Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 12/1 maq. 14-17
  • Likoluoa le Litlokotsi—Amose o Fana ka Temohisiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likoluoa le Litlokotsi—Amose o Fana ka Temohisiso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TŠENYEHO E ISANG TLOKOTSING
  • MOLAETSA OA KOLUOA OA AMOSE
  • LIKOLUOA MEHLENG EA RŌNA
  • Bolelang Lentsoe la Molimo ka Sebete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Buka ea Bibele ea 30—Amose
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ho Timela ha Sechaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Nkang Baprofeta e le Mohlala—Amose
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 12/1 maq. 14-17

Likoluoa le Litlokotsi—Amose o Fana ka Temohisiso

HA BASEBETSI ba ntse ba tlosa litopo kerekeng e sentsoeng ke tšisinyeho ea lefatše Balvano, Italy, moprista Salvatore Pagliocchi a bua ka lentsoe le bohloko: “Nka hlalosetsa batho baa joang hore Molimo o ile oa rera ho nka baratuoa ba bona nakong ea ‘Misa?”—Liverpool Daily Post, la 25 Pulungoana, 1980.

Na u hlokometse hore batho hangata ba ikutloa hore Molimo o ikarabella ka likoluoa le litlokotsi tsa kajeno? Empa Bibele e senola hore Molimo oa lerato ha o bake ka boomo meroallo, mello ea meru, litšisinyeho tsa lefatše, le likoluoa tse ling tse joalo tsa kajeno tse ngata. (1 Joh. 4:8) Hangata tsena ke liphello tse matla tsa matla a tlhaho a lefatše. Motho, leha ho le joalo, o tlameha ho lumela boikarabelo bo bong, kaha o haha metse litseleng tsa likhohola kapa mesikong ea lithaba libakeng tse ratoang ke litšisinyeho tsa lefatše.

Leha ho le joalo likoluoa, ho akarelletsa litšisinyeho tsa lefatše, ka tahlehelo e matla ea bophelo, li hlile tsa boleloa ke Bibele bakeng sa mehla ea rōna. Le hoja e se oona o etsang lintho tsena, Molimo o hlile oa bona hore li tla tla. Buka e nyenyane ea Amose e fana ka temohisiso matleng a Molimo a ho bona pele ho nako litlokotsi tse tlang le ho re lemosa ka nako hoo re lokelang ho ho nahana.

Amose ke Moheberu ea neng a phela Tekoa, motsana o lik’hilomithara tse 16 ka boroa ho Jerusalema. Ho ne ho ka ’na ha bonahala a ke ke a khetheloa ho ba moprofeta le ea ka fanang ka molaetsa oa kahlolo. Hobane’ng?

Batho ba bang ba ne ba ka ’na ba bolela hore bo-ntat’a bona e ne e le baprofeta kapa hore mohlomong ba ne ba kopanela le ho neng ho tsejoa e le mokhatlo oa “bara ba baprofeta.” (2 Mar. 2:3; 4:1) Ha ho joalo ka Amose. Ha a qholotsoa ke moprista ea nang le tšusumetso ’musong o ka leboea, Amose a arabela:

“’Na, ha ke moprofeta, leha e le mor’a moprofeta; empa ke molisa, ke phela ka ho ikhella litholoana tsa sykomora. Empa Jehova o ntšoere ke alositse mohlape, ’me Jehova a re ho ’na: E-ea, u profete holim’a sechaba sa ka sa Iseraele.”—Amose 7:14, 15.

Kahoo Amose e ne e se morui oa mehlape kapa masimo. E ne e le motho ea sebetsang feela, ea alosang linku makhulong a Judea ’me ka nako ea teng a pepeta lifeiga tse seng ntle hore li be monate haholoanyane. Empa le haeba moo Amose a hlahang teng ho ne ho sa re letho, molaetsa oa hae, o fanoeng ka tataiso ea moea oa Molimo, ruri ke oa bohlokoa.

O profetile hoo e ka bang pakeng tsa lilemo 829 le 803 B.C.E., nakong eo ka eona Jeroboame II a ileng a busa ’muso oa ka leboea oa Iseraele ’me Oziase e le morena oa Juda ka boroa. Amose o bolela hore pono e etsahetse “lilemo tse peli ho nto ba tšisinyeho ea lefatše.” (Amose 1:1) Mongoli oa lipale Josephus o bolela hore ho bile le tšisinyeho ea lefatše ha Oziase ka boikakaso a leka ho nyehela libano tempeleng ea Jehova ka Sehalalelong. Empa ho bonahala eka ke qalehong ea puso ea Oziase ha ho etsahala tšisinyeho ea lefatše e boleloang ke Amose, e matla hoo Zakaria le eena a e bolelang.—2 Likron. 26:16–27:1; Zak. 14:5.

Amose e bile moprofeta nakong eo ho neng ho bonahala litaba li lokile ’me li tsamaea hantle. Oziase ka boroa o ne a hlola lintoa ka katleho a thusitsoe ke Molimo. Ho ne ho bonahala ’muso oa ka leboea o sireletsehile le oona. Jeroboame o ne a buselitse meeli ea Iseraele moo e neng e le teng pele, ’me masole a ntoa a Assyria a neng a se a amme Syria ho bonahala a sa tsose Iseraele ka letho.—2 Mar. 14:23-28.

TŠENYEHO E ISANG TLOKOTSING

Leha ho le joalo, lintho li ne li sa thabise le ho tšepisa kamoo li neng li bonahala kateng. Iseraele e ne e tleloa ke koluoa, e neng e hlile e tlisoa ke Baassyria. Jehova Molimo a khetha Amose, a mo romela a le mong ho tsoa Judea ho ea ’musong o ka leboea oa Iseraele, hore moo a bolele Molaetsa oa kahlolo.

Ha u bala buka e khutšoanyane ea Amose, u bona a mang a maemo a neng a le teng Iseraeleng a ileng a etsa hore Jehova a rōmele Amose. U ka akaretsa boemo ka mokhoa o latelang: Nala le tšenyo.

Nala e sa tsotelleng e neng e bonahala ea ba bangata Iseraeleng ea ba bea moleng oa kahlolo. Barui ba ne ba phela menonong e se nang tekanyo. Ba na le matlo a lehlabula le matlo a mariha, a mang a hahiloe ka majoe a chekiloeng a theko e boima. Se epollotsoeng sa mesaletsa ea tsa boholo-holo se tiisa hore ba ruileng ba ne ba e-na le mekhabiso ea manaka a litlou likoloing tsa bona tse ntle haholo. Ba noa veine e theko e matla, ba sa e noe ka likopi empa ba e noa ka likotlolo, ’me ba ikhotsofatsa ho tlōla ka lioli tse khethehileng le lijo.—Amose 3:12, 15; 5:11; 6:4, 6.

Baiseraele baa ba ruileng ba ne ba fumana le ho boloka maruo a bona joang? Ka ho qhekella, khatello le mekhoa ea bobe. Ka boithati ba ne ba qhekella mafutsana, ba honyetsa letsoho ha ba lekanya thekiso ea lijo-thollo (ebile e le tse mpe kapa litlhoka) le likala tsa bona e le tsa thetso. Ba sa tsila-tsile ho rekisa mafutsana bokhobeng ka melato e sa reng letho; ba sa busetse ho mafutsana a hlokang seo ba neng ba se neiloe e le tebeletso.—Amose 2:6, 8; 8:4-6.

Litšila tse joalo e ne e le feela karolo ea ho se hlomphe ha bona litsela tsa Molimo. Ho ne ho le hongata. Ka ho nyelisa Jehova, ntate le mora ba ne ba ba le likamano tsa botona le botšehali le mosali a le mong. Ho se noe ha Banazare veine e tlameha ebe e ne e le sesomo bakeng sa litsela tse lokolohileng, le tse ruileng tsa barui; kahoo bana ba leka ho senyetsa Banazare botšepehi ba bona. Molimo o hloekileng kahoo o ne o hloile karolo ea leshome ea boikaketsi le mahlabelo le mekete ea barui.—Amose 2:7, 11, 12; 4:4, 5; 5:21.

Molimo oa arabela ho bola ha Iseraele boitsoarong le bolumeling ka ho rōmela molaetsa oa koluoa e neng e ke ke ea qojoa oa Amose. Empa hape Amose o ne a e-na le mantsoe a matšeliso le a tšepo.

MOLAETSA OA KOLUOA OA AMOSE

Buka e qala ka likahlolo tse tlelang lichaba tse potolohileng. Damaseka, (Syria), Gaza (Filistia), Tire, Edomo, Ammone le Moabe li ne li tšoere batho ba Molimo hampe, ka linako tse ling e le ka litsela tse tlōlang matsoalo a batho ka mokhoa o tloaelehileng. Pono e tlang pele ea kahlolo e akarelletsa Juda. Taba ke efe? Haeba lichaba tsena tsohle tse potolohileng li talimane le kahlolo, ke joang Iseraele, eo molato oa eona o neng o fetelelitsoe ke ho hlokomoloha liketso tsa tlhokomelo tsa Molimo tsa nako e fetileng, e neng e ka tšepa hore e tla pholoha?—Amose 1:1–2:16.

Mosi o ke ke oa kubella ho se mollo, ’me mollo o ileng oa etsa hore Amose a profete ke Jehova; Amose o ne a tla ba le letsoalo hore a se ka a profeta. (Amose 3:1-8) Le hoja a sa bolele Assyria, Amose o tiisetsa Baiseraele hore sera sea tla khahlanong le sechaba sa bona se ratang menate. (Amose 3:9-15) Iseraele ha e ka ea mamela likhalemelo tsa Jehova tsa nakong e fetileng. Kahoo Amose a lemosa: “Itokise ho khahlana le Molimo oa hao.” E, ba tlameha ho thulana le liphoso tsa bona ’me ba fetohe. Ha ba sa etse joalo, ’Mopi o tla bona hore tlokotsi ea tla.—Amose 4:1-13.

Empa Baiseraele ba ke ke ba arabela hantle boipiletsong bo mosa ‘ba ho batla Jehova ba tle ba phele.’ Ba ke ke ‘ba hloea bobe, ’me ba rata botle.’ Kahoo ‘letsatsi le tšabehang la Jehova’ le fela le tla tla. Ka Amose Molimo o bolela pele ho nako hore ba tla ea botlamuoeng. Hoo ea e-ba ’nete, hamorao Baasyria ba ba ripitla ’me ba hapa batšoaruoa ba tsamaea le bona. (2 Mar. 17:1-6) Iseraele ea hlokomoloha khalemelo e matla ea Amose ’me kahoo ea tlameha ho utloa timetso e feletseng e hlileng ea boleloa.—Amose 5:1–6:14.

Ka letoto la lipolelo tse hlalosang Amose a bontša hore bofelo ba Iseraele bo haufi. Lesupi le ne le tla tšoana le ho senya ha lesoiti la litsie, kapa le bakoang ke mollo o koenyang ntho e ’ngoe le e ’ngoe le oona metsi. Mabakeng ao a mabeli Amose o ntse a kenella. Empa pono e latelang ke e etsang qeto. Joalokaha sehahi se e-na le mochine oa ho bona hore na lerako la ntlo le otlolohile hantle, kahoo Molimo o lekanyetsa hore Iseraele ha e sa otlolohile empa e lokeloa ke ho senngoa. Amatsia, moprista oa borapeli ba namane, o nqosa Amose ka ho fetohela naha ’me o laela hore a khutlele Juda. Empa Amose o ema a tiile, a bile a bolela pele ho nako kahlolo ea Amatsia le ntlo ea hae.—Amose 7:1-17.

Ho bokelloa litholoana qetellong ea nako ea selemo; ka ho tšoanang, bofelo ba Iseraele bo haufi. Jehova, a hlapanya ka eena, o tla e bitsa ho tla ikarabella. Ha ho phethahala ha kahlolo eo ho fihla, Baiseraele ba tla lebella hore lentsoe le tsoe ho Molimo leholimong, empa ho tla be ho se ho se sebaka. Ha ho ea tla pholoha ka ho ipata, leha e le hona mahaheng a Karmele.—Amose 8:1–9:7.

Molimo o tla sisinya lefatše joalokaha eka Iseraele hase sechaba se ineetseng ho eena. Empa tšepo e sa le teng. Le hoja baetsalibe ba bolelang hore “kotsi e ke ke ea re atamela” ba tla thulana le bofelo ba bona, empa ba bang ho bana ba Jakobo ba tla bolokoa. ’Me ba fela ba bolokoa. Batho ba Iseraele le ba Juda ba khutla botlamuoeng ka 537 B.C.E.—Amose 9:8-10, 13-15.

Ho tšelisang haholo, Amose o bolela pele ho nako ho hahuoa hape ha “motlotloane oa Davida.” Ka 49 C.E. morutuoa Jakobo o ile a qotsa karolo ena ea boprofeta ba Amose. Ka nako eo ho ne ho se ho le teng ea neng a lebelletsoe ho ba morena lesikeng la Davida, Jesu Kreste. Ho bokelloa ha barutuoa ba Bakreste, Bajode le Balichaba, hore ba buse le Jesu e ne e le phethahatso e babatsehang ea mantsoe a Amose 9:11, 12.—Lik. 15:13-18.

LIKOLUOA MEHLENG EA RŌNA

Joalokaha Amose a bile le hona ho bolela pele ho nako se neng se tlela Iseraele, Jesu Kreste o tsebile ho bolela pele ho nako liphetoho tsa lichaba tsohle tsa mehleng ea rōna. Le hoja e se Molimo o lerato Jehova kapa Mora oa oona, ea bakang likoluoa tse joalo, lintoa, litlala le litšisinyeho tsa lefatše tse etsahetseng ho tloha nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše li phethahatsa boprofeta ba Jesu ka ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho.’ (Matt. 24:3-12) Ha e le hantle, kamor’a tlokotsi ea Pulungoana 1980 haufi le Naples, Italy, Robert I. Tilling, moholo oa ofisi ea lipatlisiso ea U.S. o ile a tlaleha: “Ho na le litlhahiso tsa hore ho hlatsa ha lefatše seretse se chesang le litšisinyeho tsa lefatše li bonahala li eketseha lefatšeng.”

Ruri re na le lebaka le utloahalang la ho mamela ka hloko temoso ea Jesu ea ho falimeha, re sa tšoarehe haholo ka bophelo ba menono joalokaha ho bile joalo ka Baiseraele mehleng ea Amose. Bopaki bo bontsa hore “bofelo” ba tsamaiso ea lintho ea hona joale e khopo bo tloha bo fihla. Kahoo re lokela ho “falimeha.”—Matt. 24:14, 36-44; Amose 5:14.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela