Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 12/15 maq. 11-16
  • Ho Jala ho Talimiloe ’Muso oa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Jala ho Talimiloe ’Muso oa Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SETŠOANTŠO SA MONNA EA JALANG
  • LITŠOBOTSI TSE SUPANG TSA SETŠOANTŠO
  • Ke “Molimo ea Hōlisang”!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ho Ruta ka Litšoantšo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lipapiso Tse Buang ka ’Muso
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Kotula Litholoana Tse Tšoanelang ’Muso oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 12/15 maq. 11-16

Ho Jala ho Talimiloe ’Muso oa Molimo

1. Ngoanana oa sekolo o ile a re morena ea botsang ke oa ’muso ofe, ’me na karabo ea hae e ne e ke ke ea hlahisa potso?

MORENA oa naha ea Europe e bohareng o ne a hlahloba likolo tsa sechaba tsa bafo ba hae. A botsa sehlopha sa sekolo lipotso tse ’maloa. Kamoo taba e phetoang kateng, a botsa ngoanana e monyenyane ka “’muso oa limela” le “’muso oa liphoofolo” ’me a khahlisoa ke likarabelo tsa hae. kamor’a sena, a botsa ngoanana: “’Na ke oa ’muso ofe?” A lebelletse karabelo e reng, “Oa ’muso oa liphoofolo,” a tlala likhapha ka mahlong ha ngoanana a re: “Oa ’Muso oa Molimo.” Le hoja kereke eo morena a neng a e kena e ile ea nahana hore karabelo ea ngoanana e nepahetse e bile e nang le borapeli, na e ne e le oa ’muso oa Molimo? Na morena enoa oa bopolotiki oa ’muso oa lefatše o ne a hlile a amohetsoe “’musong oa Molimo”? Mona ke sebaka sa ho inahana!

2. (a) Ho amoheloa ’musong oa Molimo ke ho amoheloa ’musong oa sehlopha sefe? (b) Ke joang Bajode ba mehleng ea Jesu ba ileng ba bontša hore ha ba jale ba talimile ’musong oa Molimo?

2 Ho amoheloa ’musong oa Molimo ke hlompho e fetang tsohle e ka neoang motho ofe kapa ofe lefatšeng. ’Muso oa Molimo o moholo ho mebuso eohle. Ona ke ’muso oo Mothei oa Bokreste a neng a o bolela Bochabela bo Hare. Pale e bua tjena ka Jesu Kreste: “Hobane Johanne [Mokolobetsi] a kenngoe teronkeng [ka selemo sa 30 C.E.], Jesu a tla Galilea, a bolela Evangeli ea ’muso oa Molimo; a re: ’Nako li phethehile, ’muso oa Molimo o atametse, bakang, ’me le lumele Evangeli.” (Tlaleho ea Mareka, khaoh. 1 litem. 14, 15) Leha ho le joalo, bongata bo boholo ba batho ba Bajode ha boa ka ba baka le ho lumela. Ka ho tšosang, ba bolaea Jesu e le sera sa morena oa Roma, Sesare. Ka tšoantšetso, ha baa ka ba jala ba talimile ’musong oa Molimo. Empa ke bafe har’a rōna kajeno ba etsang joalo? Re ka tseba joang? Re tla bona.

3. Ke ka setšoantšo sefe se entsoeng ke Jesu ho bamameli ba lebopong la leoatle seo barutuoa ba hae ba ileng ba botsa, ’me a re’ng ka tsebe?

3 Bongata ba rōna kajeno re rata ha lintho li etsoa ka litšoantšo. Jesu Kreste o ile a tuma ka ho etsa litšoantšo kapa ho bolela lipapiso. E le ’moleli ea neng a ea koana le koana, o ne a hohela bamameli ba bangata. Ka lekhetlo le leng, a le seketsoaneng Leoatleng la Galilea, a ruta bamameli ba lebopong la leoatle. A etsa setšoantšo sa mebu ea mefuta e mene e lengoang. Ka lekunutu, barutuoa ba hae ba haufi haholo ba mo botsa ka se boleloang ke seo. Hoba a hlalose le ho etsa litlhaloso tse ling, a re, le ho bona batsoalle bana ba hae ba haufi: “Ha motho a e-na le litsebe ho utloa, a utloe.” (Mar. 4:1-23) Hore na ke ba bakae ba bamameli ba lebopong la leoatle ba neng ba e-na le litsebe tse joalo, ha re tsebe. Empa Jesu o ne a lebelletse hore barutuoa ba hae bao a neng a ba hlalosetsa ba be le litsebe tse utloang. Ka litsebe tse joalo seo ba neng ba se utloile ho eena se ne se tla fumana bolulo bo tiileng ka ho bona ’me se ba nee leseli. Ke mang har’a rōna kajeno ea nang le litsebe tse utloang? Li tla re thusa ho jala ka nepo re talimile ’musong oa Molimo.

4. Ke habohlokoa ba eng hore motho a be le ‘tsebe e utloang,’ ’me ke hobane’ng ha re sa batle ho tšoana le mobu o ka thōko ho tsela?

4 Haeba re se na ‘litsebe tse utloang,’ re ke ke ra ela hloko seo Jesu a se rutileng. Kelo-hloko ke ntho ea bohlokoa, hobane mongoli oa Bibele Mareka o tsoela pele a re: “A boela a re ho bona: Elang seo le se utloang hloko.” (Mar. 4:24) Ho se be mohla re ka tšoanang le mobu oa mofuta oa pele oa setšoantšo sa Jesu. Ona ke mobu o neng o le ka thōko ho tsela. O ne o setlelehile hoo o neng o sa lumelle peō e tebe, empa oa e tlohela e totobetse hore linonyana li e bone ’me li e je. (Mar. 4:4, 15) Ha re batle ha Satane Diabolose, ka baemeli ba hae, a re amoha ’nete ea Bokreste ka baka la ho se ele hloko ha rōna. Hona ho tla bontša ho se hlomphe seo Moruti, Jesu Kreste, a neng a le sona ’me a leng sona tokisetsong ea Molimo.

5. Kamor’a ho fana ka keletso ea hae ea ho ela hloko, Jesu a re’ng ka ho lekanya le ho fumana?

5 Molao o atisang ho boleloa ke hore re tla kotula ka hore na re jetse hakae. Jesu o bontšitse molemo oo re neng re tla o fumana ka ho ela hloko ka mokhoa o tšoanelang ho seo a se buang. O entse joalo ka ho eketsa keletso ea hae ka ho ela hloko ka mantsoe ana: “Tekanyo eo le lekanyang ka eona, le lōna le tla lekanngoa ka eona; ’me ho tla phaelleloa lōna ba utloang. Hobane ea nang le ntho, o tla boela a neoe, athe ea se nang letho, ntho eo a nang le eona o tla e amohuoa.”—Mar. 4:24, 25.

6. Ha e le ka ho lekanngoa ha khahleho le kelo-tlhoko ho eena, na Jesu o ile a tšepisa feela ho leka-lekanngoa ha litaba bakeng sa hoo?

6 Ka baka leo, ha re lekanyetsa Jesu thahasello le tlhokomelo tse fokolang, re ke ke ra lebella ho fumana ho hongata ho eena, bonyane ho seo a se bolelang ho re tataisa, molemong oa rōna. Empa haeba re bontša hore re mo ananela joaloka Moruti oa rōna ’me re mo abela tlhokomelo ea tekanyo e feletseng, joale o tla arabela ka ho re nea boitsebiso le leseli le lekaalo. Ntlheng ena, leha ho le joalo, hase hore o amehile feela ka ho leka-lekanya lintho le ho otlolla litaba. Ho e-na le hoo, ho faneng ha hae le ho ea ka matla a hae, o tla re hauhela ka se fetang seo re se lebelletseng. Kahoo rea ruisoa ’me re tseba ho kopanela haholoanyane le ba bang seo re nang le sona ka bongata, re ba nea kutloisiso ea lintho.

7, 8. Mantsoe a Jesu a pakiloe e le ’nete joang tabeng ea barutuoa ba hae ba haufi, hona hobane’ng?

7 Morutuoa ea ratoang o lokela a ikokobetse a be a ithaopele ho ithuta, e, a be le hlompho ea ’nete bakeng sa Moruti oa hae le kananelong ea seo a se rutang. Ha a le joalo, o tla neoa ho hongata. Ka mohlala, kamor’a hore Jesu a bue a le seketsoaneng, barutuoa ba hae ba haufi ha ba ka ba lebala taba ka hore che e fetile. Ba hopola setšoantšo sa hae. Hamorao, ba mo botsa ka lenyele hore a ba hlalosetse. Bakeng sa boiteko ba bona ba ho ithuta hore na thuto ea hae e ne e bolela eng, ba neoa ho eketsehileng ho feta bamameli ba lebopong la leoatle. Ha baa ka ba nyahamisoa ke polelo ea Jesu ea pelenyana: “Hleka ha le tsebe setšoantšo seo na? Ha ekaba ho joalo, le ka tseba joang litšoantšo tsohle?” (Mar. 4:13) Boo ke bona boemo boo bamameli ba bangata ba lebopong la leoatle ba bileng ho bona. Empa baapostola ba Jesu ba bile le phehello ea ho ithuta le ho utloisisa. Ka baka leo, ba ikemisetsa ho batla ho fetang kakaretso feela ea litaba. Eaba ba neoa ho fetang ho lebelletsoeng. Tabeng ea bona, mantsoe a Jesu a ipaka e le ’nete:

8 “Lōna le neiloe ho tseba sephiri sa ’muso oa Molimo, athe ho bao ba kantle tsohle li etsoa ka litšoantšo.”—Mar. 4:11.

9, 10. Litaba tsa sebetsahala joang bakeng sa ba ka ntle, hona hobane’ng?

9 Ba ka ntle ba lula ba khotsofalletse bokantle feela ba lintho tse litšoantšong. Ho ne ho se letho le ba khannang ho ithuta ka linnete tse potelletseng ka lipapiso. Eaba ha ba utloisise litšoantšo. Ba ne ba sa batle ho nka bohato ka se rutoang ke litšoantšo. Kahoo ba qoba boikarabelo bo boima bo tlang le kutloisiso. Ba sa tsotella ho batla ’muso oa Molimo pele, ba ananela lintho tse bonahalang ho feta lintho tsa moea, ‘sephiri se halalelang sa ’muso oa Molimo.’

10 Ka ho se sekamele ho tšoareng monyetla oo ba o buletsoeng ke litšoantšo tsa Jesu, ba ka ntle, ha e le hantle, ba lahleheloa ke sohle. Seo ba neng ba e-na le sona ka tsela ea ho tloaelana le litšoantšo tsa Jesu, kapa lipapiso, ba se amohuoa. Ka baemeli ba batho kapa ka mekhoa ea boloi, Satane Diabolose a li hlotha ho bona. Leseli leha e le lefe leo mohlomong ba neng ba e-na le lona ka ho utloa lipapiso tsa Jesu la hlōloa ke lefifi. Leseli la ’nete, ho tsoela pele ka pejana ho ho utloisisa lintho tseo ba li fumaneng lipapisong tsa Jesu, la ba sia lefifing le letšo, ba e-na le tsebo e maharasoa feela ea lintho tsa Bibele. Eaba joale ba phopholetsa joaloka batho ba lifofu.

SETŠOANTŠO SA MONNA EA JALANG

11. Ho ea ka Mareka 4:26-29, Jesu joale a fana ka setšoantšo sefe?

11 Papisong ea sena, Mareka 4:26-29 e-ea tlaleha: “Eaba [Jesu] o re: ’Muso oa Molimo o joale ka motho ha a jalile peō tšimong. Leha a ka robala, leha a ka tsoha, motšehare le bosiu, peō e ’ne e mele, e be e hole, kamoo a sa tsebeng kateng. Hobane lefatše le imelisetsa lijo ka ho etsa ha lona; pele ke lekhaba; hamorao ke qoapi, hamorao ke lihlaku tse butsoitseng qoaping; ’me lijo ha li butsoitse, a phakise a kenye sekele; hobane kotulo e fihlile.”a

12. Liithuti tse ling tsa Bibele li nahana eng ka se rutoang ke setšoantšo see mabapi le ’muso oa Molimo?

12 Setšoantšong sa Jesu sa pelenyana se entsoeng seketsoaneng, a hlalosa mojali eo peō ea hae e oelang mobung oa mefuta e mene o sa tšoaneng. (Mar. 4:1-9) Na mojali eo o ne a tšoantšetsa ea neng a jala peō setšoantšong sena sa moraonyana? Liithuti tse ngata tsa Bibele li nahana joalo. Ba nahana hore mojali le eena o tšoantša ’moleli ea ka sehloohong oa ’muso oa Molimo, e leng, Jesu Kreste. Motheong ona ba bea lebaka la hore “peō” e tšoantšetsa litho tsa sehlopha sa ’Muso oa leholimo. Kahoo setšoantšo sohle se tšoantšetsa ho hōla ha sehlopha sa ’Muso oa leholimo ho tloha ho ba 3 000 ka letsatsi la Pentekonta la 33 C.E. ho fihlela palong e felelletseng ea ho qetela ea ba 144 000. (Tšen. 14:1) Kahoo, joale re tlameha re be re le “nakong ea kotulo” ea litho tsa ho qetela tsa majalefa a ’muso oa Molimo. Leha ho le joalo, tlhaloso e joalo ea setšoantšo sa Jesu e kena mathateng a ’maloa a ke keng a hlōloa. Ebe aa e ka ba afe?

13. Jesu o qalile neng ho haha phutheho ea hae e tsoetsoeng ka moea, ’me o ne a le boemong bofe ka nako eo?

13 E, setšoantšo se re mojali oa peō ‘oa robala bosiu, a tsohe motšehare.’ Tlhaloso e joalo e ka tšoanela Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng joang kaha a qalile ho haha phutheho e tsoetsoeng ka moea ea hae mohla letsatsi la Pentekonta? Ha e e tšoanele ho hang! Petrose oa Pele 3:18 e bua ka Jesu e le ea ‘shoeleng ka nqeng ea nama, empa a phelisitsoe ka nqeng ea moea,’ hoo e leng hore ha e sa le motho oa nama ea phethahetseng eo a neng a le eena ha a le lefatšeng. Haesale Molimo o matla ’ohle o tsosa Jesu bafung ka Sontaha, Nisane 16, 33 C.E., Mora ea phahamisitsoeng oa Molimo ke “lehlaseli la khanya ea oona, le setšoantšo sa boleng ba oona.”—Ba-Heb. 1:3.

14. Mabapi le taba feela ea ho robala bosiu, ke hobane’ng ha motho ea jalang peō mobung a neng a ke ke a tšoantša Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng?

14 Ha ho le joalo, ho latela eng joale? Pesaleme ea 121:1-4 e re: “Thuso ea ka e tla tsoa kae? Thuso ea ka e tsoa ho Jehova, ea entseng maholimo le lefatše. A ke ke a leseletsa leoto la hao ho khothometseha; molebeli oa hao a ke ke a otsela. Bona, ha a otsele, ha a robale, molebeli oa Iseraele.” (Hape hlokomela Jeremia 1:12.) Ke joang Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng ea letsohong le letona la Molimo a neng a ka robala kamehla ha letsatsi le rapama Bochabela bo Hare joaloka motho oa lefatšeng? Ha a sa hloka boroko ba lefatšeng ba bosiu e le hore a ka phomolela mosebetsi oa lihora tsa motšehare. E, hoo e leng lilemo tse 1 000 ho motho ho itšoanela le letsatsi feela ho Jesu Kreste ea kang Molimo! (Pes. 90:4; 2 Pet. 3:8) Ka lebaka lena feela mojali o ne a ke ke a tšoantšetsa Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng ea sa boleng.b

15. Ke eng se bontšang hore na Mora oa Molimo ea phetseng pele e e-ba motho oa nama o ne a tseba ka khōlō ea peō le kamoo mobu o beang tholoana ka ho iketsetsa ha oona?

15 Ntlha e ’ngoe e ka eloang hloko ke hore setšoantšo sa Jesu se tsoela pele se re: “Peō e ’ne e mele, e be e hole, kamoo a sa tsebeng kateng. Hobane lefatse le imelisetsa lijo ka ho etsa ha lona.” (Mar. 4:27, 28) Haeba joale peō e melang e be e hōle e tšoantšetsa phutheho ea Bokreste khōlong ea eona ho qala ka litho tse neng li se kae ho fihlela ho e khōlō, ho bolela hore mojali ha a tsebe hore na phutheho e hōla joang hore e fihle ho ba 144 000. Empa Jesu Kreste ea phetseng pele e e-ba motho oa nama o ne a sebetsa le Jehova Molimo ka letsatsi la boraro la pōpo, ha “lefatše le hlahisa joang, le limela tse beang peō ka mefuta ea tsona.” (Gen. 1:12) Kahoo Mora oa Molimo oa pele ho botho ba nama o bontšitse tsebo e feletseng ea khōlo ea limela le kamoo mobu o beang litholoana ka booona.

16. Ke pono efe bukeng ea ho qetela ea Bibele e bontšang hore na Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng oa otsela kapa o robetse mabapi le khōlo ea phutheho ea Bakreste?

16 Leha ho le joalo, ka khōlō ea phutheho, buka ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo, e ngotsoeng hoo e ka bang lilemo tse 63 hoba Jesu a nyolohele leholimong ka Labone, Iyyar 25, 33 C.E. (Motšeanong 12, 33 C.E.), e tšoantšetsa Jesu Kreste e le ea tsamaeang har’a liluloana tsa mabone tse supileng tse emelang liphutheho tse supileng tsa Asia Minor. Ka mahlo a hae a ka “khabo,” o tlameha a be a falimehile ka ho feletseng ha a hlahloba boemo ba moea ba liphutheho tsena tse tsebisahalang tse supileng. Kahoo ha a tšoantšetsoe e le ea otselang kapa ea robetseng mabapi le khōlo ea liphutheho. O tlameha a be a tsebile hore na liphutheho tseo li hōtse joang ho ea boemong ba moea boo a li hlalosang li le ho bona.—Tšen. 1:14; 2:18.

17. Ke pono efe e hlalositsoeng ho Tšenolo 5:6 e bontšang hore na ebe Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o ne a tšoantšoa ka monna ea jalang peō mobung ’me a robala bosiu?

17 Mabapi le ho nyoloha ha Jesu le ho hlaha moo Molimo o leng teng leholimong, o tšoantšetsoa le konyana e sa tsoa hlajoa, empa e boetse e phela e nang le “mahlo a supileng, e leng Meea e supileng ea Molimo, e rometsoeng kahohle lefatšeng.” (Tšen. 5:6) Thōko le ho bontša ho otsela kapa ho robala, pono e joalo e mennoeng hasupa ea Konyana ea Molimo e ne e tla supa boemo ba ho hlaphoheloa haholo le ho lemoha hohle, ka linako tsohle. Ka ho hlakileng, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o ne a ke ke a tšoantšetsoa ka mojali ea robalang bosiu ’me a sa tsebe hore na seo a se jetseng se hōla joang.

18. Ke mang, he, ea tšoantšetsoang ke monna ea setšoantšong ka ho utloahalang?

18 Ke mang, ea tšoantšetsoang ke monna ea setšoantšong? Mongoli oa Evangeli Mareka o re hlokomelisa ka molemi enoa hang kamor’a hore Jesu a hlokomelise barutuoa ba hae ba haufi hore ba ele hloko seo ba se utloang. Tekanyo eitseng ea tlhokomelo e ne e tlameha ho lekanngoa le se tla hlaha, ho bile ho phaelloa moo. Ka ho utloahalang, ka baka leo, motho ea tšoantšisong o tšoantšetsa motho e mong le e mong ea ipolelang hore ke morutuoa kapa moithuti oa Jesu Kreste, ’Moleli ea ka sehloohong oa ’muso oa Molimo.

LITŠOBOTSI TSE SUPANG TSA SETŠOANTŠO

19, 20. Ke lintho life tse peli tse khōlō tse kopelang setšoantšo kaofela, ’me kahoo ntlha ke efe e hlakisoang ke setšoantšo, hona ho talimiloe eng, bongata kapa botle?

19 Jesu o qalile setšoantšo ka hore a re: “[Ka tsela ena] ’muso oa Molimo o joale ka motho ha a jalile peō tšimong.”—Mar. 4:26, bapisa NW.

20 Re hlokomela lintho tse peli tse ka sehloohong tse kopelang setšoantšo kaofela. Pele, ke ho jaloa ha peō mabapi le ’muso oa Molimo, ’me, ha bobeli, ho teng kotulo, ea sejalo se hlahisitsoeng ke peō e jetsoeng. Kahoo ntlha ke hore, joalokaha ho ile ha fela ha jaloa peō, kotulo e tlameha hore e lebelloe. Ntho tsena li latellana ka ho ke keng ha qojoa. ’Nete e sallang ke hore seo motho a se jalang mabapi le ’muso oa Molimo se isa ho seo a tla se kotula. Ho e-na le bongata, tšoaneleho ea se kotuloang ke ea bohlokoa!

21. Na Jesu o ile a qoolla mofuta oa peō kapa mofuta oa mobu oo e jaloang ho oona. leha ho le joalo ke potso efe e hlahang ka peō?

21 Jesu ha a ka qoolla mofuta oa mobu kapa oa peō e amehang ho jaloeng. O itse: “’Me lijo ha li butsoitse, a phakise a kenye sekele [kofuto e nyenyane ea letsoho]; hobane kotulo e fihlile.” (Mar. 4:29) Bajode bao Jesu a ba etselitseng setšoantšo ba ne ba kotula hararo ka selemo. Pele e ne e le hang kamor’a mokete oa selemo oa Paseka, ngata ea harese e kotutsoeng e ne e nyeheloa ka Nisane 16 ke moprista e moholo tempeleng ea Jerusalema. Matsatsi a mashome a mahlano ho tloha ka nako eo, moprista e moholo o ne a hlahisa litholoana tsa pele tsa kotulo ea koro tempeleng ’me kamor’a hona ho kotuloe ho ea pele. Kotulo ea boraro e ne e tla qetellong ea lehlabula ’me e ikhopotsoa ka mokete oa kotulo kapa oa metlotloane (litabernakele), ho tloha ka letsatsi la bo15 la khoeli ea bosupa, Tishri. (Ex. 23:14-17) Hore na ke efe ho linako tsena tse tharo tsa kotulo e neng e boleloa setšoantšong ha hoa boleloa. Empa, peō efe le efe e jaloang, e tšoantšetsa eng?

22. Haeba e sa tšoantšetse litho tsa phutheho ea Bokreste, peō e tšoantšetsa eng, ’me na ho hōla ha “peō” e joalo ho ka laoloa?

22 Setšoantšo sa Jesu se bolela hore peō e jetsoeng e ile ea mela ’me ea hōlela holimo le ho butsoa hore e be le liqoapi tse feletseng. Re hlokometse hore peō e jetsoeng ha e tšoantšetse litho tsa phutheho ea Bokreste. Joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša, peō e jetsoeng mobung e tšoantšetsa lipeō tsa litšoaneleho tsa botho ba mojali, boikutlo ba hae le matla bakeng sa tšebeletso mabapi le ’muso oa Molimo. Tsena o tlameha ho li batlela lijo mobung. Ho hōla ha litšobotsi tsa botho ka ho feletseng le hore li butsoe hore li ka kotuloa ho tla butle. Ena ke ntho eo re ka e alosang, hobane e ka laoloa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bapisa se latelang le The Watchtower ea December 1, 1950, leqephe 492; lirapa 34 le 35.

b Bona All the Parables of the Bible ea Lockyer, leqephe 252, serapa 8; hape, The Pulpit Commentary ka Mareka ea Spence le Excell, Moqolo 1, maqephe 159 le 205.

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

“’Muso oa Molimo o joale ka motho ha a jalile peo tšimong. Leha a ka robala, leha a ka tsoha, motšehare le bosiu, peo e ’ne e mele, e be e hole.”—Mar. 4:26, 27.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Motho ka mong ea ipolelang hore ke morutuoa oa Jesu Kreste o jala peō ea litšoaneleho tsa botho, boikutlo le matla bakeng sa tšebeletso mabapi le ’muso oa Molimo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela