Ke Mang ea ka Loanang ka Katleho le Lipelaelo Tsa Bophelo?
“HO HANA’NG hore batho ba bohlale ka ho fetisisa ba linaha tsohle ba kopane hammoho ’me ba inahane ho le fetola lefatše le nang le khotso? Ke hobane’ng ha ka linako tsohle ho le teng likhathatso le mabifi sebakeng se itseng?” Lipotso tsena li ile tsa tšoenya “naleli ea sethalla” e tsebisahalang. ’Me ba bangata ba hlile ba bile le menahano e joalo. Ho batho ka kakaretso, ho bonahala bophelo bo tletse lipotso tse tsietsang joalo, haesita le lipelaelo tse ling tse ngata.
Ha ho hlokahale hore u pheteloe ke motho e mong hore batho ba talimane le mathata a maholo. Theko ea lintho tsa bophelo e phahame haholo. Ho qhalana ha bophelo ka lapeng ho entse hore tlhalano e eketsehe, malapa a arohane le hore bonyane batsoali ba sitoa ho laola bana. Ba bangata baa kula, ha ba bang ba hlomohile ka baka la litlala, khaello ea lintho le matla a sebelisoang. ’Me lefatšeng ka bophara batho ha baa iketla, ba tšohile, ba belaela ka nako e tlang.
Ka mohlala, nahana ka theko ea lintho tsa bophelo. Ka 1979, theko ea lintho e ne e phahametse meputso ka 172,6 lekholong Argentina, 32,4 lekholong Philippines Greece. (U.S. News & World Report, Oct. 1 1979) Ho belaela ka ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong tlas’a maemo a joalo ke ho utloahalang.
Ho thoe’ng ka malapa a qhalaneng? Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika, lenyalo le le leng ho a mang le a mang a mararo le qetella ka tlhalano. Boemo boa tšoana le Russia, hobane makasine ea Soviet Life e ile ea lumela: “Ka karolelano lenyalo le leng le le leng ho a mararo le qhaloa ka molao.” Ka sebele, ho qhalana ho teng hona joale bophelong ba lelapa ho hlahisa lipelaelo tse ngata.
Ha ho motho ea nang le tsebo ea litaba kajeno ea ka latolang hore likarolong tse ngata tsa lefatše batho ba talimane le likhaello tsa lijo le lintho. ’Me lefatše le tšoarane le bothata ba matla a sebelisoang. Ho tsena u phaelle ka sebota se ntseng se etsoa sa lihlomo, ruri ho bonahala ho e-na le lebaka la ho belaela ka nako e tlang. Ka baka leo, u ka ’na ua botsa, Ke mang ea ka loanang ka katleho le lipelaelo tsa bophelo?