Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 1/1 maq. 20-23
  • ‘Ho Thabela Kotulo’ Philippines

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Thabela Kotulo’ Philippines
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • HO LEMA ’NETE
  • BATALA BA AMOHELA ’NETE
  • HAR’A MARABELE
  • HO BALEHELA TAOLO EA BADEMONA
  • KOTULO E SA TSOELA PELE
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 1/1 maq. 20-23

‘Ho Thabela Kotulo’ Philippines

MABŌPŌ a leoatle a mofuthu, leoatle le futhumetseng, lithaba tse apesitsoeng ke meru, liphula tse nonneng—e, ke Philippines! Ena ke naha e entsoeng ka lihleke-hleke tse likete, tse ling li le botle bo tsotisang, li tletse leoatleng ka thoko ho Asia e ka boroa bo ka bochabela. Empa Philippines hase sebaka se ponahalo e ntle feela; hape e na le batho—ba 47 000 000.

Mekhoa ea bophelo ea batho bana e fapane haholo—ho qala ka Matasaday a phelang sekhale merung ea lipula e ka boroa ho isa baruing ba kajeno ba likhoebo motseng oa borui oa Manila. Empa, karolong e khōlō, Mafilipino ke batho ba temo. Ba bangata ba phela matlong a khethehileng a hahiloeng ka lithupa ʼme ba phela ka ho lema. Ho batho ba joalo, kotulo ke nako e tšoarehileng le e thabileng haholo. Ke thabo hore ba tlise tholoana ea mosebetsi oa bona o boima e tsoang masimong. ʼMe naheng e nonneng joaloka ena, ka ho nosetsoa ho tšoanelehang, ho ka kotuloa ka thabo ka makhetlo a mararo ka selemo.—Esa. 9:3.

Lilemong tse fetileng tse 50, leha ho le joalo, ho bile le kotulo ea mofuta o mong Philippines. Ena e bile kotulo e khōlō, ea batho ba ikhethetseng ho phehella borapeli ba ʼnete ba Jehova Molimo le ba beileng tšepo ea bona ʼmusong oa hae.

HO LEMA ’NETE

Lipeō tsa pele tsa ʼnete tse hlahisitseng kotulo ena li ile tsa phallela Philippines joalokaha eka li nkiloe ke moea. Charles Taze Russell, mookameli oa pele oa Watch Tower Society, o qalile ho bolela bolumeli ba ʼnete mona ha a etetse motse-moholo oa Manila ka 1912. Lilemong tse qalang bo1920 H. Tinney ea tsoang Canada a etsa mosebetsi oa boromuoa mona ka selemo. A sia sehlopha se ithutang Bibele. Masole a Amerika kapa basali ba oona ba jala lipeō tse eketsehileng tsa ʼnete ka lilemo tse latelang, ʼme Leamerika la Lepotoketsi, Joseph Dos Santos, la tla bolela Manila ha le le leetong la ho pota lefatše.

Ka baka la mahlomela ana a fapaneng, ka 1934 ha hlongoa ofisi ea Watch Tower Society, Manila. Ntoa ea bobeli ea lefatše ea senya naha haholo, empa ha ea ka ea khoehlisa mosebetsi oa kotulo ea moea. Ntle ho mahloriso a tsoang ho Majapane le Mafilipino a neng a a loantša, palo ea baboleli ba ‘litaba tse molemo’ ea hōla ho tloha ho 373 ka 1941 ho ea ho ba fetang 2 000 ka 1945. Hona joale, ho na le baboleli ba ʼMuso ba fetang 60 000 ba jalang ‘litaba tse molemo’ har’a Mafilipino.

BATALA BA AMOHELA ’NETE

Mosebetsi ona o se o fihlile likarolong tse hole-hole tsa lihleke-hleke. Ho fihla metseng e thōko haholo libakeng tseo, Lipaki tsa Jehova hangata li tlameha ho tsamaea matsatsi a malelele, nako le nako li hloa le ho theoha lithaba. Empa boiteko ba tsona bo beile litholoana, hobane le litho tsa meloko e morao-rao haholo joale li balelloa har’a barapeli ba Jehova. Luzon e ka leboea, ke moetlo ho batho ba bang ho tšoaea ka litlhaka moroetsana e monyenyane ha a kena lilemong tsa hore a ka nyaloa. Sebakeng seo ho tloaelehile ho kopana le basali bao hona joale e leng Lipaki tsa Jehova empa bao liphaka tsa bona tse tšoailoeng ka litlhaka li bontšang hore ba hōletse maikutlong a mang.

Setho se seng se senyenyane sa morabe oa Subanon, se tsoang libakeng tse nonneng tsa Philippines ka boroa, se ile sa hlōla tšitiso e khōlō ha se amohela Bokreste ba ʼnete. Ha a le lilemong tse tlase tse robong a ba le phihlelo e bohloko ea ho bona bokhaitseli ba hae ba babeli ba utsuoa ke marabele ʼme a ea le bona lithabeng. A ikana hore o tla iphetetsa ʼme a ngolisa sesoleng hang feela ha a fihla lilemong. Batsoali ba hae, ba neng ba ithuta le Lipaki tsa Jehova ka nako eo, ba leka ho mo tlosa maikutlong ao, ba bolela hore ke ʼmuso oa Molimo feela o tla lokisa lihlōhō tsa lefatše lena. Empa lenyora la hae la ho iphetetsa le ne le le matla ʼme a sitoa ho tlohela morero oa hae. A phakisa a iphumana ntoeng, a talimane le sehlopha sa marabele a kang ane a neng a utsoe likhaitseli tsa hae lilemong tsa ho feta. Qetellong, monyetla o ne o hlahile! Empa, ho makaleng ha hae, ho ne ho hana ha a thunya marabele. Lintho tseo batsoali ba hae ba neng ba mo boleletse tsona ka Bokreste bo hloekileng li ne li le matla haholo pelong ea hae, ʼme a itherela hore sethunya sa hae o tla se shebisa moeeng. Kapele feela, a itokolla sesoleng ʼme a qala ho kopanela mosebetsing oa ‘ho bolela khotso’ ho bao a ahisaneng le bona.—Esa. 52:7.

Mohlankana e mong, mora oa datu, kapa hlooho ea moloko, le eena ea e-ba Paki. Ha a le lilemo li robong, o ne a balehile ntate-moholisi (ea neng a na le basali ba 10) ʼme qetellong a nkoa ke mookameli oa Sesole sa Philippine. Ha a le sekolong, mocha a ba le monyetla oa ho ithuta boselamose ka thuso ea e mong ea neng a ithutile bona India. A ba bohlale haholo ho sebelisa malepa a boselamose. Hamorao, a kena sesole a ntse a tuma haholo ka boselamose. Kamor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, a nyala ngoanana oa Mok’hatholike ʼme a kena tumelong eo, a bile a ntse a sebelisa boselamose ba hae. Qetellong, a ithuta le Lipaki tsa Jehova. Kamor’a ho bala ka ho nyatsa ha Molimo mekhoa eohle ea bolotsana, a tlohela boselamose ba hae ho kena borapeling bo hloekileng ba Jehova.—Deut. 18:10-12.

HAR’A MARABELE

Joaloka linaheng tse ngata kajeno, Philippines le tsona li na le marabele a tsona a mafolo-folo. Hape, libakeng tse arohaneng lihlopha tsa linokoane li thatafaletsa batho bophelo. Boholong ba taba, ʼmuso o laola liketso tsena ho li thibela. Leha ho le joalo, koana merung le libakeng tse hole moo libaka tsa ho ipata li leng ngata, ho thata ho li felisa ho hang.

Litumelo tse ling li iketselitse lebitso le lebe ka ho tšehetsa ka mafolo-folo mekha ea borabele ka lebitso la hore ke “toka har’a batho.” Lipaki tsa Jehova, leha ho le joalo, ha li jele pate ʼme hona ho felletse ka bopaki bo botle. (Joh. 15:19) Marabele a mang a khaolitse ho loana joale a se a tšepile ʼmuso oa Jehova, oona pheko feela ea mathata a thatafetseng a tulisano ea batho.

Moroetsana e mong oa Mindanao, sehleke-hleke sa bobeli se seholo sa Philippine, o ne a hōlisitsoe e le Mok’hatholike. A kena seminaring a batla boemo bo itseng empa a nyahama hoo a ileng a qetella e le tichere. Qetellong a ea Manila ho ea ithutela lengolo le phahameng. Kamor’a hore a utloe moruti oa Lejesute a fosa a bolela hore baapostola le Bakreste ba pele ke bona ba qalileng bokomonisi, a kena ka matla mekhatlong ea bokomonisi ʼme a nka karolo mekolokong ea liithuti, hangata a koloka a bapile le baitlami ba basali le baprista.

Ha fihla hae, a qala ho ruta liithuti tsa hae maikutlo a hae a macha. Hona ha baka khohlano le baokameli ba hae le ho kenngoa litlamong ka nakoana. Hoba a lokolloe chankaneng, a tlameha ho itokolla mosebetsing oa hae oa botichere. Kahoo, a ea lithabeng ʼme a phela le sehlopha sa marabele ka likhoeli tse supileng. Ha ba ekiloe ʼme ba tšoeroe, a tšoaroa ka likhoeli tse 10, e leng nako e ileng ea mo nea monyetla oa ho hlahlobisisa Kereke ea Roma e K’hatholike haholoanyane. Qeto ea hae: bona ke bolumeli ba bokoenehi.

Qetellong, moroetsana enoa a kopana le pampitšana Has Religion Betrayed God and Man? e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Molaetsa oa utloahala o luma ʼnete, haholo leseling la liphihlelo tsohle tsa hae. Eaba o iteanya le Lipaki, a botsa lipotso tse ngata, ʼme a neoa likarabelo tse khotsofatsang. Qetellong, ka 1974 a tlohela litumelo tsa Bokomonisi ʼme a kolobetsoa e le paki ea Jehova. Hamorao, a ba le monyetla oa ho bolella metsoalle e meng ea hae ea nakong e fetileng—ho ileng ha ba makatsa haholo.

Tabeng e ʼngoe, mohlankana oa Mindanao a hōlisetsoa lelapeng la Boprostanta. A nyahame ke bolumeli, a ikopanya le sehlopha sa likhukhuni tse neng li ipolela hore likulo ha li kene ho tsona ha li ka pheta thapelo tsa itseng tsa Selatine. Kamor’a nako, ʼmuso oa lokisa litaba le moete-pele oa bona ʼme ba sebelisetsoa ho loantša marabele a itseng. Kahoo mohlankana enoa a ikarola ho tsona ʼme a ikopanya le sehlopha se seng sa linokoane. Ba ne ba sa sekamela bopolotiking, empa ba phela ka ho amoha batho lintho tsa bona. Ba ne ba ikhetholla ka ho lalla batho likhoeng le ho utsoetsa baeti ba libese.

Ka lekhetlo le leng, mohlankana enoa a ea lapeng ho ntat’ae a nkile chelete e ngata. Empa ntat’ae a hana chelete ʼme a qala ho mo bolella. E, ntate joale e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. A nea mora oa hae buka ’Nete e isang Bophelong bo sa feleng, ʼme mohlankana enoa a ea le eona koana moo ba ipatang teng. Le hoja moeta-pele a ile a bontša ho e thahasella haholo, a sitoa ho tela mokhoa oa ho iphumanela chelete habonolo. Leha ho le joalo, mohlankana a hlokomela hore joale mona ʼnete e teng. A khaotsa ho ipata, ʼmuso oa mo tšoarela ʼme a kolobetsoa ka 1973. Kapele kamor’a moo ea e-ba ʼmoleli oa nako e tletseng, kapa “pula-maliboho.”

HO BALEHELA TAOLO EA BADEMONA

Philippine li tsebahala haholo e le lehae la bao ho thoeng ke baphekoli ba tumelo. Bana ba ipolela hore ba buoa motho ntle ho ho sebelisa lintho tse robatsang kapa thepa e ʼngoe e sebelisetsoang ho buoa. Mokuli ha a utloe bohloko ba letho ha “mophekoli” ho boleloa hore ka matsoho a hae o kenella ka hare (a sa sehe nama) ʼme o mo buoa ka hare. Batho ba tla ba hlaha Europe le Amerika ho tla “buuoa” ka tsela ena.

Moroetsana e mong oa Luzon e ka leboea o ne a e-na le rakhali ea neng a ipolela hore o na le matla a joalo ʼme a ikutloa a e-na le hona ho enta ʼmele ka ho sebelisa menoana ea hae feela. Moroetsana enoa a khahloa haholo ʼme a ikutloa a lakatsa ho ba le matla a joalo, a ikutloa hore hona ho tla mo etsa hore a tšoane le baapostola ba pelenyana. A rapela ka matla, empa ha a ka a fumana matla ao.

A ikutloa hore mohlomong o haelloa ke tumelo, a batla thuso ho e mong oa Lipaki tsa Jehova. Paki ea mo nea buka ’Nete e isang Bophelong bo sa feleng. A sitoa ho e utloisisa, moroetsana a atamela Paki e ʼngoe, e ileng ea ithuta le eena. A fumana hore tsebo ea hae ea Bibele ea eketseha. Leha ho le joalo, o ne a lakatsa kannete neo ea ho phekola hoo a ileng a ʼna a tloaelana le rakhali oa hae. Hape, o ne a rapela Jehova hore a mo fe neo ena.

Bosiung bo bong, taba ea mo hlakela kaofela ha eona. Ha rakhali oa hae a tšoere tšebeletso ea ho phekola, moroetsana a tsoela ka ntle ho ea rapela Jehova. Joale ka hare ha hlaha lentsoe le reng ho na le matla a maholo a tsoang ka ntle a hanelang lipheko. Moroetsana a hlokomela hore rakhali oa hae o ne a mpa a bitsa meea hore e mo thuse le hore Jehova o ne a le matla ho e feta. Kahoo, a qhala likamano tsa hae le ‘ba phekolang ka tumelo’ ʼme a qalisa ho sebeletsa Jehova, e seng ka neo ea ho phekola empa ka ho jala tsebo ka pheko e molemo haholo ea moea ea matla a lentsoe la Molimo.—Liprov. 4:20-22.

Mosali e mong oa Mindanao o ne a le tlas’a taolo ea bademona e matla. O ne a nahana hore ha a robetse bosiu, o na le matla a ho tsoa ʼmeleng oa hae ebe o fofa moeeng e le moloi. “Maetong” ana, o ne a ikutloa hore o kopana le baloi ba bang o bile o ja le nama ea batho.

Litoro tsena li ne li mo tšosa, empa ho se letho leo a ka le etsang ho li thibela. A ba a leka ho ipolaea. Ka lekhetlo le leng Masabbatha a mo khothalletsa hore a bale Bibele. Leha ho le joalo, kaha o ne a sa utloisise seo a se balang, le hona hona ha se ke ha mo thusa. Qetellong, a buisana le e mong ho Lipaki tsa Jehova. Paki ea hlalosa hore Jehova o matla ho feta ledemona leha e le lefe. Ha qalisoa thuto e sa lefelloeng ea Bibele ʼme a rutoa ho rapella thuso ho Jehova. A topollo e tsotehang! Tlhaselo ea bademona ea khaotsa.

Ka lekhetlo le leng, mosali enoa a nahana hore a ka leka Jehova. Bosiung boo a se ke a ithuta Bibele kamoo e leng mokhoa oa hae ʼme a se ke a rapela pele a ea tlung. Tsa fela tsa khutla litoro tse hlakileng le tsa ntoa. A rapela Jehova hore a mo tšoarele ka ho mo leka ka teko e fosahetseng. Ho tloha nakong eo, ha a na pelaelo ka matla a Jehova Molimo ho mo lopolla tlhaselong ea bademona.

KOTULO E SA TSOELA PELE

E, ka tlhohonolofatso e enneng ea Jehova, kotulo e khōlō ea moea e entsoe riphabliking ena e mofuthu lilemong tse fetileng tse mashome a mahlano. Libakeng tse ling, karolo e khōlō ea baahi hona joale ke Lipaki tsa Jehova.

Batho ba Jehova mona ba ikemiselitse ho sebelisa nako leha e le efe eo Molimo o tla e lumella ho fihlela ‘mahlomoleng a maholo’ ho thusa ba bang ho thabela tokelo ea ho sebeletsa ʼMōpi oa bona. Ruri, bahlanka ba Molimo ba tsoela pele ho ‘thabela kotulo’ Philippines.—Esa. 9:3; Matt. 24:21.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela