Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 12/1 leq. 32
  • Lebitso la Jehova—Ke Tšireletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebitso la Jehova—Ke Tšireletso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 12/1 leq. 32

Lebitso la Jehova—Ke Tšireletso

LEBITSO La Jehova ruri e bile tšireletso bakeng sa paki ea Jehova e neng e tsamaea ho ea lapeng bosiu tseleng e lefifi le e se nang batho Italy. Ka polelo ea hae:

“Ka tšohanyetso, mohlankana a ema ka pel’a ka, a nkemisa, ’me ka lentsoe le tiileng, a re: ‘U tšoeroe. Mphe chelete eohle ea hao.’ Ka ema khekhenene ’me hang feela ka hlakeloa hore ha a soasoe; eaba bahlankana ba bang ba bane ba ka bang lilemo tse 16 ho ea ho 18 ba mpota-pota ka lithipa tse benyang ka liatleng tsa bona. Hang feela ka ba nea mokotlana oa ka oa chelete ’me, ha e mong a o khokhotha chelete, e mong a nka oache ea ka ’me ba bang ba nka se ka lipokothong tsa ka. Eare ha ke nea e mong reng ea ka ea lechato, a re: ‘E seng hoo! Re ke ke ra e nka. Ho e-na le hoo, re nee sefaha se senyenyane sa ketane ea gauda se molaleng oa hao.’ Ka arabela ka hore ha ke roale ketane kapa sepetja kaha ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.

“Ke ne ke e-so ho qete ha e mong oa bona ea ka morao ho ’na a re: ‘Re entse phoso. Bana ke batho ba lokileng. Kea ba tseba.’ Ka retelehela ho ea buileng le ’na ’me ka qala ho mo pakela, ke mo khothalletsa hore a phele ka botšepehi. Ha ke ntse ke bua, ka makala ha e mong le mong a khutlisa seo a neng a se nkile—e mong chelete, e mong oache, ho fihlela ha ke fumane sohle. Ba mpotsa hore na ke tla ba tšoarela, ka ba bolella hore ka lehlakoreng la ka ha ho lehloeo tabeng ea bona, empa hore, ho e-na le hoo, ba kōpe Jehova hore a ba tšoarele ka pako e tlohang botebong ba pelo. Ka leboha Molimo ha o ntširelelitse ka lekhetlo leo.”

Mantsoe a Liproverbia 18:10 ke a ’nete: “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela