Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 12/15 maq. 3-4
  • U ka Tseba ho Itaola

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Tseba ho Itaola
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO ITAOLA
  • Hobane’ng ha ke Hlōleha ho Laola Bohale ba Ka?
    Tsoha!—1987
  • Nka Laola Bohale ba ka Joang?
    Tsoha!—2009
  • Nka Laola Bohale ba ka Joang?
    Tsoha!—1987
  • U ka Laola Bohale Joang?
    Tsoha!—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 12/15 maq. 3-4

U ka Tseba ho Itaola

MONNA enoa o ne a itšebeletsa mosebetsi oa hae oa tsatsi leo. Ka tšohanyetso, pelo ea hae ea otla ka potlako, mahlo a hae a phethoha. Mali a hae a phahama. Sefahleho sa hae sa fetoha, ’me a phefumoloha ka matla. Tšebetso ea ’mele oa hae ea fetoha. Molato e ne e le ofe? Ebe o ne a tla ilibana? Che, o mpile a felloa ke boitaolo.

Ha batho ba sitoa ho itaola, botho boa fetoha, ’me eba ho tla hlaha lintho tse bosula. Mosali e mong a ke ke a lebala letsatsi leo ka lona a ileng a felloa ke ho itaola. Ke mohla lechato la hae. Eare ha a tloha moo ba neng ba etselitsoe mokete oa kamohelo teng le monna oa hae e mocha, ba ngangisana le monna. Eaba o mo matha ka koloi holimo, a ’molaea—kotsi e tsoetsoeng ke ho sitoa ho itaola.

Bibele le eona e tlaleha libe tse ngata li hlahisitsoe ke ho sitoa ho itaola. Hopola, Kaine ‘a halefa’ ’me a bolaea moen’ae, Abele. Hape re na le Morena Heroda e mobe ea ileng ‘a halefa haholo’ a bolaea bana bohle ba bashemane Bethlehema le mathōko a eona.—Gen. 4:5-8; Matt. 2:16-18.

Kahoo, “bohale” ka Bibeleng bo thathamisoa le “mesebetsi ea nama,” ntho e ’ngoe eo Bakreste ba lokelang ho e loantša hore ba e hlōle. (Ba-Gal. 5:19, 20) Hore na re ka laola bohale ba rōna hakae ka karolo e ’ngoe ho lekanyetsa tsoelo pele eo re e entseng re le Bakreste. Ke ka baka leo banna ba thatafalloang haholo ntlheng ena ba sa sebelisoeng e le baholo ka phuthehong ea Bokreste.—Tite 1:7.

Na Mokreste, ha ho mohla a ka ikutloang a halefile? Koana, Bibele e re bolella hore Jehova Molimo oa halefa ka linako tse ling. (Pes. 110:5) Jesu o ile a halefisoa kapa a tenoa ke ho se utloisise le ho haelloa ke kutloelo-bohloko ho ileng ha bontšoa ke Bafarisi. (Mar. 3:4-6) Kahoo, Mokreste a ka ’na a ikutloa a halefile haeba, ka mohlala, a bona lebitso la Jehova le silafatsoa kapa motho e mong a tlatlapuoa. Empa oa eletsoa: “Ha le halefa, le se ke la etsa sebe.” (Ba-Ef. 4:26) Ke nakong eo ka eona motho a halefileng ho tlōla ’me a sitoa ho itaola, sebe se ka ’nang sa hlaha.

Na u sa hopola taba ea Simeone le Levi, bara ba mopatriareka Jakobo? Khaitseli ea bona Dina o ile a betoa ke mohlankana oa motse o haufi le moo ea bitsoang Sikeme. Na leo e ne e le lebaka le utloahalang la ho halefa? Hantle haholo. Empa ba nka bohato bo feteletseng. Ba bolaea banna bohle ba motse, le eena Sikeme.—Gen. Khaoh. 34.

Hona ke pontšo ea taba ea bohlokoa. Hangata ho ba teng ntho ea sebele e susumelletsang bohale. Empa ho sitoa ho itšoara ho ka isa mantsoeng le liketsong tse tla soabeloa hamorao. Joale ha re be le bothata bo le bong empa a mabeli: se ileng sa baka khopiso le bohato bo ileng ba nkoa ka khalefo. Hangata, ho sitoa ho itaola ho tla hopoloa ho feta khopiso e ho bakileng. Tabeng ea Simeone le Levi, u hopola hore ke hofe ho bileng le phello e matla haholo likelellong tsa baahi ba sebaka seo—ho betoa ha Dina, kapa ho bolaoa ha banna bohle ba motse?

Le teng, ho laola bohale, le tlas’a khopiso, ho ka hlahisa liphello tse molemo. Mosali e mong oa Mokreste, ka mohlala, o ne a nyalane le monna ea sa lumelang ea bapalang papali ea chelete. Ka baka la papali ea hae ea chelete, o ne a senya chelete e ngata ea lelapa. Ka tsatsi le leng a bolella mosali oa hae hore o il’o rekisa hlapi. Eare ha a sa bonahale ho khutla, mosali a ea mo batla, ’me a se ke a mo fumana a rekisa hlapi, empa a le har’a ba tlatsitseng lerata ba bapala moraba-raba oa Sechaena. Ke khopiso e kaakang! Empa ha a ka a mo buisa hampe ka pel’a metsoalle ea hae! Eare ha a fihla lapeng, mosali a mo hlalosetsa ka bonolo bothata boo liketso tsa hae li bo bakelang lelapa. Monna a khahloa ke mohlala ona oa moea o ‘mosa o bonolo.’ A lahla papali ea hae ea chelete ’me qetellong ea e-ba Mokreste.—1 Pet. 3:1-4.

HO ITAOLA

Bakreste ba eletsoa ka hore: “Tse bohloko tsohle, le bohale le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya li falatsoe har’a lōna.” (Ba-Ef. 4:31) Ke ’nete, batho ha ba tšoane. Ba bang ba bonolo haholo, ha ba bang bona ka tlhaho ba le bohale. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba bonahalang ba le bonolo ba ka tiisa hore ka nako e ’ngoe le bona ba ’nile ba thatafalloa ke ho itaola. Leha ho le joalo, ba ho rarolla ka ho latela keletso ea Mangolo, e kang e fumanoang ho Pesaleme 4:4; Liproverbia 15:1 le 22:24; le Baroma 12:18.

Ntlheng ena, ho hotle ho hopola kamoo tšoaneleho ea lerato e ka re thusang. Ha ho ea batlang ‘ho halefeloa, ho seneloa le ho omanngoa.’ (Ba-Ef. 4:31) Kahoo, haeba re ‘ithata joale ka bana babo rōna,’ ha re rate ho etsa batho ba bang lintho tse bosula. (Matt. 22:39) Motsoali ea sitoang ho itaola, a ka tšosa ngoana e monyenyane. Moholo ea khethiloeng oa Mokreste ea etsang joalo a ka senya liphello tsa mosebetsi oa hae o motle ka phuthehong. E mong a ka ’na a re: ‘Ke kamoo ke leng kateng. Ha ho seo nka se etsang.’ Empa Bibele e re: “Lerato . . . le mamella tsohle. . . . Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong.” (1 Ba-Kor. 13:4-8) Lerato le tebileng bakeng sa batho ba bang le tla re susumelletsa ho loantša tšekamelo leha e le efe ea ho sitoa ho itaola.

Qetellong, ’me e le sa bohlokoa haholo, Bakreste ba ka kōpa thuso ea Molimo ka moea oa oona o halalelang. Litšoaneleho tse kang lerato, khotso, sebete le bonolo—tse tla thusa ho hlōla ho haelloa ha rōna ke ho itšoara—ke litholoana tsa moea. (Ba-Gal. 5:22-24) Haeba ho sitoa ho itaola e le bothata ba botho, ke eng ha u sa ipiletse ho Jehova Molimo bakeng sa thuso? Kōpa moea oa hae ho u matlafatsa hore u laole maikutlo a hao. Ka thuso ea Jehova, u ka atleha!

E, re lokela ‘ho lieha ho halefa,’ kaha “khalefo ea motho ha e phethe ho loka ha Molimo.” (Jak. 1:19, 20) Ho sitoa ho itaola ho ka re fetola litšeho, ha senya kamano ea rōna le ba bang ’me ha senola hore re haelloa ke lerato. Moshe, ka baka la ho hloka boitšoaro, ka khetlo le leng, a haneloa ho kena naheng ea pallo. (Num. 20:9-13) U se lumelle ho hloka boitšoaro ha hao ho ame mahlohonolo a hao. Ho e-na le hoo, ka mehla u hopole mantsoe a Morena Davida, “U kokobetse bohale ba hao, u tele khalefo, u se ke ua hlora; ebe etlaba u etsa bobe. Hobane ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše.—Pes. 37:8, 9.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela