Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 1/1 leq. 32
  • U Bona’ng ha u Sheba ka Seiponeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Bona’ng ha u Sheba ka Seiponeng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 1/1 leq. 32

U Bona’ng ha u Sheba ka Seiponeng?

LIIPONE tsa boholo-holo hangata li ne li etsoa ka tšepe, joaloka sena sa “bronze” se bontšitsoeng mona. Le hoja ho ne ho sebelisoa lejoe la mofuta o itseng le sitsoeng ho se etsa boreleli, liipone tsena tsa tšepe li ne li se boreleli bona ba liipone tsa kajeno tsa galase. Ke ka baka leo moapostola Pauluse a neng a ka ngola: “Efela joale, re bona ka seipone, ka lerotho.” (1 Ba-Kor. 13:12) Leha ho le joalo, motho o ne a ka bona sefahleho sa hae ho se seng sa liipone tsena ʼme, haeba seo a se bonang se sa mo thabise, a ka leka ho ntlafatsa ponahalo ea hae.

A sebelisa seipone ka tšoantšetso bakeng sa lentsoe la Molimo, morutuoa Jakobo a ngola: “Le be baetsi ba lentsoe, e seng bautloi feela ba ithetsang. Hobane motho, ha e le moutloi oa lentsoe, e seng moetsi oa lona, o joale ka motho ea iponang seiponeng tšobotsi eo a tsoetsoeng ka eona. Ere hobane a ipone, o ee a tlohe, a lebale hang hore ke motho ea joang. Empa ea shebisisang molaong o phethehileng, e leng oa tokoloho, ’me a tiisetsa teng, e se moutloi ea hakoang, empa e le moetsi ea sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.”—Jak. 1:22-25.

Motho ea tiisetsang molaong oa Molimo hase ea mamelang ka hlompho feela libokeng tsa Bokreste. O bona moo ho hlokahalang hore a etse liphetoho tsa moea, ʼme o li etsa ka thuso ea Jehova. Moapostola Pauluse o bontšitse hore tšebeletsong ea bona Bakreste ‘ba talima seiponeng khanya ea Morena.’ (2 Ba-Kor. 3:18; 4:1) Kahoo, ka ho totobetseng “moetsi oa lentsoe” ea nahanang hape ke ‘moetsi oa mosebetsi’ oa boevangeli, a thusa ba bang ho bona bophelo ba bona kamanong le molao oa Molimo. Ka tšepo, hona ho tla ba khanna hore le bona ba fetohe barutuoa ba thabileng ba Morena Jesu Kreste.—Matt. 28:19, 20.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela