Na u Kile ua Iteka ho Lokisa?
“BONANG, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang! Ho joale ka phoka ea Hermone, e theohelang lithabaneng tsa Sione.” (Pes. 133:1, 3) Ruri ke thabo ho bona litho tsa lelapa kapa tsa phutheho ea Bokreste li lula hammoho ka kopano e lerato, li sebetsa hammoho ka kutloano. Empa boemo bo joalo ha ho bonolo ho bo boloka ka mehla, botho bo le seo bo leng sona. Ka linako tse ling ho nka boiteko ba sebele.
Ho etsa papiso ka se etsahetseng bophelong: Har’a libini tse neng li bapala hammoho ka mehla sehlopheng sa liletsa sa batho ba 10 ho ne ho le teng monna oa Leskoche oa sesoasoi ea neng a bapala fiolo le oa Lejeremane ea maikutlo a hlokofetseng ea neng a bapala “cello.” Botho ba bona bo sa tšoaneng ba baka likhohlano nako le nako ʼme qetellong mokoallo pakeng tsa bona. Ka ho totobetseng ea bapalang “cello” o ne a etsa hore ea bapalang fiolo a tlale lipelaelo. Ka nakoana ea bapalang “cello” a iphapanyetsa taba, a ipolella hore, ‘Ha e le hantle, Jesu o itse ha ngoane’no a u khopisitse u ee ho eena. Haeba ke mo khopisitse ha a tle ho ʼna.’ Joale ka letsatsi le leng ea bapalang “cello” o ne a bala Bibele ʼme a teana le mantsoe a Jesu: “Ha u hlahisa kabelo ea hao aletareng, ’me teng u hopola hobane ngoan’eno o na le taba le uena, siea kabelo ea hao moo, pel’a aletare, u ee ho boelana le ngoan’eno pele, u ntano tla hlahisa kabelo ea hao.”—Matt. 5:23, 24.
Mantsoe ana a nyarosa ea bapalang “cello.” O ne a ke ke a hlola a jarisa molato oa poelano ho ngoan’abo, ea bapalang fiolo, empa eena ka boeena a ikutloa a tlamehile ho nka bohato ba pele. Eaba hang o ea ho ngoan’abo ea khopehileng ʼme a mo fumana a etsa joang? O ne a le har’a ho ngola lengolo la boipelaetso le eang ho mookameli oa mokhatlo oa bona, a bolela boipelaetso ba hae ho ea bapalang “cello.” Ha buisanoa taba ka bonnete ʼme ha boelanoa ka likamano tse bileng ntle ka nako e telele. Ea bapalang “cello” a thaba haholo hore ebe o ile a kopana le lengolo leo hoseng hoo ʼme a nka bohato ka lona hang!
TLAMO EA HO LEKA HO LOKISA
Kaha bohle ha rea phethahala, liphapang li tlameha ho hlaha. Mohlomong tabeng ea hao hase hore u khopisitse e mong empa hore e mong o u khopisitse. Potso ke hore na: U tla etsa joang ka hona? Na u tla leka ho lokisa?
Na u khaolitse ho bua le ea u khopisitseng kapa u mo khella tlase? Na u sesa masiu u shebile u nahana kamoo eo u ahisaneng le eena a bileng lonya kateng ho uena? Mohlomong u ipotsa hore na ke hobane’ng ha a sa tsotelle ho tla ho uena ho ikopela tšoarelo ka phoso eo a u etselitseng eona. Haeba ho joalo, mohlomong u intša kotsi e fetang eo u e ntšoang ke eo u ahisaneng le eena. Mohlomong le ho hlokomela ha a ea hlokomela hore o u khopisitse hakaalo. Ke ʼnete, mohlomong o hlokometse hore seo a se buileng kapa a se entseng ha sea ba mosa kamoo se neng se tšoanetse, empa a se ke a tseba hore na se bile le phello efe bophelong ba hao.
Ke hobane’ng ha u tlohella boemo ba khohlano e joalo bo tsoele pele, hore bo qete thabo ea hao? Hopola, ho bahlanka ba Molimo ‘thabo ea Jehova ke matla a bona.’ (Neh. 8:10) Haeba u isitse taba ho Jehova ka thapelo ʼme u lekile ho tšoarela le ho lebala empa u fumana hore u sitoa ho etsa joalo, kapa ho bonahala mabaka a lipelaelo a ntse a tsoela pele, joale u ka ea ho ngoan’eno ʼme u leke ho lokisa. Lentsoe la Molimo le re u lokela ho qala taba: ‘E-ea ho eena ʼme u mo bontše phoso ea hae . . . Ha a u mamela, u ruile ngoan’eno.’ (Matt. 18:15-17, An American Translation) Le hoja hona ho sebetsa ka mokhoa o tobileng litabeng tse matla haholo, hape ke motheo o akaretsang hore Bakreste ba o latele le litabeng tse seng matla hakaalo.
THUSO EA HO NKA BOHATO
Ho ka ʼna ha boleloa hore haholo ke taba ea puisano. Puisano e felile pakeng tsa lona ba babeli ʼme bothata ke ho e tsosa hape. Moo khaohano e leng pakeng tsa Bakreste ba babeli, e mong ho bona o lokela a ithaopele ho etsa boiteko.
Ke ʼnete, hore ebe uena ea qalisang ho ke ke ha e-ba bonolo. Ke eng se tla u thusa ho etsa joalo? Ntho e ʼngoe ke boikokobetso. Boikokobetso hobane’ng? Hobane hangata ke boikhohomoso bo re thibelang ho lapella puisano e qhalaneng. Ho hloka boikokobetso ho ea ho ea khopisitseng le ho leka ho mo hlalosetsa hore na o fositse hokae, le hore na o u utloisitse bohloko hakae. Likomang tsa baratani ba bangata ha ho mohla li kileng tsa lokisoa hobane e mong o ne a utloile bohloko haholo hoo a ikhohomosang hore a ka bolela.
Ntho e ʼngoe e tla u thusa ke ho ipea boemong ba e mong, e leng ho hlalosoang e le “ho kena ka botlalo, ka monahano, boikutlong kapa tšusumetsong ea motho e mong.” Ka mantsoe a mang ho iketsa motho eo, kamoo ho leng kateng. E, inahane u le boemong ba e mong. Nahana hore mohlomong u foselitse e mong empa ha u ho hlokomele ka botlalo. Na ha u rate ha eo a ka u hlokomelisa ka hona?
Ho sebelisa papiso e bonolo haholo: Ha re re mohlomong u kalimile chelete eitseng, mohlomong liranta tse hlano, kaha ho ile ha etsahala hore u fumane u haelloa u sa lebella. Empa joale ua lebala ʼme ua se ke ua e lefa. Na u ke ke ua ho ananela ha eo ka bohlale a u hopotsa taba? U ka ananela. Jesu o itse ha re fosetsa motho, ha e le hantle, re molato ho eena. Kahoo haeba e mong a u foselitse, na u ke ke ua ea ho eena ho mo sia le taba hore a lokise taba pakeng tsa lōna? Mohlomong o tla thaba haholo hore u entse joalo.
Ho feta tsohle, lerato le se nang boikhabi le laolehileng le tla u thusa hore u lokise. Ha u rate ho bona ngoan’eno e e-ba moikhabi, ea sa tsotelleng, ea nkang tsela e isang khathatsong e eketsehileng bakeng sa hae le ba bang, ha ho joalo? (Lev. 19:17) Ho mo thahasella haholo moeeng pelong ea hao ho tla u etsa hore u mo thuse kahohle kamoo ho ka etsahalang. Joalokaha moapostola a le hlalosa, lerato le se nang boikhabi lea mamella, ha le ipatlele tsa lona, ha le hopole bobe, ha le thabele ho hobe empa le thabela ʼnete. Lea mamella, le lumela, le tšepa le ho tiisetsa tsohle, ʼme ntle ho moo, ha le ka ke la fela. Lerato le joalo le tla u tlama hore u leke ho lokisa.—1 Ba-Kor. 13:4-8.
KAMOO U KA HO ETSANG
Hore na boiteko ba hao bo tla atleha hakae ho ka itšetleha ka hore na u ho etsa joang. Ke habohlokoa haholo ho ea ka moea oa lerato, e seng ho mo paka hore o fositse ha uena u nepile, empa ho etsa hore poelano e be teng; joalokaha lengolo le ho bolela, e le hore u ka ‘mo rua.’ Tiisa hore u khobile matšoafo, u itaotse. ʼMe u eme ho fihlela nako eo ka eona u sa laoloeng ke maikutlo a botho. Haeba ho se joalo, u ka itšoaea phoso haeba u fumana karabelo e mpe, e laoloang ke boikutlo ba botho. E, hoa hlokahala hore motho a itaole, hore a khobe matšoafo.
Hape ho hlokahala hore u be bohlale. Ithute ho moprofeta Nathane, ea ileng a atamela Morena Davida ka tsela e bohlale ho mo bolella hore na Jehova Molimo o ikutloa joang ka sebe sa hae le Bathe-sheba. A qala ka ho sebelisa papiso eo Davida a neng a ka e talima ka khanyetso. Hoja Nathane o fihlile a phosumela Davida ka hore na sebe sa hae se nyatseha hakae mahlong a Molimo, o ne a ka ʼna a fumana karabelo e itokafatsang, kapa a bolelloa hore ha se taba ea hae, kapa a ba a tšosoa ka ho ntšoa kotsi!—2 Sam. 12:1-15.
Hape u ka ithuta ka Mofumahali Esthere. A itokisa hantle pele a etsa kōpo ea hae e matla ho monna oa hae, Morena Assueruse. (Esthere 5:3-8; 7:1-10) Ke ʼnete, boemo ba hao ha bo tšoane le ba hae; bophelo ba hao le bophelo ba sechaba sa heno ha bo kotsing. Empa motheo o akaretsang oa tšoana, e leng, haeba u amehile haholo ka se tla hlaha, ʼme ho lokela hore ho be joalo, joale tiisa hore u hlahisa taba ea hao ka mokhoa o monate haholo.
Ho etsa papiso ka taba e ʼngoe ea ʼnete: Ho teng motsamaisi oa libini tsa liletsa ea neng a e-na le sebapali sa piano se tsebang haholo le se tšepahalang ka ho fetisisa, empa ka bomalimabe se ne se khena feela se bile se le bohale. Ha a ne a nyatsuoa o ne a tloaetse ho phasoloha ka bohale. Kahoo neng le neng ha a tlameha ho etsa tlhahiso ka tsela e ka mo hahang, o ne a tlameha hore a qale ka ho bua ka mokhoa oa ho qoqa ka lintho tse ngata tse khahlisang, ebe joale, ha ho bonahala ka bobeli ba le moeeng oa botsoalle le o mofuthu, ka bohlale le ka mosa a hlahise taba eo ho hlokahalang hore a se hlokomelise eona.
Ha re re mohlomong ngoan’eno ha a mamele. Joale? U ka etsa qeto hore na ke ho isa kae moo motheo o kenang tabeng le hore na ke ho isa kae moo ‘lerato le ka koahelang libe tse ngata.’ Haeba e le taba e tebileng kannete, ho ka hlokahala hore u fetele pele tumellanong le litaelo tsa Jesu hore u ee le lipaki tse peli. Empa hase hangata hoo ho eeng ho hlokahale.—Matt. 18:16. 1 Pet. 4:8.
Koana, hona ho sebetsa ka matla a tšoanang le haeba u e-na le lebaka la hore u khopisitsoe, joaloka tabeng ea sebapali sa “cello” se neng se khopisa ea bapalang fiolo. Ha e le hantle, haeba ho ne ho le joalo ho sena keletso e ne e tla sebetsa ka matla a maholoanyane. Ha re re mohlomong e mong o u khopisitse. Na u ke ke ua ikutloa u khatholohile ha a ka tla ho uena, kahoo a fokotsa bohlokoa ba hore u ee ho eena ho lokisa taba?
Mona u ka thusoa ka ho khethehileng ke letsoalo le sebetsang ka matla. Hoo ho bolela kelello e matla ea se nepahetseng le se fosahetseng le takatso ea ho etsa se nepahetseng, ha re foselitse e mong, re molato ho eena ʼme re rata ho tšepahala ho lefa melato ea rōna ka ho lokisa litaba tse lipakeng tsa rōna.—Matt. 6:12.
Empa ho ka etsahala hore boiteko ba hao bo hlōlehe. Maele a re, “ngoan’abo motho, ha a hlabehile, o thata ho feta motse oa qhobosheane.” (Liprov. 18:19) Mohlomong kaha o lekantse litaba kahosele ha ho letho leo u ka le etsang ho mo thusa hore a utloisise. Haeba ho joalo, joale ho tla itšetleha ka hore na taba e tebile hakae hore na u rata ho ntšetsa taba pele, mohlomong ka thuso ea baholo ba phutheho ea Bokreste.
Ruri re lokela ho batla ho lokisa haeba ho le teng khohlano pakeng tsa rōna le Bakreste ba bang. Bonneteng, na ntoa ea Bakreste e se e ntse e se matla khahlanong le lefatše le khopo, le maqheka a Diabolose le mefokolo ea bona eo ba e futsitseng ntle ho ho loantšana ka bobona? Ha likhohlano li le teng, ʼme thapelo le boiteko ba ho tšoarela le ho lebala li hlōleha ho ntlafatsa boemo, joale re tlameha ho etsa ho hong ka hona. Haeba u khopisitse e mong, sebelisa Mattheu 5:23, 24. Ha e mong a u khopisitse, ʼme e le taba e tebileng, sebelisa Mattheu 18:15-17. Ka ho etsa joalo, u tla be u phetha karolo ea hao ho hōlisa monate oa ho bona baena ba lula hammoho ka lerato, khotso le kopano. Hape u tla be u ipaka hore u e mong oa barutuoa ba Kreste.—Joh. 13:34, 35.