libibele le libuka tsa Bibele ho e-na le ho neela nako ho isa taba ena e hatisitsoeng malapeng a batho, ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le ho leka ho etsa barutuoa. Empa hape, na hona ha bobeli ha se hona ho bontšang lerato hamolemonyana, hona na hase se profetiloeng ke Jesu a ba a se laela hore balateli ba hae ba tla se etsa? Ke sona, joalokaha ho ka bonoa ho Mattheu 24:14 le Mattheu 28:19, 20.
Tikolohong ea lelapa motheo ona o boetse oa sebetsa. Ha monna a senya chelete ka mosali oa hae, ke ho babatsehang. Empa na ha a bontša ho mo rata ka ho mo tella nako ea hae tlhokomelo le thahasello ha ho bontše lerato le lengatanyana? Ha e le hantle, monna a ka ’na a fana haholo ha ho fihloa cheleteng leha ho le joalo a hlile a sa rate mosali oa hae. Ke kahoo ho kileng ha e-ba le ’muelli oa molao ea tsebisahalang haholo oa lipolotiki ea neng a etsetsa mosali oa hae ka mosa haholo linthong tse bonahalang. Empa ka tsatsi le leng mosali a nyaroha ke ho tseba hore o na le mosali e mong hape. Kahoo ho fana ka lintho tse bonahalang hoa etsahala hore e se be pontšo ea lerato la ’nete. Ho itšetlehile ka maemo, banna ba ka ’na ba e-ba le hona ho lokisetsa lintho tse bonahalang tse ngata kapa tse fokolang; empa ha ho fihloa ‘tseleng e fetisisang’ ba ruileng le ba fumanehileng ka ho tšoanang ba na le menyetla e tšoanang.—1 Ba-Kor. 12:31–13:13.
Boemo boa tšoana tabeng ea ha batsoali ba bontša ho rata bana ba bona. Batsoali ba bang, ka baka la hore bona ha e le bana ba ne ba e-na le lintho tse fokolang tsa lefatše lena, ba etsa qeto ea hore bana ba bona ba tla hafa-ka-nkatana, ba be le liaparo tse ntle, lipopi, mokhoa oa ho ithabisa le tse ling. Empa haeba ba tlohella hore ho be joalo, ke lithoto. Habohlokoa haholo ke hore ba fane ka bobona, nako ea bona, thahasello le matla, ho bana ba bona. Hona ho hlile ho tla hloka ho hongata tseleng ea boitelo, empa tsela e joalo ke e putsang haholo. Ka mantsoe a mang, se ke ua lumella hore TV kapa mohlokomeli oa ngoana li nke sebaka sa hao ntle leha ho ka hlaha tsietsi, kapa ka makhetlo a hlahang seoelo; e seng hore ho etsoe joalo e le hore batsoali ba ka ea ka mehla matlong a boithabiso ba bosiu!
Kahoo a re hopoleng hore tsela e molemo haholo hore re bontše lerato ke ka ho fana ka rōna ka bōrōna, nako ea rōna, matla a rōna, thahasello ea rōna, tlhokomelo ea rōna le kameho ea rōna. Ho fana ka lintho tse bonahalang tsa bohlokoa bakeng sa mosebetsi oa Molimo kapa ho bao re ba ratang ke ntho e ntle, hobane tse joalo lia hlokahala; empa ha re rate ho ikhotsofatsa feela ka ho fana ho joalo haeba ho ka etsahala hore re boele re fane ka lintho tse ling tsa bohlokoa haholoanyane. ’Me haeba re ka ba le monyetla oa ho khetha ho tseo tse peli, a re bontšeng lerato le molemo haholoanyane hammoho le bohlale bo boholoanyane ka ho fana ka rōna ka bōrōna, re bile re fana le ka meea ea rōna. Ke se entsoeng ke moapostola Pauluse, ’me Molimo o ile oa mo hlohonolofaletsa see hakaakang!—1 Ba-Thess. 1:6-10; 2:8.